Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 9/8 maq. 14-19
  • Lipaki Tsa Jehova Russia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki Tsa Jehova Russia
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ◆◊◆
  • ◆◊◆
  • ◆◊◆
  • ◆◊◆
  • ◆◊◆
  • Batho ba Russia ba Nka Bolokolohi ba Borapeli e le Letlotlo
    Tsoha!—2000
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Batho ba Jehova ba Hlōla Nyeoe e Nkileng Lilemo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 9/8 maq. 14-19

Lipaki Tsa Jehova Russia

Pono Ea Moruti Oa Thuto Ea Bolumeli

BAETA-PELE ba sechaba ba Bajuda lekholong la pele la lilemo, Roma, ba ile ba hlokomela sena ka Bokreste: “Ha e le mabapi le sehlopha sena sa bokhelohi rea tseba hore hohle ho buuoa khahlanong le sona.” Ke’ng seo baeta-pele bao ba ileng ba se etsa? Ka ho babatsehang, ba ile ba ea ho moapostola Pauluse, ea neng a thibetsoe ho tsoa ka tlung, ’me ba re: “Re nahana hore ho loketse ho utloa ho uena hore na menahano ea hao ke efe.” (Liketso 28:22) Ba ile ba mamela Mokreste ea nang le tsebo ho fapana le ba neng ba bua khahlanong le Bokreste.

Sergei Ivanenko, moruti ea hlomphehang oa thuto ea bolumeli, Russia, o ile a etsa se tšoanang. Le hoja a ne a lumela litlaleho tse ngata tse fosahetseng tse buang ka Lipaki tsa Jehova tse potolohang Russia, o ile a etsa qeto ea ho letsetsa ofisi ea lekala ea Lipaki e sebakeng se haufi le St. Petersburg mohala bakeng sa ho fumana boitsebiso. O ile a amohela memo ea ho etela Lipaki tse moo, ho li botsa lipotso le ho iponela seo li leng sona ka boeena.

Ha Monghali Ivanenko a fihla ka October 1996, mohaho o lulang litho tse ka bang 200 tsa basebetsi ba lekala la Lipaki tsa Jehova, Russia, o ne o le haufi le ho fela. O ile a fuoa monyetla ka matsatsi a mararo a latelang hore a bone mosebetsi oa kaho, a je lijo ntlong ea ho jela, ’me a buisane le mang kapa mang eo a lakatsang ho buisana le eena.

Taba eo Monghali Ivanenko a ileng a e ngola ka Lipaki e ile ea phatlalatsoa koranteng e tsebahalang ea Russia e tsoang hang ka beke e leng Moscow News ea la 16-23 February, 1997. Taba e nang le sehlooho se reng “Na Re Lokela ho Tšaba Lipaki Tsa Jehova?,” e ile ea boela ea hlaha khatisong ea Senyesemane ea Moscow News, ea la 20-26 February. Kaha babali ba bangata ba Tsoha! ba thahasella haholo ho tseba ka tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Russia, mona re boetse re hlahisa, boholo ba taba eo, ka tumello e fanoeng. Monghali Ivanenko o ile a qala ka phihlelo e latelang e ngotsoeng ka mongolo o totobetseng:

“‘Lequloana la bakhelohi, tsoang Russia!’ ho ne ho baleha joalo phatlalatso e entsoeng ke litho tsa mokha oa Zhirinovsky oa LDPR o ipelaetsang ka seboka sa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka botsa e mong oa baipelaetsi: ‘Ke’ng seo le sa se rateng ka mokhatlo oo?’ O ile a mpha kopi e ’ngoe ea Megapolis-Express e nang le sehlooho se reng ‘Ho Qhoma ha Mokaola oa Bolumeli Kamchatka.’ Pampiri eo e ne e boletse hore e le hore li tlatse mabokose a mokhatlo oa tsona ka chelete, Lipaki tsa Jehova li ne li thaothela botekatse le ho tsamaisa lihlopha tsa botekatse, ho jala mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho basesisi ba likepe. Ke ile ka botsa ka qenehelo: ‘Na u e mong oa liphofu tsa bona? Na u lumela boitsebiso boo?’ Karabo e ile ea e-ba: ‘Eo hase taba. Taba ea bohlokoa ke hore lequloana lena la Amerika la bokhelohi le senya bomoea le moetlo Russia, ’me re tlameha ho le emisa.’”

Taba eo Monghali Ivanenko a e ngotseng e ile ea latela moleng o latelang: “Ka Sergei Ivanenko, setsebi sa litaba tsa bolumeli, seithuti sa filosofi.”

“Ka sebele botšepehi bo kang bona boa fokola, le hoja e le ’nete hore batho ba bangata ba Russia ha ba na boikutlo bo mosa ka Lipaki tsa Jehova. Ho bua feela ka mokhatlo ona ho lebisa letotong la litlhaloso tsa kamoo o nang le cheseho e hlokang kelello kateng, o qaliloeng ke Maamerika, kamoo litho tse ling tsa mokhatlo li hulanang ka mor’a baeta-pele ba tsona kateng ’me li lumelang hore re bofelong ba lefatše. Ba bangata ba na le tšabo e nang le bohelehele ka Lipaki tsa Jehova.

“Bolumeli Bona ke Eng, Hona na re Lokela ho bo Tšaba?

“E le hore ke iphumanele sena ka bonna, ke ile ka etela motsaneng oa Solnechnoye, seterekeng sa Kururtnoye, St. Petersburg, moo setsi sa tsamaiso sa Lipaki tsa Jehova Russia se fumanehang teng.

◆◊◆

“[Mona] ke moo e neng e le setša sa ho hloma litente nakong ea lehlabula. Ka 1992 mohaho [oa pele] e ne e se e le serutha se se nang thuso, ’me bakeng sa bana ho ne ho lula batho ba hlokang bolulo le likhoto tse ngata. Kamoo ho bonahalang kateng e bile boemo bo bobe ba sebaka seo bo thusitseng Lipaki tsa Jehova ho fumana setša seo sa lihekthere tse supileng bakeng sa ho se sebelisa ka nako e sa lekanyetsoang. Li ile tsa nchafatsa mehaho ea khale ’me hape tsa qala ho haha mehaho e mecha, ho akarelletsa le mohaho oa liofisi o mekato e mene, [Holo ea ’Muso] e nkang batho ba 500, le holo ea ho jela. Lipaki tsa Jehova li boetse li lema mohloa o mocha (o latiloeng Finland ka ho khetheha) le mefuta e sa tšoaneng ea lifate tse sa tloaelehang. Mosebetsi ona o lebeletsoe hore o be o felile lehlabuleng le tlang. Mosebetsi o ka sehloohong oa setsi sena sa tsamaiso ke ho hlophisa mosebetsi oa boboleli le ho isetsa liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse sebakeng seo likhatiso. Solnechnoye ha e na mechine ea eona ea khatiso, kahoo likhatiso tsa Serussia li hatisoa Jeremane, ebe li isoa St. Petersburg, ho tloha moo li abeloa libaka tse fapaneng. Ho sebetsa batho ba ka bang 190 setsing sena. Ba sebetsa ka boithaopo ’me le hoja ba sa fumane moputso, ba hlokomeloa ka litlhoko tsohle tsa motheo, tse kang sebaka sa bolulo, lijo le liaparo.

“Mosebetsi o etsoang ke setsi o tataisoa ke komiti ea baholo ba 18. Vasily Kalin e bile mohokahanyi oa setsi sa tsamaiso ho tloha ka 1992. O hlahetse Ivano-Frankovsk. Ka 1951, ha a le lilemo li ’nè, eena le batsoali ba hae ba ile ba isoa botlamuoeng Siberia (ka 1949 le ka 1951 malapa a ka bang 5000 a ne a hlorisoa ke ba boholong ka lebaka la ho ba Lipaki tsa Jehova). O ile a kolobetsoa ka 1965 ’me a lula sebakeng sa Irkutsk. O ile a sebetsa e le foromane femeng e etsang mapolanka.

“Kantle ho baithaopi ba setsi sa tsamaiso ho boetse ho na le baithaopi ba 200 ba sebetsang mohahong ba tsoang Russia, Finland, Sweden le Norway ba lulang Solnechnoye: Boholo ba bona bo nkile matsatsi a phomolo mesebetsing ea bona. Ho boetse ho na le Lipaki tsa Jehova tse ngata tse tsoang Ukraine, Moldova, Jeremane, United States, Finland, Poland le linaheng tse ling. (Lipaki tsa Jehova ha li na khethollo ea merabe. Ho sa tsotellehe taba ea hore batho ba tsoang Georgia, Abkhaz Republic, Azerbaijan le Armenia ba phelisana hammoho setsing seo, ha ho e-s’o be le khohlano leha e le e ’ngoe lilemong tse ’nè tse fetileng.)

“Boholo ba thepa le lisebelisoa tsa mohaho bo fanoe ke linaha tsa Scandinavia, ’me tse ling tse ngata li fanoe ntle ho tefiso ke balumeli-’moho. Ke ile ka bontšoa khofu eo Paki e ’ngoe ea Jehova ea Sweden e e tlisitseng Solnechnoye ka 1993. E ile ea e sebelisa ka nako eohle ha e sa le mona, ’me pele e khutlela hae ea fana ka eona ho barab’abo eona tumelong. Basebetsi ba kaho ba lula matlong a mabothobotho a bolulo. Letsatsi la bona le tsamaea ka mokhoa o tjena: ka 7:00 hoseng—ke lijo tsa hoseng le lithapelo; ba sebetsa ho tloha ka 8:00 hoseng ho fihlela ka 5:00 mantsiboea ’me ba nka hora bakeng sa lijo tsa motšehare. Ka Meqebelo ba sebetsa ho fihlela nakong ea lijo tsa motšehare, ’me Sontaha ke letsatsi la phomolo.

“Ba ja lijo tse matlafatsang ’me litholoana li lula li le teng lijong tseo ba li jang. Bolumeli bona ho hang ha bo na linako tsa ho itima lijo leha e le ho beha lithibelo lijong tse itseng. Ka mor’a mosebetsi, ba bangata ba ea soneng ebe ba nka biri ’me ba itulele fatše ho imamella ’mino. Ha ho na matahoa har’a Lipaki tsa Jehova, empa leha ho le joalo joala ha boa haneloa. Balumeli ba lumeletsoe ho noa veine, cognac, vodka le tse ling ka ho itekanetseng. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova ha li tsube.

◆◊◆

“Ho na le litlelase tsa thuto ea Bibele tse tšoaroang hararo ka beke, tseo boholo ba batho ba eang ho tsona e leng bacha. Leha ho le joalo, ho tloaelehile ho fumana bao e bileng Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse 30 ho isa ho tse 40. Hoo e ka bang motho e mong le e mong e moholo o ile a qeta nako e itseng a le teronkong, a sebetsa ka thata likampong tsa teronko kapa a le palehong. Ka mor’a hore nako ea khatello e fele, ba bangata bao e leng lingaka, babuelli ba molao, lienjiniere, matichere, bo-rakhoebo le liithuti ba ile ba kopanela le Lipaki tsa Jehova.

“Liphutheho li leka ho boloka boikutlo ba ho leka-lekana har’a litho tsa tsona. Ka mohlala, esita le mohokahanyi oa setsi sa tsamaiso o hlatsoa lijana mantsiboeeng ao e leng nako ea hae ea ho li hlatsoa. Lipaki tsa Jehova li bitsana feela ka mabitso hape li phaella ka ‘mor’eso’ kapa ‘morali’eso’ ha li bitsa tse ling ka mabitso.

“Ha Paki ea Jehova e hlompholla seo Bibele e se rutang ’me e hana ho baka, e fuoa kotlo e tebileng haholo—ea lelekoa. Motho eo a ka ’na a ba teng libokeng, empa ha a sa lumelisoa ke balumeli-’moho le eena. Kotlo e tlaasana e ka ba ea khalemelo.

◆◊◆

“Ke qetile nako e telele ke ithuta Lipaki tsa Jehova ke leka ho fumana se tlisang batho ba bangata hakana ba sa tšoaneng mokhatlong ona oa bolumeli. Li e-na le botho bo sa tšoaneng, maemo a sa tšoaneng a thuto le lintho tse sa tšoaneng tseo motho ka mong a li ratang le tseo a sa li rateng, [Lipaki tsa Jehova ha li kopanele borapeli le] malumeli a sekisetsang lefatšeng lena le tletseng boetsalibe. Li ikutloa li sa lokoloha ha li le libakeng tseo ho tsona [batho] ba tlamehang ho hulana ka mor’a ba boholong, libakeng tseo ho tsona ho lumeloang bolumeling ba sephiri, tseo batho ba arohantsoeng hore e be sehlopha sa baeta-pele ba busang le letšoele le se latelang.

“Lipaki tsa Jehova li khetholloa ka tumelo ea tsona e tiileng mabapi le ho phela tumellanong le Bibele. Li leka ho tšehetsa ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona ka melao-motheo ea Bibele e sa tšoaneng, kapa ka ho qotsa temana e ’ngoe Testamenteng ea Khale kapa e Ncha. Lipaki tsa Jehova li lumela hore Bibele ke eona feela e nang le likarabo lipotsong tsohle. Ho Lipaki tsa Jehova, Bibele ke molao oa motheo, ke moralo oa litekanyetso tsa boitšoaro sechabeng le tlhaloso e phahameng ka ho fetisisa ea ’nete.

“Ka lebaka lena Lipaki tsa Jehova li tsejoa hohle lefatšeng e le batho ba bolokang molao ka ho phethahetseng ’me ka ho khetheha e le ba tšepahalang tabeng ea ho lefa lekhetho. Ofisi ea tlhahlobo ea lekhetho e li hlahloba kamehla ’me e makatsoa ke hore nako le nako ha e fumane li tlōtse molao leha o le mong. Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova, joaloka ba bang ba bangata, li ka ’na tsa leka ho fumana mabaka a ho se lefe lekhetho, empa Bibele e re motho o lokela ho tšepahalla ho lefa lekhetho, ’me ho Lipaki tsa Jehova leo ke lona lentsoe la ho qetela.

“Leha ho le joalo, boikemisetso ba tsona ba ho se sekisetse Bibeleng hangata e ba sona sesosa sa likhohlano tse tebileng pakeng tsa Lipaki tsa Jehova le ’muso. Boemo ba tsona ba ho se itšunya-tšunye lipolotiking ke bona bo bakang bora, ’me boemo bona bo bonahala ka ho hana ho sebeletsa lebothong la ntoa.

“Lipaki tsa Jehova li hlalosa mantsoe a Jesu ka ho toba mabapi le kamoo barutuoa ba hae le ’muso oa hae e seng karolo ea lefatše lena kateng, ’me ka lebaka lena li hana ho kopanela lipolotiking le ntoeng, ho sa tsotellehe hore na e loaneloa hokae ’me e le ka lebaka lefe. Kaha Lipaki tsa Jehova li ile tsa hana ho hoeletsa ‘Heil Hitler’ le ho sebeletsa lebothong la ntoa la Hitler, balumeli ba likete-kete ba ile ba romeloa likampong tsa mahloriso tsa Nazi, ’me ba likete ba shoa. Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova ea Jeremane e ileng ea lahleheloa ke bophelo ba eona ka lebaka la ho hana ho nka karolo tlhaselong ea Soviet Union, e nkoa e le motho ea khabane ka ho fetisisang ke batho ba Russia. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang batho ba bangata ba Russia ha ba bonahale ba qenehela Lipaki tsa Jehova [tsa Russia] tse ileng tsa bolaeloa ho hana ho nka libetsa le ho kopanela Ntoeng ea II ea Lefatše, kapa tse ileng tsa ahloloa ka lebaka la ho hana ho sebeletsa lebothong la ntoa linakong tsa khotso. Empa maemong ao ka bobeli Lipaki tsa Jehova li ile tsa itšoara tumellanong le litumelo tsa tsona tsa bolumeli eseng ho ea ka likhopolo tsa lipolotiki.

“Hase khale haholo ha bothata bo tšoanang bo hlaha Japane, moo liithuti tse ling tseo e leng Lipaki tsa Jehova li ileng tsa hana ho ithuta mekhoa ea ho itšireletsa ntle ho libetsa ’me tsa ipeha kotsing ea ho lelekoa univesithing. Ka 1996 Lekhotla le ka Holimo-limo la Japane le ile la ntša molao o tšehetsang litokelo tsa liithuti tsena le o li lumellang ho kena litlelaseng tse ling bakeng sa tseo.

◆◊◆

“Ke’ng eo Lipaki tsa Jehova li e etsang e makatsang batho ba nahanang ba mehleng ea kajeno? Ka holimo ho tsohle ke ho phehella ha tsona li bolela hore bofelo ba lefatše bo haufi (li etsa mosebetsi oa boromuoa literateng le ka ntlo le ntlo). Morao tjena baholo ba elelitse baboleli hore ba se ke ba hatella taba ea ‘bofelo ba lefatše’ le ea qetello e bohloko e tla oela baetsalibe, empa ho e-na le hoo ba hlalosetse bamameli hore Jehova o ba fa monyetla oa ho ba le ‘bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.’

“Taba e ’ngoe e khopisang ke boikutlo bo fapaneng boo Lipaki tsa Jehova li nang le bona mabapi le ho kopanela litšebeletsong tse kopanetsoeng tsa malumeli le ho hana ho amohela bonngoe ba Bokreste lefatšeng ka bophara. Li lumela hore lefatše la Bokreste ha le tšepahale ho Molimo le Bibeleng le hore malumeli ana a mang kaofela a fosahetse ka ho feletseng. Lipaki tsa Jehova li bapisa malumeli ana le ‘seotsoa sa Babylona,’ ’me li na le maikutlo a hore a tla tleloa ke qetello e tšoanang. Tokollo e ’ngoe ea morao tjena ea ‘Tsoha!’ e bolela hore bofelo ba malumeli ka ho fapana bo atametse le hore bolumeli feela bo tla sala ke bo boleloang ke Lipaki tsa Jehova.

“Lipaki tsa Jehova li lumela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le bolokolohi ba letsoalo, e leng ntho e sa lebelloang.

◆◊◆

“Linaha tse ’maloa li se li bontšitse ho ameha mabapi le hore na lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ke tšokelo sechabeng kapa che. Lekhotla le ka Holimo-limo la naha ea Connecticut, United States (1979) le la New South Wales, Australia (1972), Lekhotla la Profinse la British Columbia, Canada (1986) le makhotla a mang a phatlalalitse hore ha ho na bopaki ba hore Lipaki tsa Jehova ke tšokelo sechabeng, kapa hore ke tšokelo bophelong bo botle ’meleng kapa maikutlong a batho. European Human Rights Court [Lekhotla la Litokelo tsa Batho la Europe] (1993) le ile la sireletsa tokelo ea tokoloho ea bolumeli ea Lipaki tsa Jehova, e neng e lekanyelitsoe Greece le Austria. Kajeno Lipaki tsa Jehova lia hlorisoa linaheng tse 25 . . .

“Lipaki tsa Jehova li ka nkoa e le mohlala ho baahisani-’moho le tsona ka lebaka la boinehelo ba tsona ’neteng ea Bibele le boikemisetsong ba tsona ba ho emela tumelo ea tsona ka tsela e hlokang boithati joalo. Empa ho hlaha potso: Na sechaba sa habo rōna se ikemiselitse ho rala molao oa motheo o fanang ka bolokolohi ba letsoalo ho batho ba mekhatlo e ipolelang hore e latela Bibele likarolong tsohle tsa bophelo ka tsela e feletseng le e sa sekisetseng joalo?”

Polelong ena ea ho qetela, Monghali Ivanenko o hlahisitse potso ea bohlokoa. Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse, ea ileng a khethoa ka ho toba ke Kreste hore a sebeletse e le lenģosa la hae, o ile a hlokofatsoa ka leeme ‘litlamong tsa chankana.’ Kahoo, Pauluse o ile a ngolla balumeli-’moho le eena ka boiteko boo a bo etsang ba ho ‘sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo.’—Bafilippi 1:7; Liketso 9:3-16.

Le kajeno Lipaki tsa Jehova li mema bohle ho lekolela haufi mesebetsi ea tsona, joalokaha Monghali Ivanenko a entse. Re kholisehile hore haeba batho ba etsa joalo, ba tla fumana hore litlaleho tse fosahetseng ka Lipaki hase tsa ’nete, feela joalokaha litlaleho tse joalo ka Bakreste ba pele e ne e se tsa ’nete le tsona. Ka ho totobetseng, Lipaki li mamela “taelo e ncha” eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae: “Le ratane; feela joalokaha ke le ratile.”—Johanne 13:34, 35.

[Lebokose le leqepheng la 15]

Faele ea MN

(Boitsebiso bo latelang bo tsoang lifaeleng tsa Moscow News bo ile ba hatisoa hammoho le taba ena e ngotsoeng ke Sergei Ivanenko.)

“Lipaki tsa Jehova tsa Russia ke karolo ea mokhatlo oa lefatše ka bophara oa Bokreste o sebetsang linaheng tse 233 ’me o na le litho tse limilione tse 5,4. Lipaki tsa Jehova li latela tataiso ea moea ea Sehlopha se Busang se fumanehang Brooklyn, New York. Mokhatlo oa kajeno oa Lipaki tsa Jehova o thehiloe ke sehlopha sa liithuti tsa Bibele se thehiloeng ke Charles Taze Russell ka 1870, Pittsburgh, Pennsylvania. Mokhatlo ona o tlile Russia ka 1887. E mong oa Lipaki tsa Jehova tsa pele Russia, ke Semyon Kozlitsky, ea ileng a lelekoa Moscow a isoa botlamuoeng Siberia ka 1891. Ho sa tsotellehe mahloriso ao mokhatlo ona o ileng oa a mamella, ka 1956 ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse 17 000 Soviet Union. E bile feela ho tloha ka March 1991 ha Lipaki tsa Jehova li ne li lumelloa ka molao Russia, ka mor’a hore ho fetisoe molao oa ‘Tokoloho ea Bolumeli.’ Kajeno ho na le lihlopha tse fetang 500 tse nang le litho tse mafolofolo tse ka bang 70 000, Russia. Mokhatlo ona o aba likopi tsa ‘Molula-Qhooa’ (tse hatisoang ka lipuo tse 125, tse ajoang ka limilione tse 20) le tsa ‘Tsoha!’ (ka lipuo tse 81, tse ajoang ka limilione tse 18).”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Karolo ea mohaho oa ofisi ea lekala Russia

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Holo ea ’Muso moo litho tsa lelapa la lekala la Russia li kopanelang teng bakeng sa thuto ea Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Malapa a Lipaki a ithuta le ho thabela boikhathollo hammoho

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Li arolelana tsebo ea Bibele le ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela