Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 1/8 maq. 26-28
  • Ho Koetela—Na ho na le Tharollo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Koetela—Na ho na le Tharollo?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boiteko bo Etsoang
  • Litlhahiso Tse Ngata—Litharollo Tse Seng Kae
  • Tharollo e Teng
  • Thuto e Loketseng ea Hlokahala
  • Ho Tlosoa ha ba Etsang Bobe
  • Lefatše le Lecha la ho Loka
  • Ho Koetela—Ho Tšosa ho Fetotsoeng Khoebo
    Tsoha!—2000
  • Ho Koetela—Lisosa Tsa Motheo
    Tsoha!—2000
  • Ho Koetela—Khoebo ea Lefatše Lohle
    Tsoha!—2000
  • Bohlale Boa Sireletsa
    Tsoha!—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 1/8 maq. 26-28

Ho Koetela—Na ho na le Tharollo?

TONA-KHŌLŌ ea Chechnya ha e tšepisa ho ntša ka metso bothata ba ho koetela boo e leng kobo-anela rephabliking ea eona ea Russia e ile ea re: “Ho koetela ho fihlile boemong bo seng bo ke ke ba mamelloa ke sechaba kaofela, ’me sechaba sohle se lokela ho loantša bobe bona.”

Ho ntša ho koetela ka metso? Pakane eo ea babatseha, empa potso ke hore na, Joang?

Boiteko bo Etsoang

Ba boholong Colombia ba khethile mafokisi a 2 000, bachochisi ba 24, esita le mohokahanyi ea khethehileng oa lefapha la toantšo ea ho koetela bakeng sa ho loantšana le liketsahalo tsa ho koetela. Rio de Janeiro, Brazil, mohoanto oa boipelaetso khahlanong le liketsahalo tse ngata tsa ho koetela motseng oo o ile oa hohela batho ba ka bang 100 000 hore ba o kenele. Brazil le Colombia, lihlopha tse hlophisitsoeng ka mokhoa oa sesole li ile tsa iphetetsa ka ho koetela beng ka bakoeteli. ’Me batho ba bang ba Philippines ba ikhethetse ho inkela molao matsohong—ba bolaea bakoeteli!

Ba boholong Guatemala ba ile ba qala ho sebelisa kotlo ea lefu bakeng sa bakoeteli, ’me mopresidente a hlomella lebotho la ntoa hore le emise seoa sa ho koetela. Italy, ’muso o nkile mehato e matla ea ho thibela ho koetela, ka ho etsa hore ho lefshoa ha thekollo e be tlōlo ea molao le ka ho tšoara chelete le thepa e le ho thibela beng ka motho hore ba lefe. Liofisiri tsa Italy li ithorisa ka hore mehato ena e tlatselitse ho fokotseng liketsahalo tsa ho koetela. Leha ho le joalo, ba e hanyetsang ba bolela hore ka lebaka la eona, malapa a leka ho sebeletsa taba sekhukhung le hore sena se fokotsa palo ea molao ea liketsahalo tsa ho koetela. Baeletsi ba tšireletso ba praefete ba hakanya hore ha e le hantle palo ea liketsahalo tsa ho koetela Italy e imenne habeli ho tloha lilemong tsa bo-1980.

Litlhahiso Tse Ngata—Litharollo Tse Seng Kae

Ho malapa a mangata abo liphofu tse koetetsoeng, ho na le tharollo e le ’ngoe feela e bonahalang e sebetsa—ho lokolla baratuoa ba bona kapele kamoo ho ka khonehang kateng. Empa litsebi li lemosa hore haeba thekollo e le holimo ’me e lefshoa ka potlako, bakoeteli ba ka ’na ba nka lelapa leo e le le mocheng oa ho hlaseloa habonolo ’me ba khutlela ho lona. Kapa ba ka ’na ba batla thekollo ea bobeli pele ba lokolla phofu ea bona.

Malapa a mang a ’nile a lefa thekollo e holimo ’me hamorao a fumana hore phofu e ne e se e ntse e shoele. Kahoo litsebi li bolela hore ha hoa lokela ho lefshoa thekollo kapa hore ho tšoaroe lipuisano pele ho fumanoa bopaki ba hore phofu e ntse e phela. Bopaki bo joalo bo ka fumanoa ka sebōpeho sa karabo ea potso eo e leng phofu feela e ka khonang ho e araba. Malapa a mang a kōpa setšoantšo seo ho sona phofu e tšoereng koranta ea morao-rao.

Ho thoe’ng ka boiteko ba ho e pholosa? Hangata bo tsamaea le ho e beha kotsing e khōlō. Brian Jenkins, eo e leng setsebi litabeng tsa ho koetela, o re: “Karolo ea 79 lekholong ea batšoaruoa bohle e bolaoa nakong ea boiteko ba ho ba pholosa, Latin America.” Leha ho le joalo, ka linako tse ling boiteko ba ho ba pholosa boa atleha.

Ha ho makatse ha litharollo tse ngata li lebisa tlhokomelo ho thibeleng ho koetela. Hase ba boholong ’musong feela ba keneletseng boitekong ba ho thibela ho koetela. Likoranta li ruta batho mokhoa oa ho qoba ho koeteloa, mokhoa oa ho itihela fatše koloing e ntseng e tsamaea le oa ho baleha ka likelello tsa bakoeteli. Litsi tsa koetliso ea ho itoanela kantle ho libetsa li ruta litsela tsa ho itšireletsa khahlanong le ho koeteloa. Lik’hamphani tse ling li rekisa lisebelisoa tse nyenyane haholo tse tsamaisang boitsebiso ka R91 000 tse ka kenngoang pakeng tsa meno a bana ho thusa mapolesa ho fumana mohlala oa moo bana ba leng teng haeba ba koetetsoe. Bakeng sa ba ka li khonang, baetsi ba likoloi ba etsa likoloi tse “thibelang ho koeteloa” tse ntšang mosi o fahlang, tse nang le masoba a ho hlahisa sethunya, lifensetere tse sa keneng kulo, lithaere tse sa phunyeheng le lintho tse hasanyang oli ’mileng bakeng sa ho thellisa koloi e li lelekisang.

Barui ba bang ba nka ho ba le balebeli e le tharollo. Leha ho le joalo, mabapi le boemo bo Mexico, setsebi sa tšireletso Francisco Gomez Lerma o re: ‘Balebeli ha ba thuse kaha ba hapa tlhokomelo ’me ba ka ’na ba sebelisana le bakoeteli.’

Bothata ba ho koetela bo rarahane ’me metso ea bona e tebile hoo ho seng letho leo moloko oa batho o ka le etsang le bonahalang le lekane ho bo felisa. Joale, na ha ho na tharollo ea sebele?

Tharollo e Teng

Khafetsa makasine ena e ’nile ea bontša tharollo feela ea sebele bakeng sa mathata ’ohle a joalo ao batho ba talimaneng le ’ona. Tharollo eo ke eona eo Mor’a Molimo, Jesu Kreste, a ileng a e bontša ha a ne a ruta balateli ba hae ho rapela: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:10.

Ka ho hlakileng, re hloka puso e lokileng ea lefatše bakeng sa ho laola litaba tsa batho ba bangata ba sa tšoaneng ba lefatše—e, ’Muso oa Molimo oo Jesu a ileng a bua ka oona. Kaha batho ba ’nile ba hlōleha ho tlisa puso e joalo, ke bohlale hore re tšepe ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Lentsoe la hae, Bibele, le bolela hore ke sona seo a rerileng ho se etsa.—Pesaleme ea 83:18.

Moprofeta Daniele o ile a tlaleha morero oa Jehova, a ngola: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) Bibele e hlalosa kamoo ’muso ona oa Molimo o tlang ho nka mehato e tsoelang pele kateng ea ho felisa liketso tsohle tsa tlōlo ea molao, ho akarelletsa le ea ho koetela.

Thuto e Loketseng ea Hlokahala

Ha ho pelaelo hore u tla lumela hore ho ruta batho litekanyetso tse loketseng tsa boitšoaro ke habohlokoa ho rarolleng bothata ba ho koetela. Ka mohlala, nahana hore na ho ne ho tla ba le phello efe mokhatlong oa batho haeba bohle ba ne ba ka latela keletso e latelang ea Bibele: “Mokhoa oa lōna oa bophelo a e be o se nang lerato la chelete, ha le ntse le khotsofaletse lintho tse teng.” (Baheberu 13:5) “Le se ke la kolota mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana.”—Baroma 13:8.

U ka fumana tlhasenyana ea seo bophelo bo neng bo ka ba sona ka ho hlahloba lenaneo la thuto le tsamaisoang ke Lipaki tsa Jehova linaheng tse fetang 230 lefatšeng ho pota. Lenaneo lena le bile le liphello tse molemo ho batho ba bangata bao pele ba neng ba le meharo kapa e le linokoane tse kotsi. E mong eo e kileng ea e-ba mokoeteli o ile a re: “Ha nako e ntse e ea, ke ile ka hlokomela hore e le hore ke khahlise Molimo ke lokela ho hlobola botho ba ka ba khale le ho apara bo bocha—bo bonolo le bo tšoanang le ba Kreste Jesu.”

Leha ho le joalo, esita le lenaneo le letle la thuto le ke ke la fetola linokoane tsohle, mohlomong le ke ke la ba la fetola tse ngata tsa tsona. Ho tla etsahala joang ka tse hanang ho fetoha?

Ho Tlosoa ha ba Etsang Bobe

Ba etsang bobe ka boomo ba ke ke ba lumelloa ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo. Bibele e re: “Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ha ba na ho rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, . . . kapa batho ba meharo, . . . kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) “Ba lokileng ba tla aha lefatšeng . . . Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše.”—Liproverbia 2:21, 22.

Ho latela Molao oa Molimo mehleng ea boholo-holo, mokoeteli ea sa bakeng o ne a lokela ho bolaoa. (Deuteronoma 24:7) Batho ba meharo, ba kang bakoeteli, ba ke ke ba e-ba le sebaka ’Musong oa Molimo. Linokoane tsa kajeno li ka ’na tsa phema kahlolo ea batho, empa li ke ke tsa phema kahlolo ea Molimo. Leha e le bafe ba etsang bobe ba tla lokela ho fetola litsela tsa bona e le hore ba tle ba phele tlas’a puso e lokileng ea ’Muso oa Jehova.

Ka ho hlakileng, haeba maemo a bakang liketso tsa tlōlo ea molao a ntse a le teng, tlōlo ea molao e tla ’ne e be teng. Empa, ’Muso oa Molimo ha o na ho lumella seo, kaha Bibele ea tšepisa: “’Muso . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela,” ho akarelletsa le batho bohle ba etsang bobe. Boprofeta bona ba Bibele bo tsoela pele ho bolela hore ’Muso oa Molimo o tla ba teng ka ho sa feleng. (Daniele 2:44) Nahana feela ka liphetoho tse tla etsahala!

Lefatše le Lecha la ho Loka

Nahana ka boprofeta bo bong ba Bibele. Ke bo hlalosang bokamoso ka mantsoe ana a monate: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:21, 22.

’Muso oa Molimo o tla fetola lefatše lohle. Bohle ba phelang ba tla khona ho thabela bophelo ka ho feletseng, ba ntlafatse bokhoni ba bona ba tlhaho ka ho kopanela mosebetsing o khotsofatsang le boikhathollong bo hahang. Maemo lefatšeng ka bophara a tla be a le ka tsela eo ka eona ho seng le ea mong ea tla ke a nahane ka ho koetela moahisani oa hae. Ho tla ba le boikutlo ba ho sireletseha ka ho feletseng. (Mikea 4:4) Kahoo, ’Muso oa Molimo o tla be o entse hore ho koetela ho sokelang lefatše lohle kajeno e be taba ea histori eo ho seng le ea mong ea tla ke a boele a nahane ka eona.—Esaia 65:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

“Ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4, NW

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela