Kamoo U ka Bolokang Pono e Molemo ea Kelello Kateng
BOPHELO ba rōna ba ’mele bo itšetlehile haholo ka seo re se kenyang ’meleng ea rōna. Haeba motho a phela ka ho ja lijo tse se nang phepo e ntle, qetellong bophelo ba hae boa senyeha. Molao-motheo ona o boetse oa sebetsa bophelong ba rōna ba kelello.
Ka mohlala, u ka ’na ua bapisa lintho tseo re li kenyang likelellong tsa rōna le mofuta oa lijo tsa kelello. Lijo tsa kelello? E, boitsebiso boo re bo fumanang libukeng, limakasineng, mananeong a thelevishene, livideong, lipapaling tsa video, ho Internet le mantsoeng a lipina, bo ka ama monahano oa rōna le botho ba rōna feela joalokaha lijo tsa sebele li ama ’mele ea rōna. Joang?
Eo e kileng ea e-ba motsamaisi oa phatlalatso Jerry Mander o ile a ngola mabapi le tšusumetso eo thelevishene e bang le eona bophelong ba rōna: “Ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe, thelevishene e kenya litšoantšo bokong ba rōna.” Leha ho le joalo, litšoantšo tsena tsa kelello li etsa ho fetang feela ho re thabisa. Makasine ea The Family Therapy Networker e re: “Puo, litšoantšo, melumo, likhopolo, libapali tšoantšisong, maemo, melao-motheo, litekanyetso tsa ponahalo ea botle mecheng ea litaba li fetoha karolo ea menahano, maikutlo le likhopolo tsa rōna.”
E, ebang rea hlokomela kapa ha re hlokomele, menahano ea rōna le maikutlo a rōna li ka laoloa ka tsela e poteletseng ke seo re se shebellang thelevisheneng le mefuteng e meng ea boithabiso. ’Me kotsi e teng ho seo. Ho joalokaha Mander a bolela hore “rōna batho butle-butle re iphumana re se re tšoana le litšoantšo tseo re nang le tsona likelellong tsa rōna.”
Chefo Monahanong
Batho ba bangata ba ka ’nang ba e-ba hlokolosi ho khetha lijo tseo ba li jang ba ja lijo tse ling le tse ling tsa kelello tseo mecha ea phatlalatso e ba fang tsona ba sa khethe. Ka mohlala, na u kile ua utloa e mong a re: “Ha ho letho le molemo leo motho a ka le shebellang thelevisheneng!” Ba bang ekare baa tšerehana, ba lulela ho chencha liteishene ka tšepo ea hore ho hong ho molemonyana ho tla hlaha. Ha ho mohla likelellong tsa bona ho tlang khopolo ea hore ba time TV!
Ho phaella tabeng ea hore a senya nako e ngata, mananeo a mangata a bontša lintho tseo Bakreste ba batlang ho li qoba. Moetsi oa litšoantšo Gary Koltookian o re: “Ntle ho a litšila, mananeo a buang ka lintho tse belaetsang le ka boitšoaro ba botona le botšehali a hlahella hangata ho feta nakong e fetileng.” Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa United States e fumane hore ka karolelano lipontšo tsa botona le botšehali li hlaha ka makhetlo a 27 ka hora nakong ea ha thelevishene e shebeletsoe ke batho ba bangata ka ho fetisisa.
Sena se etsa hore motho a ipotse hore na phello e ba efe menahanong ea batho. Japane, tšoantšiso e ’ngoe e ratoang ea thelevishene e ile ea hapa batho ba bangata hoo mocha o mong oa phatlalatso oa sechaba o ileng oa re e bakile “keketseho e sekhahla ea bofebe.” Ho feta moo, bangoli ba buka ea Watching America ba re: “Kajeno mefuta e mengata ea boitšoaro ba botona le botšehali . . . e nkoa e le khetho ea botho e molaong ea mokhoa oa bophelo.”
Leha ho le joalo, mananeo a TV a bontšang boitšoaro ba botona le botšehali ka ho toba e mpa e le tlhasenyana feela ea bothata. Litšoantšo tse bontšang pefo le tsona li atile. Ho hlileng ho amehiloeng ka hona ke liphello tse senyang tseo mananeo a TV le libaesekopo tse bontšang pefo li ka li hlahisang likelellong tse nyenyane, tse susumetsehang habonolo. David Grossman, molaoli oa lebotho le setsebi sa kelello tabeng ea ho bolaea ea seng a lihetse mosebetsing, o re: “Ha bana ba bona motho a thunngoa, a hlajoa ka thipa, a betoa, a hlokofatsoa, a theoloa seriti, kapa a bolaoa thelevisheneng, ho bona ho ba joalokaha eka ke ntho e hlileng e etsahetseng.” Ha e hlalosa bothata bona, The Journal of the American Medical Association e ile ea re: “Ha ba ntse ba hōla ba le pakeng tsa lilemo tse 3 le tse 4, bana ba bangata ba sitoa ho khetholla ’nete ho ntho e iqapeloang mananeong a thelevishene ’me ba lula ba ntse ba sitoa ho etsa joalo ho sa tsotellehe koetliso eo ba e fuoang ke batho ba baholo.” Ka mantsoe a mang, leha motsoali a ka ’na a mo bolella hore ‘Batho bao ha ba hlile ha baa shoa; ba mpa ba ikentse eka ba shoele,’ kelellong ea ngoana ho ntse ho se na phapang. Ho ngoana e monyenyane, pefo e bontšoang thelevisheneng ke ntho ea sebele.
Ha e akaretsa phello eo “pefo e bontšoang mecheng ea phatlalatso” e bang le eona, makasine ea Time e re: “Bafuputsi ba seng bakae ha ba sa itšoenya ka ho pheha khang ea kamoo tšollo ea mali e bontšoang thelevisheneng le libaesekopong e amang bana ba e shebellang kateng.” E ba ama joang? Mohlahlobisisi oa libaesekopo Michael Medved o re: “Lilemo tse mashome tsa boithabiso bo mabifi li atlehile ho fetola maikutlo le litekanyetso tsa batho ka boithabiso bona.” Oa phaella: “Ka sebele hase tsoelo-pele e hahang ha batho ba lahleheloa ke matla a bona a ho ba le letsoalo.” Ha ho makatse ha mongoli e mong a ile a re ho isa ngoana ea lilemo li ’nè libaesekopong tse bontšang pefo “ke chefo monahanong [oa hae].”
Ke ’nete hore sena hase bolele hore mananeo ’ohle a thelevishene a mabe. Seo ke ’nete le ka libuka, limakasine, livideo, lipapali tsa k’homphieutha le mefuta e meng ea boithabiso. Ka ho hlakileng, boholo ba se bitsoang boithabiso ha sea lokela ho bao ba lakatsang ho boloka pono e molemo ea kelello.
Khetha Boithabiso ka Bohlale
Litšoantšo tse fetisetsoang likelellong tsa rōna ke mahlo li na le tšusumetso e khōlō menahanong ea rōna le liketsong tsa rōna. Ka mohlala, haeba re lula re fepa likelello tsa rōna ka boithabiso bo bontšang boitšoaro bo litšila, boikemisetso ba rōna ba ho mamela taelo ea Bibele ea ho “balehela bohlola” bo ka fokola. (1 Bakorinthe 6:18) Ka tsela e tšoanang, haeba re thabela boithabiso bo bontšang “batho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,” re ka ’na ra fumana ho batla ho le thata ho ba “le khotso le batho bohle.” (Pesaleme ea 141:4, NW; Baroma 12:18) E le hore re qobe sena, re tlameha ho phemisa mahlo a rōna “ntho leha e le efe e se nang molemo.”—Pesaleme ea 101:3, NW; Liproverbia 4:25, 27.
Ke ’nete hore ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng, kaofela ha rōna re tlameha ho loanela ho etsa se lokileng. Moapostola Pauluse o ile a lumela ka botšepehi: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.” (Baroma 7:22, 23) Na see se bolela hore Pauluse o ile a inehela mefokolong ea hae ea nama? Le hanyenyane! O ile a re: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore . . . ’na ka bonna ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakorinthe 9:27.
Ka ho tšoanang, ha ho mohla re tla batla ho sebelisa ho se phethahale ha rōna e le boikemelo ba ho etsa sebe. Mongoli oa Bibele Jude o ile a re: “Baratuoa, . . . ke ile ka fumana ho hlokahala ho le ngolla ho le eletsa hore le loane ntoa e thata bakeng sa tumelo eo hang le ka ho ke keng ha phetoa ho ileng ha nehelanoa ka eona ho bahalaleli.” (Jude 3, 4) E, re lokela ho “loana ntoa e thata” ’me re furalle boithabiso bo re susumelletsang ho etsa se sebe.a
Batla Tataiso ea Molimo
Kamehla ha ho bonolo ho hlaolela pono e molemo ea kelello tsamaisong ena ea lintho. Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore re ka khona ho lula re hloekile kelellong le boitšoarong. Joang? Pesalemeng ea 119:11, rea bala: “Ke boloka lentsoe la hao ka pelong ea ka, hore ke se ke ka u siteloa.”
Ho boloka lentsoe la Molimo ho bolela ho le nka e le la bohlokoa kapa ho le beha boemong bo phahameng. Ka ho hlakileng, ho ne ho tla ba thata ho nka Bibele e le ea bohlokoa haeba re sa tsebe seo e se bolelang. Ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, re amohela mehopolo ea Molimo. (Esaia 55:8, 9; Johanne 17:3) Ka lehlakoreng le leng, sena se re matlafatsa moeeng ’me se hlasimolla menahano ea rōna.
Na ho na le ntho e tšepahalang eo re ka lekanyetsang bophelo bo botle ba moea le ba kelello ka eona? E! Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilippi 4:8.
Empa e le hore re rue molemo oa sebele, ho hlokahala ho hongata ho feta ho fumana tsebo ka Molimo. A le tlas’a pululelo, moprofeta Esaia o ile a ngola: “’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) E, hase feela hore re hloka tataiso ea Molimo empa re boetse re lokela ho sebelisa tsebo eo.
Tsela e ’ngoe ea ho rua molemo boitšoarong le moeeng ke ho itšetleha ka Jehova, “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2; 66:19, NW) Haeba re atamela ’Mōpi oa rōna ka tieo le ka boikokobetso, o tla utloa likōpo tsa rōna tse tiileng. ’Me haeba re “mo batla, o tla etsa hore [re] mo fumane.”—2 Likronike 15:2.
Kahoo, na ho ka khoneha ho boloka likelello tsa rōna li phela hantle lefatšeng lee le tletseng pefo le boitšoaro bo litšila? E, ho ka khoneha! Ka ho se lumelle likelello tsa rōna ho thethefatsoa ke boithabiso ba lefatše lena, ka ho matlafatsa matla a rōna a ho nahana ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho batla tataiso ea Molimo, re ka boloka pono e molemo ea kelello!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho khetha boithabiso bo hahang, bona Tsoha! ea June 8, 1997, leqepheng la 22-4.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]
“Bana ba bangata ba sitoa ho khetholla ’nete ho ntho e iqapeloang mananeong a thelevishene”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
“Lilemo tse mashome tsa boithabiso bo mabifi li atlehile ho fetola maikutlo le litekanyetso tsa batho”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ho Fokotsa Monyetla oa ho Tšoaroa ke Lefu la Pelo
Nutrition Action Healthletter e buella mehato e latelang ho u thusa ho fokotsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo.
• Khaotsa ho tsuba. Ho khaotsa ho tsuba kajeno ho ka fokotsa monyetla oa hore u tšoaroe ke lefu la pelo ka nako e etsang selemo, esita le haeba u ka nona.
• Theola boima ba ’mele. Haeba u motenya, ho fokotsa lik’hilograma tse ka bang peli ho isa ho tse hlano ho ka etsa phapang.
• Ikoetlise. Ho ikoetlisa kamehla (bonyane ka makhetlo a mararo ka beke) ho thusa ho fokotsa k’holeseterole e kotsi (LDL), ho thibela ho ba le khatello e phahameng ea mali, ’me ho thusa ho theola boima bo feteletseng ba ’mele.
• E-ja lijo tse se nang mafura a mangata. Haeba LDL ea hao e phahame, qala ho ja nama ea litšutšu ’me u leke ho sebelisa lebese le nang le karolo ea 1 lekholong ea mafura (le nang le mafura a fokolang) kapa lebese le okotsoeng (le se nang mafura ka ho feletseng) ho e-na le ho sebelisa le nang le karolo ea 2 lekholong ea mafura.
• Fokotsa ho noa joala. Ho na le lipontšo tse bontšang hore ho noa veine e khubelu ka ho itekanetseng ho ka ’na ha fokotsa monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la pelo.
• E-ja litholoana, meroho le lijo tse ling tse litlheferetsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Pefo e bontšoang thelevisheneng e tšoana le chefo monahanong oa ngoana
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka linako tse ling bana ba etsisa pefo eo ba e bonang thelevisheneng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Batsoali ba ka thusa bana ba bona ka ho lokisetsa hore ba be le boitsebiso bo baloang bo fapa-fapaneng bo molemo