Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 1/8 maq. 10-12
  • Na U Tenehile ke Mosebetsi oa Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tenehile ke Mosebetsi oa Hao?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebetsa ka Cheseho
  • Etsa se Matleng a Hao
  • “Khabisa” Mosebetsi oa Hao
  • Lula U Ithuta
  • Litlhahiso Tse Ling Tsa ho Qetela
  • “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Monna ea Behang Mohlala ea Ileng a Amohela Khalemelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 1/8 maq. 10-12

Na U Tenehile ke Mosebetsi oa Hao?

MOHLOMONG u sebetsa lihora tse robeli ka letsatsi. Eo ke nako e ngata haholo le matla a mangata haholo tseo u ka li qetang u tenehile! Leha ho le joalo, lekholong lena la bo20 la lilemo boholo ba mosebetsi ke o pheta-phetoang ’me o fa motho ea o etsang se fokolang seo a ka itlotlisang ka sona.

Kahoo u na le ho hongata hoo u ka ho ruang ka ho etsa hore mosebetsi oa hao e be o thahasellisang. U fumana thabo e eketsehileng ka ho sebetsa, ’me u ithuta lekunutu la ho etsa hore mosebetsi leha e le ofe oo u o etsang nakong e tlang e be o thahasellisang. Joale, a re ke re shebeng litsela tse ling tsa ho finyella sena.

Sebetsa ka Cheseho

Ba bang ba boholong ba eletsa hore u etse mosebetsi oa hao joalokaha eka ua o thabela. Haeba u etsa joalo, boikutlo boo bo ka ’na ba hla ba e-ba teng.

Mohlomong u ka ’na ua arabela: ‘Empa le ka mohla nke ke ka chesehela mosebetsi oa ka!’ Mosebetsi oa hao o ka ’na oa etsoa ka kemiso e sa fetoheng, joaloka mosebetsi oa ho kopanya likaroloana tsa thepa kapa mechine e itseng. Kapa mohlomong u sebelitse mosebetsi oo ka lilemo tse ngata hoo u nahanang hore u ke ke ua khona ho tsosolosa thahasello ea hao ho oona. Leha ho le joalo, katamelo e bonolo feela e kang ea ho bososela le ho ema u otlolohile e ka ’na ea u thusa hore u ikutloe u chesehela mosebetsi oa hao haholoanyane.

Hape u ka ’na ua thusoa ke ho beha mohopolo oa hao ka ho feletseng ho seo u se etsang. Ka mantsoe a mang, ha u ntse u sebetsa u se ke ua sebetsa joaloka mochine, ua nahana ka nako ea lijo tsa motšehare, mafelo-beke kapa mohlomong mosebetsi o mong o lokelang ho etsoa. Hangata ke bohlale ho tsepamisa mohopolo ka ho feletseng mosebetsing oo u o etsang. Ka phello efe? Mohlomong u tla thabela mosebetsi oo ’me le nako e ka ’na ea bonahala e tsamaea ka potlako.

Sena ke seo hangata se etsahalang ha u iphumana u nkehile ke mosebetsi oo u o ratang. Ka ho iqobella ho beha mohopolo oa hao ka ho feletseng mosebetsing oo ka tloaelo u sa o thabeleng mohlomong u ka finyella se tšoanang.

Etsa se Matleng a Hao

Ho etsa se matleng a hao ho ka u thusa hore u khotsofalle mosebetsi oa hao. Ka sebele, keletso ena e khahlanong le khopolo e atileng ea hore ha u fumana mosebetsi o sa thahasellise, u lokela ho qheqhebisa feela. Empa ho sebetsa ka ho se tsotelle, ho tsoafa le ho qheqhebisa ho ka ’na ha u qeta matla ’me ha u ekelletsa matšoenyeho le mokhathala. Mabakeng a mang motho ea khutlang mosebetsing a sithabetse, a tšoenyehile, a bile a khathetse e ka ’na eaba o qetiloe matla ke ho se sebetse ka boikitlaetso.

Ho ea ka Bibele, ho sebetsa ka thata mosebetsing ho etsa hore le nako ea boikhathollo e be e thabisang haholoanyane. “Ho molemo ho motho ke hore a ’ne a je, a noe, a batlele moea oa hae boiketlo ka ho sebetsa ha hae.” (Moeklesia 2:24) Ho ba bang, sena se ka ’na sa utloahala eka ke lepetjo le siuoeng ke nako, empa ba bang ba sebelisa molao-motheo ona o sebetsang mocha-o-chele. Baa lumela hore ka sebele, ha “ho [letho le] molemo” ho feta ho thabela litholoana tsa mosebetsi oa bona o boima. Buka e bitsoang The Joy of Working e re: “Mosebetsi o entsoeng ka bokhabane o siea motho a khanya khotsofalo moeeng.”

Kahoo, etsa se matleng a hao, ’me mohlomong u tla ikutloa u khothala. Etsa ho fetang seo e leng bonyane, ’me u tla ikutloa u thabile haholoanyane. Qala ka mesebetsi eo e leng ea bohlokoa ’me u tla thabela linako tsa hao tsa phomolo ea lijo tsa motšehare le mafelo-beke ho feta motho ea qetang matla a hae ka ho ’na a chechisetsa mosebetsi morao.—Bapisa le Esthere 10:2; Baroma 12:11; 2 Timothea 2:15.

Ho e-na le ho hlōlisana le ba bang, leka ho intlafatsa. (Bagalata 6:4) Ipehele litekanyetso tse ncha, lipakane tse ncha. Loanela ho ntlafatsa. Mosali e mong, eo mosebetsi oa hae o amang ho rōka ho pheta-phetoang hoo ba bang ba neng ba tla ho nka e le ho tenang ho bile ho nyahamisa, o ile a iketsetsa papali ka hona ka ho ipehela nako. O ile a boloka tlaleho ea mosebetsi oa seo a se rōkang ka hora, ’me joale a leka ho o eketsa. Ka sebele o thabela mosebetsi oa hae kaha o loanela ho ntlafatsa bokhoni ba hae.—Liproverbia 31:31.

“Khabisa” Mosebetsi oa Hao

Dr. Dennis T. Jaffe le Dr. Cynthia D. Scott baa eletsa: “Nka mosebetsi oa hao e le ntlo e se nang letho. U kena ka hare ’me u sheba tsela eo e ahiloeng ka eona le ponahalo ea eona. Joale boqapi ba hao boa susumelletseha. U hlophisa ntlo ea hao, ua e khabisa, ’me u e etsa hore e be lehae la hao. U e etsa ea hao ka ho e lokisa ho latela takatso ea hao.”

Mesebetsi e mengata u e fuoa e e-na le letoto la melao le lintlha tse tataisang. Ho etsa seo u se lebeletsoeng feela ho tšoana le ho lula ka tlung e se nang letho. Ha ho litšobotsi tse bontšang seo u leng sona. Empa haeba u hlomathisa mokhoa oa hao, mosebetsi oa hao e ka ba o thahasellisang haholoanyane. Ha ho batho ba babeli ba ka “khabisang” mosebetsi oa bona ka tsela e tšoanang. Mosebetsi e mong oa reschorente o tla hopola lijo tseo batho ba rekang kamehla ba li ratang. E mong e tla ba ea mosa le ea nahanelang ka ho khetheha. Ka bobeli ba thabela mosebetsi oa bona kaha ba ikamahanya le seo ba se etsang.

Lula U Ithuta

Tsela e ’ngoe ea ho fumana thabo mosebetsing ke ho ithuta. Buka e bitsoang Tension Turnaround e hlalosa hore ha re ntse re hōla, boko ba rōna bo eketsa matla a bona a ho sebelisa boitsebiso. Sena se hlalosa lebaka leo ka lona lintho tse neng li re thahasellisa nakong e fetileng li ka ’nang tsa re tena hona joale. Tharollo ke ho khotsofatsa takatso ea boko ea ho fumana boitsebiso bo bocha ka ho ithuta lintho tse ncha.

Ho ithuta ho eketsehileng ka mosebetsi oa hao mohlomong ka mor’a nako ho ka etsa hore u fuoe mosebetsi o batlang o ipiletsa. Empa esita le haeba seo se sa etsahale, ho ithuta ka bohona ho tla etsa hore mosebetsi oa hao e be o thahasellisang le o khotsofatsang haholoanyane. Bangoli, Charles Cameron le Suzanne Elusorr, baa hlalosa: “Ho ithuta ha ho eketse ho itšepa ha hao feela ka ho ntlafatsa bokhoni ba hao, ho boetse ho ntlafatsa boikutlo ba hao ka kakaretso bophelong: u ithuta hore mathata a ka rarolloa, litšitiso tsa hlōloa, tšabo e ka felisoa le hore ho ka finyelloa lintho tse ling tse eketsehileng ho feta kamoo u neng u nahana kateng.”

U ka ’na ua hanyetsa, ‘Empa nakong e fetileng ke ile ka ithuta sohle seo ke neng ke lokela ho se tseba ka mosebetsi oa ka!’ Boemong boo, na u ka ithuta lintho tse sa amaneng le mosebetsi oa hao ka ho toba? Ka mohlala, u ka ’na ua etsa qeto ea ho ithuta ho eketsehileng ka ho ntlafatsa likamano tsa batho mosebetsing kapa ho ithuta ka thepa eo u e sebelisang. Mohlomong u ka ithuta kamoo u ka ngolang lengolo le molemonyana la boitsebiso ba ofisi kapa kamoo u ka tsamaisang seboka hamolemonyana kateng. U ka ithuta litsela tse atlehang ka ho fetisisa tsa ho sebetsana le baokameli.

U tla ithuta lintho tsee joang? Mohlomong k’hamphani ea hao e fana ka lithupelo tseo u leng boemong ba ho fumana molemo ho tsona. Kapa mohlomong laebrari e na le tsona libuka tseo u li hlokang. Empa u se ke ua hlokomoloha mehloli e sa hlahellang ea boitsebiso. Ho talima basebetsi ba bang le ho hlokomela bokhoni le mefokolo ea bona e ka ’na ea e-ba thuto. U ka ithuta ka liphoso tsa hao le katleho ea hao, ka ho hlahlobisisa seo u se entseng hantle. Seo u ithutang sona phihlelong ea hao le ho shebelleng ba bang se ka u ruta thuto eo mohlomong le ka mohla u neng u ke ke ua e bala libukeng kapa ua e utloa ka tlelaseng.

Litlhahiso Tse Ling Tsa ho Qetela

Ho na le tsela e ’ngoe eo u ka ’nang ua atamela mosebetsi oa hao ka eona. U ka ’na ua etsa qeto ea hore u tšoaneloa ke ho molemonyana—le hore ba bang ba fuoa menyetla eohle e molemo le hore uena ha ho mohla u kileng ua fuoa monyetla oa ho etsa mosebetsi oo u hlileng u batlang ho o etsa. U ka ’na ua buisana lolololo le ba bang ba lumellanang le uena, ’me u ka ’na ua kholiseha ka hore sena sohle ke ’nete.

Empa e ka ’na ea se ke ea e-ba ’nete. Batho ba bangata ba thabelang mosebetsi oa bona ba ithutile ho etsa joalo. Mohlomong motho ea thabelang ho rala lipolane tsa matlo a ka boetse a thabela ho khanna bese. Hobane’ng? Hobane katamelo ea hae e nang le boqapi mosebetsing oo e mo fa thabo le khotsofalo.

Kahoo, itokolle monahanong o fosahetseng o etsang hore matsatsi a har’a beke a mosebetsi e be a nyahamisang ho fapana le a mafelo-beke. U se ke ua senya nako ka ho boela u hlahloba moo u ileng ua hlōleha teng nakong e fetileng, u ntse u nahana ka hore na ke’ng e tla boela e fosahale le ho tšoenyeha ka hore na ba bang ba nahana eng ka uena. Sheba mosebetsi o ka pel’a hao. O fe tlhokomelo eohle ea hao. Leka ho tšoareha ka ho feletseng ho oona joalokaha eka u etsa mosebetsi oa ho itlosa bolutu oo u o ratang haholo. Etsa sohle se matleng a hao ’me u thabele mosebetsi o entsoeng hantle.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 11]

U se ke Ua Hlokomoloha Mosebetsi oa Hao

Ho Liproverbia 27:23, 24, Bibele e re: “U lekole linku tsa hao hantle, ’me u [behe pelo ea hao mehlapeng ea, NW] hao hantle. Hobane nala hase ea ka mehla, le borena ha bo hlolehe ka mehla, le mehla.” Seo se bolela eng?

Se bolela hore leruo (nala) le maemo a hlaheletseng (borena), le haeba li fumanoa, hangata e ba ka nakoana. Ka hona, mehleng ea Bibele molisana o ne a bontša bohlale haeba a ikitlaelletsa ho hlokomela linku tsa hae, ke hore ‘a behe pelo ea hae mehlapeng ea hae.’ Joalokaha litemana tse tharo tse latelang li bontša, phello e ne e tla ba tšireletseho moruong oa motho ea sebetsang le ho lelapa la hae.—Liproverbia 27:25-27.

Ho thoe’ng kajeno? Hangata batho ba beha lipelo tsa bona ho fumaneng leruo kapa maemo a hlaheletseng, e leng hoo ba tšepang hore ho tla ba nolofalletsa ho tlohela mesebetsi ea bona ea hona joale. Ba bang ba na le sepheo se utloahalang; ba bang ke se sa utloahaleng. Maemong ao ka bobeli ke booatla ho khella fatše kapa ho hlokomoloha mosebetsi oo u o hiretsoeng hona joale. Ke mohloli o tšepahalang ka ho fetisisa oa chelete e kenang, ’me e ka ’na ea tsoela pele e le oona. E ka ba bohlale ha motho a beha pelo ea hae “mehlapeng” ea hae, ’me a beha mohopolo oa hae ka ho feletseng mosebetsing o tšepahalang oo a o hiretsoeng. Ho etsa ha hae joalo mohlomong ho tla mo sireletsa ka lintho tse bonahalang hona joale le nakong e tlang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela