Na Lefatše le Tla ke le Kopane?
LILEMONG tsa morao tjena batho ba limilione ba Europe Bochabela le ba libakeng tse ling ba ’nile ba hlokofatsoa ke liphello tsa ntoa e bakang likarohano. Leha ho le joalo, esita le ha lintoa tse joalo tse khopo li ntse li kupa, batho ba likete ba linaheng tsena tse tsekolotsoeng ke ntoa ba ile ba khona ho hlaolela ho ba le bonngoe ba sebele har’a bona le ho bo boloka. Nahana ka mehlala e seng mekae.
Ka 1991, letšoele la machaba la ba ka bang 15 000 le ile la bokana hammoho Zagreb, Croatia. Lepolesa le neng le le teng moo le ile la susumelletseha ho re: “Ho ne ho ka ba hotle ho bontša ba phatlalatso ea litaba hore na ho etsahala eng lebaleng lena la lipapali, hona mona moo re bonang baahi ba Serbia, ba Croatia, ba Slovenia, ba Montenegro le ba bang ba lutse hammoho ka khotso.” Ke eng e tlisang bonngoe bo sa tloaelehang joalo?
Ka 1993, kopano ea machaba e khōloanyane le ho feta, e neng e e-na le sehlooho se reng “Thuto ea Bomolimo,” e ile ea tšoareloa Kiev, motse-moholo oa Ukraine. Ho ile ha e-ba le tlhōrō ea batho ba ka bang 65 000 ba bileng teng. Leqephe le ka holimo la Evening Kiev le ile la tlaleha: “Lipaki tsa Jehova . . . ha lia kopanngoa feela ke libeche tse putsoa tse ngotsoeng ‘Thuto ea Bomolimo,’ empa li kopantsoe ke tumelo ea ’nete.”
Thuto ea Bomolimo—Matla a Bonngoe
Na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li e-na le bonngoe empa li pota-potiloe ke ho hloka bonngoe? Moprofesa oa Lepolishe, Wojciech Modzelewski o hlalosa lebaka ka ho hlokomela sena ka Lipaki: “Ntlha e ka sehloohong bakeng sa boikutlo ba tsona ba khotso ke boikemisetso ba tsona ba hore ebe hona joale li latela melao-motheo e senotsoeng ka Bibeleng.” Ka sebele, Lipaki li na le bonngoe lefatšeng ka bophara ka lebaka la thuto ea bomolimo ea ’Mōpi, Jehova Molimo. Thuto eo ke eng?
Jesu Kreste o ile a supa molao-motheo oa bohlokoa o tlisang bonngoe ha a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” E, boemo ba Lipaki tsa Jehova ba ho se nke lehlakore bo etsa hore li be le bonngoe hohle. Sena se tumellanong le mantsoe a Jesu ha a rapela: “Ke etsa kōpo . . . e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le kopanong le ’na le ’na ke le kopanong le uena, e le hore le bona ba ka ba kopanong le rōna.”—Johanne 17:16-21.
Boemo bona ba ho se nke lehlakore ke matla a bonngoe hobane bo susumetsa Lipaki likarolong tsohle tsa lefatše hore li phethahatse seo moprofeta Esaia a ileng a se hlokomela ka bohle bao Molimo a tla ba ‘ruta mekhoa ea hae.’ Esaia o boletse hore ba joalo ba ne “ba tla tea liphehla [“lisabole,” NW] tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele.” Moprofeta eo o ile a tsoela pele: “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:2-4.
Bonngoe le khotso tse bonoeng likopanong tsa Lipaki tsa Jehova tsa Europe Bochabela nakong ea lilemo tse leshome tse sa tsoa feta li bontša hore boprofeta ba Esaia bo se bo ntse bo phethahala ka tekanyo e nyenyane. Ka tsela ea tšoantšetso, Europe le libakeng tse ling Lipaki li se li teile lisabole tsa tsona ho li etsa mehoma, ’me marumo a tsona li a entse lisekele. Ka lebaka leo, li thabela khotso le bonngoe kajeno lefatšeng lena le arohaneng. Hase feela koranta e ’ngoe ea mohlophisi e kileng ea re: “Haeba lefatše lohle le ne le ka phela ka ho latela thuto ea motheo [ea Bibele] ea Lipaki [tsa Jehova], tšollo ea mali le lehloeo li ne li tla fela, ’me lerato le ne le tla busa e le morena”! Na seo se tla ke se etsahale?
Kamoo Bonngoe ba Lefatše Lohle bo Tlang ho Finyelloa Kateng
Ho hlokahala ho fetang feela sehlopha se senyenyane sa batho ba nang le boikemisetso bo botle hore ho be le bonngoe lefatšeng lohle. Ho boetse ho hlokahala ’muso o nang le matla a ho thibela tšusumetso ea ba leng khahlanong le bonngoe le khotso. Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’muso o joalo: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:10) E, Jesu o ile a bontša hore ke ’muso oa Molimo feela, “’muso oa maholimo,” o ka fanang ka tharollo mathateng a lefatše—ho kopanyelletsa le bothata ba ho hloka bonngoe.—Matheu 4:17.
Jesu Kreste ke Morena oa ’Muso ona oa maholimo. Tlas’a puso ea hae, batho ba lefatšeng ba tla ba le khotso le bonngoe tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng. Bonngoe bona ba lefatše lohle bo ke ke ba tlisoa ke liphetoho tsa lichelete tse entsoeng ke batho. Ke ’muso oa lefatše o matsohong a “Morena oa Khotso” feela o tla etsa joalo.—Esaia 9:6, 7.
Ho hloka toka ho teng hona joale, hoo hangata ho bakoang ke bofutsana le tšebeliso e mpe ea matla, li ke ke tsa mamelloa ke Morena oa Khotso. Bibele ea tšepisa: “Marena kaofela a tla khumama pel’a hae, lichaba tsohle li mo sebeletse. Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong, . . . nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:11, 12, 14, 16.
Tlas’a puso ea Kreste, ho hlokahala ha mosebetsi le hona ho tla fela. Moprofeta Esaia o re: “Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.” (Esaia 65:22) Nahana feela, motho e mong le e mong lefatšeng o tla khona ho etsa mosebetsi o nang le thuso, o khotsofatsang!
Bonngoe ba Sebele—Neng?
Empa puso ea Kreste lefatšeng moo e tla qala neng? Ha Jesu Kreste a arabela potso eo, o ile a supa nako e neng e tla khetholleha ka lintoa, litlaleho tsa lintoa, mafu, litšisinyeho tsa lefatše le liketsahalo tse ling. Leha ho le joalo, o ile a boela a supa tšobotsi e ntle—boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:3-14; Luka 21:11) Jesu o ile a re liketsahalo tsena li ne li tla fihla tlhōrōng ka “matšoenyeho a maholo” a tla tlisa phetoho e feletseng ea puso lefatšeng. (Matheu 24:21) Bala puo eo ea hae e tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 24 le Luka khaolo ea 21. Bapisa maemo ao a ileng a bua ka ’ona esale pele le seo u se bonang lefatšeng. U ka bona ka ho hlakileng hore hona joale re phela nakong eo haufinyane Molimo a tla kenella pusong ea batho. ’Muso oa hae oo ho oona Jesu Kreste e leng Morena, ke oona o tla busa. Lefatše le nang le bonngoe le larile ka pele!
Potso e sa sala, U lokela ho etsa’ng hore u bone ha tšepiso ee e phethahala? Kaha Bibele e phetha karolo ea bohlokoa litebellong tsa moloko oa batho bakeng sa bokamoso, ke bohlale hore u etse boiteko hore u tsebe Bibele hamolemo. Ka hona, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u etela ha hao ’me li be le thuto ea Bibele e sa lefelloeng le uena.a Haeba u amohela sena, ka potlako u tla bona hore bonngoe ba lefatše bo ka finyelloa le hore le uena u ka kopanela ho bona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba u lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka lenaneo lena la thuto ea Bibele, ikopanye le bahatisi ba makasine ena kapa Lipaki tsa Jehova tse motseng oa heno.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Lefatšeng ka bophara, Lipaki tsa Jehova li na le bonngoe bo ikhethang
Kiev, Ukraine
Zagreb, Croatia
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Morero oa Molimo ke hore moloko oa batho e be lelapa le bonngoeng lefatšeng lohle