Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Balla Bana ba Hao?
“O ile a tla ho ’na, a hloella seropeng sa ka a hulanya buka e nang le maqephe a sosobaneng a tlotsitsoeng ka . . . peanut butter ’me a mpha maikutlo a hore o re . . . , ‘Ntate, ke kōpa u nthuse ho e bala; nthuse ho e bala.’”—Dr. Clifford Schimmels, moprofesa oa thuto.
BANA—ba ithuta kapele. Lipatlisiso li bontša hore boko bo tšoara kapele baneng ba ka tlaase ho lilemo tse tharo. Mesebetsi ea batsoali ea letsatsi le letsatsi e kang ho bala, ho bina le ho bontša lerato e ka phetha karolo ea bohlokoa ho hōleng ha ngoana hantle. Leha ho le joalo, ho latela patlisiso e ’ngoe, ke feela halofo ea batsoali bohle ba bana ba pakeng tsa lilemo tse peli ho ea ho tse robeli ba ballang bana ba bona letsatsi le letsatsi. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ho balla ngoana oa ka ho hlile ho etsa phapang?’
Ho Hlaolela Lerato la ho Bala
Litsebi li re ho hlile ho etsa phapang. Tlaleho ea Becoming a Nation of Readers e re: “Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho haheng tsebo e hlokahalang hore bana ba qetelle ba atlehile ke ho ba balla. Sena ke sa bohlokoa haholo-holo nakong eo ba ntseng ba le sekolong sa tlhokomelo ea bana ba banyenyane.”
Ha bana ba ntse ba mametse lipale tse baloang bukeng, ba ithuta ba sa le banyenyane hore litlhaku tse ngotsoeng leqepheng li tsamaisana le mantsoe a buuoang. Ba boetse ba tloaelana le mokhoa oo libuka li behang taba ka oona. Buka e ’ngoe e buang ka ho bala ka lentsoe le utloahalang e re: “Nako le nako ha re balla ngoana, re romela molaetsa o ‘thabisang’ bokong ba ngoana. U ka ba ua ho bitsa papatso, ua etsa hore ngoana a tloaelane le libuka le litaba tse ngotsoeng ka thabo.” Batsoali ba khothalletsang lerato lena la ho bala libuka ba tla hlaolela takatso e sa feleng ea ho ba libali baneng ba bona.
Ho ba Thusa Hore ba Utloisise Lefatše le ba Potolohileng
Batsoali ba ballang bana ba bona ba ka ba fa mpho ea bohlokoa—tsebo ea batho, ea libaka le ea lintho. Ka chelete e fokolang haholo, ba ka “etela” mafatše ka ho bala libuka. Nahana ka mohlala oa Anthony ea lilemo li peli, eo ’mè oa hae a ’nileng a mo balla ho tloha ha a hlaha. ’Mè oa hae o re: “Leeto la hae la pele la ho ea sebakeng sa polokelo ea liphoofolo e bile la ho bona hape.” Ho bona hape? E, le hoja Anthony a ne a bona liqoaha, litau, lithuhlo le liphoofolo tse ling moo li phelang ka lekhetlo la pele, o ne a se a tseba liphoofolo tsena.
’Mè oa hae o tsoela pele ho hlalosa: “Ka thabo, Anthony o tloaelane le batho ba bangata, liphoofolo, lintho le likhopolo, tsena tsohle o ithutile tsona ka libuka lilemong tse peli tsa pele bophelong ba hae.” E, ho balla bana ha ba le banyenyane ho ka tlatsetsa ho utloisiseng ha bona lefatše leo ba phelang ho lona.
Ho Aha Botsoalle bo Haufi
Nakong ea khōlo, bana ba banyenyane ba hlaolela boikutlo bo tla susumetsa liketso tsa bona hamorao bophelong. Ka hona, batsoali ba tlameha ho rala motheo bakeng sa kamano e haufi-ufi e nang le kholiseho, tlhomphano le kutloisiso. Ho bala e ka ba habohlokoa mohatong ona.
Ha batsoali ba ipha nako ea ho sika bana ba bona le ho ba balla, molaetsa oo ba fanang ka oona o hlakile: “Kea u rata.” ’Mè e mong oa Canada ea bitsoang Phoebe, o re ka ho balla mora oa hae eo joale a leng lilemo li robeli: “’Na le monna oa ka re nka hore sena ke sona se entseng hore Nathan a ikutloe a le haufi haholo le rōna. O lokolohile ho rōna ’me hangata o re bolella kamoo a ikutloang kateng. Sena se entse hore re be le kamano e khethehileng.”
Cindy o ile a itloaetsa ho balla morali oa hae ho tloha ha a ne a le selemo ’me a khona ho lula le ho mamela motsotso kapa e ’meli. Na nako eo le boiteko boo li mo tsoetse molemo? Cindy oa hlokomela: “Moea o botsoalle, o tsotellang o bang teng ha re bala hammoho hangata o lekane hore Abigail a re bulele sefuba le ho re bolella lintho tse etsahetseng sekolong kapa bothata boo a nang le bona le motsoalle. Ke motsoali ofe ea sa labalabeleng karabelo e joalo?” Ka kholiseho, ho bala ka lentsoe le utloahalang ho ka etsa hore ho be le kamano e haufi pakeng tsa motsoali le ngoana.
Ho Ruta Tsebo e Hlokahalang Bophelong
Buka ea 3 Steps to a Strong Family e re: “Kajeno likelello tsa bana ba rōna li feptjoa haholo ka matlakala a tsoang thelevisheneng le mehloling e meng, ’me ho feta leha e le neng pele, ba hloka phepo ea kelello, monahano o hlakileng, bohlale bo itseng, matla a itseng a kelello a tla ba thusa hore ba phele tumellanong le melao-motheo ea bohlokoa le ho talima bophelo ba bona ka tsela e leka-lekaneng.” Batsoali ba boemong bo botle ba ho fana ka tšusumetso e nepahetseng le e hahang.
Ho ruta ngoana lipolelo tse rarahaneng le tse behiloeng hantle tse fumanoang libukeng e ka ba thulusi e sebetsang ho ruta ngoana ho itlhalosa ha a bua le ha a ngola. Dorothy Butler ea ngotseng Babies Need Books, o re: “Monahano oa motho o tla itšetleha ka puo ea hae. Ha e le hantle, puo ke ea bohlokoa ho ithuteng ha motho le ho beng bohlale ha hae.” Bokhoni ba ho bua hantle ke karolo ea bohlokoa likamanong tse ntle.
Ho bala libuka tse nepahetseng ho ka boela ha matlafatsa boitšoaro bo botle le litekanyetso. Batsoali ba ballang bana ba bona le ho ba behela mabaka ba ka ba thusa hore ba tsebe ho itharollela mathata. Ha Cindy a ntse a bala le morali oa hae Abigail, o sheba ka hloko hore na Abigail o itšoara joang maemong a boletsoeng lipaleng. “Re le batsoali, re ka ithuta litšobotsi tse patehileng tsa botho ba hae ’me mohlomong ra mo thusa hore a furalle monahano o sa lokelang a sa le monyenyane.” Ka sebele, ho balla bana ho ka ba ruta kelellong le pelong.
Etsa Hore ho Bala Ebe Ntho e Monate
Bala “u sa hatelle ngoana,” u etse hore boemo e be bo phutholohileng, bo khathollang le bo thabisang. Batsoali ba hlokolosi baa tseba hore na ke neng moo ba tlamehang ho khaotsa ho bala. Lena o re: “Ka linako tse ling Andrew, ea lilemo li peli, o’a be a khathetse ’me ka mor’a nakoana oa solasola. Re fokotsa nako ea ho bala e le ho tenyetseha le boemo ba hae. Ha re batle hore Andrew a hloee ho bala, kahoo, ha re mo foqe hona le ha a se a sa khone.”
Ho bala ka lentsoe le utloahalang ho ama ho hongata ho feta feela ho bua se ngotsoeng. Tseba hore na u phetla leqephe la buka e nang le litšoantšo neng e le ho tsosa thahasello. Bala ha phollatsi. Ho phahama le ho teba ha lentsoe le ho hatisa ho ka phelisa pale haholo. Mofuthu o utloahalang lentsoeng la hao o ka etsa hore ngoana a ikutloe a sireletsehile.
Melemo e ba e meholohali ha ngoana a kopanela ka cheseho. Etsa khefu nako le nako ’me u botse lipotso tse fatang maikutlo. Phaella likarabong tsa ngoana oa hao ka ho fana ka menyetla e meng e teng.
Khetha Libuka ka Hloko
Leha ho le joalo, mohlomong taba ea bohlokoa ke ho khetha libuka tse molemo. Ho etsa joalo ho hloka hore motho a etse lipatlisiso tse itseng. Hlahloba libuka ka hloko ’me u khomarele tse nang le molaetsa o hahang kapa o rutang le lipale tsa boitšoaro bo botle. Hlahlobisisa sekoahelo sa buka, litšoantšo tsa eona le tsela eo e ngotsoeng ka eona. Khetha libuka tse thahaselloang ke batsoali le bana. Hangata bana ba tla kōpa hore ba balloe pale e itseng hangata-ngata.
Lefatšeng ka bophara, batsoali ba ananela ka ho khetheha Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.a E etselitsoe hore batsoali ba e balle bana ba bona, ’me ha e thuse bana feela hore ba tsebe ho bala hantle empa e ka boela ea leotsa thahasello ea bona Bibeleng.
Batsoali ba ballang bana ba bona ba ka ba ruta mekhoa e metle ea ho bala, e ka hlahisang liphello tse molemo bophelong. JoAnne o ile a re mabapi le morali oa hae: “Jennifer ha aa ithuta ho bala le ho ngola feela pele a e-ea sekolong, haesita le hona ho rata ho bala, empa habohlokoa le ho feta, o ithutile ho rata ’Mōpi oa Rōna e Moholo, Jehova. Jennifer o ithutile ho itšetleha ka Lentsoe la Hae le ngotsoeng, Bibele, ho mo tataisa liqetong tsohle tsa hae.” Ka sebele, seo u thusang ngoana hore a se rate se ka ba molemo ho feta seo u mo thusang hore a ithute sona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 30]
Ha U Balla Ngoana oa Hao
• Qala e sa le lesea.
• Emela hore ngoana a lule fatše ’me a tsitse le tsebe ho bala.
• Bala lipale tseo ka bobeli le li ratang.
• Bala hangata kamoo u ka khonang ’me e be ka cheseho.
• Kenyelletsa ngoana oa hao ka ho mo botsa lipotso.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]
Photograph taken at the Wildlife Conservation Society’s Bronx Zoo