Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 maq. 24-27
  • “Morali oa Hao o na le Lefu la Tsoekere!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Morali oa Hao o na le Lefu la Tsoekere!”
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phihlelo e Bohloko ea Sepetlele
  • Nako ea ho Fetoha
  • Ho Ntse ho E-ea Joang Hona Joale?
  • Phephetso ea ho Phekoloa
    Tsoha!—2003
  • Lefu la Tsoekere​—⁠Na U ka Khona ho Itšireletsa?
    Tsoha!—2014
  • Lefu la Tsoekere—“’Molai ea sa Hlokomeleheng”
    Tsoha!—2003
  • Kamoo Bibele e ka Thusang Batho ba Tšoeroeng ke Lefu la Tsoekere
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 10/8 maq. 24-27

“Morali oa Hao o na le Lefu la Tsoekere!”

MANTSOE ao a ileng a buuoa ke ngaka ha a na ho lebaleha habonolo. Morali oa ka, Sonya, o ne a le lilemo li leshome ka nako eo. O ne a bonahala a phetse hantle, a le mahlahahlaha—ka linako tse ling ebile e le a feteletseng. Lekhetlo la ho qetela ha a ne a phekoloa lefu le itseng e ne e le ha a le lilemo li hlano.

Leha ho le joalo, matsatsinyana pele a e-ea ngakeng ena ho ne ho le boima. Sonya o ne a bonahala a sa phele hantle. O ne a batla ho noa metsi a mangata, ’me ha a a noele, o ne a tlameha ho ea ntloaneng—ka linako tse ling a e-ea ka mor’a metsotso e meng le e meng e 15. Bosiu o ne a tsoha bonyane ka makhetlo a mararo. Qalong ke ile ka leka ho fumanela matšoao ana a hae phephi—ka hore e mpa e le tšoaetso ea senya feela le hore o tla hlaphoheloa. Empa ka mor’a matsatsinyana, ke ile ka etsa qeto ea hore mohlomong o hloka moriana o loantšang likokoana-hloko ho ntša tšoaetso eo ’meleng oa hae.

Ke ha ke tla mo isa ngakeng. Ke ile ka hlalosa hore na ke nahana hore o tšoeroe ke eng. E ile ea kōpa hore a fane ka mosese bakeng sa tlhahlobo, ’me ke ile ka hlokomela hore mosese oo o ka har’a botlolo o ne o tletse makhekhebu, ao e batlang eka ke liphatsa tse nyenyane tsa lehloa. Mooki le eena o ile a a hlokomela. Pelaelo ea bona e ile ea tiisoa ke teko e bonolo ea mali. O ne a e-na le lefu la tsoekere la Mofuta 1.

Sonya o ne a utloisisa se boleloang ke seo. Le hoja a ne a le lilemo li leshome feela, o ne a ithutile ka lefu la tsoekere sekolong. Tšabo le ho sithabela ho neng ho bonahala sefahlehong sa hae li ne li tšoana le tse neng li nkaparetse. Ngaka e ile ea bolela hore e le ho qoba mathata a eketsehileng, o lokela ho potlakisetsoa sepetlele. E ile ea etsa litokisetso tsa hore a amoheloe lefapheng la tlhokomelo ea bakuli ba kulang haholo sepetleleng sa Portland, Oregon, U.S.A. Sonya o ne a halefile haholo hore ebe sena sea mo etsahalla. O ne a sa batle ho phela ka liente. O ne a lla ’me a lula a botsa hore na hobane’ng. ’Na ka bonna ke ne ke thatafalloa ke ho kokobetsa ho sareloa ha ka. ’Me ke ne ke se ke sitoa ho ithiba. Joale re ne re le moo, re lutse ka phaposing ea ho leta, re tšehetsane, re lla ’me re kōpa Jehova ka tieo hore a re thuse bothateng bona.

Phihlelo e Bohloko ea Sepetlele

Ngaka e ile ea ntumella hore ke ee hae le Sonya ka koloi ho ea lata lintho tse seng kae, ho bitsa monna oa ka, Phil, le ho lokisetsa hore motho e mong a late mora oa rōna, Austin, sekolong. Ka mor’a hora ’na le monna oa ka re ne re se re ntse re thusa Sonya ho kena sepetlele. Kapele-pele ba ile ba qala ho mo kenya metsi ka methapo e le ho fokotsa tsoekere le li-ketone tse ngata maling a hae.a Sena e ile ea e-ba phihlelo e bohloko. Sonya o ne a theohile ’meleng ka lik’hilograma tse tharo ka lebaka la ho lahleheloa ke metsi ’meleng. Ho ne ho le thata ho fumana methapo ea hae e patehileng. Qetellong mooki o ile a khona ho e fumana, ’me boemo ba kokobela—ka nakoana. Re ile ra fuoa buka e khōlō le lipampiri tse ling tse ngata tseo re neng re lebeletsoe ho li bala le ho li utloisisa pele re ka lumelloa ho ea le Sonya hae.

Lingaka, baoki le litsebi tsa phepo e nepahetseng ba ne ba kena lenyelenyele. Re ile ra bontšoa hore na re ka sebelisa ente joang e le hore re ka enta Sonya liente tse peli tsa insulin tseo a neng a se a tla li hloka letsatsi le letsatsi ho tloha nakong eo. Re ile ra rutoa kamoo re ka hlahlobang mali a Sonya kateng e leng se neng se tla lokela ho etsoa hane ka letsatsi bakeng sa ho hlahloba boemo ba tsoekere maling a hae. E ne e le boitsebiso bo bongata hakaakang boo re neng re lokela ho bo tseba! Re ne re boetse re lokela ho rutoa tsela ea ho mo fepa. O ne a lokela ho qoba lijo tse tsoekere haholo, ’me ho phaella ho tse loketseng khōlo ea hae ea ’mele, lijo tse ling le tse ling li ne li lokela ho ba le tekanyo e nepahetseng hantle ea lik’habohaedreite.

Ka mor’a matsatsi a mararo o ile a lokolloa sepetlele. O ile a lumela hore ke mo ente, empa o ne a batla ho itlhahlobela mali ka boeena. Ka mor’a khoeli o ne a batla ho ikenta ka insulin, ’me o ’nile a etsa seo ho tloha nakong eo. E bile ho hlollang ho bona a amohela boloetse bona ’me a ithuta ho phela le bona. O ile a tloha boemong ba ho batla ho shoa le ho ipona a tsohela Paradeiseng ho ea boemong ba ho hlokomela matšoao a ’meleng oa hae le maikutlo a hae le mefokolo ea hae le ho khona ho itlhalosa ha a hloka thuso.

Nako ea ho Fetoha

Likhoeli tse seng kae tse qalang li ne li le thata haholo. Setho se seng le se seng sa lelapa se ile sa tlameha ho sebetsana le maikutlo a mangata a fapa-fapaneng. Ke ne ke leka ho etsa lintho tse ngata haholo ho isa bohōleng boo ke neng ke ikutloa eka nka ineha naha. Ho bile thata haholo ho boloka kemiso e sa tenyetseheng, haholo-holo ha e hohlana le liboka tsa Bokreste le mosebetsi oa rōna oa boboleli—re se re sa re letho ka kemiso ea kamehla ea sekolo le nako ea phomolo. Empa ka mor’a lithapelo tse ngata, ’na le monna oa ka re ile ra ithuta ho tobana le letsatsi le le leng ka nako ’me ra qala ho amohela boikarabelo ba rōna bo bocha.

Re fumane ngaka e ntle e sebetsanang ka ho khetheha le tlhahiso ea maro ’meleng ebile e lula e fumaneha bakeng sa ho re thusa ka lintho tse re tšoenyang, esita le ho buisana le rōna ka E-mail. Re entse hore ho e etela moo e sebeletsang teng e be karolo ea kemiso ea rōna. Ho e bona bakeng sa tlhahlobo ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo ha ho re thuse feela ho hlahloba tsoelo-pele ea boemo ba Sonya empa hape ho re tiisetsa hore re etsa sohle seo re se khonang molemong oa hae.

Joalokaha ho ka lebelloa, mora oa rōna o ile a thatafalloa ho utloisisa taba ea hore tlhokomelo eohle e lebisoe ho khaitseli ea hae. Ba bang ka phuthehong hammoho le tichere ea hae sekolong ba ile ba hlokomela sena ’me ba mo thusa hore a lule a tšoarehile le hore a hlokomele hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho. Hona joale ke thuso e khōlō bakeng sa ho beha Sonya leihlo. Joaloka batsoali ba hae, ka linako tse ling re ne re e-ba le tšekamelo ea ho mo sireletsa ka ho feteletseng le ea ho ba le tšabo e feteletseng ka boiketlo ba hae. Re fumane hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho laola tšabo ena ke ho batlisisa ka boloetse bona le ho ithuta seo bo hlileng bo ka se etsang ’meleng.

Ho Ntse ho E-ea Joang Hona Joale?

Re atisa ho bua ka litšepiso tsa Jehova le ka nako e seng e atametse ea ha ho kula e tla ba mohopolo feela oa nakong e fetileng. (Esaia 33:24) Ho fihlela nakong eo, ke pakane ea rōna re le lelapa hore re tsoele pele re le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova, re nkile karolo ka ho feletseng ka hohle kamoo ho ka khonehang ho buisaneng le ba bang ka litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo. Re boetse re leka ho etsa sohle se matleng a rōna ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla.

Lilemong tse seng kae tse fetileng, monna oa ka o ile a fuoa kabelo ea mosebetsi oa boipheliso, oa nakoana, Iseraele. Ka lebaka la boemo ba bophelo ba Sonya, re ile ra nahanisisa ka ho falla hoo ka hloko le ka thapelo. Re ile ra etsa qeto ea hore ka ho lokisetsa hantle, ho akarelletsa le ho fumanela Sonya lijo tse nepahetseng, ho falla ho joalo ho ne ho ka ’na ha re nolofalletsa ho fumana litlhohonolofatso tsa moea. Ka selemo le halofo, re ile ra ba le tokelo ea ho ba karolo ea Phutheho ea Senyesemane ea Tel Aviv. Re ile ra thabela boboleli bo fapaneng ka ho feletseng, ’me e bile phihlelo e babatsehang ea ho ithuta bakeng sa lelapa la rōna.

Mantsoe a seng makae a bonolo a reng, “Morali oa hao o na le lefu la tsoekere!” a ile a fetola bophelo ba rōna. Empa ho e-na le hore re felloe ke tšepo, re ile ra kopanya matsoho re le lelapa ho etsa hore morali oa rōna a be le bophelo bo botle ’meleng, ’me sena se ile sa re momahanya haholoanyane. Jehova, “Molimo oa matšeliso ’ohle,” o re thusitse ho sebetsana le boemo bona ka katleho. (2 Bakorinthe 1:3)—Joalokaha ho boletse Cindy Herd.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Ha lefu la tsoekere le sa phekoloe le lebisa boemong ba ketosis, e leng ho phaellana ha li-ketone tse hlahisoang ke maqhetsoana a mafura maling; hona ho lateloa ke acidosis (ho phaellana ha asiti maling) le ho nyekoa ke pelo le ho hlatsa. Ha metsoako e chefo e hlahisoang ke ho se sebetse hantle ha tsamaiso ea lik’habohaedreite le mafura ’meleng e ntse e phaellana, mokuli o akheha ka nako e telele ka lebaka la boemo ba tsoekere.”—Encyclopædia Britannica.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Lefu la Tsoekere ke Eng?

’Mele ea rōna e fetola lijo tseo re li jang hore e be matla ao re ka a sebelisang. Tšebetso ena ke ea bohlokoa joaloka ea ho hema. Ka qating le ka maleng, lijo li siloa hore e be likaroloana tse nyenyane tsa motheo, tse akarelletsang mofuta o itseng oa tsoekere, e leng glucose. Manyeme a sebetsana le tsoekere ka ho hlahisa insulin, e thusang ho fetisetsa tsoekere liseleng tsa ’mele. Joale tsoekere e ka chesoa ho fana ka matla.

Ha motho a e-na le lefu la tsoekere, hoo ho bolela hore manyeme a hae ha a hlahise insulin e lekaneng kapa ’mele oa hae ha o e sebelise hantle. Ka lebaka leo, tsoekere e phallang maling e sitoa ho fetela liseleng tsa ’mele hore e sebelisoe. Buka e reng Understanding Insulin Dependent Diabetes ea hlalosa: “Joale tsoekere e maling e phahamela boemong bo holimo ’me e feta phiong ebe e kena moseseng.” Batho ba lefu la tsoekere ba sa sebeliseng meriana ba ka ’na ba ntša metsi khafetsa ’me ba ba le matšoao a mang.

[Lebokose le leqepheng la 25]

Lefu la Tsoekere la Mofuta 1

Nakong e fetileng mofuta ona oa lefu la tsoekere o ne o tsejoa ka hore ke lefu la tsoekere le tšoarang bana, kaha ke mofuta o neng o atisa ho fumanoa ho bana le ho bacha. Empa o ka tšoara batho ba lilemo tsohle. Le hoja sesosa sa lefu la tsoekere se sa tsejoe, ho na le mabaka a fapa-fapaneng ao ba bang ba lumelang hore a amana le lefu la tsoekere la Mofuta 1:

1. Lefutso (liphatsa tsa lefutso)

2. Ho itoantša ha ’mele (’mele o hanana le sehlopha se seng sa lisele tsa oona kapa mefuta e itseng ea lisele—boemong bona, ke tsa manyeme)

3. Tikoloho (likokoana-hloko kapa lik’hemik’hale)

Ho ka etsahala hore tšoaetso ea likokoana-hloko le lisosa tse ling e felle ka ho senya lisele tsa lera la manyeme (sehlopha sa lisele tse ka har’a manyeme tse hlahisang insulin). Ha lisele tse ntseng li eketseha tsa lera la manyeme li ntse li senyeha, monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la tsoekere oa eketseha.

Batho ba nang le lefu la tsoekere ba bonahatsa matšoao a ’maloa:

1. Ho ntša metsi khafetsa

2. Ho nyoroa ka ho feteletseng

3. Ho lapa hangata; ’mele o lapela matla ao o sa a fumaneng

4. Ho theoha ’meleng. Ha ’mele o sa khone ho fetisetsa tsoekere liseleng tsa oona, o chesa mafura le liprotheine e le hore o fumane matla, e leng ho fellang ka ho theoha ’meleng

5. Ho halefa le feela. Haeba motho oa lefu la tsoekere a tsoha hangata bosiu ho ea ntša metsi, o sitoa ho robala hantle. Boitšoaro ba hae bo ka ’na ba fetoha

Ha motho a tšoeroe ke lefu la tsoekere la Mofuta 1, manyeme a hlahisa insulin e fokolang kapa ha a e hlahise ho hang. Boemong bo joalo, motho o tlameha ho sebelisa insulin letsatsi le letsatsi, hangata ka ente (insulin ea senyeha ka qating haeba e nooa).

[Lebokose le leqepheng la 25]

Lefu la Tsoekere la Mofuta 2

Ha lea lokela ho ferekanngoa le lefu la tsoekere la Mofuta 1, kaha ke boemo boo ho bona ’mele o sa hlahiseng insulin e lekaneng kapa o sa e sebeliseng ka tsela e loketseng. Ke mofuta o atileng haholo ho batho ba baholo ba ka holimo ho lilemo tse 40 ’me o atisa ho kekela butle-butle. Lefutso le phetha karolo e itseng boloetseng bona, ’me hangata bo mpefatsoa ke phepo e fosahetseng kapa monono. Hangata ho ka sebelisoa lipilisi, bonyane qalong, ho thusa manyeme ho hlahisa insulin e eketsehileng. Lipilisi tsena hase insulin.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Likotsi Tsa Lefu la Tsoekere

’Mele o hloka matla hore o sebetse hantle. Haeba o sa khone ho sebelisa tsoekere ea glucose, o sebelisa mafura le liprotheine tse ’meleng. Leha ho le joalo, ha ’mele o chesa mafura, ho hlaha metsoako e bitsoang li-ketone. Li-ketone li bokellana maling ’me li fetela moseseng. Kaha li-ketone tsena li batla li e-na le asiti ho feta lihlopha tsa lisele tse ling tsa ’mele tse phelang hantle, tekanyo e phahameng ea li-ketone maling e ka ’na ea lebisa boemong bo tebileng bo bitsoang ketoacidosis.

Ho boetse ho na le kotsi ha tsoekere e maling a motho oa lefu la tsoekere e theohela boemong bo ka tlaase ho bo tloaelehileng (hypoglycemia). Motho oa lefu la tsoekere o hlokomelisoa boemo bona ke matšoao a sa thabiseng. A ka ’na a thothomela, a fufuleloa, a khathala, a lapa, a teneha, kapa a ferekana kapa pelo ea hae ea otla ka potlako, a fifalloa ke pono, a tšoaroa ke hlooho, a ba shohlo, kapa a utloa ho le botsikinyane molomong. A ka ba a shoa sethoathoa kapa a akheha. Hangata ho ja lijo tse nepahetseng le ho lekanyetsa linako tsa ho ja ho ka thibela mathata a joalo.

Haeba matšoao a thathamisitsoeng ka holimo a bonahala, ho ja ntho e nang le tsoekere e itekanetseng, mohlomong ho noa juse ea litholoana kapa lipilisi tsa glucose, ho ka khutlisetsa tekanyo ea tsoekere e maling boemong bo batlang bo se kotsi hakaalo ho fihlela motho a ka ja lijo tse ling. Maemong a kotsi haholo, o tlameha ho entoa ka glucagon. Lena ke lero le thusang ho lokolla tsoekere e bolokiloeng sebeteng, e leng ho phahamisang tsoekere maling. Batsoali ba ngoana ea nang le lefu la tsoekere ba tla batla ho tsebisa batsamaisi ba sekolo seo ngoana eo a se kenang le mokhanni oa bese kapa mohlokomeli oa kereche ka boemo ba hae.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Mathata a Nako e Telele

Motho oa lefu la tsoekere a ka ’na a ba le mathata a nako e telele, a akarelletsang ho tsietsana ho bakoang ke lefu la pelo, ho otloa ke stroke, ho ba le mathata a mahlo, lefu la liphio, mathata a maoto le ho tšoaetsoa mafu khafetsa. Mathata ana a bakoa ke ho senyeha ha methapo ea mali, ho senyeha ha methapo ea kutlo le ho hlōleha ho loantša tšoaetso. Leha ho le joalo, hase batho bohle ba nang le lefu la tsoekere ba bang le mathata ana a nako e telele.

Ho boloka tekanyo ea tsoekere e maling e batla e le boemong bo tloaelehileng ho ka ’na ha liehisa kapa ha fokotsa liphello tse kotsi tsa mathata ana. Ho feta moo, ho boloka boima ba ’mele le tekanyo ea khatello e methapong ea mali li le boemong bo tloaelehileng le ho se tsube e ka ’na ea e-ba litsela tse sebetsang ka ho fetisisa tsa ho fokotsa likotsi. Motho oa lefu la tsoekere o tlameha ho ikoetlisa haholo, ho ja lijo tse nepahetseng, le ho tšepahalla meriana eo a laetsoeng hore ha e sebelise.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Lelapa la Herd

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela