Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 8/8 maq. 30-31
  • Na ho Fosahetse ho ja Nama?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Fosahetse ho ja Nama?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ba Bang ba sa je Nama?
  • Na ho Fosahetse ho Bolaea Liphoofolo?
  • Ho Sebelisa Liphoofolo Bakeng sa Lijo
  • Ho Bontša ho Hlompha Bophelo ba Phoofolo
  • Ho ba le Qenehelo Liphoofolong
  • Na Mokreste o Lokela ho ja Limela Feela?
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Tšoaro e Sehlōhō ea Liphoofolo—Na e Fosahetse?
    Tsoha!—1998
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 8/8 maq. 30-31

Pono Ea Bibele

Na ho Fosahetse ho ja Nama?

“BONANG, KE LE NEILE LIMELA TSOHLE TSE BEHANG PEO, TSE KAHOHLE LEFATŠENG, LE SEFATE SE SENG LE SE SENG SE BEHANG LITHOLOANA TSE NANG LE PEO, E BE LIJO TSA LŌNA.”—Genese 1:29.

SUJATA ea lilemo li 18, ea tsoang lelapeng le jang limela feela la Mahindu, o ne a lumellana ka tieo le litaelo tseo Molimo a ileng a li fa motho oa pele, Adama, mabapi le lijo. Empa kapele-pele o ile a botsa: “Ke hobane’ng joale ha batho ba bolaela liphoofolo ho li ja ha ho e-na le lintho tse ling tse ngata hakaale tse ka jeoang?”

Batho ba bangata lefatšeng ho pota ba na le maikutlo a tšoanang. Ba limilione tse makholo Bochabela ba ja lijo tse se nang nama. Ho feta moo, palo ea ba jang limela feela e ntse e eketseha Bophirimela. United States feela, batho ba ka bang limilione tse 12,4 ba ipolela hore ba ja limela feela, e leng ba ka bang limilione tse tharo ho feta lilemong tse leshome tse fetileng.

Ke hobane’ng ha ba bangata hakana ba khetha ho ja lijo tse se nang nama? Pono e nepahetseng ka bophelo ba phoofolo ke efe? Na ho ja nama ho bontša ho se hlomphe bophelo? Tabeng e boletsoeng ho Genese 1:29, na ho fosahetse ho ja nama? Pele, a re ke re hlahlobeng mabaka ao ba bang ba sa jeng nama ka ’ona.

Ke Hobane’ng ha ba Bang ba sa je Nama?

Lijo tseo Sujata a li jang li amana le tumelo ea hae. Oa hlalosa: “Ke hōtse ke le Mohindu, ’me ke lumela thutong ea ho tsoaloa hangata. Kaha moea oa motho o ka khutla e se e le phoofolo, ke nka liphoofolo li lekana le ’na. ’Me kahoo ke nka ho fosahetse ho li bolaela ho li ja.” Malumeli a mang le ’ona a khothalletsa hore ho jeoe limela feela.

Mabaka a mang kantle ho tumelo le ’ona a susumetsa khetho eo batho ba e etsang ka lijo. Ka mohlala, Dr. Neal Barnard o totobatsa hore: “Lebaka feela la ho ja nama ke tloaelo kapa ho hloka tsebo.” Maikutlo a hae a thehiloe ponong ea hae mabapi le likotsi tseo ho ja nama ho nang le tsona bophelong, tse kang lefu la pelo le kankere.a

United States, ho boleloa hore bacha ba sehlopheng se hōlang ka potlako ka ho fetisisa sa ba jang limela feela. ’Me lebaka le leng ke ho ameha ka liphoofolo. Tracy Reiman oa mokhatlo oa People for the Ethical Treatment of Animals o re: “Bana ba rata liphoofolo. Ha ba qala ho ithuta ka se etsahallang liphoofolo pele li bolaeloa ho jeoa ba ikutloa ba susumetseha ho li qenehela.”

Batho ba bangata ba amehileng ka tikoloho le bona ba utloisisa kamano e teng pakeng tsa lijo tseo ba li jang le boima bo boholo bo jarisoang mehloli ea tlhaho e le hore ho ruuoe liphoofolo tse jeoang. Ka mohlala, ho hlokahala lilithara tse 3300 tsa metsi ho hlahisa k’hilograma e le ’ngoe feela ea nama ea khomo le lilithara tse 3100 ho hlahisa k’hilograma ea nama ea khoho. Ho ba bang lena e ba lebaka la hore ba qobe ho ja nama.

Ho thoe’ng ka uena? Na u lokela ho itima nama? Pele re araba potso eo, nahana ka ntlha e ’ngoe. Joalokaha e fumanoa ho Pesaleme ea 50:10, 11, Jehova Molimo, Moetsi oa lintho tsohle, o re: “Liphoofolo tsohle tsa meru ke tsa ka, le ’ona makhomo a fulang lithabeng ka likete; ke tseba linonyana kaofela tsa lithaba, le liphoofolo tsa naha li matleng a ka.” Kaha ka sebele liphoofolo tsohle ke tsa Molimo, ke habohlokoa ho utloisisa kamoo ’Mōpi a ikutloang kateng ka bophelo ba phoofolo le ho jeoa ha eona ke batho.

Na ho Fosahetse ho Bolaea Liphoofolo?

Ba bang ba joaloka Sujata, ba nkang hore liphoofolo li lekana le batho ba na le boikutlo bo matla ba hore ho bolaea phoofolo ka morero leha e le ofe ho fosahetse—haholo-holo ho li bolaela ho li ja. Leha ho le joalo, Mangolo a bontša hore Molimo o khetholla bophelo ba phoofolo ho bophelo ba motho ’me o lumella hore liphoofolo li bolaoe ka mabaka a sa tšoaneng. Ka mohlala, Iseraeleng, phoofolo e ne e ka bolaoa haeba e beha bophelo ba batho kapa ba liphoofolo tse ling tse ruiloeng kotsing.—Exoda 21:28, 29; 1 Samuele 17:34-36.

Mehleng ea khale, Molimo o ne a amohela ho etsoa ha liphoofolo mahlabelo borapeling. (Genese 4:2-5; 8:20, 21) Hape o ile a laela Baiseraele ho ikhopotsa ho Falla ha bona Egepeta ka ho keteka Paseka ea selemo le selemo, e neng e akarelletsa ho etsoa ha konyana kapa pōli sehlabelo le ho ja nama ea eona. (Exoda 12:3-9) ’Me tlas’a Molao oa Moshe, ho ne ho e-na le liketsahalo tse ling tseo ho tsona ho neng ho etsoa liphoofolo mahlabelo.

Mosali e mong oa Mohindu ea lilemo li 70 o ile a fumana khopolo ea ho etsa liphoofolo mahlabelo e le e sa thabiseng, ha a ne a qala ho bala Bibele. Empa ha a ntse a hōla tsebong ea Mangolo, o ile a bona hore mahlabelo ao Molimo a neng a a laetse a ne a e-na le morero. A ne a supa pele sehlabelong sa Jesu Kreste, se neng se tla phetha tlhokahalo ea molao bakeng sa tšoarelo ea libe. (Baheberu 8:3-5; 10:1-10; 1 Johanne 2:1, 2) Maemong a mangata liphoofolo tsa mahlabelo e ne e boetse e le lijo tsa baprista ’me ka linako tse ling le tsa barapeli. (Levitike 7:11-21; 19:5-8) Molimo, eo libōpuoa tsohle tse phelang e leng tsa hae, o ne a e-na le tokelo ea ho theha tokisetso e joalo ka morero. Ke ’nete hore hang hoba Jesu a shoe, mahlabelo a liphoofolo a ne a se a sa hlokahale borapeling.—Bakolose 2:13-17; Baheberu 10:1-12.

Ho Sebelisa Liphoofolo Bakeng sa Lijo

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho bolaela liphoofolo ho li ja? Ke ’nete hore qalong batho ba ne ba e-ja limela feela. Empa hamorao Jehova o ile a atisa lijo tseo hore li akarelletse nama ea liphoofolo. Lilemong tse ka bang 4000 tse fetileng—mehleng ea Noe ea lokileng—Jehova o ile a tlisa moroallo lefatšeng lohle ’me a felisa lefatše le khopo la mehleng eo. Noe le lelapa la hae le liphoofolo tseo a ileng a kena le tsona ka arekeng ba ile ba pholoha Moroallo. Ka mor’a hore ba tsoe arekeng, ka lekhetlo la pele Jehova o ile a re: “Lintho tsohle tse tsamaeang, tse phelang, e tla ba lijo tsa lōna; ke le neile tsona tsohle, joalo ka ha ke le neile limela tse tala.” (Genese 9:3) Leha ho le joalo, ka eona nako eo Molimo o ile a fana ka taelo: “Ea tšollang mali a motho, le a hae mali a tla tšolloa ke motho; hobane Molimo o entse motho ka setšoantšo sa oona.” (Genese 9:6) Ka ho hlakileng, Molimo ha aa ka a beha liphoofolo boemong bo le bong le batho.

Ha e le hantle, khopolo ea Sujata ka liphoofolo e ne e thehiloe tumelong ea hae ka thuto ea ho tsoaloa hangata. Tabeng ena Bibele e hlalosa hore le hoja batho le liphoofolo e le meea, moea oa shoa. (Genese 2:7; Ezekiele 18:4, 20; Liketso 3:23; Tšenolo 16:3) E le meea, batho hammoho le liphoofolo baa shoa ’me ba khaotsa ho ba teng. (Moeklesia 3:19, 20) Leha ho le joalo, batho ba na le tšepo e babatsehang ea ho tsoha bafung lefatšeng le lecha la Molimo.b (Luka 23:43; Liketso 24:15) Sena le sona se bontša hore batho ha ba lekane le liphoofolo.

“Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha a ile a fetola lijo tseo ba li jang?” Sujata o ile a batla ho tseba lebaka. Ka ho hlakileng boemo ba leholimo bo ile ba fetoha haholo lefatšeng ka lebaka la Moroallo. Hore na Jehova o ile a kenyelletsa nama lijong tseo batho ba li jang ka lebaka la ho hlokomela litlhoko tsa ka moso tsa meloko e neng e tla phela libakeng tseo ho tsona limela li neng li sa tl’o fumaneha habonolo, Bibele ha e re bolelle. Empa Sujata o ile a lumela hore Mong’a lintho tsohle tse phelang o ne a e-na le tokelo ea ho fetola lintho.

Ho Bontša ho Hlompha Bophelo ba Phoofolo

Leha ho le joalo, Sujata o ile a ipotsa, ‘Na bonyane ha rea lokela ho bontša tlhompho e itseng ka bophelo ba phoofolo?’ Re lokela ho e bontša. ’Me ’Mōpi oa lintho tsohle tse phelang o re boleletse tsela eo re ka etsang sena ka eona. Taelo ea hae e ho Genese 9:4 e re: “Empa le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” Ke hobane’ng ha ho thibeloa ho ja mali? Bibele e re: “Hobane moea [bophelo] oa nama o maling.” (Levitike 17:10, 11) Jehova o ile a qaqisa boemo: ‘U mpe u tšollele mali a phoofolo e hlabiloeng fatše joalo ka metsi.’—Deuteronoma 12:16, 24.

Sena ha se bolele hore tokisetso ea ho ja nama ke tumello ea ho ikakhela ka setotsoana ka ho sa hlokahaleng ho tšolleng mali a liphoofolo molemong feela oa ho nyakallela ho tsoma kapa ho bontša sebete. Ka ho hlakileng ke sona seo Nimrode a ileng a se etsa. Bibele e re e ne e le “setsomi se matla khahlanong le Jehova.” (Genese 10:9, NW) Esita le kajeno, ho thabela ho tsoma le ho bolaea liphoofolo ho ka ’na ha thabisa ba bang. Empa moea o joalo o tsamaisana le ho se tsotelle ho se nang mohau ka bophelo ba phoofolo, ’me Molimo ha a ho amohele.c

Ho ba le Qenehelo Liphoofolong

Batho ba bang ba jang limela feela kajeno ba boetse ba amehile ka ho teba ka tsela eo lilakhapane tsa sejoale-joale li tšoarang liphoofolo ka eona. The Vegetarian Handbook ea hlalosa: “Khoebo ea temo ha e na thahasello e kaalo boikutlong ba tlhaho ba liphoofolo.” Buka eo e re: “Li hōletse tikolohong e koaletsoeng le eo e seng ea tlhaho, liphoofolo tsa kajeno li tlatlapuoe ka ho feletseng ho feta liphoofolo leha e le life tse kileng tsa e-ba teng.”

Le hoja ho jeoa ha liphoofolo ho se khahlanong le thato ea Molimo, ho li hlokofatsa ho khahlanong le eona. Bibele ho Liproverbia 12:10 (BPN) e re: “Ea lokileng o baballa phoofolo ea hae.” ’Me Molao oa Moshe o ne o laela hore liphoofolo tse ruuoang lapeng li hlokomeloe ka tsela e loketseng.—Exoda 23:4, 5; Deuteronoma 22:10; 25:4.

Na Mokreste o Lokela ho ja Limela Feela?

Joalokaha ho se ho bontšitsoe, taba ea ho ba motho ea jang limela feela—kapa ho tsoela pele u le motho ea joalo—ke qeto ea botho ka ho toba. Ka lebaka la maemo a bophelo, a moruo, a tikoloho le lintho tse phelang ho eona kapa qenehelo ea liphoofolo, motho a ka ’na a khetha ho ja limela feela. Empa o tlameha ho hlokomela hore e mpa e le mokhoa o mong feela oa ho ja. Ha aa lokela ho nyatsa bao ba khethang ho ja nama, feela joalokaha ea jang nama a sa lokela ho nyatsa ea jang limela feela. Ho ja nama kapa ho se e je ha ho etse hore motho e be ea molemonyana. (Baroma 14:1-17) Leha e le hore lijo tseo motho a li jang li tlameha ho fetoha ntho e ka sehloohong eo ho amehoang ka eona bophelong. Jesu o ile a re: “Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.

Ha e le tabeng ea ho hlokofatsa liphoofolo le ea tšenyo ea mehloli ea lefatše, Jehova o tšepisitse ho felisa tsamaiso ena e senyehileng le e meharo le ho e nkela sebaka ka lefatše la hae le lecha. (Pesaleme ea 37:10, 11; Matheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:13) Lefatšeng leo le lecha, batho ba tla phela le liphoofolo ba le khotsong ka ho sa feleng, ’me Jehova o tla “kholisa tse utloang kaofela.”—Pesaleme ea 145:16; Esaia 65:25.

Haeba u ka thabela boitsebiso bo eketsehileng kapa u ka rata hore motho e mong a u etele ho tla u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Tsoha! ea July 8, 1997, leqepheng la 21-31.

b Bona Molula-Qhooa oa May 15, 1997, leqepheng la 3-8, o hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

c Bona Molula-Qhooa oa May 15, 1990, leqepheng la 30-1.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

Punch

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela