Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 8/8 maq. 23-25
  • Na Meropa ea Maafrika e Hlile ea Bua?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Meropa ea Maafrika e Hlile ea Bua?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Puo ea Meropa
  • Ho Bua ka Meropa e Masoba
  • Meropa e Buang Hamonate ka ho Fetisisa
  • Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
    Buka Ea Selemo Ea Lipaki Tsa Jehova ea 2004
Tsoha!—1997
g97 8/8 maq. 23-25

Na Meropa ea Maafrika e Hlile ea Bua?

Ka mongolli oa Tsoha! Nigeria

NAKONG ea leeto la hae ha a ne a thatika le Nōka ea Congo ka 1876-77, sehloela Henry Stanley, o ile a ba le monyetla o fokolang oa ho nahanisisa ka bokhabane ba ho letsoa ha meropa ea sebakeng seo. Ho eena le ho lihloela tsa habo, hangata molaetsa o neng o fetisoa ka meropa o ne o ka akaretsoa ka lentsoe le le leng: ntoa. Ho letsetsa tlaase hoo ba neng ba ho utloa ho ne ho bolela hore ba mothating oa ho hlaseloa ke bahlabani ba sehlōhō ba hlometseng ka marumo.

E bile hamorao feela, linakong tsa khotso moo Stanley a ileng a ithuta kamoo meropa e ka bolelang ho fetang feela ho phutha mabotho a ntoa. Ha a hlalosa morabe o mong o neng o phela haufi le Congo, Stanley o ile a ngola: “Ha [ba] e-s’o sebelise mekhoa ea motlakase ea ho fetisa melaetsa empa, leha ho le joalo, ba na le mokhoa oa ho fetisetsana boitsebiso o hlileng o atlehang. Meropahali ea bona ha e letsoa likarolong tse sa tšoaneng e fetisetsa boitsebiso bo hlakileng ho ba tsebang puo ea meropa.” Stanley o ile a hlokomela hore liletsi tsa meropa ha li letse feela ho phutha mabotho kapa ho fana ka temoso; meropa e ne e ka fetisa le melaetsa e khethehileng.

Melaetsa e ne e ka neheletsanoa ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong. Meropa e meng e ne e utloahala bohōle ba lik’hilomithara tse 8 ho isa ho tse 11, haholo-holo haeba e ne e letsoa bosiu holim’a ngata ea likoqo tse phaphametseng ka metsing kapa holim’a lerallana. Liletsi tsa meropa tse hōle li ne li mamela, li utloisisa, ’me li fetisetsa molaetsa ho tse ling. Mohahlauli oa Lenyesemane A. B. Lloyd o ile a ngola ka 1899: “Ke ile ka bolelloa hore ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, e leng sebaka se ka fetang limaele tse 100 [lik’hilomithara tse 160], molaetsa o ne o ka fetisoa ka lihora tse ka tlaase ho tse peli, ’me ka sebele ke lumela hore seo se ka etsahala ka nako e khutšoanyane haholo ho feta eo.”

Hare-hare lekholong la bo20 la lilemo, meropa e ne e ntse e phetha karolo ea bohlokoa ho tsamaiseng boitsebiso. Buka e bitsoang Musical Instruments of Africa, e hatisitsoeng ka 1965, e itse: “Meropa e buang e sebelisoa e le lithelefono le lithelekramo. Melaetsa ea mefuta eohle ea romeloa—ho tsebisa ka tsoalo ea bana, mafu le manyalo; lipapali, litantši le mekete ea lebollo; melaetsa ea ’muso le ea ntoa. Ka linako tse ling meropa e tsamaisa litšebo kapa metlae.”

Empa meropa e ne e fetisetsana boitsebiso joang? Europe le libakeng tse ling melaetsa e ne e romeloa ka tsamaiso ea motlakase ka mehala ea thelekramo. Tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea alfabeta e ne e filoe letšoao e le hore mantsoe le lipolelo li ka peletoa nakong eo li ngoloang. Leha ho le joalo, batho ba Afrika Bohareng ba ne ba se na puo e ngoloang, kahoo meropa e ne e sa pelete mantsoe. Maafrika a letsang meropa a ile a sebelisa mokhoa o fapaneng.

Puo ea Meropa

Senotlolo sa kutloisiso ea tsela eo meropa e fetisang boitsebiso ka eona se itšetlehile ka ho tseba lipuo tsa Maafrika. Lipuo tse ngata tsa Afrika Bohareng le Bophirimela, ka ho khetheha li na le melumo e ’meli—senōkō se seng le se seng sa lentsoe le buuoang se na le melumo e ’meli e hlaheletseng, e ka ba o phahameng kapa o tebileng. Ho fetoha ha molumo ho fetola lentsoe. Ka mohlala, nka lentsoe le reng lisaka, la puo ea Sekele e buuoang Zaire. Ha linōkō tseo tse tharo kaofela li bitsoa ka molumo o tebileng, lentsoe leo le bolela “letamo le lukehileng kapa mokhoabo”; ha ho bitsoa linōkō tse peli tse qalang ka molumo o tebileng ’me sa ho qetela se bitsoa ka o phahameng lentsoe leo le bolela “tšepiso”; ha senōkō se qalang se bitsoa ka molumo o tebileng ’me tse peli tse qetellang li bitsoa ka o phahameng le bolela “chefo.”

Meropa e masoba ea Maafrika e sebelisoang ho fetisa melaetsa le eona e na le melumo e ’meli, o phahameng le o tebileng. Ka mokhoa o tšoanang, ha meropa e koahetsoeng ka letlalo e romela molaetsa, e sebelisoa e le ’meli ka nako e le ’ngoe, moropa o mong e le oa molumo o phahameng ’me o mong e le oa molumo o tebileng. Kahoo, seletsi se hlalefileng sa moropa se fetisa molaetsa ka ho etsisa tatellano ea molumo mantsoeng e le hore a bōpe puo e buuoang. Buka e bitsoang Talking Drums of Africa e re: “Hona ho bitsoang puo ea meropa ha e le hantle ke ntho e le ’ngoe le puo e buuoang ke morabe oo.”

Ke ’nete hore puo e sebelisang ho phahama le ho teba ha molumo hangata e ba le mantsoe a mangata a nang le melumo le linōkō tse tšoanang. Ka mohlala, puong ea Sekele, ho na le mareo a ka bang 130 a nang le molumo o tšoanang (o phahameng) joaloka sango (ntate). A fetang 200 a na le molumo o tšoanang (o tebileng le o phahameng) joaloka nyango (’mè). E le ho qoba pherekano, liletsi tsa meropa li fana ka moelelo oa taba mantsoeng a joalo, ka ho a sebelisa poleloaneng e tsebahalang e nang le mantsoe a lekaneng a bontšang phapang e itseng ho nolofalletsa momameli ho utloisisa se boleloang.

Ho Bua ka Meropa e Masoba

Mofuta o mong oa moropa o buang ke moropa o masoba oa lehong. (Bona setšoantšo se leqepheng la 25.) Moropa o joalo o etsoa ka ho hopa kutu ea sefate. Moropa oo o bulehile mahlakoreng ka bobeli. Le hoja moropa o setšoantšong mona o e-na le masoba a mabeli, e mengata e na le lesoba le le leng feela le lelelele. Ha o letsoa ka lehlakoreng le leng la lesoba o etsa molumo o phahameng; ha o letsoa ka lehlakoreng le leng o etsa molumo o tebileng. Hangata meropa e masoba e ba bolelele ba mithara, le hoja e ka ’na ea e-ba bokhutšoanyane ba halofo ea mithara kapa ea e-ba bolelele ba limithara tse peli. Bophara e ka ’na ea e-ba lisenthimithara tse 20 ho isa ho tse bophara ba mithara.

Moropa o masoba o ne o sa sebelisetsoe feela ho romela melaetsa ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong. Mongoli e mong oa Cameroon, Francis Bebey, o hlalositse karolo e phethoang ke meropa ena litlhōlisanong tsa ho betana. Ha lihlopha tse peli tse hanyetsanang li itokisetsa ho kopana lebaleng la motse, bo-’mampoli baa hobela ha morethetho oa moropa o ntse o ba thoholetsa. Ka lehlakoreng le leng moropa o ka ’na oa phatlalatsa: “’Mampoli ee, na u kile ua kopana le thaka ea hao? Ke mang ea ka hlōlisanang le uena, re bolelle? Libōpuoanyana tsena tse otlang pelo . . . li nahana hore li ka u hlōla ka [mothoana] enoa ea otlang pelo eo li mo bitsang ’mampoli . . . , empa ha ho le ea mong ea ka u hlōlang.” Liletsi tsa liletsa ka lehlakoreng le leng la tlhōlisano li ne li tla utloisisa litšomo tsena tsa bosoasoi ’me ka potlako li tilinye maele ka moropa: “Tšoenyana . . . tšoenyana . . . e batla ho ngoangoarela sefate empa motho e mong le e mong o nahana hore e tla polana fatše. Empa tšoenyana ena e manganga, e ke ke ea polana fatše, e tla ngoangoarela ho fihla tsullung, tšoenyana ena.” Meropa ena e ne e tsoela pele ho natefisa ho fihlela tlhōlisano ea ho betana e fela.

Meropa e Buang Hamonate ka ho Fetisisa

Meropa e koahetsoeng ka letlalo molomong e utloahala haholo. Moropa oo u o bonang setšoantšong se ka letsohong le letona o bitsoa dundun; ’me ke moropa o buang o tummeng oa Mayoruba, oa Nigeria. Moropa ona o bōpehile seka khalase e sebelisetsoang ho lekanya nako, o koahetsoe mahlakore ka bobeli ka letlalo la pōli le faliloeng le ho suhuoa. Letlalo lena le faselelitsoe ka marapo a letlalo. Ha marapo ana a tiisoa, letlalo lea tsaleha ’me seo se etsa hore moropa o etse melumo e ka bang robeli kapa ho feta. Ka ho sebelisa kotjana e kobehileng le ka ho fetola bophahamo le morethetho oa molumo, seletsi se koetlisitsoeng sa moropa se ka etsisa ho phahama le ho teba ha lentsoe la motho. Kahoo, liletsi tsa meropa li ka “buisana” le tse ling tse khonang ho hlalosa le ho bapala puo ea meropa.

Ka May 1976, bokhoni bo babatsehang ba liletsi tsa meropa ba ho buisana ka ho tilinya meropa bo ile ba bontšoa ke liletsi tsa tlung ea borena ea morena oa Mayoruba. Ba bang har’a bamameli ba ile ba ithaopela ho hoesheletsa sephokoli sa liletsi tsa moropa litaelo tse ’maloa, ’me sona sa tilinyetsa seletsi se seng se neng se le ka lehlakoreng le leng la lebala litaelo tseo. Ha se arabela litaelo tse tilintsoeng moropeng, seletsi se seng se ile sa tloha tulong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ’me sa etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo se neng se kōpiloe ho e etsa.

Ha ho bonolo ho tseba ho romela molaetsa ka moropa. Mongoli I. Laoye o ile a hlalosa: “Ho letsa meropa ea Mayoruba ke mosebetsi o rarahaneng le o thata o hlokang lilemo tse ngata tsa ho ithuta. Ha ho hlokahale bokhoni ba ka matsohong le kutloisiso ea morethetho feela ho seletsi, empa hape ho hlokahala khopolo e ntle ea lithoko le histori tsa sebaka seo.”

Lilengoaneng tse mashome tse fetileng meropa ea Maafrika ha e sa bua haholo joalokaha e ne e etsa pele, le hoja e sa ntse e phetha karolo ea bohlokoa ’minong. Buka e bitsoang Musical Instruments of Africa e re: “Ho ithuta ho fetisa melaetsa ka meropa ho thata haholo; ka hona, tsebo ena e nyamela ka potlako, Afrika.” Setsebi sa phatlalatso ea litaba Robert Nicholls sea phaella: “Meropahali ea mehleng ea khale, eo melumo ea eona e neng e phasalla le sebaka se seholo le eo tšebetso ea eona ka ho khetheha e neng e le ho fetisa melaetsa e makhatheng a ho nyamela.” Batho ba bangata matsatsing ana ba fumana ho le bonolo ho sebelisa thelefono.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Moropa o masoba

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Moropa o buang oa Mayoruba

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela