Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 4/8 maq. 28-29
  • Tsela ea ho Khaotsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Khaotsa
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lokisetsa Kelello ea Hao ho Khaotsa
  • Beha Letsatsi la ho Khaotsa
  • Ho Sebetsana le Matšoao a ho Tlohella ho Tsuba
  • Tlohella ho Tsuba Ho-ea-ho-ile
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • U ka Atleha!
    Tsoha!—2010
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
    Tsoha!—2011
  • “U ka Khaotsa—Re Khaolitse!”
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 4/8 maq. 28-29

Tsela ea ho Khaotsa

HO TŠOANA le ha motho a ithuta ho palama baesekele, ke ka seoelo motho a atlehang ho tlohella koae ka lekhetlo la pele feela. Kahoo haeba u ikemiselitse ho khaotsa, u lokela ho ikemisetsa ho leka ka makhetlo ho fihlela u atleha. U se ke ua talima ho khutlela ho tsubeng e le ho hlōleha. Nahana ka hona e le phihlelo e rutang, bothatanyana lenaneong le ka atlehang. Tse ling tsa litlhahiso tse seng kae tse ileng tsa sebeletsa ba bang ke tsena. Li ka ’na tsa u sebeletsa hamolemo le uena.

Lokisetsa Kelello ea Hao ho Khaotsa

■ Ntlha ea pele, u lokela ho kholiseha hore ho khaotsa ho tšoanela ho etsetsoa boiteko. Thathamisa mabaka ao u batlang ho khaotsa ka ’ona, ho akarelletsa le melemo eohle ea hona. Ka mor’a hore u khaotse, ho hlahloba lethathamo lena hape ho tla matlafatsa qeto e tiileng eo u e entseng. Takatso ea ho khahlisa Molimo ke tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa ea ho khaotsa. Bibele e re re lokela ho rata Molimo ka kelello eohle ea rōna, pelo, moea le matla. Re ka sitoa ho etsa sena haeba re lemaletse koae.—Mareka 12:30.

■ Hlahlobisisa tloaelo ea hao ea ho tsuba e le hore u bone hore na u tsuba neng hona hobane’ng. U ka ’na ua ho fumana ho le molemo ho boloka tlaleho pampiring hore na nakong e tloaelehileng ea letsatsi u ile ua tsuba sakerete e ’ngoe le e ’ngoe neng le hona u tsubela hokae. Sena se tla u thusa hore u bone esale pele maemo a ka ’nang a u hohela hore u tsube ha u se u khaolitse.

Beha Letsatsi la ho Khaotsa

■ Khetha letsatsi la ho khaotsa, ’me u le tšoaee k’halendareng ea hao. Ho molemo ho khetha letsatsi leo ka lona u tla beng u se tlas’a khatello e sa hlokahaleng ea lintho tse u potolohileng. Ha letsatsi leo le fihla, khaotsa ka ho feletseng—hang-hang le ka ho phethahetseng.

■ Pele letsatsi leo le fihla, lahla literei tsa molora oa koae, mollo le lintho tsa ho hotetsa koae. Hlatsoa liaparo tsa hao kaofela tse nang le monkho oa koae.

■ Kōpa tšehetso ea basebetsi-’moho, metsoalle le ba lelapa hore ba u khothatse boitekong ba hao ba ho khaotsa. U se ke ua tšaba ho kōpa ba bang hore ba se ke ba tsubela haufi le uena.

■ Lokisetsa lintho tseo u tla li etsa ka letsatsi leo u khaotsang ka lona. U ka ’na ua ea sebakeng seo ho thibetsoeng ho tsuba ho sona, joaloka musiamo kapa sebakeng sa liketsahalo tse itseng. U ka boela ua ikoetlisa—ua sesa kapa ua palama baesekele kapa ua tsamaea sebaka se selelele.

Ho Sebetsana le Matšoao a ho Tlohella ho Tsuba

Haeba u le motho ea tsubang haholo, u ka ’na ua utloa matšoao a ho tlohella ho tsuba, a tla qala lihora li se kae feela ka mor’a ho tsuba sakerete ea ho qetela. A ka ’na a akarelletsa ho teneha, ho hloka mamello, bohlaha, ho tšoenyeha, ho tepella maikutlo, ho hlobaela, ho hloka botsitso, ho ba le takatso e matla ea lijo le ho ba le takatso e matla ea lisakerete. Mohlomong ngaka ea hao e ka ’na ea laela hore u noe meriana e itseng e tla u thusa ho kokobetsa matšoao ana. Ho feta moo ho na le lintho tse ling tseo u ka li etsang tse ka u thusang ho hlōla ntoa ena.

■ Libekeng tse seng kae tse qalang tse thata, ja lijo tse nang le lik’hilojule tse tlaase, ’me u noe metsi a mangata. Ba bang ba fumane ho le molemo ho tlosa tlala e molomong ka meroho e tala, joaloka lihoete kapa celery. Haeba u ikoetlisa u tla thusa ho loantša boima ba ’mele le ho fokotsa letope.

■ Qoba libaka le maemo ao ho ’ona u tla hoheleha hore u tsube.

■ Loantša monahano o fosahetseng o ka ’nang oa u hohela hore u tsube. Likhopolo tse ling tse tloaelehileng nakong ea ha motho a tlohella ho tsuba ke tsena: ‘Ke tla tsuba kajeno feela e le hore ke mpe ke fete nakong ena e thata.’ ‘Ho tsuba ke eona ntho feela e mpe eo ke e etsang!’ ‘Koae e ke ke ea e-ba mpe hakaalo; batho ba bang ba tsubang haholo ba phela ho fihlela ba le ka ’nģane ho lilemo tse 90.’ ‘Ke ntse ke tla bolaoa ke ho hong.’ ‘Bophelo ha bo na monyaka kantle ho koae.’

■ Haeba u le mothating oa ho inehela, ema hanyenyane. Ka ho ema metsotso e leshome feela, takatso e matlahali e ka ’na ea feta. Ka linako tse ling khopolo ea hore ha u sa tla hlola u tsuba e ka ’na ea utloahala e sithabetsa. Haeba u ikutloa ka tsela eo, tsepamisa mohopolo oa hao tabeng ea ho khaotsa kajeno feela.

■ Haeba u batla ho sebeletsa Molimo, rapella thuso ea hae. ’Mōpi oa rōna ea lerato a ka fana ka “thuso ka nako e nepahetseng” ho ba ikitlaelletsang ho phela tumellanong le thato ea hae. (Baheberu 4:16) Empa u se ke ua lebella mohlolo. U lokela ho sebetsa tumellanong le lithapelo tsa hao.

Tlohella ho Tsuba Ho-ea-ho-ile

■ Likhoeli tse tharo tse qalang ke tse thata ka ho fetisisa, empa esita le ka mor’a tsona u lokela ho qoba batho ba tsubang le maemo a ka ’nang a u beha tekong ea hore u tsube.

■ U se ke ua ithetsa ka ho nahana hore u ka ’na ua tsuba seoelo, esita le haeba u khaolitse ho tsuba ka nako e ka etsang selemo kapa ho feta.

■ Hanela phephetso ea hore u tla tsuba “sakerete e le ’ngoe feela.” E le ’ngoe feela e ka lebisa ho tse ling, ’me ka mor’a nakoana u tla be u sentse mosebetsi oohle o boima oo u o entseng ha u khaotsa. Leha ho le joalo, haeba u ka thella ’me ua tsuba sakerete, ha ho na lebaka la hore u tsube e ’ngoe hape. Haeba u khutlela morao, khaotsa hape.

Batho ba limilione ba neng ba tsuba ba atlehile ho khaotsa. Ka boikemisetso le mamello le uena u ka atleha!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela