Pono ea Bibele
Bonngoe ba Bolumeli Lenyalong—Lebaka Leo bo Leng Bohlokoa ka Lona
LELAPA le lutse ’moho lijong tsa mantsiboea. Ha ntate a ntse a rapela, ’mè le eena o ntse a rapela molimo e mong ka pelong. Lelapeng le leng teng mosali o rapella kerekeng, empa monna oa hae eena o ea synagogeng. Ho na le malapa a mang ao ho ’ona motsoali e mong a rutang bana ka Santa Claus, ha e mong eena a ba bolella ka Hanukkah.
Ho latela liphuputso tse sa tsoa etsoa, maemo a joalo a ea a ntse a tloaeleha kaha batho ba ntseng ba eketseha ba nyalana le ba seng bolumeling le bona. Phuputso e ’ngoe e bontša hore United States, Mak’hatholike a etsang karolo ea 21 lekholong a nyalana le ba seng tumelong le ’ona; Mamomone a etsa karolo ea 30 lekholong; Mamosleme a etsa karolo ea 40 lekholong; ’me Bajuda ba etsa karolo e ka holimo ho 50 lekholong. Ha ho talingoa lilemo tse makholo tsa lehloeo la bolumeli, ba bang ba nka hore ho nyalana ha batho ba malumeli a sa tšoaneng ke tlhōlo ea ho se mamelle malumeli a mang. Mongoli oa koranta e ’ngoe o ile a ngola: “Manyalo a batho ba nang le limelo leha e le life tse sa tšoaneng a lokela ho tumisoa.” Na ee ke pono ea Bibele?
Re lokela ho hlokomela hore Bibele ha e tšehetse khethollano ea merabe kapa ea litso. Lentsoe la Molimo le khothalletsa ho se khethollane ka merabe. Moapostola Petrose o ile a bua ka ho hlaka ka taba ena: “Kannete-nete ke lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) Ka nako e tšoanang, Bibele e ruta hore barapeli ba ’nete ba Jehova ba lokela ho nyala “feela Moreneng.” (1 Bakorinthe 7:39) Hobane’ng?
Morero oa Lenyalo
Molimo o ne a rerile hore lenyalo e be tlamahano e khethehileng. (Genese 2:24) Ha a ne a theha tokisetso ea lenyalo, Molimo o ne a hopotse ho fetang feela ho ba le botsoalle. Ha Jehova a ne a fa banyalani ba pele mosebetsi oa ho ba le bana le oa ho hlokomela lehae la bona la lefatše, o ile a bontša hore ba ne ba lokela ho sebelisana haufi-ufi ho phetha thato ea hae. (Genese 1:28) Ka ho sebelisana ’moho ho sebeletseng Molimo ka tsela eo, monna le mosali ba ne ba tla thabela, eseng feela ho ba le botsoalle, empa ba ne ba tla thabela ho ba le kamano e haufi-ufi le e tšoarellang.—Bapisa le Malakia 2:14.
Jesu o ile a bua ka kamano ena ka tsela e sa tobang ha a ne a re mantsoeng a hae a tsebahalang haholo: “Ha ba sa le babeli, empa e se e le nama e le ’ngoe. Ka hona, seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong a ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Matheu 19:6) Jesu o ile a sebelisa puo ea tšoantšetso ho bapisa kopano ea lenyalo le joko e panang liphoofolo tse peli ’moho hore li hule kapa li nke moroalo. Nahana hore na liphoofolo tseo tse peli tse kentsoeng jokong li ne li tla hula haboima hakaakang haeba e ’ngoe le e ’ngoe e hulela moo e batlang! Ka ho tšoanang, ba nyalanang le ba seng tumelong ea ’nete ba ka ’na ba iphumana ba hula haboima ha ba leka ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele eo molekane e mong a e hanyetsang. Ka ho loketseng, Bibele e re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.”—2 Bakorinthe 6:14.
Lenyalo le Molemonyana
Bonngoe borapeling ba ’nete bo ka matlafatsa lenyalo haholo. Mongoli e mong o hlalositse: “Ho rapela ’moho ke tšobotsi e ’ngoe e khōlō e khethollang malapa a atlehang, a thabileng.” Moeklesia 4:9, 10 e re: “Ba babeli ba feta a le mong, hobane moputso o motle o teng oa mosebetsi oa bona: leha ba e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae.”
Ha ba etsa hore bophelo ba bona bo likolohe borapeling ba bona, banyalani ba Bakreste ba ba bonngoeng eseng feela nameng empa le moeeng. Ka ho rapela ’moho, ho ithuta Lentsoe la Molimo ’moho, ho bokana le Bakreste-’moho le bona le ho abela ba bang tumelo ea bona, ba bōpa tlamahano ea moea e matlafatsang bonngoe ba bona lenyalong. Mosali e mong oa Mokreste o ile a re: “Borapeli ba ’nete ke tsela ea bophelo. Ha ke bone kamoo nka khethang ho nyalana le motho ea se nang motheo o tšoanang le oo ke nang le oona.”—Bapisa le Mareka 3:35.
Ba nyalang “Moreneng” ba ka lebella balekane ba bona hore ba etsise mohlala oa Jesu oa boitšoaro. Banna ba Bakreste ba lokela ho rata basali ba bona joalokaha Jesu a ratile phutheho. Basali ba Bakreste ba lokela ho hlompha banna ba bona. (1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:25, 29, 33) Bakreste ba etsa sena eseng ka lebaka la takatso ea ho khahlisa balekane ba bona feela empa e le hore ba khahlise Molimo, ea nkang banyalani ba ikarabella bakeng sa tsela eo ba tšoaranang ka eona.—Malakia 2:13, 14; 1 Petrose 3:1-7.
Ho ba tumelong e le ’ngoe ho boetse ho thusa banyalani ba Bakreste ho rarolla mathata ka khotso. Bibele e eletsa Bakreste hore ba behe leihlo, “eseng thahasellong ea botho litabeng tsa [bona] feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.” (Bafilippi 2:4) Ho sa tsotellehe khetho ea bona ea botho, balekane ba tumelong e le ’ngoe ba talima Lentsoe la Molimo e le mohloli oa matla bakeng sa ho rarolla ho se lumellane leha e le hofe. (2 Timothea 3:16, 17) Ka tsela ena ba latela keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba lokela ho ba “kelellong e tšoanang.”—1 Bakorinthe 1:10; 2 Bakorinthe 13:11; Bafilippi 4:2.
Khoheli le Litekanyetso Tse Tšoanang
Ke ’nete hore lenyalong ho ameha ho hongata ho feta ho ba tumelong e le ’ngoe feela. Khoheli pakeng tsa batho ba babeli le eona ea ameha. (Sefela sa Lifela 3:5; 4:7, 9; 5:10) Empa e le hore lenyalo le tšoarelle, ke habohlokoa ho ba le litekanyetso tse tšoanang. Ho ea ka buka e reng Are You the One for Me? “banyalani ba nang le litekanyetso tse tšoanang ba monyetleng o molemonyana oa hore ba be le lenyalo le thabileng, le momahaneng le le tšoarellang.”
Ka bomalimabe, batho ba khahlaneng ba ka ’na ba se ke ba buisana ka lintho tse tebileng tseo ba sa lumellaneng ka tsona ho fihlela ka mor’a lenyalo. Ha re bapisa, ak’u nahane u reka ntlo hobane feela u rata tsela eo e shebahalang ka eona. Leha ho le joalo, ka mor’a ho fallela ho eona, u fumana hore motheo oa eona ha oa tiea. Ha motheo o sa tiea joalo, litšobotsi tsohle tse khahlang tsa ntlo eo li fetoha tse se nang thuso. Ka ho tšoanang, motho a ka ’na a khahloa ke motho oa bolumeli bo bong ea ka ’nang a bonahala a mo tšoanela—empa ka mor’a hore ba nyalane ebe ho hlahella hore ho na le phoso e tebileng lenyalong leo.
Nahana ka mathata a mang a ka ’nang a hlahella hamorao lenyalong la malumeli a sa tšoaneng: Lelapa le tla rapela hokae? Bana ba tla rutoa bolumeling bofe? Lelapa le tla tšehetsa tumelo efe ka lichelete? Na molekane e mong o tla tsitlallela ho kopanela lineanong tsa bolumeli bo itseng le matsatsing a itseng a phomolo ao e mong a nkang hore ke a bohetene? (Esaia 52:11) Le hoja lenyalong le leng le le leng ho hlokahala hore balekane ka bobeli ba etse liphetoho tse bontšang kahlolo e molemo; ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele—esita le bakeng sa ho sireletsa lenyalo—Molimo ha a ho amohele.—Bapisa le Deuteronoma 7:3, 4; Nehemia 13:26, 27.
E le hore ho be le khotso lenyalong, banyalani ba bang ba malumeling a arohaneng ba latela litumelo tsa bona ka bomong. Leha ho le joalo, ka bomalimabe ho ithapella ka bomong ho baka lekhalo la moea lenyalong. Mosali e mong oa Mokreste ea nyetsoeng ke monna ea seng tumelong le eena o re: “Le hoja re nyalane ka lilemo tse 40, monna oa ka o ne a hlile a sa ntsebe.” Ka lehlakoreng le leng, lenyalo leo ho lona balekane ka bobeli ba rapelang “ka moea le ’nete” ba fumana tšehetso ea Molimo. Ho joalokaha Bibele e thothokisa ka hore “leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.”—Johanne 4:23, 24; Moeklesia 4:12.
Ho Thoe’ng ka Bana?
Ba bang ba nahanang ka ho nyalana le ba seng tumelong e le ’ngoe le bona ba ka ’na ba nahana hore seo se tla fa bana ba bona monyetla oa ho tseba malumeli a mabeli le ho ikhethela. Ke ’nete hore batsoali ka bobeli ba na le tokelo ea molao le ea boitšoaro ea hore ba fane ka koetliso ea bolumeli, ’me qetellong, bana ke bona ba iketsetsang qeto.a
Bibele e laela bana hore ba mamele batsoali ka bobeli “kopanong le Morena.” (Baefese 6:1) Liproverbia 6:20 e beha sena ka tsela ena: “Mor’a ka, boloka litaelo tsa ntat’ao, u se ke ua furalla thuto ea ’m’ao.” Ho e-na le hore ba rutoe lithuto tsa malumeli a sa tšoaneng, bana ba hōlisoang ke batsoali ba babeli ba tumelong e le ’ngoe ba kopana ho seo Bibele e reng ka sona “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.”—Baefese 4:5; Deuteronoma 11:19.
“Moreneng” ka Sebele
Haeba ho nyalana le motho eo le nang le litekanyetso tse tšoanang ke senotlolo sa lenyalo le atlehileng, na e ne e tla ba bohlale ho nyalana le mang le mang ea ipitsang Mokreste? Bibele ea araba: “Ea reng o lula kopanong le [Jesu] o tlas’a tlamo le eena ka boeena ea hore a tsoele pele ho tsamaea feela joalokaha eo a ile a tsamaea.” (1 Johanne 2:6) Kahoo, Mokreste ea rerang ho kena lenyalong o tla batla Mokreste-’moho le eena ea hlileng a loanelang ho etsisa Jesu. Eo e tla ba molekane oa nakong e tlang e lokela e be ea inehetseng ho Molimo le ea kolobelitsoeng. O lokela ho etsisa botho bo lerato ba Jesu le cheseho ha a bolela ka ’Muso oa Molimo. Joalokaha e ne e le ’nete ka Jesu, bophelo ba hae bo lokela ho likoloha ho etseng thato ea Molimo.—Matheu 6:33; 16:24; Luka 8:1; Johanne 18:37.
Ha ka mamello ba ntse ba letetse ho fumana balekane ba tšoanelehang ka lelapeng la barapeli ba Molimo, ba rerang ho kena lenyalong ba itloaetsa ho etelletsa pele thato ea Molimo bophelong ba bona. Qetellong tloaelo e joalo e tla tlatsetsa lenyalong le thabileng, le khotsofatsang haholoanyane.—Moeklesia 7:8; Esaia 48:17, 18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Na Bana ba Lokela ho Ikhethela Bolumeli?” ho Tsoha! ea March 8, 1997, leqepheng la 20-1. Hape, bona leqephe la 24-5 bukaneng ea Lipaki tsa Jehova le Thuto, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1995.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Thuso Bakeng sa ba Malapeng a Arohaneng Bolumeling
Ka mabaka a fapa-fapaneng banyalani ba bangata kajeno ba arohane bolumeling. Ba bang ba khethile molekane ea bolumeling bo fapaneng. Empa banyalani ba bangata ba qalile ba le bolumeling bo le bong ’me hamorao ba arohana ka malumeli ha molekane e mong a amohela borapeli ba mofuta o mong. Ho ka ’na ha e-ba le maemo a mang a etsang hore lelapa le be le malumeli a arohaneng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mabaka a seo, likano tsa lenyalo ha lia lokela ho rojoa kapa ho nyenyefatsoa hobane feela balekane ba sa lumellane ka taba ea khetho ea bolumeli. Bibele e hlompha khalalelo le ho tšoarella ha lenyalo, esita leha banyalani ba arohane borapeling. (1 Petrose 3:1, 2) Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a e-na le mosali ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo mosali eo a lumela ho lula le eena, a a se ke a mo tlohela.” (1 Bakorinthe 7:12) Haeba melao-motheo e fumanoang ka Bibeleng e ka ea sebelisoa, e ka thusa banyalani leha e le bafe ho thabela khotso lenyalong le nang le lerato le tlhomphano.—Baefese 5:28-33; Bakolose 3:12-14; Tite 2:4, 5; 1 Petrose 3:7-9.