U ka Fumana Thuso
‘LIPILISI tsa boroko tse 49 ka komiking e le ’ngoe. Ke li noe kapa che?’ ke seo monna ea lilemo li 28 oa Switzerland a ileng a ipotsa sona. O ne a siiloe ke mosali oa hae le bana, ’me o ne a tepelletse maikutlo ka ho tebileng. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a noe motsoako ona, o ile a ipolella: ‘Che. Ha ke batle ho shoa!’ Ka lehlohonolo, o ile a pholoha hore a tsebe ho pheta pale ena. Hase kamehla boikutlo ba ho ipolaea bo lebisang lefung.
Alex Crosby oa U.S. Centers for Disease Control and Prevention o itse mabapi le bacha ba lekang ho ipolaea: “Haeba u ka khona ho ba thiba leha e se e ka ba ka lihora tse ’maloa feela, u ka khona ho ba thiba ka ho feletseng. Ka ho kena lipakeng, u ka thibela ba bangata hore ba se ke ba ipolaea. U ka pholosa bophelo ba bona.”
Ha a ne a sa ntse a sebetsa Setsing sa ho Pholosa Bophelo le sa Boemo ba Tšohanyetso Kolecheng ea Bongaka Japane, Moprofesa Hisashi Kurosawa o ile a thusa batho ba makholo ba neng ba batla ho ipolaea hore ba boele ba labalabele ho phela. E, ka ho kenella ka tsela e itseng, ho ka pholosoa bophelo. Ho hlokahala thuso efe?
Ho Sebetsana le Mathata a sa Bonahaleng
Joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se ka pele ho sena, bafuputsi ba re karolo ea 90 lekholong ea batho ba ipolaileng e ne e e-na le boloetse bo itseng ba kelello kapa e e-na le bothata ba ho sebelisa lithethefatsi kapa joala hampe. Ka hona, Eve K. Mościcki oa U.S. National Institute of Mental Health o re: “Tšepo e khōlō ka ho fetisisa ea ho thibela batho ba lilemo tsohle ho ipolaea ke ho thibela maloetse a kelello le a ho lemalla ntho e itseng.”
Ka bomalimabe, ba bangata ba tšoeroeng ke mafu ana ha ba rate ho batla thuso. Hobane’ng? Yoshitomo Takahashi oa Tokyo Metropolitan Institute of Psychiatry o re: “Hobane ho na le leeme le matla sechabeng.” O phaella ka ho bolela hore ka lebaka leo, esita le batho ba lemohang ka mokhoa o sa hlakang hore baa kula baa qeaqea ha ba tlameha ho batla phekolo ka potlako.
Leha ho le joalo, ba bang ha ba lumelle lihlong hore li ba thibe. Hiroshi Ogawa, seboholi se tsebahalang sa thelevishene se bileng le lenaneo la sona lilemo tse 17 Japane, o ile a lumela phatlalatsa hore o tepelletse maikutlong le hore o se a kile a batla a ipolaea. Ogawa o itse: “Ho tepella maikutlo ho tšoana le sefuba sa kelello.” O hlalositse hore ho ka tšoara motho leha e le mang, empa hoa khoneha hore motho a hlaphoheloe.
Bua le Motho e Mong
Béla Buda ea boemong bo phahameng lefapheng la bophelo Hungary, ea ileng a qotsoa pejana, o re: “Ha motho a koetlile bothata ba hae, hangata o bo bona bo le boholohali bo bile bo ke ke ba rarolleha.” Mantsoe ana a hatisa maele a bohlale a boholo-holo a hlahang ka Bibeleng: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati, o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.”—Liproverbia 18:1.
Mamela mantsoe ao a bohlale. U se ke ua leka ho thuha thabahali ea mathata a botho a imelang kelello u le mong. Batla motho eo u ka mo tšepang ’me u mo phetlele sefuba sa hao. U ka ’na ua re, ‘Empa ha ke na motho eo nka mo phetlelang sefuba sa ka.’ Ho latela setsebi sa bophelo bo botle ba kelello, e leng Dr. Naoki Sato, ba bangata ba ikutloa ka tsela eo. Sato o ile a bolela hore bakuli ba ka ’na ba qoba ho phetlela ba bang sefuba hobane ba sa batle ho pepesa mefokolo ea bona.
Motho a ka retelehela ho mang ea ka mo mamelang? Libakeng tse ngata a ka sebelisa thuso ea litsi tse thibelang ho ipolaea kapa a founela nomorong ea batho ba batlang motho ea ka mamelang mathata a bona ka kutloelo-bohloko kapa a ea ngakeng e nang le botumo bo botle e sebetsanang le mathata a maikutlo. Empa litsebi tse ling li boetse li lemoha mohloli o mong oa thuso—bolumeli. Bo ka thusa joang?
Ba Fumana Thuso e Hlokahalang
Marin, sekooa sa Bulgaria, o ne a hlaoletse boikutlo bo matla ba ho ipolaea. Ka letsatsi le leng o ile a fumana koranta ea bolumeli ea Molula-Qhooa, e leng sengoliloeng sa Lipaki tsa Jehova. O ile a arabela memo e makasineng eo ea hore a eteloe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Marin o hlalosa liphello tsa seo: “Ke ile ka ithuta ho tsona hore bophelo ke mpho e tsoang ho Ntate oa rōna oa leholimo le hore ha re na tokelo ea ho intša kotsi kapa ho felisa bophelo ba rōna ka boomo. Ka hona, ke ile ka tlosa kelellong ea ka takatso eo ke neng ke e-na le eona ea ho ipolaea ’me ka boela ka rata bophelo!” Marin o ile a boela a fumana tšehetso e lerato phuthehong ea Bokreste. Le hoja e ntse e le sekooa, o re: “Hona joale matsatsi a ka a tletse ka thabo le khotso, ’me ke na le lintho tse ngata tse thabisang tseo ke li etsang—tse ngata ho feta nako eo ke nang le eona! Sena sohle ke se entse ka thuso e tsoang ho Jehova le ho Lipaki tsa hae.”
Monna ea sa leng mocha oa Switzerland ea boletsoeng selelekeleng o ile a fumana thuso ho Lipaki tsa Jehova. Kajeno o bua ka “mosa oa lelapa la Bakreste” le ileng la mo amohela ha lona. Oa phaella: “Hamorao, litho tsa phutheho [ea Lipaki tsa Jehova] li ile tsa ’memela lijong ka ho fapanyetsana ka makhetlo-khetlo. Ha kea thusoa feela ke ho amoheloa ka mofuthu empa hape ke ho ba le motho eo ke buang le eena.”
Monna enoa o ile a boela a khothatsoa haholo ke seo a ithutileng sona Bibeleng, haholo-holo ha a ithuta ka lerato leo Molimo oa ’nete, Jehova, a nang le lona ho moloko oa batho. (Johanne 3:16) Ka sebele, Jehova Molimo o na le litsebe ho u mamela ha u ‘tšollela pelo ea hao’ ho eena. (Pesaleme ea 62:8) “Mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše,” eseng hore a fumane molato bathong, empa “hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Jehova oa re tiisetsa: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”—Esaia 41:10.
Mabapi le tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha, monna oa Switzerland o itse: “Sena se nthusitse haholo ho fokotsa boima ba tsieleho eo ke neng ke le ho eona.” Tšepo ena e hlalositsoeng e le “ankora bakeng sa moea,” e akarelletsa tšepiso ea bophelo bo sa feleng Paradeising lefatšeng.—Baheberu 6:19; Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Bophelo ba Hao ke ba Bohlokoa ho ba Bang
Ke ’nete hore u ka ’na ua thulana le maemo a etsang hore u ikutloe u le mong ka ho feletseng ’me u nahane hore ho shoa ha hao ho ke ke ha ama leha e le mang. Leha ho le joalo, hopola: Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho ikutloa o le mong le ho ba mong. Mehleng ea Bibele, ho na le nako eo moprofeta Elia a ileng a nyahama bophelong. O ile a re ho Jehova: “Ba bolaile baprofeta ba hao ka sabole, hoo ke setseng ke le mong.” E, Elia o ne a ikutloa a setse a le mong feela—’me o ne a e-na le lebaka la ho ikutloa joalo. Bongata ba baprofeta-’moho le eena ba ne ba bolailoe. Eena ka boeena o ne a sokeloa ka lefu ’me o ne a balehile ho pholosa bophelo ba hae. Empa na kannete o ne a setse a le mong feela? Che. Jehova o ile a mo bolella hore ho na le batho ba 7 000 ba tšepahalang, bao joaloka eena, ba neng ba leka ka botšepehi ho sebeletsa Molimo oa ’nete mehleng eo e tepeletsang. (1 Marena 19:1-18) Empa ho thoe’ng ka uena? Na ho ka etsahala hore ebe ha u mong joalokaha u nahana?
Ho na le batho ba u tsotellang. U ka ’na ua nahana ka batsoali ba hao, molekane oa hao, bana ba hao le metsoalle ea hao. Empa ho na le ba bang. Phuthehong ea Lipaki tsa Jehova, u ka fumana Bakreste ba hōlileng tsebong ba u thahasellang, ba tla u mamela le ho rapela ’moho le uena le ho u rapella. (Jakobo 5:14, 15) ’Me esita le haeba batho ba sa phethahalang ba ka u siteloa, ho na le Ea ke keng a u tlohela le ka mohla. Morena Davida oa boholo-holo o itse: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) E, Jehova ‘oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Le ka mohla u se ke ua lebala hore u oa bohlokoa mahlong a Jehova.
Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo. Ke ’nete hore ka linako tse ling bophelo bo ka ba joaloka moroalo ho e-na le ho ba mpho. Leha ho le joalo, ak’u nahane hore na u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u ka fa motho e mong mpho ea bohlokoa, ebe eena o e lahla le pele a ka e sebelisa? Rōna batho ba sa phethahalang ha re e-s’o qale ho sebelisa mpho ea bophelo. Ha e le hantle, Bibele e bontša hore bophelo boo re bo phelang hona joale hase le “bophelo ba sebele” mahlong a Molimo. (1 Timothea 6:19) E, bokamosong bo haufi bophelo ba rōna e tla ba bo phethahetseng, bo nang le morero le bo thabileng. Joang?
Bibele e re: “[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Nahana feela hore na bophelo ba hao bo tla ba joang ha mantsoe ao a phethahala. Nahanisisa hantle. Leka ho iketsetsa setšoantšo se babatsehang kelellong. Setšoantšo seo hase maikutlo a inahaneloang feela. Ha u thuisa ka tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le batho ba hae ka eona nakong e fetileng, tšepo ea hao ho eena e tla hōla ’me setšoantšo seo se ka fetoha sa sebele haholoanyane ho uena.—Pesaleme ea 136:1-26.
Ho ka ’na ha nka nako pele hore u boele u be le takatso e feletseng ea ho phela. Tsoela pele u rapela “Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.” (2 Bakorinthe 1:3, 4; Baroma 12:12; 1 Bathesalonika 5:17) Jehova o tla u fa matla ao u a hlokang. U tla u ruta hore ho phela ke habohlokoa.—Esaia 40:29.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]
U ka Thusa Motho ea Batlang ho Ipolaea Joang?
U lokela ho etsa eng haeba motho a u bolella lekunutu la hore u batla ho ipolaea? U.S. Centers for Disease Control and Prevention (CDC) ea eletsa: “Mamela ka hloko.” Mo fe sebaka sa hore a itlhalose hore na u ikutloa joang. Leha ho le joalo, maemong a mangata motho ea batlang ho ipolaea o itšehla thajana ’me ha a rate ho qoqa. Lumellana le eena ka bonnete ba bohloko boo a bo utloang kapa ho felloa ke tšepo hoo a nang le hona. Haeba ka mosa u mo bolella liphetoho tse khethehileng tseo u li boneng boitšoarong ba hae, u ka ’na ua etsa hore a phutholohe ’me a u phetlele sefuba sa hae.
Ha u ntse u mo mametse, bontša kutloelo-bohloko. CDC e re: “Ke habohlokoa ho hatella taba ea hore uena, hammoho le ba bang, le nka bophelo ba hae e le ba bohlokoa.” Mo bolelle hore lefu la hae le tla utloisa uena le ba bang bohloko bo tebileng. Mo thuse ho lemoha hore ’Mōpi oa hae oa mo tsotella.—1 Petrose 5:7.
Litsebi li boetse li khothalletsa hore ho tlosoe ntho leha e le efe eo motho eo a ka e sebelisang ho ipolaea—haholo-holo lithunya. Haeba boemo bo tebile haholoanyane, u ka ’na ua khothalletsa motho eo hore a batle thuso ea lingaka. Maemong a feteletseng, u ka ’na ua tlameha ho bitsa thuso ea tšohanyetso ea tšebeletso ea bongaka.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Na U Lahlehetsoe ke Moratuoa oa Hao ea Ipolaileng?
Ha motho a ipolaea, litho tsa lelapa le metsoalle e haufi ba utloa bohloko bo ke keng ba lekanngoa maikutlong. Ba bangata ba ipeha molato tlokotsing e joalo. Ba bua lintho tse kang: ‘Hoja ke ile ka qeta nako e eketsehileng le eena letsatsing leo,’ ‘Hoja ha kea ka ka bua letho nakong eo,’ ‘Hoja ke ile ka etsa ho eketsehileng ho mo thusa.’ Se hlileng se boleloang ke ho re, ‘Hoja ke ile ka etsa sena kapa sane, moratuoa oa ka a ka be a ntse a phela.’ Leha ho le joalo, na ho loketse ho ipeha molato ka motho ea ipolaileng?
Hopola hore ho bonolo haholo ho lemoha matšoao a ho batla ho ipolaea ka mor’a hore motho a ipolaee. Pele ho etsahala, ha ho bonolo ho a lemoha. Bibele e re: ‘Pelo e itsebela ho baba ha eona, le teng, ho thaba ha eona ho ke ke ha kopaneloa ke motho e mong.’ (Liproverbia 14:10, Bibele ea Sesotho) Ka linako tse ling motho a ke ke a khona ho hlalohanya seo motho e mong a se nahanang kapa tsela eo a ikutloang ka eona. Batho ba bangata ba nahanang ho ipolaea ha ba ntše maikutlo a bona a ka hare ka ho lekaneng, esita le ho litho tse haufi-ufi tsa lelapa.
Buka ea Giving Sorrow Words e bua tjena ka matšoao ao motho ea nahanang ho ipolaea a ka bang le ’ona: “’Nete ke hore hase kamehla ho leng bonolo ho lemoha matšoao a joalo.” Buka eo e phaella ka hore le haeba u ne u lemohile matšoao a itseng, seo ka bosona ha se tiiso ea hore u ka be u thibetse ho ipolaea ha hae. Ho e-na le hore u itlhokofatse, u ka fumana matšeliso mantsoeng a Morena Solomone ea bohlale: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Moratuoa oa hao ha a hlokofatsoe mollong oa lihele. ’Me bohloko ba kelello le ba maikutlo bo ileng ba etsa hore a ipolaee bo felile. Ha a utloe bohloko; o phomotse.
Joale e ka ba hantle haholo hore u lebise tlhokomelo boiketlong ba ba ntseng ba phela, ho kopanyelletsa le uena. Solomone o ile a tsoela pele: “Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao” ha u sa ntse u phela. (Moeklesia 9:10) Kholiseha hore tebello ea bophelo ba ka moso ea ba ipolaileng e matsohong a Jehova, “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.”—2 Bakorinthe 1:3.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U tla fumana kutloisiso e leka-lekaneng tebellong ea bokamoso ba ba ipolaileng sehloohong se reng “Pono ea Bibele: Ho Ipolaea—Na ho na le Tsoho?” tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1990
[Lebokose le leqepheng la 29]
‘Na Molimo o Tla Ntšoarela Bakeng sa ho Ikutloa ka Tsela Ee?’
Ho kopanela le Lipaki tsa Jehova ho thusitse ba bangata ho hlōla monahano oa ho ipolaea. Leha ho le joalo, kajeno ha ho motho ea sa hlaheloeng ke liketsahalo tse sithabetsang bophelong kapa hona ho tepella maikutlo. Bakreste ba nahanang ho ipolaea hangata ba khathatsoa ke letsoalo le molato la hore ba na le mohopolo o joalo. Ho ikutloa molato ho joalo ho ka mo tetebetsa le ho feta. Ka hona, ho ka sebetsanoa joang le maikutlo a joalo?
Ke habohlokoa ho lemoha hore banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ile ba ntša maikutlo a bona a tebileng ka ho se thabele bophelo. Rebeka, mosali oa mopatriareka Isaka, o kile a sithabetsoa ke bothata ba lelapa hoo a ileng a re: “Ke nyonya bophelo ba ka.” (Genese 27:46) Jobo ea ileng a lahleheloa ke bana ba hae, bophelo ba hae bo botle ba ’mele, leruo la hae le boemo ba hae sechabeng, o ile a re: “Ka sebele moea oa ka o nyonya bophelo ba ka.” (Jobo 10:1) Ka lekhetlo le leng Moshe o kile a re ho Molimo: “Ka kōpo mpolaee.” (Numere 11:15) Ka nako e ’ngoe moprofeta oa Molimo, Elia, o ile a re: “Ho lekane! Joale Jehova, tlosa moea oa ka.” (1 Marena 19:4) ’Me moprofeta Jonase o ile a re ka makhetlo: “Ho shoa ha ka ho molemo ho feta ho phela ha ka.”—Jonase 4:8.
Na Jehova o ile a nyatsa batho baa ka ho ikutloa ka tsela eo ba neng ba ikutloa ka eona? Che. O bile a boloka maikutlo a bona ka Bibeleng. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho elelloa hore ha ho le ea mong oa bao ba tšepahalang ea ileng a lumella maikutlo a hae hore a mo khannele ho ipolaeeng. Jehova o ne a ba rata; o ne a batla hore ba phele. ’Nete ke hore Molimo o amehile le ka bophelo ba batho ba khopo. O ba khothalletsa hore ba fetole mekhoa ea bona ‘’me ba lule ba phela.’ (Ezekiele 33:11) Joale o rata hakaakang hore ba amehileng ka ho fumana kamohelo ea hae ba lule ba phela!
Molimo o fane ka sehlabelo sa thekollo sa Mora oa hae, phutheho ea Bokreste, Bibele le tokelo ea thapelo. Mokhoa ona oa ho bua le Molimo—e leng ka thapelo—o lula o re bulehetse kamehla. Molimo a ka utloa, ebile o tla utloa bohle ba mo atamelang ka lipelo tse ikokobelitseng, tse tšepahalang. “Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba puo teroneng ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau le ho fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Baheberu 4:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ba bang ba tsotella bophelo ba hao
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Bua le e mong