Pono ea Bibele
Na ho Ikhantša ho Phoso?
HO NA le maele a khale a reng boikhantšo ke sebe sa pele ho tse supileng tse bolaeang. Leha ho le joalo, ba bangata kajeno ba lumela hore khopolo eo e siiloe ke nako haholo. Qalong ea lekholo lena la bo21 la lilemo, boikhantšo bo nkoa bo le molemo, eseng e le sebe.
Leha ho le joalo, Bibele ha e bua ka boikhantšo, hangata e bo hlalosa ka tsela e sa rateheng. Buka ea Bibele ea Liproverbia feela e na le lipolelo tse ’maloa tse nyatsang boikhantšo. Ka mohlala, Liproverbia 8:13 e re: “Ke hloile boikhantšo le boikhohomoso, motsamao o mobe le molomo o khopo.” Liproverbia 16:5 (BPN) e re: “Motho ea ikhantšang Morena oa mo nyonya, ea joalo Morena o tla mo ahlola.” ’Me temana ea 18 ea lemosa: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.”
Boikhantšo bo Kotsi
Boikhantšo bo nyatsoa ke Bibele ’me bo ka hlalosoa e le ho itšepa ho se nang meeli, boikutlo bo se nang kelello ba bophahamo ka litalenta tsa motho, botle, leruo, thuto, boemo le lintho tse ling tse joalo. Bo ka ’na ba iponahatsa ka ho khesa ba bang, ho ithorisa, ho ikakasa, kapa ho iphahamisa. Ho ikhopola ho tlōla ho ka ’na ha etsa hore motho a sitoe ho amohela khalemelo e hlokahalang; a hane ho lumela liphoso tsa hae le ho kōpa tšoarelo, a lahle boikarabelo ba hae, ’me a ikutloe a theotsoe seriti; kapa a koatele lintho tse sa utloahaleng tse entsoeng kapa tse builoeng ke motho e mong.
Motho ea ikhantšang a ka ’na a batla hore kamehla lintho li etsoe ho ea ka eena ho seng joalo li mpe li tlohelloe. Ha ho thata ho bona hore boikutlo bo joalo bo atisa ho fella ka liqhoebeshano tse ngata pakeng tsa batho. Boikhantšo ba morabe kapa bochaba bo lebisitse lintoeng tse se nang palo le tšollong ea mali. Ho ea ka Bibele, boikhantšo e bile bona bothata bo ileng ba etsa hore mora oa Molimo oa moea a rabele, ba mo etsa Satane Diabolose. Mabapi le litšoaneleho tsa baholo ba Bakreste, Pauluse o ile a eletsa: “Eseng monna ea sa tsoa sokoloha, esere a hohomoha ke boikakaso eaba o oela kahlolong eo Diabolose a ahlotsoeng ka eona.” (1 Timothea 3:6; bapisa le Ezekiele 28:13-17.) Haeba tsena ke tsona liphello tsa boikhantšo, ha ho makatse hore ebe Molimo oa bo nyatsa. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ho na lemaemo ao ho ’ona boikhantšo bo loketseng?’
Na ho na le Boikhantšo bo Loketseng?
Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, leetsi kau·khaʹo·mai, le fetoletsoeng e le “ho ba motlotlo, ho thaba ka ho fetisisa, ho ithorisa,” le sebelisitsoe ho fana ka kutloisiso ea se sebe le se setle. Ka mohlala, Pauluse o re e le hore re ka ‘thaba ka ho fetisisa, motheong oa tšepo ea khanya ea Molimo.’ O boetse oa eletsa: “Ea ithorisang, a a ithorise ka Jehova.” (Baroma 5:2; 2 Bakorinthe 10:17) Sena se bolela ho ba motlotlo ka Jehova joaloka Molimo oa rōna, e leng boikutlo bo ka etsang hore re thabe ka ho fetisisa ka lebaka la lebitso la hae le letle le botumo ba hae bo botle.
Ho etsa mohlala: Na ho fosahetse ho batla ho sireletsa lebitso le letle ha le buuoa hampe? Che. Haeba batho ba bua hampe ka litho tsa lelapa leno kapa batho bao u ba ratang le ho ba hlompha, na u ne u ke ke ua ikutloa u susumelletseha kapa u tlameha ho ba sireletsa? Bibele e re: “Botumo [bo botle] bo fetisa maruo a maholo.” (Liproverbia 22:1) Ketsahalong e ’ngoe, Molimo ea Matla ’Ohle o ile a re ho Faro oa Egepeta ea ikhantšang: “Ke u tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka uena, le hore lebitso la ka le tume lefatšeng lohle.” (Exoda 9:16) Kahoo, Molimo o thabela lebitso la hae le letle le botumo ba hae bo botle ’me oa li chesehela. Le rōna ka ho tšoanang re ka thahasella ho sireletsa lebitso la rōna le letle le botumo ba rōna bo botle empa eseng hobane re susumetsoa ke boikhantšo le boikhohomoso.—Liproverbia 16:18.
Tlhompho ea hlokahala kamanong leha e le efe e molemo. Re ba le mathata bophelong le litšebelisanong tsa khoebo ha re sa tšepe bao re sebetsanang le bona. Ka ho tšoanang, mosebetsi oa kopanelo o ka ’na oa soahlamana haeba e mong oa basebetsi a etsa ntho e senyang botumo bo botle ba basebetsi-’moho le eena. E le hore ho finyelloe lipakane leha e le life, ho tlameha ho bolokoe botumo bo botle. Lena ke le leng la mabaka ao ka ’ona balebeli ka phuthehong ea Bokreste ba tlamehang “ho ba le bopaki bo botle” bo tsoang ho ba ka ntle. (1 Timothea 3:7) Takatso ea ea bona ea ho ba le lebitso le letle ha e susumetsoe ke ho ikakasa, empa e susumetsoa ke tlhokahalo ea ho emela Molimo ka tsela e hlomphehang le e nang le seriti. Etsoe, mosebeletsi ea se nang bopaki bo botle bo tsoang ho ba ka ntle o ne a ka tšeptjoa joang?
Ho thoe’ng ka ho ikhantša ka lintho tsa botho tse finyeletsoeng? Ka mohlala, nahana ka thabo eo batsoali ba ka ’nang ba e-ba le eona ha ngoana oa bona a sebetsa hantle sekolong. Katleho e joalo ke mohloli oa khotsofalo e loketseng. Ha a ngolla Bakreste-’moho le eena Thesalonika, Pauluse o ile a senola hore le eena o ne a thabela lintho tse finyelletsoeng: “Re tlamehile ho leboha Molimo ka mehla bakeng sa lōna, barab’abo rōna, joalokaha ho loketse, hobane tumelo ea lōna e hōla ka ho fetisisa ’me lerato la e mong le e mong le la lōna kaofela lea eketseha e mong ho e mong. Ka lebaka leo rōna ka borōna re motlotlo ka lōna har’a liphutheho tsa Molimo ka lebaka la mamello ea lōna le tumelo ea lōna mahlorisong ’ohle a lōna le matšoenyeho ao le a mameletseng.” (2 Bathesalonika 1:3, 4) E, ka tlhaho tšekamelo ke ho thabela katleho e finyeletsoeng ke bao re ba ratang. Kahoo, ke’ng se khethollang boikhantšo bo loketseng ho bo fosahetseng?
Ha ho phoso ha re batla ho ba le botumo bo botle le ho atleha, le ha re thabela katleho e joalo. Leha ho le joalo, ho iphahamisa, ho ikakasa le ho ithorisa kapa ho e lebisa ho ba bang ke sona seo Molimo a se nyatsang. Ka sebele e ne e tla ba ho utloisang bohloko haeba leha e le mang a ne a ka qala ho “hohomoha” ke boikakaso kapa a qala ho ‘inahana boeena haholo ho feta kamoo ho hlokahalang kateng.’ Bakreste ha ba na sebaka sa ho ikhantša kapa ho ithorisa ka motho leha e le mang kapa ntho leha e le efe haese ka Jehova Molimo le ka seo a ba etselitseng sona. (1 Bakorinthe 4:6, 7; Baroma 12:3) Moprofeta Jeremia o re fa molao-motheo o motle hore re o latele: “Empa ea ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke ’na Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatšeng.”—Jeremia 9:24.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Pope Innocent X,” ka Don Diego Rodríguez de Silva Velázquez
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Scala/Art Resource, NY