Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 3/8 maq. 23-25
  • Ke Eng e Hlileng e Leng Mpe Hakaalo ka ho Seba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng e Hlileng e Leng Mpe Hakaalo ka ho Seba?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona re Sebang
  • Maraba a ho Seba ho Kotsi
  • Ho Khutsisa Lesebo le Kotsi
  • Ho Mamela—Lehlakore le Leng la ho Seba
  • Nka Etsa Eng ho Khaotsa Lesebo?
    Tsoha!—2007
  • Ke Eng e Mpe Hakaale ka ho Seba?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Seba—Ho na le Kotsi Efe?
    Tsoha!—1989
  • Ho Bua ka Batho ba Bang—Ke Hobane’ng ha ho Ipiletsa Hakaale?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 3/8 maq. 23-25

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Eng e Hlileng e Leng Mpe Hakaalo ka ho Seba?

“Ekare seoa sekolong se phahameng seo ke kenang ho sona. Ha re na lithethefatsi kapa lithunya kapa lintoa—ntho eo re nang le eona ke ho seba. E hlile ke bothata.”—Michelle ea lilemo li 16a

BA BANG ba re ho monate. Ba bang ba re ho kotsi. Hangata ho fumanoa limakasineng, likoranteng le mananeong a thelevishene. Hape ho natefisa meqoqo e mengata. Ke eng? Ho ipuela feela ka batho ba bang le ka litaba tsa bona tsa botho, kapa kamoo ho tsebahalang kateng, ho seba.

Mohlomong ha ho na ntho e hapang thahasello ea rōna ka potlako ho feta mantsoe ana, “Na u se u utloile tsa morao-rao?” Se latelang mantsoe ao e ka ba ’nete kapa leshano—kapa mohlomong motsoako oa tsona ka bobeli. Ho sa tsotellehe hore na ke ’nete kapa ke leshano, teko ea ho kenella ho sebeng e ka ba matla. Lori ea lilemo li 17 o re: “Ho se thahaselle litaba tsa batho ba bang ke ntho e thata haholo. Ho na le tumellano eo le sa kang la bua ka eona empa e teng lipakeng tsa hao le metsoalle ea hao ea hore ha u fumana litaba tse thahasellisang, u tlameha ho ba bolella tsona.”

Lebaka Leo ka Lona re Sebang

Ke hobane’ng ha re fumana ho seba ho thahasellisa hakaale? Lebaka ke hore batho ke libōpuoa tse thabelang botsoalle ba ba bang. Ka mantsoe a mang, batho ba thahasella batho ba bang. Ka hona, ho iketsahalla feela hore neng-neng moqoqo oa rōna o fetohele linthong tsa morao-rao tse etsahalang bophelong ba metsoalle le ba batho bao re ba tloaetseng.

Na see se fosahetse? Eseng kamehla. Hangata ho iqoqela feela ho fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo kang ba hore na ke mang ea nyaloang, ke mang ea sa tsoa ba le ngoana le hore na ke mang ea kulang. Esita le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bua ka lintho tsa morao-rao tse neng li etsahala bophelong ba balumeli-’moho le bona. (Baefese 6:21, 22; Bakolose 4:8, 9) Ka sebele, ho ipuela feela ka metsoalle le batho bao re ba tloaetseng ke karolo ea bohlokoa ea tsela eo re buisanang ka eona le ho boloka setsoalle se setle.

Maraba a ho Seba ho Kotsi

Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho bua ka bophelo ba ba bang ho susumetsoa ke ho hong, eseng taba ea ho ameha ka bona. Ka mohlala, Deidra ea lilemo li 18 o re: “Batho ba seba hore ba tle ba ratoe. Ba nahana hore ba tla [ratoa] ha ba ka tseba taba e monatjana ho feta eo ba sa tsoa e bolelloa.” Takatso ea ho khahla ba bang e ka ba ea susumelletsa mosebi hore a sothe taba. Rachel ea lilemo li 17 oa hlalosa: “Ha u tseba taba e itseng, u na le matla a ho e fetola kamoo u batlang kateng. Ho tšoana le haeba u tseba makolopetso a taba e itseng, u ka e fetola ka hohle kamoo u ratang kateng.”

Ka linako tse ling, ho seba hoo e seng ’nete ho sebelisetsoa ho iphetetsa. Amy ea lilemo li 12 o re: “Ka lekhetlo le leng ke ile ka hasanya leshano ka motsoalle oa ka. Ke ile ka etsa joalo hobane a ne a buile ka ’na.” Phello e bile efe? “Qalong, ke ile ka re che, le ’na ke mo fumane.” Leha ho le joalo, Amy o tsoela pele ho hlalosa: “Ho e-s’o ho ee kae, ho ile ha tsoa taolong ’me ka qala ho utloa bohloko ba ho le hasanya bo fetang ba haeba ke ne ke ile ka itholela.”

Joalokaha setsebi se seng sa bophelo ba kelello se beha taba, ho bonolo ho bona kamoo ho seba ho ka bang “joaloka lelakabe leo ka ho panya ha leihlo le tsoang taolong.” (Bapisa le Jakobo 3:5, 6.) Ha sena se etsahala, liphello e ka ba tse bohloko. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba ho hasantsoe taba eo e neng e lokela ho ba lekunutu? Kapa ho thoe’ng haeba ho seba hoo e le leshano ’me ka ho le hasanya u senya botumo bo botle ba motho? Bill ea lilemo li 12 o re: “Motsoalle e mong oa ka o ne a tlatse taba ea hore ke sebelisa lithethefatsi, e leng leshano. Seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo.”

Ho Khutsisa Lesebo le Kotsi

Ka lebaka le utloahalang, Bibele e re “lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) E, lipuo tsa rōna li ka ba joaloka lithulusi tsa ho haha kapa joaloka libetsa tse senyang. Ka masoabi, batho ba bangata kajeno ba sebelisa leleme la bona bakeng sa morero o senyang. Ba joalo ka ba bang bao mopesaleme Davida a ba hlalositseng e le “ba leolitseng maleme a bona feela joaloka sabole, ba korotseng ka motsu oa bona, puo e sehlōhō, hore ba fule ea sa tšoauoeng phoso ba le libakeng tse patehileng.”—Pesaleme ea 64:2-4, NW.

Ba batlang ho thabisa Molimo ha baa lokela ho hasanya litlaleho tsa bohata kaha Bibele e re “molomo oa bohata ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liproverbia 12:22, NW) Ho tlatsa ka boomo taba eo u tsebang hore hase ’nete ke ho bua leshano, ’me Bibele e re Bakreste ba lokela ho ‘lahla bohata’ ’me ba ‘bue ’nete e mong le e mong le moahelani oa hae.’—Baefese 4:25.

Kahoo pele u bua ho hong ka motho e mong, ipotse: ‘Na ke hlile ke tseba ’nete ea see? Na seo ke se buang se tla etsa hore motho ea ’mametseng a se hlole a hlompha motho eo ke buang ka eena? Haeba ho joalo, sepheo sa ka ka ho bua taba ee ke sefe?’ Hopola sena: Taba ea hore ntho e itseng ke ’nete ha e bolele hore e lokela ho tlatsa-tlatsoa—haholo haeba boitsebiso boo bo tla senya botumo ba motho eo.

Potso e ’ngoe eo u ka ipotsang eona ke hore, ‘Ho seba ha ka ho tla ama botumo ba ka joang?’ E, ka ho seba, u senola se itseng ka uena. Ka mohlala, Kristen o re: “Haeba u khona ho qeta nako e ngata hakana u bua ka batho ba bang, e tlameha ebe bophelo ba hao boa bora.” Lisa o ile a hlokomela hore botumo ba hae ba ho ba mosebi bo ile ba etsa hore motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo a se ke a hlola a mo tšepa. O re: “Ho ile ha ea bohōleng boo a ileng a belaela hore na ke motho oa ho tšeptjoa na. Ho ne ho soabisa—ke ile ka tlameha ho bontša ka liketso hore a ka itšetleha ka ’na.”

Haeba u tsebahala u le mosebi, batho ba ka ’na ba u nka u le motho ea ka hlahisang kotsi, ’me ba ka ’na ba se ke ba hlola ba rata ho ba moo u leng teng. Maele a Bibele a re: “Mosebi o tsamaea a bolela makunutu; u se ke ua ba le kamano leha e le efe le motho ea buetseng ruri.” (Liproverbia 20:19, Beck) Empa na u ne u tseba hore u ka tlatsetsa ho sebeng ho kotsi esita le haeba uena u sa bue?

Ho Mamela—Lehlakore le Leng la ho Seba

Ho seba ho hloka bonyane batho ba babeli—motho ea buang le ea mamelang. Le hoja ea mamelang a ka ’na a bonahala eka ha a na molato joaloka ea buang, Bibele e fana ka pono e fapaneng tabeng ena. Ho Liproverbia 17:4 rea bala: “Motho e mobe o theeletsa melomo e khopo tsebe; leleme le sebang le mameloa ke ea leshano.” Kahoo, ea mamelang tšebo o jara boikarabelo bo boima. Sengoli Stephen M. Wylen o re: “Ka litsela tse itseng, ho mamela lesebo ho hobe le ho feta ho le bua.” Joang? Wylen o tsoela pele: “Ka ho mamela ka cheseho, u khothalletsa ea buang hore a tsoele pele.”

Joale u lokela ho etsa’ng ha u utloa ho seba ho kotsi? U sa leke ho iketsa ea lokileng, u ka ’na ua re feela: ‘Ha re bue ka ho hong’ kapa, ‘ho bua ’nete, ke utloa ke sa lokolohe ho bua ka taba ena. Etsoe mong’a eona ha a eo hore a ikarabelle.’

Empa ho thoe’ng haeba batho ba u koekoetla hobane u hana ho kopanela meqoqong ea bona? Sena e ka ba tšireletso ho uena ka tsela e itseng. Joang? Bonneteng, hopola hore motho ea sebang ba bang ho uena ho ka etsahala hore a sebe ka uena ho ba bang. Kahoo, u ka intša litabeng tse ngata ka ho itloaetsa bacha le batho ba baholo ba sa bueng batho ba bang hampe. Wylen o re: “Tahlehelo leha e le efe eo u bang le eona ka ho se be ea sebang, ka potlako u tla elelloa hore ha ua lahleheloa ke letho haese monyetla oa hore u ikutloise bohloko. Qetellong u tla ba ea ka botleng hobane u tla ba le botumo ba ho ba motho ea tšepahalang.”

Habohlokoa ka ho fetisisa, u tla ba le lebitso le letle ho Molimo. O thahasella tsela eo re buang ka ba bang ka eona, etsoe Jesu Kreste o ile a lemosa: “Polelo e ’ngoe le e ’ngoe e sa ruiseng molemo eo batho ba e buang, ba tla fana ka tlaleho malebana le eona ka Letsatsi la Kahlolo; kaha ka mantsoe a hao u tla boleloa u lokile, ’me ka mantsoe a hao u tla nyatsuoa.”—Matheu 12:36, 37.

Ka hona, ke bohlale ho latela keletso ea moapostola Pauluse: “Le ho etse sepheo sa lōna ho phela ka khutso le ho hlokomela litaba tsa lōna.” (1 Bathesalonika 4:11) Ho etsa joalo ho tla u thusa hore u be le kamano e ntle le ba bang le boemo bo botle ho Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

[Lebokose le leqepheng la 25]

“Sesebelisoa se Fafatsang Tšebo ka ho Fetisisa Lefatšeng”

Na u se u utloile tsa morao-rao? Ka ho ba teng ha melaetsa ea elektronike, E-mail, hona joale ho seba ho kene tsamaisong ea theknoloji e phahameng. Ha e le hantle, sengoli Seth Godin se bitsa E-mail “sesebelisoa se fafatsang tšebo ka ho fetisisa le-fatšeng.” Le hoja a lumela hore e na le melemo, oa lemosa: “Motho e mong a ka hlahisa ntho eo e leng ’nete kapa polelo eo e seng ’nete, ’me ka potlako batho ba likete ba tla be ba e tseba.”

E-mail e ka fihla bathong ba bangata—’me ea fihla ho bona ka potlako. Godwin o re: “Ke mokhoa oa pele o mocha oa puisano o kopanyang molaetsa oa bohlokoa o nahannoeng ’me oa ngoloa ka potlako oa ba oa fihla hang ’me o hloka tlhokomelo e potlakileng joaloka thelefono.” Ka hona, ka bohlale etsa bonnete ba hore morero oa hao oa ho romela molaetsa e ba o hlakileng ha u rome-la E-mail. ’Me le ka mohla u se ke ua romella metsoalle ea hao boitsebiso boo u sa tiisehang ka bona.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Motho ea sebang ba bang ho uena ... ho ka etsahala hore a sebe ka uena ho ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela