Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 11/8 maq. 19-22
  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko ba ho e Felisa Chaena
  • Litekanyetso Tse Habeli
  • Lebaka Leo e Tšoarellang ka Lona
  • Na Bibele e Lumellana le Litumela-khoela?
    Tsoha!—2008
  • Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bolumeli le Tumela-khoela—Metsoalle kapa Lira?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Litumela-khoela ha li Kotsi?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 11/8 maq. 19-22

Litumela-khoela—Ke Hobane’ng ha li Tšoarella Hakaale?

MOHLOMONG u hlokometse hore ho sa ntse ho e-na le batho ba bangata ba nkang hore ho feta ha katse e ntšo ka pel’a bona ke sesupo sa bomalimabe kapa ba tšabang ho feta ka tlas’a lere. Ba bangata ba boetse ba lumela hore Labohlano la la 13 ke letsatsi la bomalimabe le hore ho kotsi ho ba mokatong oa bo13 mohahong. Litumela-khoela tse joalo li ntse li tšoareletse le hoja e le tse sa utloahaleng.

Nahana ka hona. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba roala khoeetsa kapa ba thetsa lepolanka ha ba bua ka lintho tse itseng tse bontšang maikutlo a ho ba le tšepo? Na hase hobane ba lumela hore liketso tseo li tla ba tlisetsa lehlohonolo le itseng le hoja ho se na bopaki ba seo? Buka e reng A Dictionary of Superstitions e re: “Batho ba nang le tumela-khoela ba lumela hore lintho, libaka, liphoofolo kapa liketso tse itseng ke tsa lehlohonolo (lisupo kapa likhoeetsa tsa lehlohonolo) le hore tse ling ke tsa bomalimabe (lisupo kapa lipontšo tsa bomalimabe).”—Bona Bagalata 5:19, 20.

Boiteko ba ho e Felisa Chaena

Ho hlakile hore tumela-khoela e ntse e le teng le ka mor’a boiteko ba morao tjena ba ho e felisa. Ka mohlala, ka 1995 Lekhotla la Sechaba la Shanghai le ile la ntša taelo ea ’muso e thibelang tumela-khoela e le moetlo oa sechaba o fetiloeng ke nako. Sepheo e ne e le ho “felisa tumela-khoela ea mehleng ea puso ea marena a hatellang, ho fetola meetlo ea lepato le ho khothalletsa ho haha motse o tsoetseng pele haholoanyane.” Empa phello e bile eng?

Ho ea ka tlaleho e ’ngoe, batho ba Shanghai ba ile ba lula ba ntse ba tšepahalla litumela-khoela tsa bona. Ha a phephetsa thibelo ea ’muso mabapi le moetlo oa Machaena oa ho chesa chelete ea maiketsetso ea pampiri litšeng tsa mabitla a baholo-holo, moeti e mong ea neng a ile lebitleng o ile a re: “Re chesitse li-yuan tse limilione tse likete tse 19 [hoo e ka bang liranta tse limilione tse likete tse 18].” O ile a tsoela pele: “Ke moetlo ho etsa joalo. Ke ho thabisang melimo.”

Koranta e nang le tšusumetso ea Guangming Daily e ile ea totobatsa ho se sebetse ha thibelo ena, ha e bolela hore e ka ’na eaba ho na le “linohe tse ka bang limilione tse hlano Chaena, ha ka nako e tšoanang ho e-na le litsebi tsa saense le theknoloji tse ka bang limilione tse 10 feela.” Koranta eo e ile ea hlokomela: “Ho bonahala eka tšekamelo e khōlō e leba ka ho linohe.”

The Encyclopedia Americana, Khatiso ea Machaba, e re mabapi le ho tšoarella ha litumela-khoela: “Mekhoeng eohle ea bophelo, hase feela hore meetlo e meng ea boholo-holo e ntšetsoa pele, empa e hlalosoa bocha le ho fuoa meelelo e mecha.” Khatiso ea morao tjena ea The New Encyclopædia Britannica e ile ea lumela: “Esita le mehleng ena eo ho thoeng ke ea tsoelo-pele, ea ha bopaki bo hlokang leeme bo nkeloa holimo, ke batho ba fokolang bao haeba ba hlile ba fatisisoa, ba ke keng ba lumela hore ba ntse ba e-na le e ’ngoe kapa tse ling tsa litumelo tse sa utloahaleng kapa litumela-khoela tse itseng ka sekhukhung.”

Litekanyetso Tse Habeli

Kamoo ho bonahalang kateng, batho ba bangata ba na le litekanyetso tse habeli, kaha ba sitoa ho lumela phatlalatsa seo ba se etsang ka sekhukhung. Mongoli e mong o bolela hore ho ba leqe hona ho bakoa ke ho tšaba hore motho a bonahale e le sethoto ho ba bang. Kahoo, batho ba joalo ba ka ’na ba khetha ho bitsa meetlo ea bona ea tumela-khoela mekhoa kapa litloaelo. Ka mohlala, libapali li ka ’na tsa hlalosa boitšoaro ba tsona e le lintho tseo li tloaetseng ho li etsa pele ho lipapali.

Moqolotsi e mong oa litaba ka bosoasoi o sa tsoa hlalosa maikutlo a hae ka lengolo le romelloang batho ba ’maloa le ba kōpa hore e mong le e mong a romele likopi tsa lona ho ba bang ba bangata. Hangata, motho ea fetisang lengolo leo o tšepisoa ho tleloa ke lehlohonolo le itseng, athe ea khaolang neheletsano eo eena ho nkoa hore o tla tleloa ke bomalimabe. Kahoo, moqolotsi enoa oa litaba o ile a fetoha mocha o mocha oa neheletsano ’me a re: “U utloisise hore ’na ha ke etse sena ka lebaka la tumela-khoela. Ke mpa ke batla ho qoba bomalimabe.”

Litsebi tsa bophelo ba batho le tsa litso tsa bona li lumela hore esita le lentsoe “tumela-khoela” le thehiloe maikutlong a botho haholo; li qea-qea ho hlalosa boitšoaro bo itseng ka tsela eo. Li khetha ho sebelisa mantsoe a batlang a “akaretsa” haholoanyane empa e le a sa khopiseng, e leng “moetlo le tumelo ea sechaba,” “setso,” kapa “tsamaiso ea tumelo.” Dick Hyman, bukeng ea hae e reng Lest Ill Luck Befall Thee—Superstitions of the Great and Small, ka ho toba o re: “Ho tšoana le sebe le sefuba, tumela-khoela e buelloa ke ba seng bakae empa e lumeloa ke ba bangata.”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na e bitsoa’ng, tumela-khoela e ntse e tšoareletse. Ke hobane’ng ha ho ntse ho le joalo mehleng ea kajeno e tsoetseng pele theknolojing ea saense?

Lebaka Leo e Tšoarellang ka Lona

Ha e le hantle, ba bang ba bolela hore ho lumela litumela-khoela ke ntho e tloaelehileng ho batho. Ho na le ba bang ba bileng ba bolelang hore tšekamelo ea ho lumela tumela-khoela e liphatseng tsa rōna tsa lefutso. Leha ho le joalo, ho na le liphuputso tse pakang se fapaneng le seo. Bopaki bo bontša hore batho ba lumela litumela-khoela ka lebaka la seo ba se rutiloeng.

Moprofesa Stuart A. Vyse oa hlalosa: “Boitšoaro ba ho lumela litumela-khoela, joaloka boitšoaro bo bongata bo atileng, bo hlaoleloa ke tsela eo motho a phelang ka eona. Ha rea hlaha re e-na le mokhoa oa ho thetsa lepolanka; re ithuta ho etsa joalo.” Ho thoe batho ba lumela boselamoseng e sa le bana ’me ba lula ba e-na le tšekamelo ea ho lumela litumela-khoela nako e telele ka mor’a hore “ba be le kutloisiso joaloka batho ba baholo.” ’Me ba fumana litumela-khoela tse ngata hokae?

Litumela-khoela tse ngata li amana haufi-ufi le litumelo tsa bolumeli tse nkoang e le tsa bohlokoa. Ka mohlala, tumela-khoela e ne e le karolo ea bolumeli ba baahi ba naha ea Kanana pele Baiseraele ba aha ho eona. Bibele e re Bakanana ba ne ba e-na le tloaelo ea ho sebelisa litaola, boselamose, ho tšepela lipontšong tsa se tlang kapa bonoheng, boloing, ho buisaneng le lilaoli le linohe le ho botseng bafu.—Deuteronoma 18:9-12.

Bagerike ba boholo-holo le bona ba ne ba tsebahala ka litumela-khoela tse amanang le bolumeli ba bona. Ba ne ba lumela litabeng tsa bonohe, tsa litaola le boselamose, feela joaloka Bakanana. Bababylona ba ne ba sheba ka har’a sebete sa phoofolo, ba lumela hore se ne se tla senola tsela eo ba lokelang ho etsa lintho ka eona. (Ezekiele 21:21) Ba ne ba boetse ba tsebahala ka papali ea bona ea chelete ’me ba ne ba batla thuso ho seo Bibele e se bitsang “molimo oa Lehlohonolo.” (Esaia 65:11, NW) Le kajeno batho ba bapalang papali ea chelete ba tumme ka ho ba le tumela-khoela.

Ho thahasellisang ke hore likereke tse ’maloa li hlile li khothalelitse ho inehela papaling ea chelete. Mohlala o mong ke oa Kereke e K’hatholike, e buellang liketso tse kang papali ea chelete e bapaloang ka likarete. Ntlheng e tšoanang, motho e mong ea bapalang papali ea chelete o ile a re: “Ke kholisehile hore Kereke e K’hatholike ea hlokomela [hore batho ba bapalang papali ea chelete ba lumela litumela-khoela haholo,] kaha kamehla baitlami ba ne ba e-ea lebaleng la peiso ka mabokose a bona a koleke. Ke joang Mok’hatholike, joalokaha ba bangata ba rōna re le ’ona, a ka fetang ‘moitlami’ ’me a lebella ho atleha ha a becha lipere? Kahoo, re ne re ntša koleke. ’Me haeba re atleha letsatsing leo joale re tla ba seatla se bulehileng ka ho khethehileng, re tšepa hore re tla tleloa ke katleho e tsoelang pele.”

Mehlala e hlaheletseng ea kamano e haufi ea bolumeli le tumela-khoela ke ea litumela-khoela tse amanang le Keresemese, e leng mokete o buelloang ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Tsona li akarelletsa ho lumela hore ho akana tlas’a sehlahla sa mistletoe ho tla lebisa lenyalong le litumela-khoela tse ngata tse amanang le Santa Claus.

Lest Ill Luck Befall Thee e bolela hore tumela-khoela e qapiloe ka boiteko ba “ho batlisisa bokamoso.” Ke kahoo kajeno, feela joaloka ho theosa le mehla ea histori, batho feela ba tloaelehileng hammoho le baeta-pele ba lefatše ka ho tšoanang ba eang ho linohe le batho ba bang ba reng ba na le matla a boselamose. Buka e reng Don’t Sing Before Breakfast, Don’t Sleep in the Moonlight ea hlalosa: “Ho ne ho hlokahala hore batho ba lumele hore ho na le likhoeetsa le mantsoe a itseng a buuoang a nang le boselamose a ka sebetsang khahlanong le tšabo ea lintho tse tsejoang hammoho le tse sa tsejoeng.”

Kahoo, ho lumela tumela-khoela ho lekile ho fa batho boikutlo bo itseng ba ho laola tšabo ea bona. Buka e reng Cross Your Fingers, Spit in Your Hat e re: “[Batho] ba itšetleha ka litumela-khoela ka mabaka a tšoanang le ao ba ’nileng ba e-ba le ’ona kamehla. Ha [ba] tobane le maemo ao [ba] sitoang ho a laola—a itšetlehileng ka ‘lehlohonolo’ kapa ‘ketsahalo ea tšohanyetso’—litumela-khoela li [ba] etsa hore ba ikutloe ba batla ba sireletsehile.”

Le hoja saense e ntlafalitse bophelo ba batho ka litsela tse ngata, boikutlo ba bona ba ho se sireletsehe bo ntse bo le teng. Ha e le hantle, ho se sireletsehe ho eketsehile ka lebaka la mathata ao saense e a hlahisitseng. Moprofesa Vyse o re: “Tumela-khoela le ho lumela lintho tseo saense e ke keng ea li hlalosa ke li-ea-thoteng li bapile le moetlo oa rōna . . . hobane lefatše leo re phelang ho lona le totisitse boikutlo ba rōna ba ho se sireletsehe.” The World Book Encyclopedia e ile ea phetha ka ho re: “Mohlomong litumela-khoela li tla phetha karolo e itseng bophelong hafeela batho . . . ba ntse ba sa kholiseha ka bokamoso.”

Kahoo, ha re akaretsa taba, litumela-khoela li ntse li tšoarelletse hobane li metse tšabong e aparetseng moloko oa batho ’me li tšehetsoa ke litumelo tse ngata tse nkoang e le tsa bohlokoa bolumeling. Leha ho le joalo, na re lokela ho etsa qeto ea hore tumela-khoela e phetha morero o molemo, kaha e thusa batho ho sebetsana le ho se kholisehe? Na ha e na kotsi? Kapa na ke ntho e kotsi e lokelang ho qojoa?

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

E ka ’na eaba ho na le linohe tse limilione tse hlano Chaena feela

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ka ho khothalletsa papali ea chelete e bapaloang ka likarete, likereke tse ngata li matlafalitse tumela-khoela

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Lineano tsa Keresemese tse kang ea ho akana tlas’a sehlahla sa “mistletoe” li thehiloe tumela-khoeleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela