Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 10/8 maq. 15-17
  • Kente—Lesela la Marena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kente—Lesela la Marena
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokhoni ba Boholo-holo
  • Lerato la Lesela
  • Ho Batla Mebala
  • Kente ea Sejoale-joale
  • Ithute ka Mebala le Masela a Mehleng ea Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2001
Tsoha!—2001
g01 10/8 maq. 15-17

Kente—Lesela la Marena

KA MONGOLI OA TSOHA! GHANA

KA POTLAKO e khōlō, matsoho a selohi a ea pele le morao ka pel’a lesela. Matsoho a sona a tsamaisana le morethetho oa mochine ha likhoele li ntse li tsoapela, selohi se tsepamisa mohopolo leseleng le mebala-bala le leketlileng ka pel’a sona. Se tšoara lithapo ka menoana ea maoto; lithapo tsena li tsamaisa mochine—karolo e eang holimo le tlaase e arolang le ho tsamaisa likhoele tse nyolohang tse bolelele ba limithara tse 6 ka pel’a foreimi ea ho loha. Menoana ea sona e loha ka potlako likhoele tse tšekaletseng tsa silika tse mebala ’me e li lohella le likhoele tse nyolohang, ebe li tiisoa hammoho ho etsa lesela le feletseng.

Lesela le hlahang moo le bophara ba lisenthimithara tse leshome feela. Empa le khaba ka mebala e khanyang le ka mekhabiso e rarahaneng. Selohi se bososela ka khotsofalo ha se hlahloba mosebetsi oa sona o tsoileng matsoho—lesela la kente ea sebele.

Bokhoni ba Boholo-holo

Ka lilemo tse likete, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho li ’nile tsa sebelisa tsebo ea boholo-holo ea ho loha. Likhoele tse ohliloeng semeleng sa flax, k’hothoneng le silikeng kamehla e ’nile ea e-ba tsona tse sebelisetsoang ho etsa masela. Mebala ea motheo e ne e nkoa metsong ea limela le makhasing a tsona, e leng ho neng ho fa lilohi bokhoni ba ho iketsetsa mekhabiso e bonolo mosebetsing oa tsona.

Bo-hloma-o-hlomole lilohing tsa Afrika ba ile ba iqapela foreimi ea ho loha e nyenyane e nkehang habonolo ha ho ntse ho falloa ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Li tsejoa e le liforeimi tsa masela a manyenyane, li ne li hlahisa lesela le bophara ba lisenthimithara tse 7,5 ho ea ho tse 11,5 feela. Joale likhechana tsena tse telele, tse tšesaane tsa lesela, li ne li rokelloa hammoho qetellong ho hlahisa lesela le leholoanyane le ka thateloang ’meleng joaloka seaparo. Liforeimi tsena tse nkehang habonolo tsa ho loha li ne li bofshoa lipeleseng ha ho tsamauoa lehoatateng, ha ho tšeloa linōka le ha ho tsamauoa lithabeng. Ho nkoa ha foreimi ena ea ho loha ha ho tsamauoa maeto a khoebo ho ile ha susumetsa batho ba e sebelisang haholo.

Lerato la Lesela

Ka lilemo tse makholo, marena le marenana a Afrika Bophirimela a ile a laola naha e ruileng lirafshoa eo bafuputsi ba makhooa ba ileng ba e bitsa Gold Coast.a Mona ke moo khauta e ngata e ileng ea rafshoa teng, e leng ho ileng ha ruisa marena a busang a Ashanti le malapa a boreneng. A khabile ka mabenyane a boima a khauta ’me a ithatetse ka lesela le lohiloeng ka ho khetheha, marena ana le marenana a ’ona a hlahelletseng a ne a bontša bafo ba ’ona leruo la ’ona, matla le bolaoli ba ’ona. Lesela le khethehileng leo marena ana a neng a le apara le ile la bitsoa kente, e leng lentsoe leo e ka ’nang eaba le bolela ho lohuoa ha lesela joalokaha ho lohuoa baskete. Merabe e meng ea Gold Coast le eona e ne e loha ka likhoele, empa ho marena a Ashanti, lesela la kente le ile la emela botumo le ho ba oa boreneng.

Lilohi tsa Gold Coast li ne li sebelisa k’hothone e ohliloeng e neng e fumaneha sebakeng seo. Ho ne ho fumaneha feela khoele e ohliloeng e putsoa. Likhoele tsena tse putsoa li ne li lohelloa le k’hothone e bosoeu bo thothofa hore li hlahise lesela le nang le mekhabiso ea mela le mabokose bakeng sa baahi ba moo.

Moloho o ntlafetseng oa lesela la marena la kente o ne o behetsoe meeli. Ho ile ha thehoa lihlopha tsa lilohi tsa litsebi boreneng, tse nang le bokhoni ba ho hlahisa lesela la boleng bo phahameng. Mokhoa o neng o sebelisoa ha ho lohuoa o ne o lebetsoe ka thata le ho etsoa pinyane. Lilohi tse ling kaofela li ne li thibetsoe ho loha mekhabiso le mefuta e neng e loheloa feela marena le ba ntlo ea borena. Morena o ne a bokella masela a makholo-kholo, le leng le le leng le e-na le mokhabiso oa lona o ikhethileng. Ka tloaelo, o ne a ke ke a apara lesela le le leng habeli pontšeng ea sechaba.

Ho Batla Mebala

Lekholong la bo16 la lilemo, mofuta o mong oa lesela o ile oa hlahella Gold Coast. Lesela lena le lecha le ne le sa etsoe ka liforeimi tsa ho loha tsa Afrika empa le ne le etsoa linaheng tse hōle ’me le ne le fihle ka lekhetlo la pele le e-tla le bo-ralikepe ba Makhooa ba neng ba batla manaka a tlou, khauta le makhoba. Lesela lena le tsoang linaheng tse ling le ne le e-na le likhoele tse khanyang, tse mebala e hapang mahlo. Ka potlako, lesela lena le tsoang linaheng tse hōle, le neng le lohiloe ka likhoele tse mebala e loileng, o mofubelu, o mosehla le o motala, le ile la fetoha ntho ea bohlokoa e rekisoang. Ke batho ba ’maloa feela ba neng ba ruile hoo ba ka rekang lesela leo le theko e phahameng la bahoebi ba Makhooa. Ke barui ba Ashanti feela, ba neng ba laola thekiso ea khauta, manaka a tlou le makhoba ho basesisi ba likepe tse emeng lebōpong, ba neng ba e-na le mokhoa oa ho le reka. Empa lesela leo le lohiloeng e ne e se sona seo morena oa Ashanti le marenana a hae ba neng ba hlile ba se batla.

Hang ha lesela le fumanoe, lilohi li ne li le qhaqholla ka hloko eohle ’me li ntše likhoele tse batloang tse mebala, li lahle lesela le setseng. Joale likhoele tsena li ne li lohuoa bocha foreiming ea ho loha ea marena. Ha masela a mebala-bala a ntse a eketseha, ho ile ha hlaha bokhoni le boqapi bo bocha, e leng ho ileng ha susumelletsa litsebi tsa mosebetsi oa matsoho hore li ntše bokhoni ba tsona le tsebo e khethehileng eo le ka mohla e neng e e-s’o ka e e-ba teng maseleng. Lilohi tse hloahloa tse tsoang merabeng e meng li ile tsa hiroa ke marena a Ashanti, e leng ho ileng ha fella ka ho etsoa ha lesela la kente la boleng boo ho seng bo ka bapisoang le bona.

Mekhabiso e tšoantšetsang litlhapi, linonyana, litholoana, makhasi, ho likela ha letsatsi, mookoli le lintho tse ling tsa tlhaho e ile ea hlahisa bonono ba masela bo neng bo entsoe ka bokhabane bo tsotehang ’me bo e-na le seo bo se bolelang. Lesela le lohiloeng ka likhoele tsa khauta le ne le emela borui, ’mala o motala o fetisa mohopolo oa ho phola le bocha, botšo bo tšoantšetsa tlhomoho, bofubelu bo bontša khalefo ’me silevera e tšoantšetsa bohloeki le thabo.

Lilohi li ne li nka likhoeli tse ngata li loha lesela le le leng, li sebetsa ka mamello li bile li sa tata, li tseba hore mosebetsi oa tsona ha o se o phethiloe o tla nkoa e le o entsoeng ka bokhoni bo boholo le ka boqhetseke. E ne e se batho ba bangata ba batlang mosebetsi oo o tsoileng matsoho kaha ke ba fokolang ba neng ba ka khona ho reka lesela leo la kente le neng le sa fumanehe habonolo le bile le le theko e boima.

Kente ea Sejoale-joale

Ha nako e ntse e feta, tšusumetso ea marena le marenana a matla e ile ea qala ho fokotseha. Ho ne ho se ho sa hlokahale hore batho ba boreneng le bafo ba aroloe ka seaparo. Joale lesela lena le letle le ile la batloa ka bongata, kaha le ile la qala ho sebelisetsoa merero eo e seng ea borena. Boleng ba lesela la kente bo ile ba theoha kaha le ne le se le lohuoa ka potlako ho khahlametsa tlhokahalo ea lona, ’me ho bile joalo le ka mekhabiso ea lona le theko ea lona.

Kajeno boholo ba kente bo lohuoa ka khoele ea maiketsetso ’me e boetse e sebelisoa haholo ha ho etsoa mekotla, lithae, mabanta, likatiba le liphahlo. Ke lilohi tse fokolang tse thahasellang ho hlahisa lesela la kente ka ho sebelisa mekhoa eane ea khale e neng e etsa hore ho sehloe ka thata ’me ebile e ja nako e ngata. Kente ea boleng bo phahameng e se e nkoa e le ea bohlokoa haholo hona joale ’me e sielanoa e le lefa moloko o mong ka mor’a o mong. Ka sebele, a ile matsatsi ao ka ’ona lesela la kente le neng le hlahisoa ka botsebi bo tsotehang le boo ho neng ho se bo ka bapisoang le bona foreiming ea ho loha ea lehong, le ho bitsoa lesela la marena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ghana ea kajeno.

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Foreimi ea ho loha e bobebe ebile e nkeha habonolo

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Selohi se sebelisa le maoto a sona ha se sebeletsa foreiming ea ho loha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela