Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 maq. 26-29
  • Ha Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba Fetoha Batsoali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba Fetoha Batsoali
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatello Kelellong le Litšitiso
  • Bana ba Mabifi
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Khatello
  • Ho Phela Hammoho ka Lerato
    Tsoha!—1995
  • Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo—Thabo ea Bona le Liphephetso
    Tsoha!—1999
  • A Mang a Mathata ke Afe?
    Tsoha!—1995
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Tseba Nkhono le Ntate-moholo Haholoanyane?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 maq. 26-29

Ha Bo-nkhono le Bo-ntate-moholo ba Fetoha Batsoali

“Ke ne ke qeta ho fihla lapeng ke e-tsoa libokeng Holong ea ’Muso. Ke ile ka utloa motho a kokota ka matla monyako, ’me e ne e le mapolesa a mabeli a tsamaea le bana ba babeli ba litšila ba meriri e likhokolana le ba bonahalang eka ba qetile likhoeli ba sa hlatsuoe. U ne u ke ke ua bona le hore ke bana! E ne e le litloholo tsa ka, ’me ’m’a bona—ea lemaletseng lithethefatsi—o ne a sa ba hlokomele. Ke ne ke le mohlolohali, ’me ka mona ke e-na le bana ba tšeletseng. Empa le teng ke ne ke sitoa ho hana.”—Sally.a

“Morali oa ka o ile a nkōpa hore ke mo hlokomelle bana ho fihlela a hlōtse bothata ba hae. Ke ne ke sa tsebe hore o sebelisa lithethefatsi. Ke ile ka qetella ke mo hōlisetsa bana ba babeli. Lilengoana hamorao, morali oa ka o ile a ba le ngoana e mong hape. Ke ne ke sa batle ho mo nka, empa setloholo sa ka se seng se ile sa nkōpa, sa re, ‘Nkhono, na re ke ke ra nka eena feela?’”—Willie Mae.

HO NE ho tloaelehile polelo e reng ho ba le litloholo ke “monyaka o se nang boikarabelo.” Empa ha ho sa le joalo. Ba bang ba hakanya hore United States feela, bana ba fetang limilione tse tharo ba phela le bo-nkhono le bo-ntate-moholo. ’Me palo eo e eketseha ka potlako.

Ke eng se bakang hlakantsutsu ee? Bana bao batsoali ba bona ba hlalanang ba ka ’na ba qetella ba lula le bo-nkhono le bo-ntat’a bona moholo. Esita le bana ba hlokomolohiloeng kapa ba hlekefetsoang ke batsoali ba bona. Koranta e bitsoang Child Welfare e bolela hore ka lebaka la liphello tsa hona tse hlokisang botsitso ho batsoali ba e lemaletseng, ‘ho tsuba k’hok’heine ho hlahisa moloko o lahlehileng.’ Ho boetse ho na le bana ba limilione “ba se nang batsoali” hobane ba lahliloe ke batsoali, ba shoeletsoe ke batsoali kapa batsoali ba na le lefu la kelello. Bana bao bo-’m’a bona ba bolaoang ke AIDS le bona ba ka ’na ba qetella ba hlokomeloa ke bo-nkhono le bo-ntat’a bona moholo.

Ho jara boikarabelo ba ho hōlisa ngoana lilemong tsa ho kena botsofaling kapa ‘litšiung tsa tlokotsi’ e ka ba ntho e sithabetsang. (Moeklesia 12:1-7) Batho ba bangata ba felloa ke matla a ho lula ba behile bana ba banyenyane leihlo. Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bang ka bobona ba hlokomela batsoali ba bona ba tsofetseng. Ba bang ba shoeletsoe ke balekane kapa ba hlalane ’me ba tlameha ho phela kantle ho tšehetso ea molekane. Ba bang ba bangata ba iphumana ba se boemong bo botle ba lichelete bakeng sa ho jara boikarabelo bo joalo. Phuputsong e ’ngoe, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bane ho ba leshome ba hlokomelang bana ba ne ba fumana chelete e batlang e le boemong ba ea mafutsana. Sally oa hopola: “Bana ba ile ba kula. Ke ile ka tlameha ho lefa chelete e ngata ho ba isa ngakeng. Ke ne ke fumana thuso e fokolang ea chelete ’musong.” Mosali-moholo e mong oa hopola: “Ke ile ka tlameha ho sebelisa chelete ea ka ea penshene ho hlokomela litloholo tsa ka.”

Khatello Kelellong le Litšitiso

Hase ho makatsang ha phuputso e ’ngoe e ile ea fumana hore “ho hlokomela litloholo ho bakela bo-nkhono le bo-ntate-moholo khatello e matla kelellong, kaha karolo ea 86 lekholong ea bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba 60 ba neng ba kenetse phuputso eo e ile ea tlaleha hore e ikutloa ‘e sithabetse kapa e tšoenyehile boholo ba nako.’” Ka sebele, ba bangata ba tlaleha hore baa kula. Elizabeth, mosali ea neng a hlokomela setloholo sa hae se lilemong tsa bocha o re: “Ho ne ho nkama ’meleng, kelellong le moeeng.” Willie Mae ea khathatsoang ke lefu la pelo le khatello ea methapo ea mali, o re: “Ngaka e nahana hore li bakoa ke khatello ea kelello e bakoang ke ho hōlisa bana.”

Ba bangata ba ne ba sa lebella ho fetola tsela ea bophelo ho tlisoang ke ho hōlisa litloholo. Ntate-moholo e mong o re: “Ka linako tse ling ke sitoa ho ea mabakeng a ka. Ke ikutloa ke le molato . . . ha ke li siea le motho e mong, kahoo ho e-na le hore ke ee mabakeng a ka kapa ke etse ntho e itseng, kea lula kapa ke tlohele ho etsa ntho eo.” Nkhono e mong eena o hlalosa hore nako ea ho imamela “hase ntho e teng.” Ho ba mokhelo le ho jeoa ke bolutu ho tloaelehile. Nkhono e mong o ile a re: “Lithaka tsa rōna tse ngata ha li na bana [ba banyenyane] ka hona re atisa ho hana limemo tsa ho ea libakeng tse itseng hobane bana [litloholo] ba rōna ba sa mengoa.”

Ho utloisang bohloko hape ke khatello ea maikutlo. Sehlooho se seng ho U.S.News & World Report se re: “Ba bangata ba bona [bo-nkhono le bo-ntate-moholo] ba hlajoa ke lihlong le ho ikutloa ba le molato ka ho hlōleha ha bana ba bona tabeng ea ho ba batsoali—’me ba bangata ba itjarisa molato, ba ipotsa hore na ba tlaitse lintho kae joaloka batsoali. Boitekong ba ho etsa hore litloholo li be le lehae le sireletsehileng le le mofuthu, ba bang ba tlameha ho iphapanyetsa bana ba bona ba sebelisang lithethefatsi hampe kapa ba li lemaletseng.”

Phuputso e ’ngoe ea tlaleha: “Ba fetang karolo e le ’ngoe ho tse ’nè . . . ba boletse hore khotsofalo ea bona kamanong ea bona ea lenyalo e fokotsehile ka lebaka la ho fana ka tlhokomelo e joalo.” Banna ka ho khetheha, ba atisa ho ikutloa ba hlokomolohiloe ha basali ba se ba tšoara thipa ka bohaleng tabeng ea tlhokomelo ea bana. Banna ba bang ba ikutloa hore ba ke ke ba khona ho mamella bothata bona. Mosali e mong o re ka monna oa hae: “O ile a re siea. . . . Ke nahana hore o ile a ikutloa a qabeletsoe.”

Bana ba Mabifi

U.S.News & World Report e re: “Ho phaellang bothateng ke ’nete ea hore bana ba bang ba hlokomeloang [ke bo-nkhono le bo-ntate-moholo] ke ba bang ba ba futsanehileng ka ho fetisisa, ba holofetseng ka ho fetisisa maikutlong le ba mabifi ka ho fetisisa sechabeng.”

Nahana ka setloholo sa Elizabeth. Ntate oa ngoana eo o ile a mo siea qetellong ea seterata seo Elizabeth a sebetsang ho sona e le mothusi oa bana ho ba tšelisa ’mila. Elizabeth o re: “Ke ngoana ea mabifi. O utloile bohloko.” Litloholo tsa Sally le tsona li na le maqeba a tšoanang. “Setloholo sa ka se seng se mabifi. Se nahana hore ha ho motho ea se batlang.” Ho ba le ntate le ’mè ba lerato ke tokelo ea ngoana ea tlhaho. Nahana hore na ngoana o ikutloa joang ha a lahloa ke batsoali, a hlokomolohuoa, kapa a hanoa! Ho utloisisa maikutlo ana ho ka thusa motho ho sebetsana ka mamello le bana bana ba nang le boitšoaro bo tsoileng tseleng. Liproverbia 19:11 (NW) e re: “Temohisiso ea motho ka sebele e liehisa bohale ba hae.”

Ka mohlala, ngoana ea lahliloeng ke batsoali a ka ’na a hanyetsa boiteko ba hao ba ho mo hlokomela. Ho utloisisa lintho tseo ngoana eo a li tšabang le tse mo tšoenyang ho ka u thusa hore u mo tšoare ka kutloelo-bohloko. Mohlomong ho mo bolella hore u tseba seo a se tšabang le ho mo tiisetsa hore u tla etsa sohle se matleng a hao ho mo hlokomela ho tla kokobetsa tšabo ea hae.

Ho Sebetsana ka Katleho le Khatello

‘Ke ’nile ka ikutloela bohloko le ho itšoabela. Ha rea tšoanela ho etsahalloa ke sena.’ Ke mantsoe a builoeng ke nkhono e mong ea hlokomelang litloholo tsa hae. Haeba u boemong bo joalo, u ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa tšepo e sa le teng boemong bo joalo. ’Nete ke hore botsofali bo ka ’na ba khina matla a hao a ’mele, leha ho le joalo ke letlotlo ha ho tluoa tabeng ea bohlale, mamello le tsebo. Hase ho makatsang ha phuputso e ’ngoe e ile ea fumana hore “bana ba hōlisitsoeng ke bo-nkhono’a bona le bo-ntat’a bona moholo ba batla ba tsoella hantle ho feta bana ba malapa a nang le motsoali a le mong oa tlhaho.”

Bibele e re phehella hore re ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a rōna ho Jehova, hobane oa re tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Kahoo, lula u rapella matla le tataiso ea hae, joalokaha mopesaleme a entse. (Bapisa le Pesaleme ea 71:18.) Ela hloko litlhoko tsa hao tsa moea. (Matheu 5:3) Mosali e mong oa Mokreste o re: “Liboka tsa Bokreste le ho bolella ba bang litaba tse molemo ho ile ha nthusa ho tsoela pele.” Ha ho khoneha, leka ho ruta litloholo tsa hao litsela tsa Molimo. (Deuteronoma 4:9) Ka sebele, Molimo o tla u tšehetsa boitekong ba hao ba ho hōlisa litloholo tsa hao “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.b

U se ke ua tšaba ho kōpa thuso. Hangata metsoalle e ka thusa, haholo-holo e ka phuthehong ea Bokreste. Sally oa hopola: “Bara le barali beso ka phuthehong e bile tšehetso e matla. Ha ke ne ke khoptjoa, ba ne ba ntsosa. Ba bang ba bile ba nthusa ka lichelete.”

U se ke ua hlokomoloha thuso e ka ’nang ea fumaneha ’musong. (Baroma 13:6) Ho thahasellisang ke hore ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng, “hangata [bo-nkhono le bo-ntate-moholo] ha ba tsebe hore na ke thuso efe e fumanehang kapa hona moo ba ka e fumanang teng.” (Child Welfare) Basebeletsi ba sechaba le ba makala a lehae a thusang ba hōlileng mohlomong ba ka khona ho u supisa moo u ka fumanang tšebeletso e joalo teng.

Hangata, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hlokomelang litloholo ba hōletse har’a “linako [tsena] tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Ka lehlohonolo, linako tsena tse thata ke pontšo ea hore haufinyane Molimo o tla kenella tabeng ’me a tlise “lefatše le lecha” leo ho lona litlokotsi tse hlaselang malapa a mangata kajeno e tla ba lintho tsa nako e fetileng. (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Leha ho le joalo, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hlokomelang litloholo ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho ntlafatsa boemo ba bona. Ba bangata baa atleha boitekong ba bona! Kamehla hopola hore ho sa tsotellehe tsieleho e bang teng, ho ka ba le lintho tse u thabisang. Mohlomong u ka ba ua thabela ho bona litloholo tsa hao e e-ba barati ba tšepahalang ba Molimo! Na seo se ke ke sa etsa hore boiteko bohle boo u bo entseng e-be bo tšoanelehang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa (e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.) e fupere melao-motheo e mengata ea Bibele e thusang eo bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba hōlisang litloholo ba ka e sebelisang ho hōlisa litloholo tsa bona.

[Lebokose le leqepheng la 28]

Litsekisano Tsa Molao

Taba ea ho fumana tokelo ea molao ea ho hlokomela litloholo ke taba e amang maikutlo le e rarahaneng. Mary Fron, setsebi tabeng eo oa hlalosa: “Ka lehlakoreng le leng, ha u na tokelo e kaalo ea molao ha u sa fuoa tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana. Hangata, batsoali ba ngoana ba tlhaho ba ka ’na ba khutla ’me ba nka ngoana kapa bana neng kapa neng. Ka lehlakoreng le leng, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata ba lesisitheho ho batla tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana, hobane seo se bolela ho ema ka khotla u bolela hore ngoana oa hao ha a tšoanelehe ho ba motsoali.”—Good Housekeeping.

Hangata ha bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba se na tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana ba thatafalloa ho ngolisa litloholo tsa bona likolong kapa hona ho li fumanela tlhokomelo ea bongaka. Leha ho le joalo, ho fumana tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana e ka ba phihlelo e bohloko e litšenyehelo li boima, e senyang nako le e khathatsang maikutlo. ’Me le haeba ba e fuoa, bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba ka ’na ba iphumana ba khaoleloa thuso ea lichelete eo ’muso o ba fang eona. Ke ka hona koranta ea Child Welfare e eletsang hore bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba “batle keletso ea ’muelli oa molao ea nang le phihlelo litabeng tsa molao oa naha likarolong tse amanang le lelapa, tokelo ea molao ea ho hlokomela ngoana le boiketlo ba ngoana.”

[Lebokose le leqepheng la 29]

Ho Bala Litšenyehelo

Ho bona ngoana a le bohloking—haholo-holo eo u amanang le eena haufi-ufi—ke ntho e utloisang bohloko. ’Me Bibele e laela Bakreste hore ba hlokomele ‘bao e leng ba bona.’ (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, maemong a mangata ke bohlale hore nkhono kapa ntate-moholo a nahanisise taba ka hloko pele a itjarisa boikarabelo. (Liproverbia 14:15; 21:5) Motho o tlameha ho bala litšenyehelo.—Bapisa le Luka 14:28.

Ka thapelo nahanisisa: Na u hlile u boemong bo botle ’meleng, maikutlong, moeeng le licheleteng hoo u ka tsebang ho hlokomela litlhoko tsa ngoana? Molekane oa hao o ikutloa joang ka taba ee? Na mohlomong ho na le tsela e itseng eo u ka khothalletsang kapa u ka thusang batsoali ba ngoana ho itlhokomella ngoana oa bona? Ka masoabi, batsoali ba bang ba litlokotsebe ba itsoella pele ho phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Nkhono e mong o hopola ka bohale: “Ke ile ka mo hlokomella bana ba ’maloa. Empa o ile a ’na a itsoella pele ho sebelisa lithethefatsi le ho ba le bana ba bang ba eketsehileng. Ho ile ha fihla moo ke ileng ka tlameha ho re ho lekane!”

Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa hlokomele litloholo tsa hao, ke eng se tla li etsahalla? Na u tla mamella khatello ea ho tseba hore li hlokomeloa ke batho ba bang, mohlomong bao u sa ba tsebeng? Ho thoe’ng ka litlhoko tsa bana tsa moea? Na ba bang ba tla khona ho ba hōlisa ho ea ka litekanyetso tsa Molimo? Ba bang ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ho sa tsotellehe litšitiso tse amehang, ha ba na boikhethelo haese ho jara boikarabelo boo.

Ana ke maemo a utloisang bohloko, ’me motho ka mong o lokela ho iketsetsa qeto.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba bangata ba fumana ho le thata ho finyella se hlokoang ke ho hōlisa bana ba banyenyane

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tšabang Molimo ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba tšehetsa boitekong ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela