Lefatše le Ntse le Pulufala
KA 1513, mohahlauli oa Lesepanishe Juan Ponce de León o ile a sesisetsa mathōkong a lebōpo le sa tsejoeng, Amerika Leboea. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore kaha sebaka seo a ileng a se fumana se ne se koahetsoe ke lipalesa, o ile a se reha Florida, e bolelang “E Lipalesa” ka Sepanishe. Ho bile bonolo ho fumana lebitso. Empa ho finyella morero oa leeto la hae—e leng ho fumana seliba sa metsi a nang le matla a ho nchafatsa ba hōlileng—ho ile ha ipaka ho ke ke ha etsahala. Ka mor’a ho haola le naha eo likhoeli-khoeli, mohahlauli eo o ile a emisa ho batla seliba seo sa tšōmong sa bocha ’me a sesisa ho ea pele.
Le hoja kajeno ho ntse ho le thata ho fumana liliba tsa bocha joaloka mehleng ea Ponce de León, ho bonahala batho ba sibolotse hoo mongoli Betty Friedan a ho bitsitseng “seliba sa botsofali.” O buile joalo ka lebaka la keketseho e sekhahla ea batho ba hōlileng lefatšeng ka bophara. Kahoo, hona joale batho ba bangata ba fihlela lilemo tsa botsofali e leng ho fetolang ponahalo ea baahi ba lefatše. Ha e le hantle, lefatše le ntse le pulufala.
“E ’Ngoe ea Lintho Tseo Batho ba Atlehileng ka ho Fetisisa ho Tsona”
Lipalo-palo tsa baahi lia e hlalosa. Qalong ea lekholo lena la lilemo, esita le linaheng tse ruileng haholo, batho ba ne ba lebeletsoe ho phela lilemo tse ka tlaase ho tse 50. Kajeno li nyolohetse ka holimo ho tse 75. Ka ho tšoanang, linaheng tse hōlang moruong joaloka Chaena, Honduras, Indonesia le Vietnam, batho ba lebeletsoe ho phela lilemo tse ling tse 25 ho feta tseo ba neng ba li lebeletsoe lilemong tse mashome a mane tse fetileng. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, batho ba milione lefatšeng ka bophara ba qeta lilemo tse 60. Ho makatsang ke hore hona joale hase bacha ba bōpang karolo e hōlang ka potlako ea baahi ba lefatše empa ke ‘mekaubere,’ batho ba lilemo li 80 le ho feta.
Setsebi sa lipalo-palo tsa baahi Eileen Crimmins, makasineng ea Science o re: “Ho lelefatsoa ha nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela, e ’nile ea e-ba e ’ngoe ea lintho tseo batho ba atlehileng ka ho fetisisa ho tsona.” Machaba a Kopaneng a lumellana le seo, ’me e le ho lebisa tlhokomelo ho finyelleng seo, a ile a khetha selemo sa 1999 e le Selemo sa Machaba sa Batho ba Hōlileng.—Bona lebokose le leqepheng la 3.
Ho Hlokahala Kutloisiso e Fetohileng
Leha ho le joalo, katleho ena hase feela ho fetola nako eo motho a lebeletsoeng ho e phela. E boetse e akarelletsa le ho fetola kutloisiso eo motho a nang le eona ka botsofali. Ke ’nete hore khopolo ea ho tsofala e ntse e tšoenya batho ba bangata, esita le ho ba tšosa, kaha hangata botsofali bo tsamaisana le ho fokola ha ’mele le ho lahleheloa ke kelello. Leha ho le joalo, bafuputsi ba fuputsang botsofali ba hatisa hore ho tsofala le ho kula ke lintho tse peli tse fapaneng. Batho ba tsofala ka litsela tse fapa-fapaneng. Bafuputsi ba bolela hore ho na le phapang pakeng tsa botsofali ba lilemo le botsofali ba ’mele. (Bona lebokose le reng “Botsofali ke Eng?”) Ka mantsoe a mang, botsofali ha bo bolele hakaalo ho theohela lebitleng.
Ha e le hantle, u ka nka mehato e itseng ho ntlafatsa bophelo ba hao. Ke ’nete hore mehato ena ha e na ho u busetsa bocheng, empa e ka ’na ea u nolofalletsa ho lula u phela hantle botsofaling ba hao. Sehlooho se latelang se tla tšohla e meng ea mehato ena. Le haeba hona joale botsofali u e-s’o bo nkele hloohong hakaalo, u ka ’na ua thabela ho bala ka bona, hobane haufinyane u tla ameha ka bona.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 3]
SELEMO SA MACHABA SA BATHO BA HŌLILENG
Mongoli-Kakaretso oa Machaba a Kopaneng Kofi Annan ha a ne a khakola Selemo sa Machaba sa Batho ba Hōlileng haufinyane o ile a re: “Kaha ke qetile lilemo tse 60 ka bonna . . . , hona joale ke balelloa har’a lipalo-palo tseo ke li boletseng pejana.” Ba bangata ba boemong bo tšoanang le ba Monghali Annan. Bafuputsi ba bolela hore ha lekholo lena la lilemo le qala, motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bahlano o tla be a le lilemo li 60 kapa ho feta linaheng tse ngata. Ba bang ba bona ba tla be ba hloka ho hlokomeloa, empa kaofela ha bona ba tla be ba hloka litsela tseo ka tsona ba ka lulang ba lokolohile, ba e-na le seriti le matla a ho sebetsa. E le ho thusa baetsi ba melao-motheo ho khahlametsa liphephetso tsena tse hlahisoang ke ‘phetoho ena e khōlō lipalo-palong tsa baahi’ le ho utloisisa hamolemo “bohlokoa ba batho ba hōlileng sechabeng,” ka 1992 Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa khetha 1999 e le Selemo sa Machaba sa Batho ba Hōlileng. Sehlooho sa selemo sena se khethehileng se re, “Ho Sechaba sa Batho ba Lilemo Tsohle.”
[Setšoantšo]
Kofi Annan
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
UN photo
UN/DPI photo by Milton Grant
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
BOTSOFALI KE ENG?
Mofuputsi e mong o re: “Libonela-hōle tsa baeloji li batla li bonela leroothong ha ho tluoa tabeng ea botsofali.” E mong o re: “Ha ho motho ea bo utloisisang ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, bo-rasaense ba fuputsang botsofali ba lekile ho bo hlalosa. Ka mantsoe a bonolo, ba bolela hore botsofali ke tatellano ea nako eo motho a e phetseng. Empa botsofali hase feela ho feta ha lilemo. Ka tloaelo motho ha a ke a bue ka ngoana ea tsofalang hobane botsofali bo fana ka maikutlo a ho felloa ke matla. Botsofali ke phello e bohloko e bang teng ho motho ha lilemo li ntse li feta. Batho ba bang ba bonahala ba le banyenyane ho feta lilemo tseo ba li phetseng. Ka mohlala, sena se bontšoa ke ha motho a bolelloa hore ha a “shebahale a tšoanela lilemo tsa hae.” E le ho khetholla botsofali ba lilemo ho botsofali ba ’mele, bafuputsi ba atisa ho hlalosa botsofali ba ’mele (botsofali bo tsamaisanang le liphetoho tsa ’mele tse sa rateheng) e le boqheku.
Moprofesa oa thuto ea liphoofolo Steven N. Austad o hlalosa boqheku e le “ho felloa ke matla ka ho tsoelang pele hoo e ka bang karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele ha nako e ntse e feta.” ’Me Dr. Richard L. Sprott, oa Mokhatlo oa Sechaba Tabeng ea ho Tsofala, o bolela hore botsofali “ke ho felloa ke matla butle-butle ha likarolo tsa tsamaiso ea rōna tse re lumellang ho arabela ka ho loketseng maemong a hatellang.” Leha ho le joalo, litsebi tse ngata li lumela hore ho fumana tlhaloso e hlakileng ka botsofali e sa ntse e le phephetso. Setsebi sa baeloji sa limolek’hule Dr. John Medina o hlalosa lebaka: “Ho tloha hloohong ho ea tsoa monoaneng, ho tloha ka liprotheine ho ea tsoa ka DNA, ho tloha tsoalong ho isa lefung, ho etsahala lintho tse ngata haholo tse tsofatsang lisele tsa motho tse libilione tse 60.” Ha ho makatse ha bafuputsi ba bangata ba etsa qeto ea hore botsofali ke “qaka e rarahaneng ka ho fetisisa ho tsohle tsa baeloji”!