Pono Ea Bibele
Na Boitlami ke Tlamo ho Basebeletsi ba Bakreste?
HA E le hantle, boitlami ke boemo ba ho se be lenyalong. Leha ho le joalo, ho ea ka The New Encyclopædia Britannica, lentsoe leo “hangata le sebelisetsoa moitlami ea sebeletsang e le mohlanka, setsebi, kapa motho ea inehetseng bolumeling.” Lentsoe “moitlami” le khetholla “bao ba seng lenyalong ka lebaka la kano e halalelang kapa boitelo kapa tumelo ea hore ho molemong oa motho ka lebaka la boemo ba hae bolumeling kapa ho nka ha hae bolumeli ka ho teba.”
Nakong e fetileng, malumeli a itseng a ka sehloohong a ’nile a nka hore boitlami ke tlamo ho basebeletsi ba ’ona. Leha ho le joalo, boitlami e bile letšoao le khethollang Bok’hatholike ho feta bolumeli leha e le bofe bo bong ba Bokreste-’mōtoana. Kajeno, ho na le khang e khōlō mabapi le boitlami ba K’hatholike. The Wilson Quarterly e hlokometse hore “liphuputso tse ngata tse entsoeng mashomeng a lilemo morao tjena li fihletse qeto ea hore molao oa boitlami, o ileng oa fetoha o tlamang ho baprista ba K’hatholike ho tloha lekholong la bo12 la lilemo, ke mohloli oa mathata ao kereke e bang le ’ona mabapi le ho thaotha baprista le ho boloka ba teng.” Ho ea ka setsebi litabeng tsa kahisano Richard A. Schoenherr, “lintlha tse kholisang tsa histori le liphetoho sechabeng li khahlanong le ho sebelisoa ha baitlami ba banna feela ho ba baprista ba K’hatholike.” Pono ea Bibele ke efe ka boitlami?
Lenyalo Kapa Bosoha?
Ho theosa le histori banna le basali ba se nang palo ba inehetseng, ba malumeli a mangata a sa tšoaneng, ba ’nile ba khetha ho ba baitlami. Hobane’ng? Mabakeng a mangata e ne e le hobane ba lumela hore lintho tsa nama le lintho tse bonahalang e ne e le “motso oa bokhopo.” Sena se ile sa hlahisa filosofi ea hore bohloeki ba moea bo ne bo ka khoneha feela ka ho ithiba ka ho feletseng ho kopaneleng likamanong tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, ena hase pono ea Bibele. Ka Bibeleng, lenyalo le nkoa e le mpho e tsoang ho Molimo e hloekileng, e halalelang. Tlaleho ea pōpo e ho Genese e bontša ka ho hlaka hore mahlong a Molimo lenyalo le “molemo” le hore ka ho hlakileng ha le sitise motho ho ba le kamano e hloekileng ea moea le Molimo.—Genese 1:26-28, 31; 2:18, 22-24; bona le Liproverbia 5:15-19.
Moapostola Petrose le bahlanka ba bang ba Molimo ba amohelehang ba neng ba le boholong phuthehong ea pele ea Bokreste e ne e le banna ba nyetseng. (Matheu 8:14; Liketso 18:2; 21:8, 9; 1 Bakorinthe 9:5) Litaelo tseo moapostola Pauluse a ileng a li fa Timothea mabapi le ho khethoa ha balebeli ba phutheho, kapa “babishopo,” li hlakisa sena. O ile a ngola: “Mobishopo e lokela ho ba ea sa nyatseheng, monna oa mosali a le mong.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; 1 Timothea 3:2, Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike) Hlokomela hore ha ho moo ho fanoang ka maikutlo a hore ke ntho e sa tšoaneleheng ka tsela leha e le efe hore “mobishopo” e be ea nyetseng. Pauluse o mpa a bontšitse hore “mobishopo” ha aa lokela ho nyala sethepu; haeba a nyetse, o lokela ho ba le mosali a le mong feela. Ha e le hantle, Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea McClintock le Strong, e phetha ka ho re: “Ha ho temana ea [Testamente e Ncha] e ka hlalosoang ka hore e thibela moruti ho nyala ka taelo ea Kosepele.”
Le hoja Bibele e nka lenyalo e le le hlomphehang haholo, ka sebele ha e nyatse bosoha haeba bo ikhethetsoe ka bolokolohi. Bibele e bo buella e le tsela e molemo bakeng sa ba bang. (1 Bakorinthe 7:7, 8) Jesu Kreste o ile a bolela hore banna le basali ba bang ba ikhethela tsela ea bosoha ka ho ithatela. (Matheu 19:12) Hobane’ng? Eseng hobane ho na le ho hong hoo ka tlhaho ho sa hloekang ka lenyalo ho neng ho tla sitisa tsoelo-pele ea bona moeeng. Ba khetha tsela ena hore ba tobise boiteko ba bona ho etseng thato ea Molimo feela linakong tsena tseo ba hlokomelang hore li potlakile.
Se Lebisang Boitlaming bo Qobelloang
Leha ho le joalo, lintho li ile tsa fetoha lilemong tse makholo ka mor’a mehla ea Kreste. David Rice, Modominike ea ileng a tlohela boprista ha a nyala, o hlalosa hore lilemong tsa pele tse makholo a mararo tsa Mehla ea rōna e Tloaelehileng, “ho ne ho e-na le basebeletsi ba nyetseng hammoho le ba sa nyalang.” Joale, ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba qala ho susumetsoa ke seo mongoli e mong oa bolumeli a se hlalositseng e le “motsoako oa likhopolo tsa Segerike le tsa Bibele” o hlahisitseng maikutlo a sothehileng ka likamano tsa botona le botšehali le lenyalo.
Ke ’nete hore ba bang ba ntse ba hahamalla bosoha molemong feela oa hore ba “fumane bolokolohi bo feletseng ba ho inehela mosebetsing oa ’muso oa Molimo.” Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba susumetsoa haholoanyane ke lifilosofi tsa bohetene tseo ba ileng ba li amohela. The New Encyclopædia Britannica e re: “Tumelo ea hore ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ho ne ho silafatsa ’me ho sitisa motho ho ba ea halalelang e hlahile [kerekeng e ipolelang hore ke ea Bokreste] e le tšusumetso e ka sehloohong ea hore ho sebelisoe boitlami.”
Rice o bolela hore lekholong la bone la lilemo, kereke “e ile ea thibela moprista ea nyetseng ho ba le likamano tsa botona le botšehali bosiung bo etellang pele letsatsi la [Sakaramente ea] Eukariste.” Ha kereke e kenya tšebetsong Eukariste ea letsatsi le letsatsi, hoo ho ile ha bolela hore baprista ba lokela ho ithiba ka ho feletseng ho kopaneleng likamano tsa botona le botšehali. Hamorao, ho nyala ha baprista ho ile ha thibeloa ka ho feletseng. Ka hona boitlami bo ile ba fetoha bo qobelloang ho e mong le e mong eo e neng e tla ba mosebeletsi ka kerekeng.
Moapostola Pauluse o ile a hla a lemosa ka ketsahalo e kang eo. O ile a ngola: “Moea o bolela ka ho tōtōbala hore mehleng ea morao ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e khelosang, le lithuto tsa bademona . . . Ba tla thibela batho ho nyalana.”—1 Timothea 4:1, 3, BPN.
Jesu Kreste o ile a re: “Bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) Bothoto ba ho kheloha litekanyetsong tsa Molimo bo ’nile ba pakoa ke mesebetsi ea hona kapa liphello tsa hona. Mongoli David Rice o ile a buisana le baprista ba bangata lefatšeng ho pota ka taba ea boitlami bo qobelloang. Ba bang bao a ileng a buisana le bona ba ile ba re: “U lula u le moprista, u etsa sohle se molemo seo u ka se khonang, ’me ka bohlale u iketsa ea fumanehang ho basali ba inehetseng ba loketseng, ba ratang ho iketsa ba fumanehang bakeng sa likamano tsa botona le botšehali.”
Rice, ha a qotsa Matheu 7:20, o re: “Jesu o ile a re, ‘Le tla tseba batho bao ka litholoana tsa bona.’” Joale o ile a hlalosa tlokotsi e bakiloeng ke boitlami bo qobelloang: “Boitlami bo qobelloang bo hlahisitse banna ba likete ba phelang bophelo bo habeli, basali ba likete ba phelang bophelo bo se nang morero, bana ba likete ba latoloang ke bo-ntat’a bona ba baitlami, ho se ho sa thoe letho ka baprista ba tsamaeang ba lemetse maikutlo.”
Lenyalo le hlomphehang ke tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. Boitlami bo qobelloang bo ipakile bo senya moeeng. Ka lehlakoreng le leng, bosoha bo ikhethetsoeng ka bolokolohi, le hoja e se motheo bakeng sa khalalelo kapa pholoho, bo ipakile e le bo putsang ’me e le tsela ea bophelo e khotsofatsang moeeng ho ba bang.—Matheu 19:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Life