U se ke Ua ba Phofu ea Phatlalatso ea Likhopolo Tsa Leshano!
“Sethoto se lumela litaba tsohle.”—LIPROVERBIA 14:15.
HO NA le phapang—le hona e khōlō—lipakeng tsa thuto le ho phatlalatsa likhopolo tsa leshano. Thuto e u bontša hore na u nahane joang. Phatlalatso ea likhopolo tsa leshano e u bolella hore na u nahane eng. Mesuoe e molemo e fana ka mahlakore ’ohle a taba ’me e khothalletsa hore ho buisanoe. Ba phatlalatsang likhopolo tsa leshano ba u qobella ka matla hore u utloe maikutlo a bona ’me ha ba khothalletse hore ho buisanoe. Hangata sepheo sa bona ha se totobale. Ba tšeka lintlha, ebe tse molemo ba li sebelisa hampe ’me ba pate tse ling. Ba boetse ba khopamisa lintlha le ho li sotha, ba ipabola ka ho bua leshano le linnete tse sa fellang. Ba korotse maikutlo a hao, eseng mokhoa o utloahalang oo u nahanang ka oona.
Motho ea phatlalatsang likhopolo tsa leshano o etsa bonnete ba hore molaetsa oa hae o hlaha e le o nepahetseng le o hlomphehang le hore haeba u o latela, u tla ba oa bohlokoa le ho ba le botsoalle bo haufi-ufi le ba bang. Ba batla u lumele hore u e mong oa ba hlalefileng, ha u mong, u phutholohile le hona ho bolokeha.
U ka itšireletsa joang bathong bao Bibele e ba bitsang “babua-bui ba se nang molemo” le “bathetsi ba kelello”? (Tite 1:10) Hang ha u tloaelane le a mang a maqheka a bona, u ba boemong bo botle ba ho hlahlobisisa molaetsa leha e le ofe kapa boitsebiso boo u bo fumanang. Tse ling tsa litsela tsa ho etsa sena ke tse latelang.
E-ba ea khethang: Kelello e bulehetseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho feletseng e ka tšoantšoa le peipi ea metsi eo ho eona ho kenang ntho e ’ngoe le e ’ngoe—esita le tsona likhoere-khoere. Ha ho na motho ea ratang kelello e silafalitsoeng ke chefo. Solomone eo e neng e le morena le mosuoe oa mehleng ea khale o ile a lemosa: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Ka hona, re tlameha ho khetha. Re lokela ho hlahlobisisa seo re se bolelloang, re etse qeto ea seo re se amohelang le seo re sa se amoheleng.
Leha ho le joalo, ha re batle ho ba ba sa amoheleng likhopolo tsa ba bang hoo re qetellang re hana ho hlahloba lintlha tse ka ntlafatsang monahano oa rōna. Re ka ba ba leka-lekaneng joang? Ka ho ipehela tekanyetso eo re tla lekanya boitsebiso ka eona. Mona Mokreste o na le mohloli oa bohlale bo boholo. O na le Bibele e le eona e mo tataisang ka botšepehi ho nahaneng ha hae. Ka lehlakoreng le leng, kelello ea hae e bulehile, ke hore, e amohela boitsebiso bo bocha. O hlahlobisisa boitsebiso bo joalo bo bocha ka ho bo bapisa le litekanyetso tsa Bibele ’me o amohela seo e leng ’nete mohopolong oa hae. Ka lehlakoreng le leng, kelello ea hae e bona kotsi ea boitsebiso boo ka ho feletseng bo sa lumellaneng le litekanyetso tsa hae tse thehiloeng Bibeleng.
Sebelisa temoho: Temoho ke “kahlolo e seli haholo.” Ke “matla kapa bokhoni ba kelello boo ka bona e khethollang ntho e ’ngoe ho e ’ngoe.” Motho ea nang le temoho o elelloa mano a likhopolo tse itseng kapa lintho ’me o ba le kahlolo e molemo.
Re sebelisa temoho, re tla khona ho hlokomela ba sebelisang feela “puo e boreleli le puo e rorisang” e le hore ba ‘eke lipelo tsa ba se nang mano.’ (Baroma 16:18) Temoho e u nolofalletsa ho qhela boitsebiso bo sa hlokahaleng kapa lintlha tse khelosang le ho khetholla bohlokoa ba taba. Empa u ka lemoha joang ha ntho e itseng e le e khelosang?
Beha boitsebiso tekong: Johanne, mosuoe oa Mokreste oa lekholong la pele la lilemo o itse: “Baratuoa, le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng.” (1 Johanne 4:1) Batho ba bang kajeno ba tšoana le liponche, ba monya ntho leha e le efe eo ba kopanang le eona. Ho bonolo haholo ho monya ntho leha e le efe e re pota-potileng.
Empa ke habohlokoa haholo hore motho ka mong a ikhethele seo a tla se fepa kelello ea hae. Ho na le polelo e reng re seo re se jang, ’me sena se ka sebetsa lijong tsa ’mele le lijong tsa kelello. Ho sa tsotellehe hore na u bala eng, u shebella eng kapa hona ho mamela eng, hlahloba hore na seo ha se phatlalatse likhopolo tsa leshano na kapa hona hore na ke ’nete.
Ho feta moo, haeba re batla ho sebelisa toka, re lokela ho ikemisetsa ho tsoela pele ho hlahloba mehopolo ea rōna ha re utloa boitsebiso bo bocha. Ha e le hantle, re lokela ho hlokomela hore e mpa e le mehopolo. Ho tšepahala ha eona ho itšetlehile ka hore na lintlha tsa rōna li utloahala hakae, hore na ho beha mabaka ha rōna ke ha mofuta ofe le litekanyetsong kapa melao-motheong tsa bohlokoa tseo re khethang ho li sebelisa.
Botsa lipotso: Joalokaha re bone, ho na le ba bangata kajeno ba ka ratang ho ‘re qhekella ka likhang tse susumelletsang ho lumela.’ (Bakolose 2:4) Ka hona, ha re tobane le likhang tse susumelletsang ho lumela, re lokela ho botsa lipotso.
Pele, hlahloba hore na ho na le leeme. Sepheo sa molaetsa oo ke sefe? Haeba molaetsa o tletse ka ho seolla le ka lipolelo tse kobisang, ke hobane’ng ha ho le joalo? Ntle le taba ea hore puo ea teng ea kobisa, bohlokoa ba molaetsa ka booona ke bofe? Hape, haeba ho khoneha leka ho hlahloba histori ea ba buang. Na ba tsebahala ka ho bua ’nete? Haeba ho sebelisoa “ba boholong,” ke bo-mang kapa ba boemong bofe? Ke hobane’ng ha u ka nka motho enoa—kapa mokhatlo kapa sengoliloeng—e le ea nang le tsebo e phahameng kapa boitsebiso bo tšepahalang tabeng eo ho buuoang ka eona? Haeba u elelloa hore ho na le tsela e itseng e sebelisoang hore ho haptjoe maikutlo, ipotse, ‘Ha taba ena e shejoa ka kelello e pholileng, bohlokoa ba molaetsa oo ke bofe?’
U se ke ua hoholeha le bongata: Haeba u hlokomela hore seo bohle ba se nahanang ha se hlile ha se joalo, u ka ba le matla a ho nahana ka tsela e fapaneng. Le hoja ho ka bonahala ba bang bohle ba nahana ka tsela e tšoanang, na seo se bolela hore le uena u lokela ho nahana joalo? Maikutlo a tummeng hase tiiso ea hore seo ke ’nete. Ho theosa le makholo a lilemo, ho ’nile ha tuma mefuta eohle ea likhopolo tseo hamorao li ileng tsa fumanoa li fosahetse. Leha ho le joalo, tšekamelo ea ho ea le bongata e sa tsoela pele. Taelo e fanoeng ho Exoda 23:2 e sebetsa e le molao-motheo o motle: “U se ke ua latela bongata ho ea etsa tse mpe.”
Tsebo ea ’Nete ha e Bapisoa le ho Phatlalatsoa ha Likhopolo Tsa Leshano
Pejana ho ile ha boleloa hore Bibele ke tataiso e ka tšeptjoang bakeng sa ho nahana ka ho hlaka. Ka ho hlakileng, Lipaki tsa Jehova li lumellana le polelo ea Jesu ho Molimo: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Sena se etsoa ke hore Molimo, Mongoli oa Bibele, ke eena “Molimo oa ’nete.”—Pesaleme ea 31:5.
E, mehleng ena ea ho phatlalatsoa ho tsoetseng pele ha likhopolo tsa leshano, re ka talima ka kholiseho Lentsoeng la Jehova e le oona mohloli oa ’nete. Habohlokoa ke hore sena se tla re sireletsa ho ba batlang ho ‘re hanyapetsa ka mantsoe a iqapetsoeng.’—2 Petrose 2:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Temoho e u nolofalletsa ho qhela boitsebiso bo sa hlokahaleng kapa bo khelosang
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Hlahloba ntho leha e le efe eo u e balang kapa eo u e shebellang ho bona hore na ke ea ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Hase kamehla maikutlo a atileng e leng a ka tšeptjoang
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Re ka talima ka kholiseho Lentsoeng la Molimo e le oona mohloli oa ’nete