Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 12/8 maq. 18-20
  • Ke Hobane’ng ha ke Tlameha ho Phela ke se na Batsoali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Tlameha ho Phela ke se na Batsoali?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hase Molato oa Hao
  • Phihlelo e Tšosang
  • Ho Fumana Thuso
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bacha—Le Ama Lipelo Tsa Batsoali ba Lōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Hlompha Batsoali ba Rōna ba Hōlileng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 12/8 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa. . .

Ke Hobane’ng ha ke Tlameha ho Phela ke se na Batsoali?

“Bophelo bo ne bo le joang ha ke se na batsoali? Nka bolela hore bo ne bo hlile bo hlomola ka mabaka a mangata. Ho thata haholo ho hōla u sa fumane kameho le lerato tsa batsoali ba hao.”—Joaquín.

“Phephetso e khōlōhali eo ke ileng ka tobana le eona e ne e le matsatsing ao ka ’ona batsoali ba neng ba lokela ho tla ’me ba saene karete ea tlaleho ea sekolo. Ke ne ke ikutloa ke saretsoe haholo ke bile ke hlorile. Ke ntse ke ikutloa ka tsela eo ka linako tse ling.”—Abelina ea lilemo li 16.

KE KOLUOA ea mehla ea rōna—bacha ba limilione ba hōlang ba se na batsoali. Europe Bochabela ba likete ba fetohile likhutsana ka lebaka la ntoa. Afrika seoa sa AIDS se bakile tšenyo e tšoanang. Bana ba bang ba ile ba lahloa kherehloa feela ke batsoali ba bona. Ha ba bang bona ba arohantsoe ka lebaka la ntoa kapa koluoa ea tlhaho.

Maemo a joalo a ne a tloaelehile le mehleng ea Bibele. Ka mohlala, mahlomola a khutsana a boletsoe ka makhetlo-khetlo ka Mangolong. (Pesaleme ea 94:6; Malakia 3:5) Lintoa le maemo a mang a tšabehang le tsona li ne li arohanya malapa morao koo. Ke kahoo Bibele e buang ka ngoanana e monyenyane ea ileng a arohanngoa le batsoali ba hae ha a ne a nkoa ke sehlopha sa bafutuhi sa Basyria.—2 Marena 5:2.

Mohlomong u e mong oa bacha ba limilione bao ka ho tšoanang ba iphumanang ba se na batsoali. Haeba ho joalo, ua tseba hore na boemo bo joalo e ka ba bo sithabetsang hakae. Ke hobane’ng ha see se ile sa u etsahalla?

Hase Molato oa Hao

Na u ee u iphumane u ipotsa hore na ebe ka tsela e itseng Molimo oa u otla? Kapa mohlomong u ikutloa u halefetse batsoali ba hao haholo ka hore ebe ba shoele—joalokaha eka ba ho entse ka boomo. Ntlha ea pele, kholiseha hore Molimo ha aa u halefela. Leha e le hore batsoali ba hao ba ikhethetse ho u siea ka boomo. Lefu ke koluoa ea moloko oa batho o sa phethahalang, ’me ka linako tse ling le oela batsoali ha bana ba bona ba ntse ba le banyenyane. (Baroma 5:12; 6:23) Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu Kreste ka boeena o ile a ba le phihlelo ea ho shoeloa ke ntate oa hae oa mohōlisi ea ratoang, Josefa.a Ka sebele hoo e ne e se ka lebaka la sebe leha e le sefe ka lehlakoreng la Jesu.

Hlokomela hore hape re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1-5) Pefo, ntoa le tlōlo ea molao li bolaile batho ba limilione li sa khethe lekholong lena la lilemo. Ba bang ba ’nile ba hlaseloa ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” e ka oelang mang le mang. (Moeklesia 9:11, NW) Ho sa tsotellehe hore na lefu la batsoali ba hao le ne le le bohloko hakae, ho hang e ne e se molato oa hao. Ho e-na le ho ikemella ka ho ipeha molato kapa ho lula u aparetsoe ke masoabi, fumana matšeliso tšepisong ea Molimo ea tsoho.b Jesu o ile a bolela esale pele: “Le se ke la hlolloa ke sena, hobane hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Abelina, ea boletsoeng qalong, o re: “Lerato la ka ho Jehova le tšepo ea tsoho e ’nile ea e-ba thuso e khōlō.”

Empa, ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba ntse ba phela empa ba u lahlile kherehloa? Molimo o batla hore batsoali ba hōlise le ho hlokomela bana ba bona. (Baefese 6:4; 1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, ka masoabi batsoali ba bang ba bontšitse ho haelloa ke “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho” ho bana ba bona ka tsela e tšosang. (2 Timothea 3:3) Ho ba bang, ho lahloa kherehloa ke ka lebaka la bofutsana bo feteletseng, ho lemalla lithethefatsi, ho kenngoa teronkong, kapa bokhoba ba tahi. Rea lumela hore ho boetse ho na le batsoali ba lahlang bana ba bona kherehloa ka lebaka feela la boithati. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, ho arohanngoa le batsoali ke ho sithabetsang. Empa hona ha ho bolele hore ho na le ho phoso ka uena kapa hore u tlameha ho itlhokofatsa ka boikutlo bo molato. Ka sebele, ke batsoali ba hao ba tlamehang ho ikarabella ho Molimo ka hore na ba u tšoere joang. (Baroma 14:12) Ho hlakile hore haeba batsoali ba hao ba ile ba qobelleha ho arohana le uena ka lebaka la maemo ao ba ke keng ba a laola, a kang koluoa ea tlhaho, joale ha ho ea lokelang ho behoa molato! Kamehla ho na le tšepo ea hore le tla boela le kopanngoa hape, esita le haeba tšepo eo e bonahala e le lerootho ka linako tse ling.—Bapisa le Genese 46:29-31.

Phihlelo e Tšosang

Ho sa le joalo, u ka ’na ua tobana le mathata a mangata a tebileng. Phuputso e entsoeng ke Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana, e bitsoang Children in War, e ile ea senola hore: “Bana bao ho se nang ba tsamaeang le bona ke bona ba hlaseloang haholo ka ho fetisisa—ba tobanang . . . le litšitiso tse mpe haholo tsa ho loanela ho phela, ba hlokang tšehetso bakeng sa khōlo e tloaelehileng le ba hlekahlekoang. Ho arohanngoa le batsoali e ka ba e ’ngoe ea tahlehelo e tšosang ka ho fetisisa ho ngoana.” Mohlomong u iphumana u loantša maikutlo a khatello le pherekano.

Hopola Joaquín, ea boletsoeng pejana. Batsoali ba hae ba ile ba arohana eaba joale ba mo lahla kherehloa eena le banab’abo. O ne a e-na le selemo feela ka nako eo ’me o ile a hōlisoa ke likhaitseli tsa hae tse khōlō ho eena. Oa hlalosa: “Ke ne ke atisa ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha re ne re se na batsoali joaloka metsoalle ea ka. ’Me ha ke ne ke bona ntate ea bapalang le mora oa hae, ke ne ke ee ke lakatse eka e ka be e le eena Ntate.”

Ho Fumana Thuso

Ho sa tsotellehe hore na ho hōla u se na batsoali ho thata hakae, ha ho bolele hore u tla hlōleha bophelong. Ka thuso le tšehetso, hase feela hore u ka pholoha empa u ka atleha. Sena se ka ’na sa bonahala se le thata hore u se lumele, haholo-holo haeba u sa le har’a masoabi le mahlomola. Leha ho le joalo, hlokomela hore maikutlo a joalo a tloaelehile le hore a ke ke a u hlokofatsa ka ho sa feleng. Ho Moeklesia 7:2, 3, rea bala: “Ho molemo ho ea ka tlung ea bofifi, ho e-na le ho ea ka tlung ea menyaka . . . Masoabi a molemo ho litšeho, hobane leha motho a sosobane sefahleho, pelo ea hae e ka ’na ea e-ba tšoeu.” E, ho tloaelehile e bile ho molemo ho lla le ho hlomoha ha ho bile le koluoa e tšabehang. U ka ’na ua boela ua ho fumana ho thusa ho tšollela pelo ea hao ho motsoalle ea utloisisang kapa setho se hōlileng sa phutheho le ho bua ka bohloko boo u bo utloang.

Ke ’nete hore u ka ’na ua ba tekong ea ho itšehla thajana. Empa Liproverbia 18:1 (NW) ea lemosa: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” Ho molemo ho batla thuso ea e mong ea mosa le ea utloisisang. Liproverbia 12:25 (NW) e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ke hona ho tla etsa hore e thulame, empa lentsoe le molemo ke lona le etsang hore e thabe.” U ka fumana ‘lentsoe leo le molemo’ feela haeba u bolella motho e mong ka ‘ho tšoenngoa ha hao ke lipelaelo.’

U ka bua le mang? Batla tšehetso ka phuthehong ea Bokreste. Jesu o tšepisa hore moo u tla fumana ‘barab’eno le baralib’eno le bo-’me’ ba tlang ho u rata le ho ameha ka uena. (Mareka 10:30) Joaquín oa hopola: “Ho kopanela le barab’eso ba Bakreste ho ile ha etsa hore ke bone bophelo ka tsela e fapaneng. Ho ba teng libokeng kamehla ho ile ha etsa hore ke rate Jehova haholoanyane ’me ke batle ho mo sebeletsa. Barab’eso ba hōlileng tsebong ba ile ba fana ka thuso ea moea le keletso lelapeng leso. Kajeno, ba bang ba banab’eso ke basebeletsi ba nako e tletseng.”

Hape, hopola hore Jehova ke “ntat’a likhutsana.” (Pesaleme ea 68:5, 6) Morao koana mehleng ea Bibele, Molimo o ile a khothalletsa batho ba hae hore ba sebetsane le likhutsana ka mohau le ka toka. (Deuteronoma 24:19; Liproverbia 23:10, 11) O boetse o amehile ka tsela e tšoanang le kajeno ka bacha ba se nang batsoali. Kahoo retelehela ho Molimo ka thapelo, ka kholiseho ea hore oa u tsotella le hore o tla arabela. Morena Davida o ile a ngola: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola. U itšepele Jehova, u be matla, pelo ea hao e tiee!”—Pesaleme ea 27:10, 14.

Leha ho le joalo, mocha ea se nang batsoali o tobana le liphephetso tse ngata letsatsi le letsatsi. U tla lula kae? U tla phela joang moruong? Sehlooho se tlang se tla tšohla tse ling tsa liphephetso tsena hore na ho ka sebetsanoa le tsona joang ka katleho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pele ho lefu la hae, Jesu o ile a beha ’mè oa hae tlhokomelong ea morutuoa oa hae Johanne, e leng ntho eo mohlomong e ka beng e sa etsahala hoja ntate oa hae oa mohōlisi, Josefa, a ne a ntse a phela.—Johanne 19:25-27.

b Bakeng sa boitsebiso ba ho sebetsana ka katleho le lefu la motsoali, bona lihlooho tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” tse hlahileng tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1994.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

“Lerato la ka ho Jehova le tšepo ea tsoho e ’nile ea e-ba thuso e khōlō”

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u hlorile

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ka phuthehong ho na le metsoalle e ka u thusang le ho u khothatsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela