Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 3/8 leq. 11
  • Monyaka oa ho Boha Linonyana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Monyaka oa ho Boha Linonyana
  • Tsoha!—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Linonyana li Thula Mehaho
    Tsoha!—2009
  • ‘Talimang Linonyana ka Hloko’
    Tsoha!—2014
  • Nonyana e ka Ruta Motšoaruoa Eng?
    Tsoha!—2000
Tsoha!—2001
g01 3/8 leq. 11

Monyaka oa ho Boha Linonyana

LEFATŠE e ne e tla ba le fapaneng hakaakang ha linonyana li ne li ka ba sieo! Ho lla ha tsona, ho bina ha tsona, mebala-bala ea tsona le ho fofa ha tsona—kaofela li tlatsetsa ho fapa-fapaneng ho hotle ha bophelo. Empa re ema hangata hakae hore re li mamele le ho li shebella? Haeba u lula motseng o moholo o pota-potiloeng ke lerata le ho potlaka ha bophelo ba letsatsi le letsatsi hammoho le melumo ea sephethephethe, u ka ’na ua se ke ua lemoha linonyana tse sebakeng seo u lulang ho sona. Esita le haeba u lula mahaeng, ho bonolo ho li hlokomoloha. Empa na u ka rata ho bonela linonyana tsa sebakeng sa heno haufinyane?

U ka etsa joalo ka ho beha sekotloloana sa lijo tsa ho fepa linonyana ka mor’a ntlo, u se behe haufi le fensetere. Joale, seo u se hlokang feela ke sebonela-hōle le k’hamera e nang le lense e khonang ho atametsa ntho e nkoang setšoantšo haufi—hammoho le mamello e itseng! E-ba malala-a-laotsoe ka lifilimi tse ngata tse nkang ntho e lebelong le phahameng hammoho le buka e nang le litšoantšo e fanang ka boitsebiso ka linonyana. Joale shebella, u mamele ’me u nyakalle!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela