Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 3/8 maq. 15-17
  • Re Filoe Takatso ea ho Phela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Filoe Takatso ea ho Phela
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Na Nka be ke ho Thibetse?’
  • Phello e Thabisang
  • Ho Ipolaea—Seoa se Ipatileng
    Tsoha!—2000
  • Lebaka Leo ka Lona Batho ba Telang Bophelo
    Tsoha!—2001
  • Ho Ipolaea—tlokotsi ea Bacha
    Tsoha!—1998
  • Bothata ba Lefatše ka Bophara
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 3/8 maq. 15-17

Re Filoe Takatso ea ho Phela

MARY o ne a sithabetse maikutlo a bile a e-na le mathata a mang a bophelo. Leha ho le joalo, e ne e se hore o hlokomolohiloe ke lelapa, leha e le hore o ne a sebelisa joala kapa lithethefatsi hampe. Boemo ba Mary bo bontša ka ho hlaka hore ha ho hlokahale hore lisosa tsohle tse ka ’nang tsa lebisa boitekong bo tiileng ba ho ipolaea li be teng.

Ho ile ha feta nako e itseng ho bonahala eka Mary o tla kenella lipalo-palong tse netefatsang lisosa tse etsang hore batho ba hōlileng ba ipolaee. O ile a qeta matsatsi a ntse a ile le mailiili, a sa sisinyehe, a le tlhokomelong ea bakuli ba kulang haholo sepetleleng sa moo, pontšo ea hore o ntse a phela e le e fokolang. Monna oa hae ea tsielehileng, John, e ne e e-ba ka seoelo a tlohang pel’a hae. Lingaka li ile tsa tsebisa John le lelapa hore Mary a ka ’na a se ke a phela le hore haeba a ne a ka phela ba lokela ho lebella hore boko ba hae bo tla senyehela ruri.

Mary o ne a lula a eteloa ke moahisani, Sally, eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. Sally o re: “Ke ile ka phehella lelapa hore le se ke la tela. ’Mè oa ka ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere, o ile a qeta libeke tse ’maloa a ile le mailiili lilemong tse seng kae tse fetileng. Lingaka li ile tsa bolella lelapa leso hore ho hang ha a na ho phela, empa o ile a phela. Ke ne ke ee ke tšoare Mary ka letsoho ’me ke bue le eena, joalokaha ke ne ke etsa ka ’Mè, ’me ke ne ke utloa eka ke hlokomela ho arabela ho itseng ho fokolang.” Ka letsatsi la boraro, o ile a arabela ka tsela e matlanyana, ’me ho ile ha bonahala Mary a hlokomela batho, le hoja a ne a sitoa ho bua.

‘Na Nka be ke ho Thibetse?’

Sally o re: “John o ne a imetsoe ke boikutlo ba ho ba molato. O ne a kholisehile hore molato ke oa hae bakeng sa sena sohle.” Ena ke tsela e tloaelehileng eo moratuoa oa motho ea ipolaileng kapa ea lekileng ho ipolaea a ikutloang ka eona. “Ke ile ka mo hopotsa hore Mary o ne a ntse a phekoleloa ho sithabela maikutlo. O ne a kula ’me o ne a se a sitoa ho mamella ho tepella maikutlo hoo joalokaha le eena a sitoa ho thibela ho kula ’meleng.”

Baratuoa ba motho ea ipolaileng ba atisa ho hlokofatsoa ke potso ea hore, Nka be ke entse’ng ho thibela seo? Ho falimehela matšoao a lemosang le lisosa tse ka lebisang kotsing ho ka ’na ha nyopisa boiteko boo. Empa haeba ho sa be joalo, hopola hore ha u ikarabelle bakeng sa ketso ea motho e mong ea ho itimetsa. (Bagalata 6:5) Ho hopola sena ke habohlokoa ka ho khetheha maemong ao ho ’ona setho sa lelapa se nang le tšekamelo ea ho ipolaea se batlang ho utloisa tse ling bohloko ka boomo ka ho li beha molato. Dr. Hendin, ea qotsitsoeng pejana, o re: “Ho lokela ho hopoloe hore boiteko ba ho ipolaea hangata bo etsoa ke batho ba lakatsang ho susumetsa kapa ho laola maikutlo a batho ba bang esita le hoja ba tla be ba le sieo ho bona katleho kapa ho hlōleha ha boiteko ba bona.”

Dr. Hendin o tsoela pele ho bontša: “Tabeng ea batho ba hōlileng ba nang le tšekamelo ea ho ipolaea, hangata ho na le bana ba seng ba hōlile hammoho le bana babo bona kapa balekane ba lenyalo bao mokuli a lakatsang ho ba susumetsa, ho ba laola, kapa ho ba qobella hore ba phethe karolo e eketsehileng ea ho fana ka tšireletso. Hangata litlhoko tsa mokuli e ba tse ke keng tsa finyelloa, hangata mokuli ha a sekisetse ho tsona, ’me hangata boiteko ba ho ipolaea bo sa tieang hakaalo bo lateloa ke bo hlileng bo tiileng.”

Litho tsa lelapa tse boemong bona li ka ’na tsa ikutloa hore li hlile li tlas’a khatello e matla, e ka holimo ho matla a tsona. Leha ho le joalo, le ka mohla le se ke la lebala hore Jehova Molimo o tsosa bafu le hore sena se ka ’na sa akarelletsa baratuoa ba lōna bao ka lebaka la ho tepella maikutlo, ho kula kelellong, kapa ho felloa ke tšepo ba ileng ba ipolaea.—Bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Ho Ipolaea—Na ho na le Tsoho?” ho Tsoha! ea September 8, 1990, leqepheng la 26-7.

Le hoja ho ipolaea ho ke ke ha lokafatsoa, ke ho tšelisang ho hopola hore litebello tsa baratuoa ba rōna tsa nako e tlang li itšetlehile ka Molimo ea utloisisang ka ho feletseng hore mefokolo le ho se phethahale ho ka re khannela ketsong e tsielehisang joalo. Bibele e re ka Jehova: “Joalo ka leholimo ha le phahamile holimo ho lefatše, mohau oa hae o moholo joalo ho ba mo tšabang. Joalo ka ha bochabela bo le hole le bophirimela, o lahlela makhopo a rōna joalo hole le rōna. Joalo ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.”—Pesaleme ea 103:11-14.

Phello e Thabisang

Mary o ile a qeta matsatsi a mabeli a theputsa pakeng tsa lefu le bophelo, empa o ile a phela. Butle-butle o ile a hlaphoheloa kelellong, ’me John a ea le eena hae, ka tlung eo meriana eohle e koaletsoeng le ho notleloa ka tsela e sireletsehileng. Hona joale Mary o lula a bonana le basebeletsi ba sechaba ba bophelo ba kelello ’me o bolela hore o sitoa ho hlalosa kapa esita le ho hopola ntho e bosula e ileng ea etsa hore a batle a lahleheloa ke bophelo.

Hona joale Sally, e leng moahisani oa John le Mary, o ithuta Bibele le bona beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ba ithutile Bibeleng hore ’ona mathata ana a bonahalang a se na tharollo, haholo-holo ho batho ba hōlileng, Molimo o tla a rarolla haufinyane. Sally oa hlalosa: “Ke ’nete hore Bibele ka boeona hase makhona-tsohle. U lokela ho iphumanela e le uena ka Mangolong hore litšepiso tsena ke tsa sebele, ’me ebe u sebelisa seo u ithutileng sona. Empa ke nahana hore John le Mary ba fumana tšepo ea sebele ka bokamoso.”

Haeba bokamoso ba hao bo bonahala bo le lerootho ’me u ka thabela ho ba le tšepo ea sebele, ke hobane’ng ha u sa ikopanye le Lipaki tsa Jehova? Li lumelle li u bontše, joalokaha li ile tsa bontša John le Mary, hore ha ho mathata ao Molimo a ke keng a a rarolla le hore o tla a rarolla haufinyane. Ho sa tsotellehe hore na hona joale lintho li bonahala li le mpe hakae, tharollo e teng. Ka kōpo hlahloba le rōna tšepo ea sebele ea bokamoso e thusitseng ba bangata hore ba boele ba be le takatso ea ho phela.

[Lebokose le leqepheng la 16]

Lisosa Tse Kotsi le Matšoao a Lemosang

The Journal of the American Medical Association e re: “Lisosa tse kotsi tsa ho ipolaea ho batho ba hōlileng li fapana le tsa bacha.” Lisosa tseo tse kotsi li akarelletsa “ho ata ho hoholo ha tšebeliso e mpe ea joala le ho tepella maikutlo, tšebeliso e khōloanyane ea mekhoa e bolaeang le ho itšehla thajana. Ho phaella moo, batho ba hōlileng . . . ba na le maloetse a mangata ’meleng le mathata maikutlong.” Buka e bitsoang Suicide, ea Stephen Flanders, e thathamisa lintho tse latelang e le lisosa tse kotsi, tseo leha e le sefe sa tsona se lokelang ho eloa hloko.

Ho tepella maikutlo ho sa khaotseng:

“Bafuputsi ba tlaleha hore 50% kapa ho feta ea ba ipolaeang ba na le pale ea ho sithabela maikutlo.”

Ho felloa ke tšepo:

Liphuputsong tse ling, esita le batho ba neng ba sa bonahale ba tepeletse maikutlo ba ne ba le monyetleng o moholoanyane oa hore ba ipolaee haeba ba ne ba se na tšepo ka bokamoso.

Tšebeliso e mpe ea tahi le lithethefatsi:

“Ho hakanngoa hore [makhoba a tahi] a pakeng tsa 7% le 21% aa ipolaea, ha ho bapisoa le batho ba ka tlaase ho 1% ka kakaretso.”

Tšusumetso ea lelapa:

“Liphuputso li senola hore litho tsa lelapa tse amiloeng ke ho ipolaea ha se seng li kotsing e khōloanyane ea ho ipolaea le tsona.”

Ho kula:

“Tšabo ea ho fokolloa ke bophelo, ho ka ’nang ha tlama motho hore a be tlhokomelong ea litsi tsa tlhokomelo le hona ho ka susumelletsa batho ba bang ba hōlileng hore ba ipolaee.”

Tahlehelo:

“Tahlehelo e ka ’na ea e-ba e bonahalang, joaloka ea molekane kapa motsoalle, mosebetsi, kapa bophelo bo botle ba ’mele. E ka boela ea e-ba e sa bonahaleng. Mehlala e akarelletsa boikutlo ba ho itšepa, botumo, kapa boikutlo ba tšireletseho.”

Ho phaella lisoseng tsena tse kotsi, buka ea ­Flanders e thathamisa matšoao ana a lemosang a sa lokelang ho nkoa habobebe le ka mohla.

Boiteko ba ho ipolaea nakong e fetileng:

“Sena ke sesupo se le seng se molemo ka ho fetisisa sa hore motho a ka ’na a ipolaea.”

Ho bua ka ho ipolaea:

“Lipolelo tse kang ‘Ha ba sa tla tšoenyeha ka ’na nako e telele hakaalo’ kapa ‘Ba tla ba boemong bo molemonyana ha ke ba suthetse tseleng’ ke mehlala ea litšokelo tse totobetseng.”

Litokisetso tsa ho qetela:

“Boitšoaro bo joalo bo akarelletsa ho ngola fatše thato ea mofu, ho fana ka matlotlo a nkoang e le a bohlokoa le ho etsa litokisetso tsa ho hlokomeloa ha liphoofolo tsa lapeng.”

Ho fetola botho le boitšoaro:

Ha sena se “tsamaisana le lipolelo tsa ho ikhalala kapa tsa ho felloa ke tšepo,” e ka ba “letšoao la ho tepella maikutlo ho matla ho ka lebisang boitšoarong ba ho ipolaea.”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ba setseng ba phela hangata ba hloka thuso ea ho sebetsana ka katleho le ho ipolaea ha balekane ba bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela