Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 10/8 maq. 26-27
  • Thuso Bakeng sa Maoto a Opang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso Bakeng sa Maoto a Opang
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekana, Feshene le Maoto
  • Likeletso Tsa ho Reka
  • Na Lieta Tsa Hao li Hlile li U Lekana Hantle?
    Tsoha!—2003
  • Maoto a Hae a na a le Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Tsoha!—1997
g97 10/8 maq. 26-27

Thuso Bakeng sa Maoto a Opang

“KE BOLAOA ke maoto!” Ka ho totobetseng, polelo ena ke e feteletsang taba. Leha ho le joalo, bothata ba maoto a opang ke bo tebileng hoo litsebi tsa maoto tse likete li lulang li le tšebetsong, United States.

Ka mor’a ho hlahloba maoto a fetang 2000 ao a ileng a a buoa nakong ea lilemo tse fetang 14, Dr. Michael Coughlin, ngaka ea masapo, o ile a sibolla ntho e makatsang. O re: “Ka ho makatsang, ke fumane hore hoo e batlang e le batho bohle ba ileng ba buuoa ke basali.” Ke hobane’ng ha ka ho khetheha e le basali ba atisang ho ba le mathata a maoto?

Ho Lekana, Feshene le Maoto

Patlisiso e entsoeng ho basali ba 356 e fumane hore hoo e ka bang basali ba robong ho ba leshome ba roala lieta tseo ka kakaretso, boholo ba tsona bo leng bosesaane haholo bakeng sa maoto a bona! Karolo e ’ngoe ea bothata e mokhoeng oo lieta tsa basali li entsoeng ka oona. Ngaka ea masapo Francesca Thompson ea hlalosa: “Baetsi ba lieta ha ba sa etsa meetso ea last e kopantsoeng e neng e khona ho etsa hore seeta se be sesesaane seretheng ’me se be sephara menoaneng.”a

Kahoo, basali ba bangata ha ba itekanya lieta ba fumana hore haeba li ba lekana hantle menoaneng, liretheng lia khoehla; empa haeba li ba lekana hantle liretheng, li ba tiisa menoaneng. Ba bang ba khetha ho nka tse ba lekanang hantle liretheng leha li ba tiisa menoaneng, kaha ho seng joalo ho ka bolela hore lirethe li tla lula li tsoa nako le nako ha ba tsamaea.

Ho patisa menoana ea leoto hore e felle ka seeteng se moqotetsane ka sebele ha ho monate. Empa joale baetsi ba lieta ba li phahamisa ka seretheng ka lisenthimithara li se kae. Le hoja li nkoa li le fesheneng, lieta tse lirethe li phahameng li beha boima bo boholo menoaneng ea leoto, ’me li sutumelletsa leoto pele moqotetsaneng oa seeta seo e ka ’nang eaba se se se ntse se le sesesaane. Dr. David Garrett, setsebi sa mafu le tlhokomelo ea maoto o bolela hore: “Ha ho na seeta se serethe se phahameng seo ho ka thoeng ke se sireletsehileng.” Ba bang ba bolela hore qetellong lieta tse lirethe li phahameng li ka lematsa maoto, maqaqailana, litlhafu, mangole le mokokotlo ho ea li roalang. Li ka boetse tsa khutsufatsa mesifa ea meomo le mesifa e meng, e leng ho ka eketsang menyetla ea hore limathi li hlaheloe ke likotsi tse tebileng.

Leoto la mosali ha le tloaele habonolo tlatlapo eo le e etsoang. Ha e le hantle, ha lilemo li ntse li feta leoto le ntse le tsoela pele ho pharalla menoaneng—esita le ka mor’a hore motho a fihlele lilemo tsa boholo. Empa ha ho joalo ka serethe. Dr. Thompson o re: “Serethe se na le lesapo le le leng feela, ’me leha motho a le lilemo li 84 le sala le ntse le le lesesanyane joalokaha a ne a le lilemo li 14.” Sena se etsa hore ho be thata le ho feta hore mosali a fumane seeta se mo lekanang hantle ho tloha seretheng ho ea tsoa monoaneng.

Likeletso Tsa ho Reka

Ha ba talimane le bothata ba hore ba fumane lieta tse ba lekanang le tsa feshene, ke joang basali ba ka thibelang ho opa ha maoto? Tharollo e qala lebenkeleng la lieta. Litsebi tse ling li buella tse latelang:

● Reka lieta ho elella qetellong ea letsatsi, ha maoto a hao a batla a ruruhile.

● Itekanye lieta ka bobeli—eseng se le seng feela.

● Tiiseha hore lirethe li u tsamaisa ka bolokolohi le hore bolelele, bophara le bophahamo ba nko ea seeta bo lekane.

● Hopola hore ka lebenkeleng e ka ’na eaba ho na le k’hapete e morumo, e leng ho ka etsang hore esita le lieta tse sa u luleng hantle li utloahale li tsamaisa hamonate ka nakoana.

● Qoba lieta tse entsoeng ka motla-o-tutsoe o thata kapa letlalo la maiketsetso. Ho fapana le letlalo le bonolo kapa soeiti, matlalo a joalo ha a thape leha u tsamaea.

● Haeba u reka lieta tse lirethe li phahameng, leka ho sebelisa lisoli tsa letlalo bakeng sa ho eketsa morumo. Nahanela ho roala lieta tse phahameng ka nako e itseng feela, ’me ka nako e itseng u sebelise tse lirethe li tlaase motšehare.

Ho phaella ho tse ka holimo, kamehla hopola hore lieta li lokela ho utloahala li tsamaisa hantle nakong eo u li rekang. Ho fapana le tumelo e tloaelehileng, ha ho na nako ea ho thapa. Dr. Coughlin oa lemosa: “Le ka mohla u se ke ua lumela ho isoa le khongoana holimo ke morekisi ea reng seeta se u tiisang se tla ’ne se loke ha se thapa. Ntho feela e tla thapa ke leoto la hao.”

Empa ho thoe’ng haeba u e-na le khetho feela pakeng tsa lieta tse u penyang menoana empa lirethe li lutse hantle kapa tseo menoana e lulang hantle empa lirethe li khoehla? Ngaka ea tlhokomelo ea maoto, Dr. Annu Goel o bolela hore u lokela ho etsa qeto ea hore na ke life tseo ho leng bonolo ho lokisa bothata ba tsona. O re: “Ho na le litsela tse peli tsa ho etsa sena. Ea pele, u ka reka lieta tse sephara ho lekana menoaneng ’me ua li topa masela hore li u lekane ka liretheng. . . . Leqheka la bobeli ke ho reka lieta tse u lekanang hantle liretheng ’me u li ise hore li sarolloe menoaneng. Empa hangata sena se sebetsa feela lieteng tse entsoeng ka letlalo.”

Kaha basali ba bangata ba tsamaea lik’hilomithara tse hakanyetsoang ho 15 ka letsatsi, e ka ba hantle ha ba hlahloba lieta tseo ba li roalang. Joalokaha makasine ea American Health e bolela, “ka ho baballa maoto a hao haholoanyane—haholo-holo ka ho roala lieta tse u lekanang hantle—u ka thibela ho ba le mathata a mangata a maoto.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Last” ke foromo e bōpehileng joaloka leoto eo seeta se forongoang ka eona.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Mathata a Mane a Tloaelehileng a Maoto Litšere. Litšere ke kotolana e ka tlaase ho monoana o moholo oa leoto. Haeba e se tsa lefutso, litšere li ka ’na tsa bakoa ke lieta tse tiisang kapa tse lirethe li phahameng. Ho beha ntho e mofuthu kapa leqhoa ho ka fana ka thuso ea nakoana bakeng sa bohloko, empa ho hlokahala tšebetso ea ho buuoa bakeng sa ho tlosa litšere ka ho feletseng.

Menoana e khopameng. Menoana e khopameng e ka ’na ea bakoa ke lieta tse u penyang haholo karolong e ka pele ea leoto. Tšebetso ea ho buuoa e ka ’na ea hlokahala bakeng sa ho lokisa kholofalo eo.

Litorong. Likotolana tse sebōpeho se chitja menoaneng, tse bakoang ke ho hohloa le ho tiisoa, ka linako tse ling li bakoa ke ho roala lieta tse tšesaane haholo. Liphekolo tse etsoang lapeng li ka ’na tsa fana ka thuso ea nakoana, empa hangata ho hlokahala tšebetso ea ho buuoa bakeng sa ho lokisa kholofalo e menoaneng e nang le bothata.

Makhekhebu. Ho phaellana ha letlalo le shoeleng le sireletsang leoto hore le se ke la ’na la hohleha. Ho a inela ka metsing a futhumetseng a nang le Epsom salts ho ka a nolofatsa. Empa u se ke ua leka ho a seha, kaha sena se ka baka tšoaetso.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela