Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 12/8 maq. 10-12
  • Phetoho e Babatsehang ea ho Molemonyana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phetoho e Babatsehang ea ho Molemonyana
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Fetoha ha Litekanyetso
  • Ho ba ’Moho Empa ba Arohane
  • 1914, Selemo se Tšoauoeng
  • Lefatše le Lecha ka ho Feletseng le Atametse
  • Kamoo re Tsebang ka Teng Hore re Phela “Mehleng ea Qetello”
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Litaba Tse Molemo Tseo li Batlang Hore U li Utloe
    Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 12/8 maq. 10-12

Phetoho e Babatsehang ea ho Molemonyana

“Ka 1900 lefatše le ne le le mothating oa ho kena ho e ’ngoe ea linako tse babatsehang ka ho fetisisa tsa phetoho historing ea batho. Tsamaiso ea khale e ne e suthela e ncha.”—The Times Atlas of the 20th Century.

ATLAS e qotsitsoeng ka holimo e bolela hore mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, “lefatše le ile la kena nakong ea morusu le pefo tse ikhethang.” Lekholo lena la lilemo le bile le lintoa tse ngata ho feta leha e le lefe le leng, ka batho ba fetang limilione tse 100 ba bolailoeng.

Mehleng ena, lintoa li bolaile batho ba bangata ba seng sesoleng ho feta leha e le neng pele. Ntoeng ea I ea Lefatše, karolo ea 15 lekholong ea batho ba ileng ba shoa e ne e le batho ba seng sesoleng. Empa Ntoeng ea II ea Lefatše, linaheng tse ling palo ea batho ba ileng ba shoa ba se sesoleng e ile ea feta ea ba neng ba le sesoleng. Ho ba limilione ba bolailoeng lintoeng ho tloha nakong eo, boholo e ne e se masole. Pefo ena eohle e phethahalitse boprofeta ba Bibele ba mokalli oa “pere e ’mala oa mollo,” ea ‘nehiloeng hore a tlose khotso lefatšeng.’—Tšenolo 6:3, 4; Matheu 24:3-7.

Ho Fetoha ha Litekanyetso

Lekholo la bo20 la lilemo le phethahalitse boprofeta bo ho 2 Timothea 3:1-5, bo reng: “Matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.”

Ho isa bohōleng bo itseng, batho ba sa phethahalang ba ’nile ba bonahatsa litšobotsi tsena kamehla. Lekholong la bo20 la lilemo, boitšoaro bo joalo bo ile ba matlafala le ho ata. Batho ba itšoarang ka litsela tse hlalositsoeng ka holimo ba ne ba nkoa ba le kotsi sechabeng—haeba ba se khopo ka ho feletseng. Hona joale esita le batho “ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo” ka ho eketsehang ba talima boitšoaro bo joalo e le bo tloaelehileng.

Ka nako e ’ngoe balumeli ba ne ba ho nka e le mohlolo hore batho ba babeli ba phele hammoho ba sa nyalana. Ho ba le ngoana oa matšeho ho ne ho nkoa e le sekhobo, ho tšoana le likamano tsa bosodoma. Ho batho ba bangata ho ntša mpa ho ne ho sa amohelehe ka ho feletseng, ’me ho ne ho le joalo le ka tlhalo. Ho se tšepahale khoebong e ne e le ho nyatsehang. Empa kajeno, joalokaha mohloli o mong o bontša, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokile.” Hobane’ng? Hobane “ho khotsofatsa lithahasello tsa batho ba sa batleng ho bolelloa ke ba bang hore na ba etse eng.”

Ho lahloa ha litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro lekholong lena la lilemo ho fetotse lintho tse etelletsoang pele. The Times Atlas of the 20th Century ea hlalosa: “Ka 1900 lichaba le batho ka bomong ba ne ba ntse ba sa lekanye bohlokoa ba bona ka chelete. . . . Qetellong ea lekholo leo la lilemo lichaba li ne li lekanya katleho ea tsona hoo e batlang e le lintlheng tsohle ka boemo ba moruo. . . . Ho bile le liphetoho tse tšoanang tseleng eo batho ba nkang leruo ka eona.” Kajeno papali ea chelete e atileng e khothalletsa lerato la chelete, ha seea-le-moea, thelevishene, libaesekopo le livideo tsona li khothalletsa lerato la lintho tse bonahalang. Esita le mananeo a bontšang lipapali le litlhōlisano tsa phatlalatso li fana ka molaetsa oa hore haeba chelete hase sohle, bonyane e batla e le sohle.

Ho ba ’Moho Empa ba Arohane

Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, batho ba bangata ba ne ba lula libakeng tsa mahae. Ho boleloa hore mathoasong a lekholo la bo21 la lilemo, batho ba fetang halofo ea baahi ba lefatše ba tla be ba lula metseng e meholo. Buka e reng 5000 Days to Save the Planet e re: “Boikarabelo ba ho lokisetsa baahi ba metse e meholo boemo bo hlomphehang ba bophelo kajeno, re se re sa re letho ka meloko e tlang, bo hlahisa pharela e bonahalang e ke ke ea hlōloa.” Makasine ea Machaba a Kopaneng e bitsoang World Health e hlokometse: “Palo ea batho lefatšeng ba lulang metseng e meholo e ntse e eketseha. . . . Ba limilione tse makholo . . . hona joale ba phela maemong a behang bophelo ba bona bo botle kotsing esita le a behang bophelo ba bona ka bobona kotsing.”

Ke ho makatsang hakaakang hore ebe ha batho ba ntse ba atamelana haholoanyane metseng e meholo, ba boetse ba arohana haholoanyane! Thelevishene, lithelefono le Internet, hammoho le ho reka ho etsoang ka tsamaiso ea k’homphieutha, le hoja li le molemo, li etsa hore batho ba se ke ba sebetsana ba talimane lifahlehong. Ka hona, koranta ea Jeremane e bitsoang Berliner Zeitung ea phetha: “Lekholo la bo20 la lilemo hase feela lekholo la lilemo le nang le sepenya sa baahi. E boetse ke lekholo la lilemo le tletseng bolutu.”

Sena se lebisa litlokotsing tse kang ea Hamburg, Jeremane, moo setopo sa monna se ileng sa fumanoa ka foleteng ea hae ka mor’a lilemo tse hlano a shoele! Der Spiegel e ile ea re “ha ho motho ea ileng a mo hloloheloa, leha e le beng ka eena kapa baahisani leha e le ba boholong,” ea phaella ka hore: “Ho baahi ba bangata sena se tšoantšetsa tekanyo e tšosang ea ho se tsebane ha letsatsi le leng le le leng le ho se kopane ha baahisani metseng e meholo.”

Molato bakeng sa hore ho be le maemo a joalo a sisimosang ha oa itšetleha feela ka saense le theknoloji. O itšetlehile haholo-holo ka batho. Lekholo lena la lilemo le hlahisitse batho ba bangata ho feta leha e le neng pele bao e leng “baithati, ba ratang chelete, . . . ba se nang teboho, . . . ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, . . . ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.”—2 Timothea 3:1-5.

1914, Selemo se Tšoauoeng

Ho ea ka Winston Churchill, “ho qaleha ha lekholo la mashome a mabeli a lilemo ho ile ha bonahala ho khanya ho bile ho khutsitse.” Ba bangata ba ile ba nahana hore le ne le tla tlisa mehla ea khotso le nala tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng. Leha ho le joalo, ka 1905 Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 1 o ile oa lemosa: “Haufinyane ho tla qhoma ntoa hape,” oa boela oa bolela hore “tlokotsi e khōlō” e ne e tla qala ka 1914.

Ha e le hantle, morao ka 1879, khatiso eo e ile ea supa 1914 e le selemo sa bohlokoa. Lilemong tse latelang e ile ea bontša hore boprofeta ba Bibele bo bukeng ea Daniele bo ile ba supa nako eo e le nako ea ha ’Muso oa Molimo o ne o thehoa leholimong. (Matheu 6:10) Le hoja 1914 e ne e se nako ea hore ’Muso o nke taolo ka ho feletseng lefatšeng, e ne e le nako ea hore o qale puso ea oona.

Boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela esale pele: “Mehleng ea marena ao [a teng mehleng ea rōna], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso [leholimong] o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae.” (Daniele 2:44) ’Muso oo, oo Kreste e leng Morena oa oona, o ile oa qala ho bokella batho ba tšabang Molimo mona lefatšeng ba labalabelang ho ba bafo ba oona.—Esaia 2:2-4; Matheu 24:14; Tšenolo 7:9-15.

Tumellanong le se etsahetseng leholimong, 1914 e ile ea tšoaea ho qaleha ha ‘matsatsi a ho qetela,’ ho qaleha ha mehla e neng e tla fella ka timetso ea tsamaiso ea lintho e teng hona joale. Jesu o ile a bolela esale pele hore ho qaleha ha mehla ena ho ne ho tla tšoauoa ka lintoa tsa lefatše, khaello ea lijo, seoa sa mafu, litšisinyeho tse bolaeang tsa lefatše le ho eketseha ha tlōlo ea molao hammoho le ho tapa ha lerato la batho ho Molimo le ho batho ba bang. O ile a bolela hore lintho tsena tsohle li ne li tla tšoaea “tšimoloho ea bohloko bo hlabang ba mahlomola.”—Matheu 24:3-12.

Lefatše le Lecha ka ho Feletseng le Atametse

Hona joale re se re keneletse ka lilemo tse 85 “matsatsing a ho qetela,” ’me re atamela ka potlako bofelo ba tsamaiso ena ea lintho e sa khotsofatseng. Haufinyane, ’Muso oa Molimo, tlas’a Kreste, “o tla robaka o felise mebuso eo kaofela [e teng hona joale], empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44; 2 Petrose 3:10-13.

E, Molimo o tla felisa bokhopo ka ho feletseng lefatšeng ’me a lebise batho ba lipelo li lokileng lefatšeng le lecha ka ho feletseng. “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.

Ke molaetsa o thabisang hakaakang—ha e le hantle ke o lokelang ho phatlalatsoa hohle! Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata ao lekholo la bo20 la lilemo le a mpefalitseng: ntoa, bofutsana, ho kula, ho hloka toka, lehloeo, ho se amohele maikutlo a ba bang, khaello ea mesebetsi, tlōlo ea molao, masoabi, lefu.—Bona Pesaleme ea 37:10, 11; 46:8, 9; 72:12-14, 16; Esaia 2:4; 11:3-5; 25:6, 8; 33:24; 65:21-23; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4.

Na tebello ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la ho loka le nang le thabo e ke keng ea hlalosoa ea ipiletsa ho uena? Kōpa boitsebiso bo eketsehileng ho Lipaki tsa Jehova. Li tla u bontša ka Bibeleng ea hao hore lilemo tsa bohlokoa tsa phetoho tse tšoaileng lekholo la bo20 la lilemo li haufi le ho fela le hore ka mor’a moo u ka thabela litlhohonolofatso tse sa feleng!

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Lefatše le lecha ka ho feletseng le atametse

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela