Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 10/8 maq. 12-13
  • Na ho Itšoara Ka Thata ka ho Feteletseng ke Tsela ea ho Fumana Bohlale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Itšoara Ka Thata ka ho Feteletseng ke Tsela ea ho Fumana Bohlale?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thehiloe Likhopolong Tse Fosahetseng
  • Ha ho Hlokahale ho Itšoara ka Thata ka ho Feteletseng
  • Na Molimo o Thabela ho Bona Re Utloa Bohloko?
    Tsoha!—1995
  • U ka Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Tšepo e Molemo Bakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 10/8 maq. 12-13

Pono Ea Bibele

Na ho Itšoara Ka Thata ka ho Feteletseng ke Tsela ea ho Fumana Bohlale?

“BA IKAROLANG mokhatlong oa batho le ho itima lintho ba ne ba roala mahlaahlela a tšepe, liketane, linyepa tse hlabang le lik’holloro tse nang le metsu . . . Ba bang ba ne ba ithatela ka meutloa le bobatsi, ba ipitsetsa ho longoa ke likokoanyana ka boomo, ba ichesa ka mollo ’me ba etsa hore maqeba a bona a tsoe bolalu hoo a ke keng a fola. Ho ipolaisa tlala e ne e le tloaelo, ba bang ba bile ba feteletsa ka ho ja feela lijo tse bolileng kapa tse sa hlompheheng ka litsela tse itseng.”—The Saints, ea Edith Simon.

Bana ke batho ba itšoarang ka thata ka ho feteletseng. Ke hobane’ng ha ba itšotla hakaale? Bukeng e bitsoang For the Sake of the World—The Spirit of Buddhist and Christian Monasticism, bangoli ba eona ba hlalosa hore “bonyane haesale ho tloha mehleng ea Socrates (lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.), ho ’nile ha utloisisoa ka ho pharaletseng hore bophelo ba ho ikamoha boiketlo le ba ho phela ka litlhoko tsa motheo feela, bo se nang mabothobotho a lintho tsa nama le tse bonahalang, ke boemo bo lebisang bohlaleng ba sebele.” Ba itšoarang ka thata ka ho feteletseng ba ne ba nahana hore ho se qenehele ’mele ho ne ho tla hōlisa bomoea ba bona ’me ho ba lebise leseling la sebele.

Ho thata ho hlalosa ka ho qaqileng boikutlo ba ho itšoara ka thata ka ho feteletseng. Ho ba bang, bo mpa bo bolela ho itaea kapa ho itela. Bakreste ba pele ba ne ba ananela makhabane a joalo. (Bagalata 5:22, 23; Bakolose 3:5) Jesu Kreste ka boeena o ile a buella bophelo bo bonolo bo sa sitisoeng ke matšoenyeho ao mokhoa oa bophelo oa lintho tse bonahalang o ka a tlisang bophelong. (Matheu 6:19-33) Leha ho le joalo, hangata boikutlo ba ho itšoara ka thata ka ho feteletseng bo amahanngoa haholo le litekanyetso tse thata le tseo hangata e leng tse feteletseng, joaloka tse hlalositsoeng ka holimo. Na tloaelo ee ea ho itšoara ka thata ka ho feteletseng, haholo-holo ka ho itšotla ho feteletseng, e hlile ke tsela ea ho fumana bohlale?

Ho Thehiloe Likhopolong Tse Fosahetseng

Har’a lifilosofi tse hlahisitseng ho itšoara ka thata ka ho feteletseng ke khopolo ea hore lintho tse bonahalang le menyaka ea nama ka botsona li fosahetse ’me kahoo li thibela tsoelo-pele ea moea. Khopolo e ’ngoe e bulang tsela bakeng sa ho itšoara ka thata ka ho feteletseng ke tumelo e teng hohle ea hore motho o na le ’mele le moea. Ba itšoarang ka thata ka ho feteletseng ba lumela hore ’mele ke teronko ea moea le hore nama ke sera sa oona.

Bibele e re’ng? Mangolo a bontša hore ha Molimo a qeta ho bōpa lefatše, o ile a phatlalatsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng—pōpo eohle ea hae—e “molemo haholo.” (Genese 1:31) Molimo o ne a rerile hore monna le mosali serapeng sa Edene ba thabele lintho tse bonahalang. Lebitso Edene ka bolona le bolela “Monyaka” kapa “Thabo.” (Genese 2:8, 9) Adama le Eva ba ne ba phethahetse ’me ba thabela kamano e molemo le ’Mōpi oa bona ho fihlela ba etsa sebe. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ho se phethahale e ile ea e-ba tšitiso pakeng tsa Molimo le batho. Leha ho le joalo, haeba ho etsoa tumellanong le melao ea Molimo ea boitšoaro, ho khotsofatsa litakatso tsa botho tse loketseng kapa ho thabela menyaka ea nama e fanoeng ke Molimo ho ne ho ke ke ha fetoha tšitiso puisanong e pakeng tsa Molimo le barapeli ba hae!—Pesaleme ea 145:16.

Ho phaella moo, ka ho hlakileng Bibele e ruta hore motho, ea bōpiloeng ka lerōle le ho etsoa ka nama, ke moea. Mangolo ha a tšehetse khopolo ea hore moea ke ntho e ’ngoe e itseng e sa bonahaleng leha e le hore ke boleng bo sa shoeng bo kentsoeng teronkong ke ’mele kapa khopolo ea hore ka tsela e itseng ’mele o thibela motho ho ba le kamano e haufi-ufi le Molimo.—Genese 2:7.

Ka ho hlakileng, khopolo ea ho itšoara ka thata ka ho feteletseng e fana ka maikutlo a sothehileng ka kamano ea batho le Molimo. Moapostola Pauluse o ile a lemosa hore ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba tla khetha lifilosofi tsa batho tsa bohata ho e-na le linnete tsa motheo tsa Bibele. (1 Timothea 4:1-5) Mabapi le ba bang ba lumelang maikutlo ana, rahistori e mong oa bolumeli o re: “Tumelo ea hore lintho tsa nama li ne li le mpe . . . le ea hore moea oa motho o tlameha ho lokolloa botlamuoeng ba lintho tsa nama, e bakile ho itšoara ka thata ka ho feteletseng le ho thibela ho jeoa ha nama, ho ba le likamano tsa botona le botšehali le tse ling tse joalo, e leng tse ka lateloang feela ke ‘ba phethahetseng’ ba khethehileng kapa ba perfecti [ka Selatine] ba fetileng tlas’a koetliso e khethehileng.” Tsela ena ea ho nahana ha e tšehetsoe ke Bibele ’me Bakreste ba pele ba ne ba sa e lumele.—Liproverbia 5:15-19; 1 Bakorinthe 7:4, 5; Baheberu 13:4.

Ha ho Hlokahale ho Itšoara ka Thata ka ho Feteletseng

Jesu le barutuoa ba hae e ne e se batho ba itšoereng ka thata ka ho feteletseng. Ba ile ba tiisetsa liteko tse ngata le matšoenyeho a mangata, empa matšoenyeho ana e ne e se ao ba ipaketseng ’ona. Moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste hore ba hlokomele esere lifilosofi tsa batho tsa bohata tsa ba khelosa ’neteng ea Lentsoe la Molimo ’me tsa ba isa mekhoeng e sa utloahaleng le e feteletseng. Pauluse o buile ka ho khetheha ka “tšoaro e mpe ea ’mele.” O ile a re: “Tsona lintho tseo, ka sebele, li na le ponahalo ea bohlale ka mofuta oa borapeli o itlhometsoeng le boikokobetso ba boikaketsi, tšoaro e mpe ea ’mele; empa hase tsa bohlokoa ba letho ho loantšeng ho khotsofatsoa ha nama.” (Bakolose 2:8, 23) Ho itšoara ka thata ka ho feteletseng ha ho ise khalalelong e khethehileng kapa leseling la sebele.

Ke ’nete hore tsela ea ho ba Mokreste ea bontšang kutlo e bolela ho etsa boikitlaetso bo matla le ho itaea. (Luka 13:24; 1 Bakorinthe 9:27) Motho o lokela ho sebetsa ka thata bakeng sa ho fumana tsebo ea Molimo. (Liproverbia 2:1-6) Hape, Bibele e fana ka keletso e matla khahlanong le ho ba makhoba a ‘litakatso le menyaka’ le khahlanong le ho ba “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” (Tite 3:3; 2 Timothea 3:4, 5) Leha ho le joalo, litemana tsena tsa Mangolo ha li emele mokhoa oa ho ba ea itšoarang ka thata ka ho feteletseng. Jesu Kreste, motho ea phethahetseng, o ile a thabela liketsahalo tse thabisang tse neng li akarelletsa lijo, lino, ’mino le motjeko.—Luka 5:29; Johanne 2:1-10.

Bohlale ba ’nete bo nahanela maemo, hase bo fetelletsang lintho. (Jakobo 3:17) Jehova Molimo o bōpile ’mele ea rōna e e-na le bokhoni ba ho thabela menyaka e mengata bophelong. O batla hore re thabe. Lentsoe la hae lea re bolella: “Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.”—Moeklesia 3:12, 13.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 12]

Saint Jerome in the Cavern/The Complete Woodcuts of Albrecht Dürer/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela