Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 8/8 maq. 3-4
  • Mantsoe a Hlabang a Senya Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mantsoe a Hlabang a Senya Maikutlo
  • Tsoha!—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Mathata a Mangata a Tobaneng le Batsoali ba se Nang Balekane
    Tsoha!—2002
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 8/8 maq. 3-4

Mantsoe a Hlabang a Senya Maikutlo

“Tseketseke tooe e noabolohang!”a Mosali e mong oa Japane o ntse a hopola mantsoe ao hantle—o ne a lula a tjolietsoa ka ’ona ha a sa le monyenyane. A tjolietsoa ke mang? Ke bana ba sekolo? Ke banab’abo? Che. Ke batsoali ba hae. Oa hopola: “Ke ne ke atisa ho nyahama kaha ho bitsoa ka mabitso ao a nyefolang ho ne ho nkutloisa bohloko bo tebileng.”

Monna e mong oa United States o hopola hore ha e sa le ngoana o ne a tleloa ke tšabo le ke tsieleho nako le nako ha ntate oa hae a fihla lapeng. Oa hopola: “Le kajeno ke sa ntse ke hopola ka ho hlaka molumo oa koloi ea hae ha a fihla hae, ’me ke ntse ke hopola tšabo eo ke neng ke e utloa. Khaitseli ea ka e ne e ee e ipate. Ntate e ne e le motho ea batlang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e be e phethahetseng ’me o ne a lula a re omanya ka hore ha re phethe mosebetsi o khotsofatsang mesebetsing eohle eo re neng re lokela ho e etsa.”

Ausi oa monna enoa oa eketsa: “Ha ke hopole le ea mong oa batsoali ba rōna ea kileng a re kopa ka matsoho, a re aka, kapa a bua ntho leha e le efe e kang ‘Kea u rata’ kapa ‘Ke motlotlo ka uena.’ ’Me ngoana, eo ho seng mohla a utloang ho thoe ‘Kea u rata’ ho eena, o ikutloa eka ho thoe ‘Ke u hloile’—letsatsi le leng le le leng la bophelo ba hae.”

BA BANG ba ka ’na ba bolela hore mahlomola ao batho bana ba bileng le ’ona bongoaneng aa fokola. Ka sebele ke ho tloaelehileng hore bana ba hlaseloe ka mantsoe a hlabang, a hlokang mosa le ka tšoaro e mpe. Tšoaro ea mofuta ona hase e bontšoang ke lihlooho tsa likoranta le ke mananeo a makumane a litaba a TV. E etsa tšenyo e sa bonahaleng. Empa haeba batsoali ba sotla bana ba bona ka litsela tse joalo ka matsatsi ’ohle, liphello e ka ’na ea e-ba tse senyang—le tse tšoarellang bophelo bohle.

Nahana ka phuputso ea 1990 e neng e latella ea 1951 e ileng ea hlahloba khōliso eo batsoali ba neng ba e sebelisa sehlopheng sa bana ba lilemo li hlano. Bafuputsi ba ile ba khona ho sala morao ba bangata ba bana bao, bao hona joale ba leng lilemong tse mahareng, e le hore ba utloisise liphello tsa nako e telele tsa khōliso ea bona. Phuputso eo e ncha e fihletse qeto ea hore bana ba ileng ba qetella ba e-na le mathata ka ho fetisisa bophelong, ba hloka thabo maikutlong, ’me ba e-ba le mathata lenyalong, ho beng le metsoalle, esita le mosebetsing, hase hakaalo hore ke bana ba batsoali ba futsanehileng kapa ba batsoali ba ruileng kapa esita le ba batsoali bao ho totobetseng hore ba na le mathata. Ke bana bao batsoali ba bona ba neng ba lula ba khoaqalitse ’me ba hloka botsoalle hape ba bontša kameho e fokolang ea lerato kapa ba sa e bontše ho hang.

Phello ea phuputso ena e mpa e le setšoantšo feela sa ’nete e ileng ea ngoloa hoo e ka bang lilemo tse 2000 tse fetileng: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Ho sotloa ka mantsoe le ho sotloa maikutlong ke batsoali ka sebele ho khentša bana ’me ruri ho ka ba nyahamisa.

Ho ea ka buka e bitsoang Growing Up Sad, hase khale ha lingaka li ne li nahana hore ha ho na ntho e ka bitsoang ho tepella maikutlong bongoaneng. Empa ho feta ha nako le phihlelo ho pakile ho fapaneng. Kajeno, bangoli ba bolela hore ho tepella maikutlo bongoaneng hoa bonahala ’me ho hlile ho atile. Har’a lisosa tsa hona ke ho khesoa le ho sotloa ke batsoali. Bangoli ba bang baa hlalosa: “Maemong a mang motsoali o ’nile a phelisa ngoana tlas’a khatello ea ho lula a komeloa ’me a tlotlolloa. Maemong a mang e mpa e le bolutu ba ho hloka kamano e lerato pakeng tsa motsoali le ngoana: ho se le ka mohla lerato la motsoali ho ngoana le bontšoang. . . . Phello e ba e kotsi ka ho khetheha ho bana ba batsoali ba joalo kaha ho ngoana—esita le ho motho e moholo—lerato le hlokahala joalokaha semela se hloka mocheso oa letsatsi le metsi.”

Haeba lerato la botsoali le bontšoa ka ho hlaka le ka bolokolohi, bana ba ithuta ’nete ea bohlokoa: Hore baa rateha; ke ba bohlokoa. Ba bangata ka phoso ba nka khopolo ena e le mofuta o itseng oa boikhohomoso, ho ithata ho feta ba bang. Empa tabeng ena, hase se boleloang. Mongoli e mong o re mabapi le taba ena bukeng ea hae: “Tsela eo ngoana oa hao a ikutloang ka eona e susumetsa khetho eo a e etsang ea metsoalle, tsela eo a sebelisanang le ba bang ka eona, motho eo a nyalanang le eena le tsela eo a tlang ho bontša bokhoni ka eona.” Bibele e hatisa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho italima ka tsela e leka-lekaneng, ea ho se iphahamise ha e thathamisa e le ea bobeli litaelong tse khōlō ka ho fetisisa taelo e reng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”—Matheu 22:38, 39.

Ho thata ho nahana hore motsoali leha e le ofe ea phelang hantle a ka batla ho senya ntho e bohlokoa le e senyehang habonolo joaloka boitlhompho ba ngoana. Joale, ke hobane’ng ha see se etsahala khafetsa hakaale? ’Me se ka thibeloa joang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka Sejapane ke noroma baka!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela