Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 2/8 maq. 20-24
  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Hlomellele ho Phurusetsa
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ruta Bana ho Jara Boikarabelo
  • Khalemelo e Lerato
  • Thuto Bakeng sa Bophelo
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Rutang Bana ba Lōna ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 2/8 maq. 20-24

Ba Hlomellele ho Phurusetsa

MOPESALEME oa Bibele o ile a ngola: “Bana ba bocha ba rōna ba joalo ka metsu letsohong la mohale.” (Pesaleme ea 127:4) Motsu ha o hlabe moo o korotsoeng teng ka tšohanyetso feela. O tlameha ho koroloa ka hloko. Ka tsela e tšoanang, bana ba ka ’na ba sitoa ho finyella pakane ea ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo ha ho se tataiso ea batsoali. Bibele ea eletsa: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.

Ho tlohela ho ba ngoana ea hlokang tlhokomelo le ho fetoha motho e moholo ea ikemetseng hase ntho e ka etsahalang ka tsatsi le le leng feela. Kahoo, batsoali ba lokela ho qala neng ho koetlisetsa bana ba bona ho ikemela? Moapostola Pauluse o ile a hopotsa mohlankana ea bitsoang Timothea: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Timothea 3:15) Nahana, ’mè oa Timothea o ile a qala ho mo koetlisa moeeng e sa le lesea!

Kahoo, haeba masea a khona ho rua molemo ke ho koetlisoa moeeng, na hase ho utloahalang hore bana le bona ba lokela ho koetlisetsoa ho ba batho ba baholo kapele kamoo ho ka khonehang kateng? Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ea ho ba ruta ho jara boikarabelo, ho iketsetsa liqeto.

Ho Ruta Bana ho Jara Boikarabelo

Ke joang u ka khothalletsang bana ba hao ho jara boikarabelo? Banyalani ba bang ba bitsoang Jack le Nora ba hopola sena mabapi le morali oa bona: “Ha a qala ho tsamaea, o ile a ithuta ho isa likausi kapa lintho tse ling tse nyenyane ka kamoreng ea hae le ho li beha ka moo li lokelang ho lula ka teng. Hape o ile a ithuta ho beha lintho tsa ho bapala le libuka libakeng tsa tsona tse loketseng.” Tsena ke lintho tse nyenyane tse qalang, empa ngoana o ne a se a ntse a ithuta ho etsa liqeto tse nang le boikarabelo.

Ha ngoana a ntse a hōla, mohlomong a ka ’na a tšepeloa boikarabelo bo bong bo tomanyana. Ke kahoo, Abra le Anita ba ileng ba lumella morali oa bona ho rua ntja lapeng. Ngoana enoa o ne a ikarabella bakeng sa ho hlokomela ntja ena esita le ho e ntšetsa chelete ea ho e hlokomela cheleteng ea hae. Ho koetlisetsa bana ho jara boikarabelo ho hloka mamello. Empa ke habohlokoa ’me ho tlatsetsa khōlong ea bona ea maikutlo.

Mesebetsi ea lapeng e fana ka monyetla o mong hape oa ho ruta bana ho jara boikarabelo. Batsoali ba bang ba qhelela bana ka thōko ka ho feletseng mesebetsing ea lelapa, ba nka hore ho kopanela ha bona ho eona ke tšitiso ho e-na le ho ba thuso. Ba bang ba nahana hore bana ba bona ba lokela ‘ho phela hamolemo ho feta ha bona e ne e le bana.’ Ona ke monahano o fosahetseng. Mangolo a re: “Ea bokotsang khoba la hae ha a le hōlisa, le tla qetella le mo hlokela teboho.” (Liproverbia 29:21, BPN) Ka sebele molao-motheo o temaneng ena oa sebetsa le ho bana. Ke ho soabisang ha mocha e sa be feela motho e moholo ea ‘hlokang teboho’ empa hape e e-ba ea sitoang ho etsa mesebetsi e bonolo ka ho fetisisa ka lapeng.

Mehleng ea Bibele bacha ba ne ba atisa ho abeloa mesebetsi ea ka lapeng. Ka mohlala, ha Josefa e monyenyane a sa le lilemong tse tlaase tse 17, o ile a ba le karolo mosebetsing oa ho hlokomela mehlape ea lelapa. (Genese 37:2) Ena e ne e se kabelo feela tjee, kaha mehlape ea ntate oa hae e ne e le meholo. (Genese 32:13-15) Ha ho talingoa ’nete ea hore Josefa o ile a hōla ho ba moeta-pele ea matla, ha ho thata ho lumela hore koetliso ena ea bonyenyaneng e entse ho hongata ho bōpeng botho ba hae ka tsela e molemo. Morena oa ka moso oa Iseraele Davida ka ho tšoanang o ile a behoa tlhokomelong ea mehlape ea lelapa labo e sa le mocha.—1 Samuele 16:11.

Batsoali ba ithuta’ng ho see kajeno? Hore ba abele bana ba bona mesebetsi e nang le sepheo ka lapeng. Ho sa tsotellehe nako, boiteko le mamello, le ka ruta bana ho ba le karolo tlhoekisong, ho pheheng, tlhokomelong ea serapa, tokisong ea ntlo le koloi. Ke ’nete hore ho hongata ho itšetlehile ka lilemo le bokhoni ba ngoana. Empa le bana ba banyenyane hangata ba ka ba le karolo ‘ho thuseng Ntate ho lokisa koloi’ kapa ‘ho thuseng ’Mè ho pheha.’

Ho ruta bana mesebetsi ea lapeng ho boetse ho hloka hore batsoali ba fe bana ba bona mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa—nako ea bona. Banyalani ba bang, ba nang le bana ba babeli, ba ile ba botsoa lekunutu la katleho koetlisong ea bana. Ba ile ba araba: “Nako, nako, nako!”

Khalemelo e Lerato

Ha bana ba etsa mesebetsi ea bona hantle, kapa bonyane ba etsa boiteko ba ho etsa joalo, ba khothalletse ho tsoela pele ka ho ba rorisa ka bolokolohi le ka tieo! (Bapisa le Matheu 25:21.) Ke ’nete hore ke ka seoelo bana ba etsang mosebetsi ka bokhoni bo kang ba motho e moholo. ’Me ha bana ba lumelloa ho iketsetsa liqeto, hangata ba tla etsa liphoso. Empa hlokomela hore u se ke ua ba nyatsa-nyatsa ka ho feteletseng! Na le uena ha u etse liphoso tse itseng u ntse u le motho e moholo? Kahoo, ke hobane’ng ha u sa bontše mamello ha ngoana oa hao a fosa? (Bapisa le Pesaleme ea 103:13.) Fana ka monyetla oa hore liphoso li teng. Li nke e le karolo ea ho ithuta.

Bangoli Michael Schulman le Eva Mekler baa hlokomela: “Bana ba hōlang ba fuoa botsoalle ha ba tšohe hore ba tla fuoa kotlo ha ba inkela khato e ikemetseng.” Leha ho le joalo, “bana bao batsoali ba bona ba se nang botsoalle kapa ba leng bohale ba tšaba ho ithaopela ho nka khato leha e le efe, ho akarelletsa le e molemo, hobane ba tšaba hore batsoali ba bona ba tla fumana phoso e itseng ho seo ba se entseng ’me ba ba nyatse kapa ba ba fe kotlo.” Tlhaloso ena e lumellana le temoso ea Bibele ho batsoali: “Le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) Kahoo, ha boiteko ba ngoana bo sa finyelle se lebeletsoeng, ke hobane’ng ha u sa mo rorise ka hore bonyane o lekile? Mo khothalletse hore a ntlafatse nakong e tlang. Mo tsebise hore tsoelo-pele ea hae ke mohloli oa thabo ho uena. Mo tiisetse hore ua mo rata.

Ke ’nete hore ka linako tse ling khalemelo ea hlokahala. Sena se ka ’na sa etsahala haholo lilemong tsa bocha, nakong eo bacha ba nkehileng ntoeng ea ho itsebahatsa le ea ho amoheloa e le batho ba nang le litokelo tsa bona. Kahoo, ke bohlale hore batsoali ba utloisise boiteko boo ba ho ikemela ho e-na le hore kamehla ba bo hlalose e le borabele.

Ke ’nete hore bacha ba atisa ho itšoara ka ho nkeha maikutlo kapa ka ho ea ka “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Kahoo, ho hlōleha ho behela mocha meeli ea boitšoaro ho ka senya maikutlo a ngoana; o tla hlōleha ho ithuta ho ba le boitšoaro le ho ikhalemela. Bibele ea lemosa: “Mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Empa khalemelo e loketseng, e fanoang ka lerato, e ruisa molemo ’me e lokisetsa mocha litlhoko le likhatello tsa ho ba motho e moholo. Bibele ea eletsa: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” (Liproverbia 13:24) Leha ho le joalo, hopola hore moko-taba oa khalemelo ke ho ruta le ho koetlisa—eseng ho fana ka kotlo. Mohlomong mona “thupa” e bolela lere le sebelisoang ke balisa bakeng sa ho tataisa mehlape ea bona. (Pesaleme ea 23:4) Ke pontšo ea tataiso e lerato—eseng e khahlapetsang ka mabifi.

Thuto Bakeng sa Bophelo

Tataiso ea batsoali e hlokahala haholo-holo tabeng ea thuto ea ngoana. Thahasella thuto ea ngoana oa hao. Mo thuse ho khetha lithuto tse loketseng sekolong le ho etsa qeto e nang le boikarabelo tabeng ea hore na thuto e tlatselletsang ea sekolo e tla hlokahala kapa che.a

Ke ’nete hore thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke thuto ea moea. (Esaia 54:13) Bana ba tla hloka melao-motheo ea bomolimo e le hore ba atlehe ha e se e le batho ba baholo. “Matla a bona a ho lemoha” e tlameha e be a koetlisitsoeng. (Baheberu 5:14) Batsoali ba ka etsa ho hongata ho ba thusa tabeng ena. Malapa a Lipaki tsa Jehova a khothalletsoa ho ithuta Bibele kamehla le bana ba ’ona. Ba latela mohlala oa ’mè oa Timothea, ea ileng a mo ruta Mangolo ho tloha boseeng, batsoali ba Lipaki ka ho tšoanang ba ruta bana ba bona ba banyenyane.

Motsoali e mong ea se nang molekane ea bitsoang Barbara o etsa hore thuto ea lelapa ea Bibele e be phihlelo e thabisang ka ho fetisisa ho bana ba hae. “Mantsiboeeng ao ke etsa bonnete ba hore ke ngoathela bana lijo tse monate, ’me ke qetelle ka limonamona tseo ba li thabelang. Ke bapala litheipi tsa Kingdom Melodies ho ba kenya moeeng o motle. Joale, ka mor’a ho qala ka thapelo, re atisa ho ithuta makasine ea Molula-Qhooa. Empa haeba ho e-na le ntho e hlokahalang ka ho khetheha, ke khona ho sebelisa likhatiso tse kang Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.”b Ho ea ka Barbara, ho ithuta Bibele ho thusa bana ba hae ho “fumana pono ea Jehova tabeng.”

E, ha ho mpho e ka fuoang ngoana e khōlō ho feta ho mo fa tsebo le kutloisiso ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Le ka “hlalefisa sethoto, [la] nea mohlankana tsebo le kelello.” (Liproverbia 1:4) Kahoo, mocha ea hlomeletsoeng, o fetoha motho e moholo ea khonang ho tobana ka katleho le likhatello tse ncha le maemo a macha.

Leha ho le joalo, ho phurusetsa ha bana ho baka phetoho e khōlō bophelong ba batsoali ba bangata. Hore na ba ka sebetsana ka katleho joang le sehlaha se lephaka ho tšohloa ke sehlooho sa rōna se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona lihlooho tse letotong le reng “Batsoali—Le Boetse le na le Mosebetsi Lapeng!” tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1988.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

“Bana bao batsoali ba bona ba se nang botsoalle kapa ba leng bohale ba tšaba ho ithaopela ho nka khato leha e le efe, ho akarelletsa le e molemo, hobane ba tšaba hore batsoali ba bona ba tla fumana phoso e itseng ho seo ba se entseng ’me ba ba nyatse kapa ba ba fe kotlo.”—Bringing Up a Moral Child, ea Michael Schulman le Eva Mekler

[Lebokose le leqepheng la 22]

Batsoali ba se Nang Balekane—Phephetso ea ho Phurusetsa Bana

Motsoali e mong ea se nang molekane ea bitsoang Rebecca oa hlokomela: “Ho thata haholo ho batsoali ba se nang balekane ho phurusetsa bana ba bona. Haeba re sa itlhokomele, re sekamela ho ba sireletsa ka ho feteletseng le ho ba tefisa.” Buka e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa,* leqepheng la 106-7, e fana ka tlhahiso ena e thusang:

“Ke ha tlhaho hore batsoali ba se nang balekane ba be haufi-ufi le bana ba bona ka ho khetheha, empa ho lokela ho hlokomeloa hore meeli e behiloeng ke Molimo pakeng tsa batsoali le bana ha e tlōloe. Ka mohlala, ho ka hlaha mathata a tebileng haeba ’mè ea se nang molekane a lebella hore mora oa hae a nke boikarabelo ba ho ba hlooho ea lelapa kapa haeba a tšoara morali oa hae joaloka ea tšepeloang makunutu, a imetsa ngoanana eo ka mathata a botho. Ho etsa joalo ha hoa lokela, ho baka khatello kelellong ebile mohlomong ho ferekanya ngoana.

“Kholisa bana ba hao hore uena, joaloka motsoali, u tla ba hlokomela—eseng bona ba u hlokomele. (Bapisa le 2 Bakorinthe 12:14.) Ka linako tse ling, u ka ’na ua hloka keletso kapa tšehetso. E batle ho baholo ba Bakreste kapa mohlomong ho basali ba hōlileng ba Bakreste, eseng ho bana ba hao ba banyenyane.—Tite 2:3.”

Ha batsoali ba se nang balekane ba theha meeli e loketseng ’me ba e-ba le kamano e ntle le bana ba bona, hangata ho ba bonolo hore ba phurusetse bana.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho koetlisetsoa lintho tsa sebele ho ka thusa bana ho ba batho ba baholo ba nang le boikarabelo haholoanyane

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Thuto ea lelapa ea Bibele e ka fa bana bohlale bo hlokahalang bakeng sa ho sebetsana ka katleho le bophelo ba ho ba motho e moholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela