Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 3-5
  • ‘Mosebetsi oa Nako e Telele o Phethiloe’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mosebetsi oa Nako e Telele o Phethiloe’
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha Maikutlong a Mangata ho ea Phatlalatsong e le ’Ngoe
  • Litebello Tse Khōlō
  • Ponahalo ea ha U le Mokatong oa Bo29
    Tsoha!—1998
  • Litokelo Tsa Botho le Liketso Tse Hlokang Toka Kajeno
    Tsoha!—1998
  • Litokelo Tsa Botho Bakeng Sa Bohle—Ntho ea Sebele Lefatšeng ka Bophara!
    Tsoha!—1998
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Qobella Batho Hore ba Fetole Bolumeli ba Bona?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 3-5

‘Mosebetsi oa Nako e Telele o Phethiloe’

LILEMONG tse 50 tse fetileng, mosali e mong ea shebahalang joaloka nkhono o ile a bua, ’me lefatše le ile la mamela. Hoo ho etsahetse Paris ka la 10 December, 1948. Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ne se tšoaretsoe Palais Chaillot e neng e sa tsoa hahuoa ha mosali eo e neng e le molula-setulo oa Komisi ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo tsa Botho a ne a ema a fana ka puo. Ka lentsoe le tiileng, Eleanor Roosevelt, mohlolohali e molelele oa eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States, Franklin D. Roosevelt, o ile a bolella ba bokaneng hore: “Kajeno re eme lintšing tsa ketsahalo e khōlō bophelong ba Machaba a Kopaneng le bophelong ba moloko oa batho, e leng ea ho amoheloa ha Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho ke Seboka se Akaretsang.”

Ka mor’a hore a bale lipoleloana tse matla tsa selelekela sa Phatlalatso eo le melao ea eona e 30, Seboka se Akaretsang se ile sa amohela tokomane eo.a Joale e le ho tlōtla Mofumahali Roosevelt ka boeta-pele ba hae bo ikhethang, litho tsa Machaba a Kopaneng li ile tsa ema tsa hlabela “Mofumahali ea ka Sehloohong oa Lefatše,” kamoo a neng a tsebahala kateng, litlatse. Qetellong ea letsatsi leo, o ile a ngola: “Mosebetsi oa nako e telele o phethiloe.”

Ho Tloha Maikutlong a Mangata ho ea Phatlalatsong e le ’Ngoe

Lilemo tse peli pejana, ka January 1947, hang ka mor’a hore mosebetsi oa komisi ea Machaba a Kopaneng o qalehe, ho ile ha hlaka hore ho ngoloa ha tokomane ea litokelo tsa botho tse lumellanang le litho tsohle tsa Machaba a Kopaneng e ne e tla ba mosebetsi o moholohali. Ho tloha qalong, ho hloka kutloano ho tebileng ho ile ha kenya komisi ea litho tse 18 likhohlanong tse sa feleng. Moemeli oa Chaena o ne a ikutloa hore tokomane eo e lokela ho akarelletsa filosofi ea Confucius, setho sa komisi ea K’hatholike se ne se buella lithuto tsa Thomas Aquinas, United States e ne e loanela Tokomane ea Amerika ea Litokelo, ’me Masoviet a ne a batla hore ho akarelletsoe likhopolo tsa Karl Marx—’me ana e ne e le a seng makae feela har’a maikutlo a matla a ileng a hlahisoa!

Ho ngangisana ho sa khaotseng ha litho tsa komisi ho ile ha leka mamello ea Mofumahali Roosevelt. Ka 1948, nakong ea puo e ’ngoe Paris Sorbonne, o ile a bolela hore o ne a atisa ho nahana hore ho hōlisa lelapa la hae le leholo ho lekile mamello ea hae ho fihlela moo e fellang teng. Leha ho le joalo, ho tlalehoa a ile a re “ho okamela Komisi ea Litokelo tsa Botho ho ne ho hloka mamello e fetang eo,” e leng ho ileng ha thabisa bamameli ba hae.

Leha ho le joalo, phihlelo ea hae e le ’mè ho bonahala e ile ea ipaka e le molemo. Ka nako eo, motlalehi e mong o ile a ngola hore ho sebetsana ha Mofumahali Roosevelt le litho tsa komisi ho ile ha mo hopotsa ka ’mè ea “okametseng lelapa le leholo la bashanyana bao hangata ba leng lerata, ka linako tse ling ba sa laolehe empa bonneteng e le bashanyana ba pelo li ntle, bao nako le nako ba hlokang ho fuoa taeo e tiileng.” (Eleanor Roosevelt—A Personal and Public Life) Leha ho le joalo, ka ho tsoaka ho tiea ha hae le mosa, o ile a khona ho kholisa ba bang ka ntle le hore a etse bahanyetsi ba hae lira.

Ka lebaka leo, ka mor’a liboka tsa lilemo tse peli, litokiso tse makholo-kholo, lipolelo tse likete-kete, le ho voutela hoo e ka bang lentsoe le leng le le leng le poleloana e ’ngoe le e ’ngoe ka makhetlo a 1400, komisi e ile ea hlahisa tokomane e thathamisang litokelo tsa botho tseo e lumelang hore banna le basali bohle, hohle lefatšeng, ba lokela ho ba le tsona. E ile ea rehoa Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho. Kahoo ho ile ha finyelloa mosebetsi oo, ka linako tse ling, o neng o bonahala eka o ke ke oa etsoa.

Litebello Tse Khōlō

Ke ’nete hore ho ne ho sa lebelloa hore marako a khatello a putlame hang ha khoeletso e etsoa ka lekhetlo la pele. Leha ho le joalo, ho amoheloa ha Phatlalatso e Akaretsang ho ile ha etsa hore ho be le litebello tse khōlō. Eo e neng e le mopresidente oa Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng ka nako eo, Dr. Herbert V. Evatt oa Australia, o ile a bolela esale pele hore “banna, basali le bana ba limilione lefatšeng ka bophara, limaele [lik’hilomithara] tse ngata ho tloha Paris le New York, ba tla retelehela tokomaneng ena bakeng sa thuso, tataiso le tšusumetso.”

Ho se ho fetile lilemo tse 50 ho tloha ha Dr. Evatt a bua mantsoe ao. Nakong eo, ka sebele ba bangata ba ’nile ba sheba Phatlalatso eo e le tataiso ’me ba e sebelisa ho lekanyetsa tlhompho ea litokelo tsa botho ho pota lefatše. Ha ba ntse ba etsa joalo, ba ile ba fumana eng? Na linaha tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng li finyella se hlokahalang ho ea ka tekanyetso ee? Boemo ba litokelo tsa botho lefatšeng ke bofe kajeno?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Linaha tse 48 li ile tsa e-ba ntsoe-leng ho voutela ho amohela tokomane eo. Leha ho le joalo, kajeno lichaba tsohle tse 185 tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng, ho akarelletsa le tse ileng tsa ithiba ka 1948, li amohetse Phatlalatso eo.

[Lebokose le leqepheng la 4]

LITOKELO TSA BOTHO KE ENG?

Machaba a Kopaneng a hlalosa litokelo tsa botho e le “litokelo tse futsitsoeng tlhahong ea rōna tseo re ke keng ra phela re le batho kantle ho tsona.” Litokelo tsa botho hape li ’nile tsa hlalosoa e le “puo e tloaelehileng ea batho”—’me e le ka ho loketseng. Feela joalokaha matla a ho ithuta ho bua puo e le tšobotsi eo re tsoetsoeng le eona e re etsang batho, ho na le lintho tse ling tseo re li hlokang tseo re tsoetsoeng le tsona le litšobotsi tse re khethollang ho libōpuoa tse ling holim’a lefatše. Ka mohlala, batho ba hloka tsebo, pontšo ea bonono le bomoea. Motho ea thibeloang ho khotsofatsa litlhokahalo tsena tsa motheo o qobelleha ho phela bophelo bo ka tlaasana ho ba batho. E le ho sireletsa batho thibelong e joalo, ’muelli e mong oa molao oa litokelo tsa botho o hlalosa hore, “re sebelisa mantsoe ‘litokelo tsa botho’ ho e-na le ‘litlhoko tsa botho’ hobane ka puo ea molao lentsoe ‘tlhoko’ ha le matla joaloka lentsoe ‘tokelo.’ Ka ho e bitsa ‘tokelo’ re phahamisetsa ho khotsofatsoa ha litlhoko tsa batho nthong e ’ngoe eo motho e mong le e mong ka tšoanelo le ka molao a nang le tokelo ea ho ba le eona.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

PHATLALATSO E AKARETSANG EA LITOKELO TSA BOTHO

Mongoli e mong eo e bileng e leng mohapi oa Khau ea Nobel Aleksandr Solzhenitsyn o ile a bitsa Phatlalatso e Akaretsang “tokomane e molemohali” e kileng ea ngoloa ke Machaba a Kopaneng. Ho habanya tse ka hare ho eona ho bontša hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba lumellana le hoo.

Filosofi ea motheo ea Phatlalatso eo e tekiloe Molaong oa 1: “Batho bohle ba tsoaloa ba lokolohile ba bile ba lekana ka seriti le ka litokelo. Ba filoe monahano le letsoalo ’me ba lokela ho sebelisana ka moea oa bara ba motho.”

Motheong ona, baqapi ba Phatlalatso ena ba ile ba sireletsa lihlopha tse peli tsa litokelo tsa botho. Sehlopha sa pele se tekiloe Molaong oa 3: “E mong le e mong o na le tokelo ea ho phela, bolokolohi le tšireletseho ea botho.” Molao ona o rala motheo bakeng sa litokelo tsa motho tsa lehae le tsa lipolotiki tse thathamisitsoeng Molaong oa 4 ho ea ho oa 21. Sehlopha sa bobeli se thehiloe Molaong oa 22, oo karolo e ’ngoe ea oona e bolelang hore e mong le e mong o na le tokelo ea ho fumana litokelo “tsa bohlokoahali bakeng sa seriti sa hae le khōlo e lokolohileng ea botho ba hae.” Se tšehetsa Molao oa 23 ho ea ho oa 27, e hlakisang litokelo tsa motho tsa moruo, tsa boahisani le tsa setso. Phatlalatso e Akaretsang e ne e le tokomane ea pele ea machaba e ileng ea amohela sehlopha sena sa bobeli sa litokelo e le se akarelelitsoeng litokelong tsa mantlha tsa botho. Hape e ne e le tokomane ea pele ea machaba e ileng ea sebelisa mantsoe “litokelo tsa botho.”

Setsebi sa Brazil litabeng tsa kahisano Ruth Rocha o hlalosa ka puo e bonolo seo Phatlalatso e Akaretsang e re bolellang sona: “Ha ho tsotellehe hore na u oa morabe ofe. Ha ho tsotellehe hore na u monna kapa u mosali. Ha ho tsotellehe hore na u bua puo efe, hore na bolumeli ba hao ke bofe, hore na maikutlo a hao a lipolotiki ke afe, hore na u tsoa naheng efe kapa hore na lelapa leno ke lefe. Ha ho tsotellehe hore na u ruile kapa u futsanehile. Ha ho tsotellehe hore na u tsoa karolong efe ea lefatše; hore na naha ea heno ke ea puso ea borena kapa ke rephabliki. Litokelo tsena le bolokolohi bona li reretsoe hore li thabeloe ke e mong le e mong.”

Ho tloha ha e amoheloa, Phatlalatso e Akaretsang e se e fetoletsoe lipuong tse fetang 200 ’me e fetohile karolo ea melao-motheo ea linaha tse ngata. Leha ho le joalo, kajeno baeta-pele ba bang ba na le maikutlo a hore ho hlokahala hore Phatlalatso eo e ngoloe bocha. Empa Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan o hanana le seo. E mong oa ba boholong Machabeng a Kopaneng o mo qotsa a re: “Joalokaha ho sa hlokahale hore ho ngoloe Bibele kapa Koran bocha, ha ho hlokahale hore Phatlalatso eo e fetoloe. Seo ho hlokahalang hore se fetoloe, hase taba e ngotsoeng ea Phatlalatso e Akaretsang, empa ke boitšoaro ba barutuoa ba eona.”

Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UN/DPI photo by Evan Schneider (Feb97)

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Mofumahali Roosevelt a tšoere Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mrs. Roosevelt and symbol on pages 3, 5, and 7: UN photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela