Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng ka ho Iphunya ’Meleng?
‘Ha ke qala ho bona batho ba iphuntseng molomong le likarolong tse ling tsa ’mele ea bona, ke ile ka re “Khele! Baa ikhetha.”’—Lisa.
LISA ha a mong. Palo e ntseng e eketseha ea bacha e kenya masale le likonopo likarolong tse sa tšoaneng tsa ’mele, esita le lintšing, lelemeng, molomong le mokhubung. Tloaelo ena e bitsoa ho iphunya ’meleng.a
Heather ea lilemo li 16 o labalabela ho ikakhela ka setotsoana mokhoeng ona. O kholisehile hore ho kenya lesale mokhubung ho tla shebahala “ho khahla ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, Joe ea lilemo li 19 o se a ntse a kenya lesale la khauta lelemeng. ’Me moroetsana e mong o ile a khetha ho phunya lintšing hobane a ne a batla ho hong “ho hlaheletseng haholo” ho neng ho tla “makatsa batho.”
Khopolo ea ho kenya mabenyane ’meleng ka sebele ha e ncha. Morao koana mehleng ea Bibele, mosali e mong ea tšabang Molimo eo ho thoeng ke Rebeka o ne a roala lesale la nko. (Genese 24:22, 47) Ha Baiseraele ba e-tsoa Egepeta, ba ne ba roetse masale litsebeng. (Exoda 32:2) Leha ho le joalo, ha ho tsebahale hore na mabenyane a joalo a ne a kenngoa ka ho phunya tsebe kapa nko. Leha ho le joalo, makhoba a tšepahalang a ne a phunya litsebe e le pontšo ea botšepehi ba ’ona bo sa sekisetseng ho beng ba ’ona. (Exoda 21:6) Ho phunya ho ’nile ha hlahella le litloaelong tse ling tsa boholo-holo. Maaztec le Mamaya a ne a iphunya malemeng ka mabaka a bomoea. Ho phunya molomo masoba ho ntse ho atile Afrika le har’a Maindia a mang a Amerika Boroa. Ho kenya mekhabiso nkong ho tloaelehile har’a batho ba Melanesia le baahi ba India le Pakistan.
Ho fihlela lilemong tse seng kae tse fetileng, ka kakaretso linaheng tsa Bophirimela ho phunya ho ne ho etsoa lintlheng tsa litsebe ho basali feela. Empa hona joale bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le bacha ba seng ba tiile ba bahlankana le ba baroetsana ba kenya mabenyane hoo e batlang e le karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea ’mele eo a ka kenngoang ho eona.
Lebaka Leo ba Phunyang ka Lona
Ba bangata ba phunya hobane ba nahana hore ke ntho e keneng fesheneng—e lokelang ho etsoa. Ba bang ba nahana hore ho tla ntlafatsa ponahalo ea bona. Ka sebele, feshene ena e tumisitsoe haholo ke limotlelara tse hlaheletseng, likhalala tsa lipapali le libini tse tummeng tse sebelisang mabenyane a ’mele. ’Me ho bacha ba bang, ho bonahala ho phunya ho boetse ho sebeletsa e le pontšo ea tokoloho, takatso ea ho batla ho ba ba ikhethang, tsela ea ho bolela hore bona ha ba tšoane le motho e mong le e mong. Mongoli oa koranta John Leo o re: “Tabatabelo ea ho koatisa batsoali le ho makatsa sehlopha se bohareng ho bonahala e le eona tšusumetso e matla ea ho ’na ba iphohlotsa khafetsa.” Ho se khotsofale, ho kheloha, ho hanyetsa le borabele ho bonahala e le tsona tse susumetsang boemo bona ba ho itlhahisa.
Ho boetse ho na le bao ba phunyetsang ho khotsofatsa litlhoko tse tebileng tsa kelello kapa maikutlo. Ka mohlala, bacha ba bang ba nahana hore ho tla eketsa boitlhompho ba bona. Ba bang ba ileng ba hlekahlekoa bongoaneng ba ho nka e le mokhoa oa ho bontša hore ba na le taolo ’meleng ea bona.
Likotsi Bophelong bo Botle ba ’Mele
Empa na ho phunya ’mele hohle joalo ho sireletsehile? Lingaka tse ngata li bolela hore ho hong ha hoa sireletseha. Ka sebele, tloaelo ea ho iphunya e kotsi. Esita le ho ea ho bao ho thoeng ke litsebi tsa ho phunya le hona ho ka ’na ha e-ba le likotsi tsa hona. Tse ngata ha lia ba le koetliso e batsi, li fumane tsebo ea tsona ho metsoalle, limakasine, kapa livideo. Ka hona, li ka ’na tsa se ke tsa sebelisa mekhoa e sireletsehileng ea bohloeki kapa esita le ho utloisisa likotsi tsa ho phunya ’mele. Hape, ba bangata ba phunyang ha ba na kutloisiso ea kamoo ’mele o hahehileng kateng. Bona ke bothata bo tebileng, kaha ho phunya lesoba sebakeng se fosahetseng ho ka etsa hore mali a tsoe a le mangata haholo. Ho hlaba mothapo oa kutlo ho ka baka tšenyo e ke keng ea lokisoa.
Kotsi e ’ngoe e tebileng ke ea ho tšoaetsoa. Lisebelisoa tse silafetseng li ka jala maloetse a bolaeang a kang lefu la sebete, AIDS, lefuba le tetanus. Esita le ha ho sebelisitsoe mekhoa e sireletsehileng, ho ntse ho hlokahala tlhokomelo e hlokolosi ka mor’a tšebetso eo. Ka mohlala, ho phunya mokhubu ho ka baka ho thonkheha kaha o lula o thetsoa ke liaparo. Ka hona o ka ’na oa nka likhoeli tse robong hore o fole.
Lingaka li bolela hore ho phunya lefufuru la tsebe kapa la nko ho kotsi ho feta ho phunya ntlha ea tsebe. Lengolo la litaba le potolohang la American Academy of Facial Plastic and Reconstructive Surgery lea hlalosa: “Ho phunya masoba a mangata tsebeng ho potoloha bokaholimo ba tsebe ke ntho eo ho amehiloeng ka eona haholo—ho petla ha ’ona ho ka baka tahlehelo ea bokaholimo bohle ba tsebe. Masale a linko ao e kang likonopo le ’ona a kotsi—ho petla sebakeng sena ho ka ’na ha ama methapo ea mali e haufi ’me ha namela bokong.” Lengolo leo la litaba le potolohang lea phetha: “Ka ho utloahalang, [ho phunya] ho lokela ho lekanyetsoa ntlheng ea tsebe feela.”
Kotsi e ’ngoe ke ea ho ba le metoa e tšabehang le ho petlisoa ke mabenyane a phunyang. Haeba masale a kentsoeng libakeng tse hlokang hore motho a be hlokolosi, joaloka letsoeleng, a ka tšoasoa kapa a huloa ke liaparo, ’me a ka ’na a tabola nama habonolo. Metoa e letsoeleng la ngoanana e ka koala masobana a lebese ’me haeba a sa batle phekolo, a ka ’na a thatafalloa kapa a sitoa ho anyesa lesea nakong e tlang.
Haufinyane tjena American Dental Association e boletse hore ho phunya molomo ke kotsi ea bophelo sechabeng. Likotsi tse ling tsa ho phunya molomo li akarelletsa ho khangoa ka mor’a ho koenya lebenyane, ho shoa bohatsu le ho lahleheloa ke tatso lelemeng, ho tsoa mali ka nako e telele, ho robeha kapa ho peperana meno, ho ba le mathe a mangata, ho lutla liqhenqhe ho sa laoleheng, ho utloa bohloko mareneneng, ho thatafalloa ke ho bua le ho hema, ho hlafuna le ho koenya ka thata. Ha moroetsana e mong ea bitsoang Kendra a phunya leleme la hae, “le ile la ruruha joaloka balune.” Ho ileng ha mpefatsa boemo le ho feta ke hore motho ea neng a phunya Kendra o ile a sebelisa konopo e reretsoeng ho kenngoa selelung, ’me e ile ea mo tabola leleme le ho hlenhlanya linama tsa lona tse ka tlaase. O ile a batla a qetella a se a sa tsebe ho bua.
Molimo o ile a ruta batho ba hae ba Baiseraele hore ba hlomphe ’mele ea bona ’me ba qobe ho itšeha. (Levitike 19:28; 21:5; Deuteronoma 14:1) ’Me le hoja Bakreste kajeno ba se tlas’a Molao oa Moshe, ba ntse ba khothalletsoa ho tšoara ’mele ea bona ka tlhompho. (Baroma 12:1) Ka hona, na hase ho utloahalang hore motho a qobe likotsi tse sa hlokahaleng bophelong bo botle ba ’mele? Leha ho le joalo, ho na le lintlha tse ling tseo u lokelang ho li hlahloba ntle ho tsa bophelo bo botle ba ’mele.
Ho Fetisa Molaetsa Ofe?
Bibele ha e fane ka taelo e tobileng ka taba ea ho iphunya ’meleng. Empa e re khothalletsa hore re ikhabise ka “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9) Le hoja ntho e itseng e ka ’na ea nkoa e hlompheha karolong e ’ngoe ea lefatše, seo e hlileng e leng taba ke hore na se talingoa joang moo u phelang teng. Ka mohlala, ho phunya ha basali litsebe ho ka ’na ha nkoa ho amoheleha karolong e ’ngoe ea lefatše. Empa naheng e ’ngoe kapa tloaelong e ’ngoe, ba bang ba ka ’na ba khopiseha ke hona.
Ho sa tsotellehe ho tuma ha hona ho batho ba tummeng, ho fihlela hajoale ho iphunya ’meleng le banna ba roalang masale ho sitiloe ho amoheleha ka kakaretso linaheng tsa Bophirimela. Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba la hore ka nako e telele ho phunya e ’nile ea e-ba letšoao la batšoaruoa, likenke tse tsamaeang ka lithuthuthu, libini tsa ’mino oa rock o bontšang ho se khotsofale le litho tsa sehlotšoana sa bosodoma tse ithabisang ka ho hlekefetsa. Ho ba bangata, ho iphunya ’meleng ho fana ka maikutlo a ho kheloha le a borabele. Ba bangata ba ho nka ho nyarosa, ho eiseha. Ngoanana e mong oa Mokreste ea bitsoang Ashley o re: “Moshemane enoa ea sehlopheng le ’na o sa tsoa phunya nko. O nahana hore ke ntho e ntle. ’Na ke nahana hore ke ntho e tšabehang!”
Ka hona, hase ho makatsang ha lebenkele le leng le tsebahalang haholo Amerika le e-na le molao oa hore basebetsi bohle ba sebeletsang bareki ba lokela ho ba le lesoba le le leng tsebeng ka ’ngoe le hore ho phunya libakeng tse ling tsohle tse bonahalang ho thibetsoe. ’Muelli oa k’hamphani eo oa hlalosa: “U ke ke ua bolela esale pele hore na batho ba ka itšoara joang.” Baeletsi ba batho ba batlang mosebetsi le bona ba eletsa liithuti tsa koleche tsa banna tse etsang likōpo tsa mosebetsi hore ‘li se ke tsa roala masale kapa mabenyane a mang a phunyelitsoeng ’mele; basali ba se ke ba kenya . . . masale linkong.’
Bacha ba Bakreste ka ho khetheha ba lokela ho ameha ka maikutlo ao ba fanang ka ’ona ho ba bang, ho akarelletsa ha ba le tšebeletsong ea boboleli. Ha ba batle ho fana ‘ka sesosa leha e le sefe sa khopiso, e le hore bosebeletsi ba bona bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato.’ (2 Bakorinthe 6:3, 4) Ho sa tsotellehe maikutlo ao u ka ’nang ua ba le ’ona ka ho phunya, ke ho ke keng ha qojoa hore ponahalo ea hao e hlalosa boitšoaro le mokhoa oa hao oa bophelo. U batla ho fana ka maikutlo afe?
Qetellong, ke uena—le batsoali ba hao—ba tlamehang ho etsa qeto ka seo u tla se etsa tabeng ena. Bibele e fana ka keletso e utloahalang: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u hatelle hore u tšoane le lona.” (Baroma 12:2, Phillips) Etsoe, ke uena ea tla lokela ho latsoa liphello tsa hona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka sena, ha re bue ka ho phunya ho itekanetseng ho tloaelehileng le ho amohelehang meetlong ea linaha tse ngata. Ho fapana le hoo, re bua ka litloaelo tse feteletseng tse atileng kajeno.—Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1974, leqepheng la 527.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Ho iphunya ’meleng ho atile haholo har’a bacha