Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 6/8 maq. 14-16
  • Na Molimo o Tla Lula e le Motsoalle oa ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Tla Lula e le Motsoalle oa ka?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moutloa Nameng”
  • Thuso ea ho Tobana le Mathata
  • Kamoo U ka Fumanang Thuso ea Molimo Kateng
  • Ho Sebetsa le Molimo
  • ‘Latsoa ’Me U Bone Hoba Jehova o Molemo’
  • Ho Loana le “Moutloa Nameng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho ba Matla ho sa Tsotellehe Mefokolo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Na Le “Moutloa Nameng”?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 6/8 maq. 14-16

Bacha Baa Botsa . . .

Na Molimo o Tla Lula e le Motsoalle oa ka?

MORENA DAVIDA e ne e le motho ea thabelang botsoalle le Molimo. Empa ka lekhetlo le leng o ile a re: “Matsoalo a pelo ea ka a eketsehile.” Davida o ne a sa hlokofatsoe ke tšoaro e mpe eo ba bang ba mo tšoarang ka eona feela empa hape le ke liphoso tsa hae. O ile a qala ho ikutloa eka le Molimo o mo furaletse, ’me o ile a rapela: “Jehova, u retelehele ho ’na, u nkhauhele, hobane ke ’notši, ke malimabe.”—Pesaleme ea 25:11, 16-19.

Mohlomong le uena u ikutloa u tepeletse. Mohlomong u har’a boemo bo sa thabiseng bo hlileng bo u sithabetsang, lapeng kapa sekolong. Mohlomong u boetse u na le mathata a tebileng a bophelo kapa u iphumana u nyahamisitsoe ke bofokoli bo itseng bo u tobileng. Hore na boemo ke bofe, ha ho hlokahale hore u ngongorehe; Molimo o ithaopela ho theha botsoalle le uena le ho u tšehetsa ka hohle-hohle.a Haeba u se u ntse u qalile ho hlaolela kamano e ntle le eena, u tla khothatsoa ke ho tseba hore ha a lahle metsoalle ea hae ha e tobane le linako tse thata. Leha ho le joalo, nakong eo u hlasetsoeng ke matšoenyeho, u ka ’na ua nahana hore Molimo o hōle. Ebile u ka ’na ua bona eka ha a u thuse ho hang. Empa na ho hlile ho joalo?

“Moutloa Nameng”

Pele ho tsohle, ka kōpo bala 2 Bakorinthe 12:7-10. Moo moapostola Pauluse o re bolella kamoo a ileng a hlokofatsoa ke se bitsitsoeng “moutloa nameng.” Ho ka etsahala hore ebe “moutloa” e ne e le mofuta o mong oa bofokoli, mohlomong bo amanang le mahlo a hae. Ho sa tsotellehe hore na e ne e le bofe, bo ile ba lula bo mo ‘jabela’ maikutlong. Ho sa tsotellehe likōpo tse tharo tse tiileng tsa hore Molimo a o tlose, “moutloa” o ile oa ’na oa salla.

Na Jehova o ne a iphapanyetsa lithapelo tsa Pauluse? Le hanyenyane! Molimo o ile a re ho eena: “Mosa o sa tšoanelang oa ka o u lekane; kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Le hoja Jehova a ile a khetha ho se hlomole “moutloa” oo, ha aa ka a lahla Pauluse. Ka lebaka la mosa oa Molimo o sa tšoanelang, Pauluse o ile a thabela botsoalle bo haufi le eena. Seo se ne se “lekane” ho thusa Pauluse ho tobana le bofokoli ba hae. Ha Pauluse a ntse a loanela ho finyella seo, o ile a boela a hlokomela matla a bolokang a Molimo ka tsela e ncha le ka phihlelo.

Thuso ea ho Tobana le Mathata

Joaloka Pauluse, u ka ’na ua ba le “moutloa” kapa bothata bo itseng, bo u hlabang, bo u lahlisang tšepo le bo u nyahamisang. Joaloka boemong ba Pauluse, Molimo a ka ’na a lumella bothata hore bo tsoele pele. Sena ha se bolele hore ha e sa le Motsoalle oa hao. Molimo o ile a bolella moapostola Pauluse: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” Haeba u itšetleha ka matla a Molimo ’me u sa itšetlehe ka a hao, u ka khona ho mamella. U ka ’na ua fumana hore ka thuso ea moea oa Molimo, u khona ho finyella lintho tseo ho seng mohla u kileng ua nahana hore u ka li finyella. Pauluse o ile a re: “Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo . . . Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”

Moroetsana e mong ea bitsoang Robinb o ile a fumana sena e le ’nete. Ha a le lilemo li 14 o ile a foufala ka lebaka la lefu la glaucoma. Selemong sona seo ’mè oa hae o ile a hlokahala ka tšohanyetso. Ha a qala ho hlajoa ke “meutloa” ena e bohloko Robin o re: “Joale ke tšepile Jehova feela. Kea tseba hore haeba ke tla atleha boemong ba ka, ke tlameha ho mo khomarela.” Robin o ile a fela a etsa seo, ’me hamorao a sebeletsa e le moevangeli oa nako e tletseng. O re: “Ke ile ka kōpa Jehova hore a nthuse nthong e ’ngoe le e ’ngoe. ’Me ka sebele o ile a etsa joalo.”

Bacha ba bangata ba fumane hore ho feta har’a liteko ha e le hantle ho ba thusa ho atamela haufi le Molimo. Nahana ka Jeff e mocha. Ntate oa hae o ile a nyahlatsa lelapa, a siea ’mè oa Jeff le boikarabelo ba ho hlokomela bana ba supileng. Jeff ea neng a le lilemo li 12 ka nako eo, oa lumela: “Ke ile ka utloa sekheo se seholo sa ho hloka ntate. Ke ne ke lakatsa eka motho e mong a ka koala sekheo seo ke neng ke se utloa letsatsi le letsatsi.” Jeff o ile a etsa’ng? “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho koala sekheo seo.” Jeff o ile a sebetsa tumellanong le lithapelo tsa hae ’me a tšoareha ka ho feletseng mesebetsing ea moea. Ka mor’a nakoana, o ile a khona ho hlokomela tšehetso eo Jehova a fanang ka eona—e fanoang ka moea oa hae o halalelang o matlafatsang le ka phutheho ea Bokreste. (Bapisa le Pesaleme ea 27:10.) Hona joale, Jeff ea lilemo li 27, oa hopola: “Ho ne ho se motho eo nka talimang ho eena bakeng sa tšireletso, kahoo ke ile ka atamela Jehova haufi-ufi.” O bitsa kamano eo e haufi “tlhohonolofatso ea bohlokoa e tlisitsoeng ke teko ena.”

Kamoo U ka Fumanang Thuso ea Molimo Kateng

Motsoalle oa hao ea leholimong ka ho tšoanang u tla u thusa ho feta har’a mathata a hao. Empa ke’ng seo u tlamehang ho se etsa? Ha e le hantle, hore botsoalle leha e le bofe bo atlehe, puisano e tlameha ho ba teng. Tsela ea rōna ea ho buisana le Molimo ke ka thapelo. Ka eona re mo tsebisa hore re hloka thuso ea hae. Leha ho le joalo, thapelo e ba ea bohlokoa bo fokolang haeba e hloka boikutlo kapa e etsoa ka tloaelo feela. Joaloka bacha ba boletsoeng ka holimo, u tlameha ho ‘tšollela pelo ea hao’ ho Molimo! (Pesaleme ea 62:8) Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala lithapeli. (Bafilippi 4:6) Lithapeli ke lithapelo tse tebileng le tse tiileng ka ho khetheha.

A re re mohlomong u na le bothata ba ho laola mehopolo ea hao kapa bothata ba ho hlōla tloaelo e itseng e mpe. Etsa thapeli ho Jehova! Kōpa thuso ea hae nakong ea teko. Sena hase kamehla se bang bonolo. Gary o ile a lumela: “Ha ke utloa tšusumetso e matla ea ho etsa ntho e fosahetseng, ke iqobella ho rapela. Ka linako tse ling ke ee ke nahane, ‘Ke joang nka atamelang Jehova?’ Leha ho le joalo, ke ntse ke ipiletsa ho eena bakeng sa thuso. O mpha matla ao ke a hlokang e le hore ke ’ne ke mamelle.” Le haeba ho le thata qalong, tsoela pele ho tšollela Molimo pelo ea hao.

Empa ho thoe’ng haeba ho bonahala eka lithapelo tsa hao ha li arajoe? Ka mohlala, Lora o ne a loanela ho hlōla tloaelo e mpe ea ho pholla litho tsa botšehali ho ikhotsofatsa. Oa hlalosa: “Ke ne ke ee ke bolelle Jehova bothata bona ke sa pate letho, empa ho ne ho bonahala ke sitoa ho bo khaotsa.” Ka linako tse ling Molimo a ka ’na a lumella hore re bontše hore na re tiile hakae likōpong tsa rōna. (Bapisa le Pesaleme ea 88:13, 14.) Ka hona re lokela ho phehella thapelong! (Matheu 7:7; Baroma 12:12) Lora o ile a fela a etsa joalo. Ka nako e tšoanang, o ile a qala ho sebelisa litlhahiso tse hlahileng boitsebisong bo buang ka taba eo likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower.c Ka mor’a nakoana, o ile a qala ho bona liphello. Oa hopola: “Nako le nako ha ke ne ke atleha ho hanela teko, ke ne ke leboha Jehova hobane ke ne ke tseba hore o ntšehelitse.” Ke ’nete hore u ka ’na ua khoptjoa ha u ntse u loanela ho hlōla ka ho feletseng bothata ba hao. Empa hafeela u ntse u loana ’me u sa ikemisetsa ho inehela bofokoling ba hao, Molimo o tla khahlisoa ke ‘boiteko ba hao bo tiileng’ ’me o tla lula e le Motsoalle oa hao.—2 Petrose 1:5.

Ho Sebetsa le Molimo

Tsela e ’ngoe ea ho iketsa ea fumanehang bakeng sa thuso e tsoang ho Molimo ke ho amohela memo ea hae ea ho ba e mong oa “basebetsi-’moho” le eena. (1 Bakorinthe 3:9) Sena se akarelletsa ho ba le karolo ho thuseng ba bang ho ithuta ka Molimo. (Matheu 28:19, 20) Ha u ikutloa u tepeletse kapa u nyahame, khopolo ea ho kopanela mosebetsing oa mofuta leha e le ofe e ka ’na ea bonahala e sa ipiletse. Leha ho le joalo, ho ba le “ho hongata hoo [u] ka ho etsang mosebetsing oa Morena” ho ka u thusa haholo. (1 Bakorinthe 15:58) Bonyane, ho tla faposa kelello ea hao hore e se tsepame mathateng a hao. (Bapisa le Liproverbia 18:1.) Robin ea boletsoeng pejana, nakong ea litsietsi tsa hae o re: “Ntho e ileng ea nthusa ho mamella ke ho sebeletsa Jehova!”

Ho sebetsa le Molimo ho ka boela ha u thusa ho hlōla maikutlo leha e le afe a phehellang a hore Molimo o u lahlile. Ha batho ba babeli ba sebetsa ’moho e le thimi ka sepheo se le seng, na hangata ha ba fetohe metsoalle e haufi? Ha u kopanela mosebetsing oa boboleli, u lula u thulana le liphephetso. U iphumana u retelehela ho Molimo bakeng sa thuso. ’Me ha Molimo a ntse a hlohonolofatsa mosebetsi oa hao, botsoalle ba hae le uena bo tiea ho feta. U qala ho hlokomela kamoo Molimo a u tšepang kateng u le mosebetsi-’moho le eena. Sena ka sebele e ka ba khothatso e khōlō boitšepong ba hao.

Ka mohlala, Carol o ne a sa sireletseha. ’Mè oa hae o ile a ipolaea, ’me ntate oa hae oa mohatelli o ne a lula a mo hlekefetsa. Empa ha a le lilemo li 17 e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me a qala mosebetsi oa boboleli. Hona joale ka mor’a lilemo tse leshome e le moevangeli oa nako e tletseng, o re: “Mosebetsi ona o nthusitse haholo kaha ke bone tlhohonolofatso ea Jehova. Ke ipolella ho re, ‘Haeba Molimo oa nthata, ke oa bohlokoa.’ Ho sebelisoa ke Jehova ho phatlalatseng lebitso la hae ho nkentse hore ke ikutloe ke sireletsehile haholoanyane.”

‘Latsoa ’Me U Bone Hoba Jehova o Molemo’

Ka mor’a ho pholoha ka sobana-la-nale tulong e sokelang bophelo, Morena Davida o ile a ngola: “[Molimo] a mpholosa ho tšabeng ha ka kaofela.” (Pesaleme ea 34:4, 6, sehlooho; 1 Samuele 21:10-12) Kahoo, Davida o ne a ka bua ho tsoa phihlelong: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena.”—Pesaleme ea 34:8.

Le hoja mohlomong ho se mohla bophelo ba hao bo ka bang kotsing joaloka ba Davida, u kholisehile hore ka linako tse ling u ka ’na ua feta har’a maemo a hatellang le a nyahamisang. Ha ‘matsoalo a pelo ea hao a eketseha,’ etsa thapeli ho Molimo. (Pesaleme ea 25:17) U se ke ua tšaba hore Molimo o tla ikhula botsoalleng le uena. Ha ka mamello u ntse u tiisetsa ’me u iponela ka bouena tšehetso le tlhokomelo tse tsoang ho Jehova, u tla ‘latsoa le ho bona’ ka bouena “hoba Jehova o molemo.” ’Me o tla lula e le Motsoalle oa hao ka ho sa feleng.—Jakobo 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona sehlooho “Bacha Baa Botsa . . . Na ka Sebele Nka ba Motsoalle oa Molimo?” tokollong ea rōna ea August 8, 1995.

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c Bona khaolo ea 25 le 26 bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Na Molimo o lahla metsoalle ea hae linakong tsa mahlomola?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela