Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 11/8 maq. 16-17
  • Na Bolepi ba Linaleli bo Lokela ho Susumetsa Bophelo ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bolepi ba Linaleli bo Lokela ho Susumetsa Bophelo ba Hao?
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Semelo sa Histori
  • Likotsi Tse Ipatileng
  • Bibele—Tataiso e Tšepahalang
  • Na Bonohe ba Linaleli bo Senola Bokamoso ba Hao?
    Tsoha!—2005
  • Na Bonohe bo ka re Thusa ho Tseba Bokamoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Bolepi ba Linaleli Matlung a Thapelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 11/8 maq. 16-17

Pono ea Bibele

Na Bolepi ba Linaleli bo Lokela ho Susumetsa Bophelo ba Hao?

“HO NA LE BACHA BA BANGATA LE BATHO BA BAHOLO BA BATLANG LIPONTŠO TSA LINTHO TSEO BA LI RERETSOENG ESALE PELE LINALELING.”—MOPAPA JOHN PAUL II.

HO LATELA phuputso e ’ngoe, Leamerika le le leng ho a mane le sebelisa bonohe ba linaleli ha le etsa liqeto. Ho batla lipontšo tsa bonohe ba linaleli ho hang ha ho etsoe karolong ena ea lefatše feela. Hoo e ka bang lefatšeng lohle, batho ba batla keletso boleping ba linaleli bakeng sa litaba tsa lichelete, ho rera maeto, ho fetola mosebetsi, ho beha letsatsi la lechato le maqheka a ntoa. Ho boleloa hore naleli ea motho e ka khetholla batho ba lokelang ho nyalana hape e ka senola le hore na ke batho bafe ba ke keng ba tšoanelana. Ho tloha Bochabela ho ea Bophirimela, bonohe ba linaleli bo hapile tlhokomelo ea ba limilione. Empa bolepi ba linaleli bo simolohile hokae?

Semelo sa Histori

Mefuta e sa tšoaneng ea bolepi ba linaleli e ka latelloa ho ea fihla lichabeng tsa khale tse tsejoang. Esita le Bibele e bua ka “lihlopha tsa linaleli tsa zodiake [bolepi].” (2 Marena 23:5, NW) Ho hlakile hore mehleng ea boholo-holo Mahindu haesita le Machaena, Baegepeta, Bagerike le lichaba tse ling ba ne ba batla keletso boleping ba linaleli. Leha ho le joalo, litšupiso tsa pele-pele tsa lipontšo tsa bolepi ba linaleli li ile tsa fumanoa Babylona ea boholo-holo.

Bababylona ba ile ba hlahisa bonohe ba linaleli ka sepheo sa ho fumana boitsebiso bo itseng ka bokamoso. Ha ho hlokomeloa metsamao ea makhotla a leholimo, ho ile ha etsoa lichate tse entsoeng ka hloko. Ka tsona ho ile ha boleloa esale pele litaba tsa batho le liketsahalo tsa lefatše. Hangata ho ne ho sa etsoe liqeto tsa lipolotiki kapa tsa sesole pele ho bitsoa linohe tsa linaleli hore li fane ka keletso. Kahoo, sehlopha sa baruti se ipolelang hore se na le bohlale bo khethehileng le matla a sa tloaelehang se ile sa ba le tšusumetso e khōlō. Ha e le hantle, litempele tsohle tse khōlō Babylona li ne li e-na le lintho tse sebelisoang bakeng sa ho sheba makhotla a leholimo.

Kajeno lipontšo tsa bolepi ba linaleli li tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba batho ba bangata. Esita le ba sa ipoleleng hore ba lumela ho noha bophelo ba motho ka linaleli ba ka ’na ba batla keletso ea hona bakeng sa boithabiso feela kapa ka lebaka la bohelehele. Ke ’nete hore linohe tsa linaleli li ’nile tsa bolela esale pele lintho tse ling tse ileng tsa phethahala. Empa na see se bolela hore ho batla keletso linaleling ho molemo? Ha e le hantle bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba nka ho thahasella bonohe ba linaleli joang?

Likotsi Tse Ipatileng

Ho fapana le Bababylona, Bajuda ba tšepahalang ba ne ba sa sebelise bonohe ba linaleli—ka lebaka le utloahalang. Molimo o ne a ile a ba lemosa ka ho hlakileng: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”a—Deuteronoma 18:10-12, NW.

Bahlanka ba Molimo ba ile ba hanyetsa bonohe ba linaleli ka tieo. Ka mohlala, Morena Josiase ea tšepahalang o ile “a leleka mosebetsing . . . ba etsetsang Baale mosi oa sehlabelo, le letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake.” Ho ile ha boleloa hore ketso ea Josiase ke “se nepahetseng mahlong a Jehova,” ’me Molimo o ile a mo hlohonolofaletsa eona. (2 Marena 22:2; 23:5, NW) Empa ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na bonyane lintho tse ling tse boleloang esale pele ke linohe tsa linaleli ha li phethahale?’

Ho thahasellisang ke hore Mangolong a Segerike a Bakreste, re bala ka ngoanana ea neng ‘a fa beng ba hae leruo le lengata ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela liketsahalo esale pele.’ Ka ho totobetseng tse ling tsa lintho tseo ngoanana enoa a neng a li bolela esale pele li ile tsa phethahala, kaha beng ba hae ba ne ba ruisoa ke matla a hae. Empa ngoanana enoa o ne a susumetsoa ke’ng hore a khone ho bolela liketsahalo esale pele? Bibele e bolela hore o ne a susumetsoa ke “moea, modemona oa bonohe.”—Liketso 16:16.

Bibele e bontša hore “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Ka ho tsamaisa liketsahalo ho etsa hore lintho tse ling tse boletsoeng esale pele li phethahale, Satane le bademona ba hapile tlhokomelo ea ba limilione.

’Nete e se nang motsoako ke hore bonohe ba linaleli ke a mang a “maqiti a Diabolose,” ao a a sebelisang ho laola le ho susumetsa batho hore ba phethe morero oa hae. Ka hona ha ho makatse ho hang ha Bibele e eletsa Bakreste ‘ho ema ba tiile’ khahlanong le mano a bohlale a Satane—a kopanyelletsang bonohe ba linaleli. (Baefese 6:11) Empa na see se bolela hore re sala re se na tataiso ka bokamoso?

Bibele—Tataiso e Tšepahalang

Ba limilione ba fumane hore Bibele ke tataiso e tšepahalang ha ho etsoa liqeto. Joalokaha mopesaleme Davida a boletse, “khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” (Pesaleme ea 19:7; 119:105, NW) Sena ha se bolele hore Bibele e bolela ka ho khetheha hore na motho o lokela ho etsa’ng boemong bo bong le bo bong. Empa Lentsoe la Molimo le na le melao-motheo e ka re thusang hore re koetlise matla a rōna a ho lemoha. Sena se tla re nolofalletsa hore re khetholle se nepahetseng le se fosahetseng ’me se tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale.—Baheberu 5:14.

Kahoo, ke ka lebaka le utloahalang hore Bakreste ba ’nete ba se ke ba batla keletso ho ba nohang bophelo ba motho ka linaleli, esita le haeba ke ka morero oa boithabiso kapa bohelehele. Ho e-na le hoo, ka bohlale ba ela hloko litemoso tse Lentsoeng la Molimo khahlanong le tšusumetso eohle ea bademona, ho kopanyelletsa le mefuta e poteletseng. Ka ho lumella hore Bibele e laole bophelo ba hao ho e-na le bolepi ba linaleli, u ka fumana tlhohonolofatso ea Molimo ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:29, 38.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bonohe bo akarelletsa taba eohle ea ho batla tsebo, haholo-holo ea liketsahalo tsa nakong e tlang, ka matla a phahametseng tlhaho.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lipontšo tsa linaleli tsa Bochabela

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Lipontšo tsa linaleli tsa Bophirimela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela