Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 9/8 maq. 6-8
  • Ha Tšepo le Lerato li Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Tšepo le Lerato li Fela
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Tšobotsi e Bolokang Bophelo?
  • Ho Felloa ke Tšepo ho ka ba Teng
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 9/8 maq. 6-8

Ha Tšepo le Lerato li Fela

NGOANANA e mong ea lilemo li 17 oa Canada o ile a ngola mabaka ao ka ’ona a batlang ho shoa. Har’a a mang, o ile a thathamisa hore: ‘Ke jeoa ke bolutu ’me ke tšaba seo bokamoso bo ntšoaretseng sona; ke ikutloa ke nyatseha ho basebetsi-’moho; ntoa ea nyutlelie; ho senyeha ha lera la ozone; ke motho ea litšobotsi li mpe, kahoo ha ho mohla ke tla fumana monna ’me ke tla qetella ke le mong; ha ke nahane hore ho hlile ho na le ho hongata hoo motho a ka ho phelelang, joale ke sa emetse ho fumana eng; ho tla imolla e mong le e mong; ha ho mohla ke tla utloisoa bohloko ke motho e mong hape.’

Na e ka ba aa ke a mang a mabaka a etsang hore bacha ba ipolaee? Canada, “ka ntle ho likotsi tsa likoloi, hona joale ho ipolaea ke sesosa se seng se atileng ka ho fetisisa sa ho shoa ha bona.”—The Globe and Mail.

Moprofesa Riaz Hassan oa Univesithi ea Flinders, Australia Boroa, moqoqong oa hae o bitsoang “Bophelo bo Khutsufalitsoeng: Tloaelo ea Bacha ea ho Ipolaea” o re: “Ho na le mabaka a ’maloa a bophelo sechabeng a amanang le taba ena ’me ho bonahala a bile le tšusumetso e matla keketsehong ea ho ipolaea ha bacha. ’Ona ke ho phahama ha manane a bacha ba hlokang mosebetsi; ho fetoha ha malapa a Australia; ho eketseha ha tšebeliso ea lithethefatsi le tšebeliso e mpe ea tsona; ho eketseha ha pefo bacheng; bophelo ba kelello; le ho eketseha ha lekhalo pakeng tsa ‘tokoloho e inahaneloang’ le tokoloho ea boipuso ba sebele.” Moqoqo oo o tsoela pele ho bolela hore liphello tsa liphuputso tse ’maloa li senotse boikutlo ba ho felloa ke tšepo ka bokamoso ’me o bolela hore “karolo e khōlō ea bacha e talima bokamoso ba eona le ba lefatše e le bo tšosang le bo nyarosang. Ba nahana ka lefatše le harasantsoeng ke ntoa ea nyutlelie le sentsoeng ke tšilafalo le ho senyeha ha tikoloho, lefatše la batho ba haelloang ke botho leo ho lona theknoloji e tsoileng taolong le ho hloka mosebetsi ho atileng.”

Ho ea ka phuputso ea Gallup ea ba lilemo li 16 ho ea ho tse 24, lisosa tse ling tse eketsehileng tsa ho ipolaea ke lekhalo le ntseng le eketseha pakeng tsa barui le mafutsana, manane a eketsehang a malapa a nang le motsoali ea se nang molekane, ho ata ha tšebeliso ea libetsa, ho hlekahlekoa ha bana le ho ‘haelloa ke tumelo ho akaretsang ka bokamoso.’

Newsweek e tlaleha hore United States, “boteng ba libetsa e ka ’na eaba ke lebaka le leng le hlaheletseng ka ho fetisisa [tabeng ea ho ipolaea ha bacha]. Phuputso e neng e bapisa bacha ba ipolaeang empa ho sa bonahale eka ba ne ba e-na le bothata ba kelello le bana ba sa kang ba ipolaea e fumane hore phapang feela ke: sethunya se hlahletsoeng ka tlung. Sohle se ka boleloang ke hore lithunya ha li bolaee batho.” ’Me malapa a limilione a na le lithunya tse hlahletsoeng!

Tšabo le sechaba se sa tsotelleng ka potlako li ka susumelletsa bacha ba hlaselehang habonolo hore ba ipolaee. Nahana: Lenane la liketso tsa tlōlo ea molao tse mabifi tse etsoang ho bacha ba lilemo li 12 ho ea ho tse 19 le imena habeli ho feta la tlōlo ea molao e etsoang sechabeng ka kakaretso. Makasine ea Maclean’s e tlaleha hore liphuputso li fumane hore “basali ba bacha ba lilemo li 14 ho ea ho tse 24 ke bona bao ho ka etsahalang hore ba hlaseloe ka mabifi ho feta. Hangata basali ba hlaseloa le ho bolaoa ke batho ba bolelang hore baa ba rata.” Ka phello efe? Ho tšaba sena le ho tšaba lintho tse ling “ho fokolisa tšepo le boikutlo ba tšireletseho ho banana bana.” Phuputsong e ’ngoe, hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho ba kileng ba betoa bao ho ileng ha buisanoa le bona ba ile ba nahana ho ipolaea.

Tlaleho ea New Zealand e fana ka maikutlo a mang ka ho ipolaea ha bacha, e re: “Ho ata ha lintho tse bonahalang, litekanyetso tsa lefatše tse lekanyang katleho ea motho le leruo leo a nang le lona, chebahalo e ntle le matla li etsa hore bacha ba bangata ba ikutloe ba se na thuso ’me ba khesoa ke batho.” Ho phaella moo, The Futurist e re: “[Bacha] ba na le tšekamelo e matla ea ho batla monyaka oa nako le motsotso, ho o batla kaofela le ho o batla ka potlako. Mananeo ao ba a ratang haholo ho TV ke a lipale tse tsoelang pele. Ba rata hore lefatše la bona le lona le tlale ka batho ba shebahalang hantle joalo, ba apereng liaparo tsa feshene tsa morao-rao, ba nang le chelete e ngata le ba tummeng, ’me ba sa tlamehe ho sebetsa ka thata.” Likhopolo tse ngata joalo tseo e seng tsa sebele le litebello tse sa phethahaleng ho bonahala li baka ho nyahama ho itseng ’me li ka ’na tsa lebisa ho ipolaeeng.

Na ke Tšobotsi e Bolokang Bophelo?

Shakespeare o ile a ngola: “Lerato le khatholla joaloka letsatsi ha pula e sa.” Bibele e re: “Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) Tšobotsing eo ho na le tharollo ea bothata ba bacha ba nang le tšekamelo ea ho ipolaea—ba labalabela lerato le ho ba le puisano. The American Medical Association Encyclopedia of Medicine e re: “Hangata batho ba batlang ho ipolaea ba ikutloa ba jeoa ke bolutu ka tsela e tepeletsang, ’me monyetla oa hore ba bue le momameli ea bontšang kutloelo-bohloko le kutloisiso ka linako tse ling ke sohle se hlokahalang ho thibela ketso eo ea ho hloka tšepo.”

Hangata bacha ba na le tlhoko e matla ea ho ratoa le ho ikutloa ba e-na le kamano e haufi-ufi. Ho khotsofatsa sena ho ntse ho e-ba thata haholoanyane letsatsi le letsatsi lefatšeng lena le se nang lerato le le senyang—lefatše leo ho lona ho seng seo ba ka se buang. Ho lahloa ke batsoali ka lebaka la ho qhalana ha lelapa le tlhalo e ka ba lebaka le tlatsetsang ho ipolaeeng ha bacha. ’Me ho lahloa hona ho mefuta e mengata.

Nahana ka boemo ba batsoali ba bang le bana ba bona hae ka seoelo. ’Mè le Ntate ba ka ’na ba tšoareha ka ho feletseng ka mesebetsi ea bona kapa ka mefuta e itseng ea boithabiso e sa akarelletseng bana. Molaetsa o sa tobang o eang ho bana ba bona ke oa hore ba lahliloe pepenene. Mongoli le mofuputsi ea hlaheletseng Hugh Mackay o bolela hore “batsoali e ntse e e-ba ba inahanang bobona ho feta. Ba ipeha pele e le hore ba tsoele pele ka mokhoa oa bona oa bophelo. . . . Ho buuoa puo-phara, bana ba tsoile fesheneng. . . . Bophelo bo thata ’me batho ba eketsa ho icheba bobona feela.”

Joale, meetlong e meng banna ba nang le boikutlo bo feteletseng ka bonna ba bona ba ka ’na ba se ke ba lakatsa ho bonoa ba phetha karolo ea ho ba bahlokomeli. Mongoli Kate Legge o beha taba hantle: “Banna ba nang le tšekamelo ea ho sebeletsa lithahasello tsa sechaba ka tloaelo ba khetha ho pholosa bophelo kapa ho tima mollo ho e-na le mesebetsi ea ho fana ka tlhokomelo. . . . Ba khetha ho ba bahale ba matla, ba thōtseng ba loanang le litšusumetso tse ka ntle tse akarelletsang ho sebelisana le ho hlokomela batho ba bang.” ’Me ka sebele o mong oa mesebetsi e akarelletsang ho sebelisana le ho hlokomela batho ba bang kajeno ke oa ho ba motsoali. Ho hlōleha ho hōlisa ngoana ka tsela e loketseng ho tšoana le ho lahla ngoana. Ka lebaka leo, mora kapa morali oa hao a ka ’na a ba le boikutlo bo fosahetseng ka eena ’me a hloka tsebo ea bophelo. The Education Digest e re: “Ha ba se na boikutlo bo nepahetseng ka bona, bana ha ba na motheo oa ho iketsetsa liqeto tse molemong oa bona.”

Ho Felloa ke Tšepo ho ka ba Teng

Bafuputsi ba lumela hore ho felloa ke tšepo ke sesosa se seholo se tlatsetsang ho ipolaeeng. Gail Mason, mongoli tabeng ea ho ipolaea ha bacha Australia, o ile a hlokomela: “Ho felloa ke tšepo ho nkoa ho amana haholo le taba ea ho nahana ka ho ipolaea ho feta ho tepella maikutlo. Ka linako tse ling ho felloa ke tšepo ho hlalosoa e le letšoao le leng la ho tepella maikutlong. . . . Hangata ho nka sebōpeho sa ho ba le boikutlo bo akaretsang ba ho nyahama le ho tepella mabapi le seo bokamoso bo se tšoaretseng bacha, ’me haholo-holo bokamoso ba bona litabeng tsa moruo: ’me ka tekanyo e tlaasana boikutlo ba ho felloa ke tšepo mabapi le boemo ba lefatše ka kakaretso.”

Mehlala e mebe ea botšepehi ea baeta-pele ba sechaba ha e susumelletse bacha ho nyolla boemo ba bona ba litekanyetso tsa se lokileng le se sebe le tsa boitšoaro. Joale, ho ba le boikutlo ba hore, “Ke sa itšoenyetsa eng?” Harper’s Magazine e hlalosa bokhoni ba bacha ba ho hlokomela boikaketsi, ka ho re: “Bacha, ka bokhoni ba bona bo matla ba ho hlokomela boikaketsi, ha e le hantle ke babali ba nang le phihlelo—empa eseng ba libuka. Seo ba se balang ka hloko haholo ke lipontšo tsa bophelo tse tsoang lefatšeng leo ba tlil’o tlameha ho iphelisa ho lona.” ’Me lipontšo tsee li bontša eng? Mongoli Stephanie Dowrick o re: “Ha ho mohla re kileng ra ba le boitsebiso bo bongata hakana ba kamoo re lokelang ho phela kateng. Ha ho mohla re kileng ra ba barui kapa barutehi tjena, empa ho felloa ke tšepo ho hohle.” ’Me ho na le babehi-mohlala ba seng bakae feela ba maemong a holimo lipolotiking le bolumeling. Dowrick o botsa lipotso tse seng kae tse loketseng: “Re ka fumana bohlale, matla a ho lokisa boemo esita le moelelo joang ho tsoa mahlomoleng aa a se nang moelelo? Re ka hlaolela lerato joang tikolohong ee e tletseng boithati, mekhoa e mebe le meharo?”

U tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong sa rōna se latelang, ’me li ka ’na tsa u makatsa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Karolo e khōlō ea bacha e talima bokamoso ba eona le ba lefatše e le bo tšosang le bo nyarosang”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Monyetla oa hore ba bue le momameli ea bontšang kutloelo-bohloko le kutloisiso ka linako tse ling ke sohle se hlokahalang ho thibela ketso eo ea ho hloka tšepo”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lerato le mofuthu le kutloelo- bohloko li ka thusa mocha ho ananela bophelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela