See Sohle se Bolela’ng?
HAEBA u ne u ka sekaseka litekanyetso tsa boitšoaro lilemong tsa morao tjena, u ne u tla bona ka ho hlaka tšekamelo e teng. Ntle ho pelaelo, batho ba ntseng ba eketseha ba ntse ba tsoela pele ho khella litekanyetso tsa boitšoaro fatše. Hantle-ntle see se bolela’ng?
Na se bolela hore tsoelo-pele eohle ea rōna le moloko oohle oa batho e ahloletsoe timetso, e haufi le ho fela, joalokaha ba bang ba bolela? Kapa na liphetoho tse joalo e mpa e le karolo feela ea ho theoha ho tloaelehileng le ho tsoelang pele liketsahalong tsa histori?
Batho ba bangata ba nahana hore se bolela maikutlo ana ka bobeli. Ba nka ho hlepha ha boitšoaro mehleng ea rōna e le tšekamelo feela, e ’ngoe ea tse fihlang li bile li iphetela ho theosa le histori. Ba lebeletse ka ho feletseng hore lintho li tla qetella li khutletse malulong le hore litekanyetso tsa boitšoaro tse batlang li phahame li tla khutla. Na ba nepile?
‘Matsatsi a ho Qetela’
A re hlahlobeng lintlha tsena leseling la buka eo ka makholo a lilemo e ’nileng ea amoheloa ka ho pharaletseng e le eona e nang le matla a ho laela litabeng tsa boitšoaro—Lentsoe la Molimo, Bibele. Ho bapisa lefatše la kajeno le tlhaloso ea boprofeta eo Bibele e fanang ka eona ka nako ea makhaola-khang historing ea moloko oa batho ho fana ka kutloisiso e hlakileng. Ena ke nako eo e e bitsang ‘matsatsi a ho qetela’ kapa “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (2 Timothea 3:1; Matheu 24:3) Joalokaha lipolelo tsena li hlalosa, nako ena e lokela ho tšoaea ho fela ha nako e itseng e tobileng le ho qala ha e ncha.
Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele hore matsatsi a ho qetela a ne a tla tšoauoa ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” E le ho thusa bashebelli ba hlokolosi ho khetholla matsatsi a ho qetela, Bibele e fana ka lintlha tse ’maloa tseo ha li kopana li fanang ka tlhaloso e hlakileng, kapa pontšo e nang le likarolo tse ngata, ka nako ena e ikhethang.
Litšobotsi Tse Mpe Tse Teng ho Batho
Hlokomela tšobotsi e ’ngoe ea pontšo ena e totobetseng kajeno: ‘Batho e tla ba ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba se na ’nete matleng a bona.’ (2 Timothea 3:2, 5) Ha ho na nako e ’ngoe historing e kileng ea tšoauoa ka ho furalla bolumeli ka matla le ka ho pharaletseng tjena. Batho ba bangata ba ’nile ba qhelela Molimo ka thōko hore ekaba eena feela ea nang le matla a ho laela, ’me ba bangata ha ba amohele Bibele e le eona feela mohloli oa ’nete. Ke ’nete hore malumeli a ntse a le teng, empa a mangata ha a na tšusumetso e kaalo. A mpa a e-na le ponahalo feela e thetsang.
Bibele e hlalosa tšobotsi e ’ngoe hape ea pontšo eo: “Batho e tla ba . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang,” ’me “ka lebaka la ho eketseha ha ho se ee ka molao lerato la palo e khōlō le tla fola.” (2 Timothea 3:2, 3; Matheu 24:12) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba bohale bo tšosang,” har’a lintho tse ling le bolela, “ba se nang kutloelo-bohloko le mohau ho batho ba bang.” Kajeno esita le bana ba banyenyane ba iponahatsa e le “ba bohale bo tšosang” ’me ba etsa liketso tsa tlōlo ea molao tse mabifi ka tsela e ntseng e eketseha.
Ho feta moo, tsoelo-pele e sekhahla theknolojing le moruong le meharo eo e e bakileng, e entse hore batho ba ntseng ba eketseha ba qhelele ka thōko litekanyetso tsa khale tsa boitšoaro. Ba sa natse ba bang, ba sebelisa mekhoa leha e le efe e teng, esita le e sa tšepahaleng, e le hore ba fumane ho hongata kamoo ba ka khonang kateng ho finyella lithahasello tsa bona tsa boithati. Ho saballa ha papali ea chelete ke bopaki bo bong ba boithati, ’me lipalo-palo tsa liketso tsa tlōlo ea molao lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng li fana ka bopaki bo matla le bo hlakileng ba sena.
Tšobotsi e ’ngoe e atileng ka ho ikhethang mehleng ea rōna ke ena: “Batho e tla ba . . . ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.” (2 Timothea 3:2, 4) Mohlala o mong oa sena ke oa hore batho ba batla monyaka oa ho khotsofatsa litakatso tsa botho, empa ha ba batle boikarabelo ba ho phela le molekane a le mong oa lenyalo bophelo bohle. Phello ea sena ke ho qhalana ha malapa a mangata, bana ba sa thabang le ba hlokang malapa a ba hlokomelang, batsoali ba se nang balekane le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.
Karolo e ’ngoe ea pontšo ke hore “batho e tla ba baithati, ba ratang chelete.” (2 Timothea 3:2) Ho ea ka makasine ea Sejeremane Die Zeit, “tšusumetso e khōlō ea tsamaiso ea [moruo kajeno] ke boithati.” Ho feta leha e le neng pele, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba batho ba bangata ke ho hahamalla chelete. Ha ho phehelloa pakane ena ea boithati, litekanyetso tse ling tsa boitšoaro lia hlokomolohuoa.
Liketsahalo Tsa Lefatše
Ntle le ho hlalosa ho hlepha ha litekanyetso tsa boitšoaro ho batho, Bibele e ile ea boela ea bolela esale pele hore matsatsi a ho qetela a ne a tla tšoauoa ka merusu e fetang e tloaelehileng e neng e tla ama lelapa la motho. Ka mohlala e bolela hore “sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla; ’me ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, le mafu a seoa le likhaello tsa lijo sebakeng se seng ka mor’a se seng.”—Luka 21:10, 11.
Kantle ho lekholo la bo20 la lilemo, ha ho e-s’o be le nako e ’ngoe historing eo ka eona batho ba bangata tjena ba kileng ba ameha litlokotsing tse ngata hakana tse sisinyang lefatše ka nako e lekanang le eo. Ka mohlala, batho ba fetang hōle limilione tse 100 ba ile ba bolaoa lintoeng lekholong leo la lilemo, e leng palo e menang ka makhetlo a mangata ea ba ileng ba bolaoa lintoeng ha ho kopanngoa makholo a ’maloa a lilemo a fetileng. Lekholo la bo20 la lilemo le ile la re tlisetsa lintoa tse peli tse fapaneng haholo le tse ling hoo li ileng tsa bitsoa lintoa tsa lefatše. Likhohlano tsa lefatše tse kang tsena li ne li e-s’o ka li e-ba teng pele.
Matla a Khopo a Susumetsang
Bibele e boetse e senola hore ho na le sebōpuoa sa moea se matla le se khopo, ‘se bitsoang Diabolose le Satane,’ seo morero oa sona e leng ho khelosa batho litekanyetsong tsa ’nete tsa boitšoaro le ho ba hulela boitšoarong bo bolileng. E bolela hore matsatsing ana a ho qetela, o theohetse lefatšeng, “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:9, 12.
Ka Bibeleng, Diabolose o hlalosoa e le “’musi oa matla a ho laela a moea, moea oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.” (Baefese 2:2) Sena se bolela hore Diabolose o na le tšusumetso e matla ho batho ba bangata, hangata ba bile ba sa ho hlokomele, feela joalokaha ka linako tse ling re ka ’na ra se ke ra hlokomela moea o silafetseng o sa bonahaleng.
Ka mohlala, tšusumetso ea Satane e bonoa mecheng e mengata ea puisano ea kajeno: livideong, libaesekopong, thelevisheneng, ho Internet, liphatlalatsong tsa papatso, libukeng, limakasineng le likoranteng. Boitsebiso bo joalo, haholo-holo bo lebisitsoeng ho bacha ba seng seli, bo tletse litšekamelo tse feteletseng le tse eisehang, tse kang tsa khethollano ea merabe, boloi, boitšoaro bo bobe le pefo e sehlōhō.
Batho ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba hlolloa ke ho tšoana ho teng pakeng tsa tlhaloso eo Bibele e fanang ka eona ka matsatsi a ho qetela le maemo a hlileng a etsahalang lefatšeng mehleng ea rōna. Ke ’nete hore ho bile le liketsahalo tse ling historing pele ho lekholo la bo20 la lilemo tseo ka litselana tse itseng li ileng tsa bonahala li tšoanela tlhaloso eo ea Bibele. Empa ke lekholong la bo20 la lilemo le lekholong lena la bo21 la lilemo feela moo likarolo tsohle tsa pontšo li ka bonoang.
Ketsahalo e Ncha ea Bohlokoa e Tlang
Batho ba lumelang hore moloko oa batho o tla timetsoa kapa ba bolelang hore lintho li tla ’ne li tsoele pele ka tsela eo li ’nileng tsa e-ba ka eona ba fositse. Ho e-na le hoo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore tsamaiso e teng hona joale ea lefatše e hatellang e tla nkeloa sebaka ke ho hong ho hocha ka ho feletseng.
Ka mor’a hore Jesu a thathamise likarolo tse ’maloa tsa pontšo ea matsatsi a ho qetela, o ile a re: “Ka tsela ena le lōna, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) ’Muso oa Molimo oa leholimo e ne e le sehlooho sa boboleli ba Jesu. (Matheu 6:9, 10) ’Me Molimo o mo khethile hore e be Morena oa ’Muso ona, e leng puso eo haufinyane e tlang ho busa holim’a lefatše lohle.—Luka 8:1; Tšenolo 11:15; 20:1-6.
’Me qetellong ea matsatsi a ho qetela, ’Muso oa Molimo oa leholimo o matsohong a Kreste o tla felisa bohle bao e leng lira tsa oona—e leng Diabolose le ba mo tšehetsang—’me o nkele mokhatlo oa kajeno o hlephileng boitšoarong sebaka ka lefatše le lecha la ho loka. (Daniele 2:44) Lefatšeng lena le lecha, batho ba lipelo li lokileng ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng le fetotsoeng paradeise.—Luka 23:43; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.
Ba nyatsang ho hlepha ha boitšoaro kajeno le ba hlokomelang hore pontšo ea matsatsi a ho qetela e nang le likarolo tse ngata ea phethahala liketsahalong tsa kajeno ba ka lebella bokamoso bo hlollang. Ka sena re leboha Molimo ea Matla ’Ohle, ea re tsotellang rōna batho le ea nang le morero o khanyang bakeng sa pōpo ea hae, lefatše.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; 1 Petrose 5:6, 7.
Lipaki tsa Jehova li u mema hore u ithute ka ho eketsehileng ka ’Mōpi oa rōna ea lerato le ka tebello ea bophelo lefatšeng le hloekileng boitšoarong, leo a le tšepisang bohle ba le batlang. Joalokaha Bibele e bolela, “sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Batho ba lipelo li ntle ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise