Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 1/8 maq. 22-27
  • Lenaneo le Pharaletseng la Thuto

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenaneo le Pharaletseng la Thuto
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa Khatiso Lefatšeng ka Bophara
  • Ka Lipuo Tsa Bona
  • Ke Mosebetsi o Ananeloang
  • Ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Motheo Tsa Thuto
  • Lintho Tse Sebelisoang Boboleling​—Ho Hatisa Lingoliloeng Bakeng sa Batho ba Lefatšeng Lohle
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Litaba Tse Molemo ka Lipuo Tse 500
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Lihlekehleke Tse Ngata li ke li Nyakalle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jehova o Tataisa Mosebetsi oa ho Ruta Lefatšeng ka Bophara
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 1/8 maq. 22-27

Lenaneo le Pharaletseng la Thuto

“Ke ba rutehileng feela ba lokolohileng.”—Epictetus, hoo e ka bang ka 100 C.E.

MOITSEKI ea khahlanong le bokhoba oa lekholong la bo19 la lilemo William H. Seward o ne a lumela hore “tšepo eohle ea tsoelo-pele ea moloko oa batho e itšetlehile tšusumetsong ea Bibele e ntseng e tsoela pele ho hōla.”

Lipaki tsa Jehova le tsona li nka Bibele e le ea bohlokoa haholo. Li kholisehile hore bohle ba sebelisang melao-motheo ea eona e ba banna ba molemo, basali ba molemo, bana ba molemo—e, e ba batho ba molemo ka ho fetisisa lefatšeng. Kahoo li mamela taelo ea Jesu Kreste: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba ruta.”—Matheu 28:19, 20.

Boitekong ba tsona ba ho finyella pakane ena ea ho ruta batho Bibele, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qalisa letšolo la thuto leo e ka ’nang eaba ke le pharaletseng ka ho fetisisa historing ea batho. Le pharaletse hakae?

Mosebetsi oa Khatiso Lefatšeng ka Bophara

Tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa, Lipaki li sebelisa liphetolelo tsa Bibele tse fumanehang ka lipuo tse makholo. Empa li boetse li hatisitse New World Translation of the Holy Scriptures ka lipuo tse 21 le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste (eo ka tloaelo ho thoeng ke Testamente e Ncha) ka lipuo tse ling tse 16. Hape, li qalile ho fetolela Bibele ena ka lipuo tse ling tse 11. Lipaki li boetse li hatisa lingoliloeng tse ling tse matlafatsang kananelo bakeng sa Bibele le tse tlatsetsang kutloisisong e molemo ea eona.

Ka mohlala, koranta ena, Tsoha!, e hatisoa ka lipuo tse 82, ’me ka karolelano ho hatisoa likopi tse fetang tse 20 380 000 tokollo ka ’ngoe. Makasine e tsamaisanang le eona, e leng ea Molula-Qhooa, e hatisoa ka karolelano ea likopi tse 22 398 000 tokollo ka ’ngoe ka lipuo tse 137. Sena se etsa hore ka selemo palo ea limakasine tse hatisoang e be likopi tse ka holimo ho limilione tse sekete! Ho feta moo, Molula-Qhooa o hatisoa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse 124, ’me Tsoha! ka tse 58. Kahoo, lefatšeng ka bophara batho ba lihlopha tse ngata tsa lipuo ba bala boitsebiso bo likoranteng tsena ka nako e tšoanang ka lipuo tsa bona.

Ho phaella moo, lilemong tsa morao tjena Lipaki tsa Jehova li hatisitse likopi tse limilione tse makholo tsa lithuso tsa ho ithuta Bibele. Ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 107 tsa buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng. Hamorao, ho ile ha hatisoa likopi tse fetang tse limilione tse 81 tsa U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ’me morao tjena, Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng e hatisitsoe ka likopi tse ka holimo ho tse limilione tse 75 ka lipuo tse 146. Ho boetse ho hatisitsoe likopi tse fetang tse limilione tse 113 tsa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? ka lipuo tse 240.

Ho ’nile ha hatisoa libuka tse ling tse sebetsanang le litlhoko tse itseng ka ho khetheha. Buka e bitsoang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, e reretsoeng bana, e fihletse khatiso ea tse fetang tse limilione tse 51. Libuka tse peli tse lokiselitsoeng bacha ka ho khetheha, e leng Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona le Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, li fetile khatiso ea tse limilione tse 53. ’Me ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e thusitseng malapa a limilione ho sebetsana ka katleho le mathata a ’ona, e hatisitsoe ka lipuo tse 115.

Lingoliloeng tse ling tse ’nè tse lokolotsoeng ho tloha ka 1985 tseo ka ho khetheha li hahang tumelo ho ’Mōpi, Mora oa hae le Bibele li hatisitsoe ka likopi tse fetang tse limilione tse 117 ka kakaretso. Tsona ke Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le Is There a Creator Who Cares About You?

Kajeno lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse hatisoang ke Lipaki tsa Jehova li fumaneha ka lipuo tse 353, ’me haufinyane tse ling tsa tsona li tla lokolloa ka lipuo tse ling tse 38. Ha e le hantle, ho tloha ka 1970 Lipaki tsa Jehova li hatisitse libuka, libukana, le limakasine tse fetang limilione tse likete tse 20! Ho feta moo, mesuoe e ka bang limilione tse tšeletseng e tšoarehile ho jaleng tsebo ea Bibele linaheng tse fetang 230. Empa see sohle se khoneha joang, hona bophelo ba batho bo ameha joang?

Ka Lipuo Tsa Bona

Joalokaha u ka inahanela, ho hlokahala boiteko bo matla bo kopanetsoeng ho hatisa lingoliloeng tsa boleng bo phahameng ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse fetang lekholo. Lihlopha tsa bafetoleli, ba ithaopetseng ho sebelisa nako ea bona le tsebo ea bona, li sebelisa mananeo a k’homphieutha ho finyella mosebetsi oa boleng bo phahameng, ka tsela e nepahetseng le ka potlako. Ka lebaka leo, esita le lingoliloeng tsa lipuo tse nang le bafetoleli ba fokolang ka palo, li lokolloa kapele. Hona joale, banna le basali ba fetang 1 950 ba kentse letsoho mosebetsing ona oa phetolelo o etsoang lefatšeng ka bophara, o sa sebeletseng phaello. Empa ke hobane’ng ha ho etsoa boiteko bo joalo? Na bo hlile boa hlokahala, kaha batho ba bangata ba buang lipuo tse sa tloaelehang ba bile ba tseba puo e ’ngoe e tloaelehileng?

Lipaki tsa Jehova li lemohile hore boiteko bo joalo ke ba bohlokoa ba sebele ho latela lebaka le fanoeng ke William Tyndale, mofetoleli oa Bibele ea tsebahalang oa lekholong la bo16 la lilemo. O ile a ngola: “Ke hlokometse ho tsoa phihlelong hore ho ke ke ha khoneha ho fumantša batho feela ba tloaelehileng ’nete leha e le efe, ntle le hore ba fumantšoe mangolo ka puo ea bona, e le hore ba ka utloisisa lintlha-khōlō, tatellano ea liketsahalo le moelelo oa taba e ngotsoeng.”

Ke ’nete hore hase kamehla ho ’nileng ha khoneha hore batho ba be le lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea bona. Empa ha ba li fuoa, ’nete ea Bibele e ama lipelo tsa bona ka potlako le ka ho teba haholoanyane. Sena se ’nile sa lemohuoa linaheng tseo pele e neng e le tsa Soviet Union tseo ho tsona batho ba merabe e fapaneng ba buang lipuo tse ngata tsa moo ba tsoaletsoeng teng. Mathoasong a lekholo le fetileng la lilemo, ba bangata ba batho bana ba ile ba kenngoa tlas’a Soviet Union ’me ba rutoa—le ho laeloa hore ba sebelise—puo ea Serussia. Kahoo, ba khona ho bua le ho ngola Serussia ’me ka nako e tšoanang, ba bua lipuo tsa bona tsa tsoalo.

Ka ho khetheha ho tloha ha Soviet Union e putlama ka 1991, ba bangata ba batho bana ba batla ho sebelisa lipuo tsa bona tsa tsoalo. Ho bile joalo le ka batho ba buang Seadyghe, Sealtai, Sebelorussia, Segeorgia, Sekirghiz, Sekomi, Seossetia, Setuvinia, kapa puo e ’ngoe ea tse ling tse se nang palo. Le hoja ba bangata ba bona ba khona ho bua Serussia, lingoliloeng tsa Bibele tse ngotsoeng ka Serussia ha li ame lipelo tsa bona hakaalo. Ka lehlakoreng le leng, lingoliloeng tse ngotsoeng ka lipuo tsa bona li ipiletsa ka mokhoa o tsotehang. Motho e mong ea ileng a fumana pampitšana ea Bibele ka Sealtai o ile a re: “Ke hantle hore ebe le se le qalile ho hatisa lingoliloeng ka puo ea rōna.”

Mohlala o mong oa sena ke oa Greenland, sehlekehleke se Ntlheng e ka Leboea ea Lefatše se nang le baahi ba ka bang 60 000 feela. Molula-Qhooa hammoho le Tsoha! li hatisoa ka puo ea Greenland, ’me limakasine tsena li tsebahala haholo—joaloka lingoliloeng tse ling tse hatisoang ke Lipaki tsa Jehova ka puo ea Greenland. Ha e le hantle, lingoliloeng tseo li ka fumanoa mahaeng a mangata a hōle sehlekehlekeng seo.

Pacific Boroa, ho na le batho ba ka bang 7 000 ba buang Senauru, ba 4 500 ba buang Setokelau le ba 12 000 ba buang Serotuma. Hona joale Lipaki li hatisa lipampitšana le libukana tsa Bibele ka lipuo tseo hammoho le litokollo tsa Molula-Qhooa khoeli le khoeli ka Seniue, se buuoang ke batho ba ka bang 8 000, le ka Setuvalu, se buuoang ke batho ba ka bang 11 000. Ha e le hantle, Lipaki tsa Jehova ke se seng sa lihlopha tse khōlō ka ho fetisisa tsa bahatisi ba boitsebiso ka lipuo tse sa tloaelehang, li hatisa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse kang Sebislama, Sehiri Motu, Sepapiamento, Secreole sa Mauritius, Senew Guinea Pidgin, Secreole sa Seychelles, Sesolomon Islands Pidgin le lipuo tse ling tse ngata.

Hangata ha puo e itseng e buuoa ke batho ba fokolang, sehlopha seo e ba se ikarotseng le se futsanehileng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba batho ba bangata ba tseba ho bala le ho ngola libakeng tse joalo. ’Me hangata Bibele ea puo e buuoang ke baahi ba sebaka e ba e ’ngoe ea lingoliloeng tse seng kae tseo ba ka li fumanang. Ha e le hantle, tse ling tsa lipuo tsena ha li na leha e le koranta, kaha ho e hatisa ho sa tlisetse khoebo phaello.

Ke Mosebetsi o Ananeloang

Kaha Lipaki tsa Jehova li fana ka lingoliloeng tse ntlafatsang boleng ba bophelo ba batho, ba bangata ba ’nile ba thoholetsa boiteko ba tsona ba ho li fetolela. Linda Crowl, ea sebetsang Setsing sa Lithuto tsa Pacific, se Univesithing ea Pacific Boroa e Suva, Fiji, o boletse hore mosebetsi oa phetolelo o etsoang ke Lipaki ke “ntho e thabisang ka ho fetisisa e etsahalang Pacific.” O babatsa lingoliloeng tsa tsona ka lebaka la boleng ba tsona bo phahameng.

Ha khatiso ea Tsoha! e tsoang hane ka selemo e ne e qala ho lokolloa ka puo ea Sesamoa, likoranta tsa moo hammoho le TV ea sechaba ea moo li ile tsa phatlalatsa taba eo. Nakong ea khaso ho ile ha hlahisoa sekoahelo sa Tsoha!, ’me ha buloa sehlooho se seng le se seng sa makasine eo. Ka morao ho moo ho ile ha hlahisoa sehlooho se le seng ka nako.

Ntho e hlokomelehang ke hore linaheng tse ling bafetoleli ba Lipaki ba atisa ho botsoa ke litsi tsa puo tsa linaheng tseo ka sebōpeho-puo, mokhoa oa ho ngola mantsoe, ho qaptjoa ha mantsoe a macha, le lintho tse ling tse joalo. Ka ho hlakileng, mosebetsi ona o sa lefelloeng oa ho ruta o etsoang ke Lipaki tsa Jehova o amme bophelo ba batho ba bang ba bangata, eseng feela ba bao e leng litho tse kopanelang le phutheho ea tsona.

Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho se etellang pele se bontšitse, batho ba baholo ba ka bang limilione tse sekete—hoo e batlang e le karolo ea botšelela ea baahi ba lefatše—ha ba tsebe ho bala le ho ngola. Ho ’nile ha etsoa eng ho thusa ba joalo ho rua molemo boitsebisong ba bohlokoa bo fumanoang ka ho bala le ho ithuta?

Ho Khotsofatsa Litlhoko Tsa Motheo Tsa Thuto

Linaheng tse ngata Lipaki li hlophisitse mananeo a thuto a sa lefelloeng, ao ka ’ona li rutang batho ho bala le ho ngola. Li bile li hlahisitse likhatiso tsa tsona tsa tataiso ea ho ithuta, tse kang khatiso e bitsoang Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola, e hatisitsoeng ka lipuo tse 28. Batho ba likete, ba akarelletsang basali le batho ba hōlileng, ba thusitsoe ho tseba ho bala le ho ngola ka thuso ea litlelase tsena.

Burundi, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khanna litlelase tse rutang ho bala le ho ngola tse thusitseng batho ba makholo ho bala le ho ngola. Ka mor’a ho hlahloba litholoana tse molemo tsa lenaneo lena, Lefapha la Sechaba la ho Ruta Batho ba Baholo ho Bala le ho Ngola la naheng eo le ile la abela barupeli ba bane ba Lipaki likhau Letsatsing la Machaba la ho Ruta ho Bala le ho Ngola, ka la 8 September, 1999.

Ho ile ha amoheloa tlaleho e latelang mabapi le litlelase tse rutang ho bala le ho ngola tse liphuthehong tse ka bang 700 tsa Lipaki tsa Jehova, Mozambique: “Lilemong tse ’nè tse fetileng, liithuti tse 5 089 li ile tsa qeta litlelase tsa tsona, ’me hona joale re na le tse 4 000 tse ngolisitseng.” Seithuti se seng se ile sa ngola: “Ke rata ho leboha sekolo sena ka tieo . . . Ke ne ke sa tsebe letho. Ka thuso ea sekolo sena, ke khona ho bala, le hoja ho ntse ho hlokahala hore ke ikoetlise, ke khona le ho ngola.”

Ho tloha ka 1946, ha litlaleho li ne li qala ho bolokoa Mexico, batho ba fetang 143 000 ba ’nile ba rutoa ho bala le ho ngola likolong tse khethehileng tse reretsoeng ho ruta lithuto tsena. Mosali e mong ea lilemo li 63 o ile a ngola: “Ke leboha ka tieo Lipaki tsa Jehova, tse nthutileng ho bala le ho ngola. Bophelo ba ka bo ne bo hlomola pelo. Leha ho le joalo, hona joale, ke khona ho batla keletso Bibeleng, ’me ke fumana thabo molaetseng oa eona.”

Naheng ea Brazil e Amerika Boroa, Lipaki li boetse li thusitse ba likete ho bala le ho ngola. Mosali e mong ea lilemo li 64 o ile a re: “Ho ithuta ho bala ho ile ha tšoana le ho tlamolloa liketane ka mor’a lilemo tse ngata. Hona joale ke khona ho bala boitsebiso ba mefuta eohle. Habohlokoa ka ho fetisisa, ho bala le ho ithuta Bibele ho ntokolotse lithutong tsa bohata.”

Hangata mesuoe ea Bibele ea Lipaki tsa Jehova e thusa liithuti tsa eona ho ithuta ho bala ka bomong. Phillipines, Martina o ne a le lilemong tsa bo-80 ha a eteloa ke Paki. Martina o ne a batla thuto ea kamehla ea Bibele, empa o ne a sa tsebe ho bala. Ka thuso ea mosuoe oa hae oa Bibele, Martina o ile a hatela pele, ’me ka koetliso e tsoelang pele ea phutheho ea moo, o ile a tšoanelehela ho sebelisa Bibele a ruta ba bang. Kajeno ke mosuoe oa Bibele oa nako e tletseng, o tseba ho bala le ho ngola.

Ntle ho pelaelo, batho bohle ba ka khona ho tseba ho bala le ho ngola. Leha ho le joalo re ka ’na ra botsa, Na tsebo e tsoang ka Bibeleng e mabapi le Molimo le merero ea hae e ka hla ea ruisa batho molemo? Sehlooho se qetellang letoto lena se tla arabela potso eo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

“Ke Sitoa ho Hlalosa ka Mantsoe . . . ”

Ba nang le matla a ho laela pusong, lirutehi le batho feela tjee kaofela ba lemohile boiteko bo etsoang ke Lipaki tsa Jehova ba ho ruta batho lefatšeng ka bophara. Mehlala ea seo ba ileng ba se bua ke ena:

“’Na le ’muso oa heso re thabile haholo kaha buka ena [ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, ka Setuvalu] ke tlatsetso e ’ngoe e ncha le ea bohlokoa ‘letlotlong’ la Tuvalu. Le tlameha le thabile haholo ka karolo eo le e phethileng—karolo e babatsehang ea ho haha bophelo ba sechaba sena ba moea. Ke lumela hore mosebetsi ona oa khatiso ea libuka tsa thuto o tla ngoloa historing ea Tuvalu.”—Dr. T. Puapua, eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Tuvalu, Pacific Boroa.

“Lipaki tsa Jehova li na le lenaneo la khatiso le atlehang haholo, le sebelisang theknoloji ea morao-rao ka ho fetisisa Pacific Boroa. . . . Mosebetsi ona oa khatiso o hlokomeleha le ho feta haholo ha motho a nahana ka boemo bo feto-fetohang ba puisano . . . Lihlekehlekeng tsa Pacific.”—Linda Crowl, Univesithing ea Pacific Boroa, Suva, Fiji.

“Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka puo ea Seisoko ke e tsotehang le e matla hakaakang! Re leboha baithaopi ba sehlopheng se fetolelang Seisoko ka ho re thusa ho fumana kutloisiso e feletseng ea buka ena.”—C.O.A., Nigeria.

“Ke sitoa ho hlalosa ka mantsoe kamoo ke thabetseng phetolelo ena ea Bibele [ea New World Translation ka Seserbia] kateng, ho bonolo ho e utloisisa. Nakong e fetileng, ke ’nile ka leka ho bala Bibele eohle, empa kamehla ke ne ke khaotsa ke e-s’o ee le kae ka hona hobane ke ne ke sa utloisise puo hantle. Hona joale ke khona ho bala phetolelo ena e ikhethang le ho e utloisisa!”—J. A., Yugoslavia.

“Re le leboha haholo ka lingoliloeng tse molemo, tse rutang, le tse hahang tseo le li fetoletseng ka Setiv. Ha e le hantle, ke haelloa ke mantsoe a ho hlalosa melemo le likhothatso tsohle tse fuperoeng ke libuka le libukana tsena. Lingoliloeng tsena li finyeletse ba likete.”—P.T.S., Nigeria.

[Setšoantšo]

Likopi tse limilione tse 36 ka lipuo tse 115

[Litšoantšo tse leqepheng la 22, 23]

Ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse 100 tsa “New World Translation” ka lipuo tse 37

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Bafetoleli ba ka bang 2 000 ba kentse letsoho mosebetsing oa ho fetolela lingoliloeng tsa Lipaki tsa Jehova. (Ka ho le letšehali ke sehlopha sa bafetoleli ba Sezulu, Afrika Boroa; ka tlaase ke mofetoleli oa Sejapane)

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Selemo se seng le se seng ho hatisoa limakasine tsa “Molula-Qhooa” le “Tsoha!” tse fetang tse limilione tse sekete

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Lipaki tsa Jehova li khanna litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola lefatšeng ho pota. (Ka ho le letona ke ea Mexico; ka tlaase ke ea Burundi. Sekoahelong sa rōna ho bontšitsoe ea Ghana)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela