Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 4/8 maq. 24-27
  • Puo ea Liphoofolo—Liphiri Tsa Puisano ea Liphoofolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Puo ea Liphoofolo—Liphiri Tsa Puisano ea Liphoofolo
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Libatana!
  • Nako ea Lijo
  • Lia Buisana
  • Ho Fumana Molekane
  • Litlou—Na ke Metsoalle Kapa Lira
    Tsoha!—1994
  • Leeto la Rōna Ghana
    Tsoha!—2001
  • Phallo ea Khohola-koqo
    Tsoha!—2003
  • Ho Etela Liphoofolo Tse Hlaha Afrika—Li Teng Bakeng sa Ka—Na li Tla ba Teng Bakeng sa Bana ba Ka?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 4/8 maq. 24-27

Puo ea Liphoofolo—Liphiri Tsa Puisano ea Liphoofolo

KA MONGOLI OA TSOHA! KENYA

HA HO pelaelo hore e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa e filoeng batho ke matla a puisano. Ka eona re fetisetsana boitsebiso ba bohlokoa ebang ke ka mantsoe kapa ka liketso, joaloka ho itšisinya ha ’mele. Ha e le hantle, bolokolohi ba puo ke taba eo ho phehisanoang khang ka eona haholo likarolong tsohle tsa lefatše. Ka hona, ba bang ba nka hore puisano ke ea batho feela.

Leha ho le joalo, phuputso e bontša hore liphoofolo li fapanyetsana boitsebiso ka litsela tse rarahaneng tseo hangata li qakang batho. Ke ’nete hore ha li ‘bue’ ka mantsoe, empa li ‘bua’ ka matšoao a bonoang a kang ho tsoka mehatla, ho qahamisa litsebe, kapa ho uputsa mapheo. Litsela tse ling tsa puisano li ka ’na tsa akarelletsa tšebeliso ea lentsoe, joaloka ho bohola, ho puruma, ho rora, kapa ho bina ha nonyana. “Lipuo” tse ling li totobetse bathong, athe tse ling tsona li hloka phuputso e tebileng ea saense hore li hlokomeloe.

Libatana!

Ke mahareng a July. Serengeti National Park e sabaletseng ka tsela e sa tloaelehang, Tanzania, lipulumo tse likete-kete li ea nģ’a leboea li lebile Masai Mara Game Reserve, Kenya, ho ea batla makhulo a matalana. Ho utloahala molumo oa litlhako feela thoteng eo nakong ena ea selemo ea ho falla. Leha ho le joalo, tseleng ho larile likotsi. Tseleng ho larile libatana tse kang litau, lichita, mafiritšoane le mangau. Lipulumo li boetse li ba kotsing ka ho tšela Nōka ea Mara e nang le likoena tse ngata. Lipulumo li qoba libatana tsee joang?

E le hore e ferekanye sera sa eona, pulumo kapa khokong e matha ka lebelo ho se hokae e ntan’o reteleha e shebe ka sereng, nako ena eohle e ntse e isa hlooho koana le koana. E tla qhoma-qhoma e etse liepeepe, e etse matono-mapesa a tšehisang. Esita le sebata se maloro a mabe se tla ke se eme ka ho makala ha se bona matono-mapesa ana. Haeba sebata seo se phehella ho atamela, pulumo e tla etsa matono-mapesa a mang hape. Sena se ferekanya ntšunye-khare ena hoo e ka bang ea nyahlatsa ho tsoma ka mor’a liepeepe tseo. Liepeepe tsena li etsa hore ho be le pelaelo ea hore pulumo ke eona eo e leng sesoasoi se seholo liphoofolong tsa naha.

Bo-motsoala ba pulumo ba banyenyane, liimpala, li tsebahala ka ho qhomela holimo. Ho ba bangata, ho qhomela holimo hona ho bontša ho khahleha le lebelo. Leha ho le joalo, ha ho le hobe, letsa lena le sebelisa maqiti ana a ho qhomela holimo ho sitisa sebata ho le qhautsa ka ’momo. Ho qhomela ha lona holimo, limithara tse ka bang robong ho ea holimo, ho fa phoofolo e hlaselang molaetsa o hlakileng, “Ntšale morao haeba u tla khona.” Ke libata tse seng kae tse ikemisetsang ho ngoanyamisa impala e sa ikemisetsang ho tšoaroa!

Nako ea Lijo

Liphoofolo tse ngata tsa naha li lokela ho ithuta malebaleba a ho tsoma hore e be litsomi tse hloahloa. Malinyane a lokela ho ela hloko ha batsoali ba ’ona ba a koetlisa. Sebakeng se seng sa polokelo ea liphoofolo tse hlaha Afrika, chita e bitsoang Saba e ile ea bonoa e ruta malinyane a eona thuto ea bohlokoa hore a phele. Ka mor’a ho ngoanyamisa tšephe e neng e ntse e iphulela nako e fetang hora, e ile ea laima ea tšoara letsa leo le bothateng ea le khama—empa e sa le bolaee. Ka mor’a nakoana, Saba ea petlenya phoofolo eo e maketseng ka pel’a malinyane a eona, ao ka ho makala a ileng a ba leqe ho laimela phofu eo. Malinyane ana a chita a ile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha ’m’a ’ona a a tliselitse phoofolo e phelang. O ne a batla ho a ruta ho bolaea tšephe. Nako le nako ha phofu e leka ho ema le ho baleha, malinyane a ferekaneng ke thabo a ne a e tabanya fatše. Ke mokhathala, letsa la inehela. Saba e shebeletse e le thōkoana, ea amohela ketso eo ea ’ona.

Liphoofolo tse ling li ikhetha ka ho etsa lerata haholo kamoo li ka khonang ha li batla lijo. Mohlape oa mafiritšoane o tla korotla, o bohle le ho tšeha ha o ntse o ngoanyamisa phofu. Ha phofu e se e bolauoe, mafiritšoane a mang a tla bitsetsoa moketeng ka “letšeho” le sa rateheng la mafiritšoane. Leha ho le joalo, hase kamehla mafiritšoane a tsomang lijo. Mafiritšoane a balelloa har’a liphoofolo tse bohlale ka ho fetisisa tse tsebang ho ntša tse ling mejo hanong—a tloka-tloka tse ling ka hohle e le hore a li amohe phofu ea tsona. A bile a tumme ka ho leleka litau lijong tsa tsona! A etsa see joang? Liphoofolo tsena tse moferefere, li tla itlhantša e le hore li ferekanye litau tse jang. Ha litau li hlokomoloha lerata la ’ona feela, mafiritšoane a tla hlolieana ’me a hakale le ho feta. Hangata litau ha khotso ea tsona e ferekanngoa, li nyahlatsa setopo ebe li ikela sebakeng se seng.

Linotši tsona li batla lijo ka tsela e rarahaneng. Liphuputso tse rarahaneng tsa saense li senola hore notši e tsebisa tse ling tsa habo eona sebaka, mofuta, esita le boleng ba lijo tse fumanoeng, ka tantši ea eona. ’Meleng oa eona notši e jere mohlala oa lijo, joaloka lero la lipalesa kapa peō ea limela, ho o isetsa linotši tse ling tsa habo eona. Ha e tantša eka e ngola robeli, hase feela hore e bontša tse ling mohloli oa lijo empa e boetse e bontša sebaka seo li lokelang ho se tsamaea. Hlokomela! Notši eo e ntseng e bobola pel’a hao e ka ’na eaba e bokella boitsebiso ba bohlokoa boo e tlang ho khutlela le bona hae. Setlolo sa hao se monko o monate se ka ’na sa ferekanngoa le lijo tse ling hape!

Lia Buisana

Ke melumo e seng mekae e hlollang joaloka oa ho puruma ha tau bosiu ha ho khutsitse. Ho ’nile ha fanoa ka mabaka a ’maloa a puisano ena. Ho puruma ho matla ha tau e tona ke temoso ho bohle hore e teng sebakeng seo; ho itšunya-tšunya ke ho ipeha kotsing. Leha ho le joalo, kaha ke phoofolo e ratang ho phela le tse ling tsa habo eona, tau e tla puruma e le hore e boele e buisane le tse ling tsa habo eona. Hangata ho puruma hona e ba ho tebileng, ho sa hlabeng. Ka bosiu bo bong ho ile ha utluoa tau e puruma ka mor’a metsotso e meng le e meng e 15 ho fihlela e ’ngoe ea habo eona e arabela thōkoana. Li ile tsa “bua” joalo ka metsotso e meng e 15 ho fihlela li qetella li kopane. Eaba li khaotsa ho puruma.

Ho ba ’moho hona hase feela hore ho tiisa maqhama empa ho boetse ho li sireletsa maemong a mabe a leholimo. Khoho e lla ka litsela tse sa tšoaneng ha e fetisetsa melaetsa e sa tšoaneng litsuonyaneng tsa eona. Leha ho le joalo, ho ikhethang ka ho fetisisa ke ha e lla nako e telele, e llela tlaase mantsiboea, e bontša hore e khutlela serobeng. Litsuonyana tse qhalakaneng ha li utloa ’mè a li bitsa lia phutheha ’me li kena tlas’a mapheo a hae ebe lia robala.—Matheu 23:37.

Ho Fumana Molekane

Na u kile ua tlohelisoa ntho eo u ntseng u e etsa ke pina e monate ea linonyana? Na ha u khahloe ke bokhoni ba tsona ba ho bina linoto? Leha ho le joalo, na u ne u tseba hore ho u thabisa ke ntho ea ho qetela eo li hlileng li ikemiselitseng ho e etsa? Ho bina ha tsona ke tsela ea ho fetisa melaetsa ea bohlokoa. Le hoja ka linako tse ling ho bina e le tsela ea ho seha meeli sebakeng, ho atisa ho sebelisetsoa ho khahla balekane ba ka moso. Ho ea ka The New Book of Knowledge, “ho bina ho fokotseha ka karolo ea 90 lekholong” hang ha e tona le e tšehali li fumanana.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho fumana molekane hase feela taba ea ho bina ka bokheleke. Linonyana tse ling tse tšehali li batla hore ho ntšoe “bohali” pele li amohela e tona. Ka hona, letholoptje le letona le tla bontša tsebo ea lona ea ho haha sehlaha pele le iketa. Linonyana tse ling tse tona li tla paka bokhoni ba tsona ka ho fepa tse tšehali.

Litsela tse makatsang tseo liphoofolo li buisanang ka tsona ha li khotsofatse litlhoko tsa tsona tsa nama feela empa li boetse li fokotsa lintoa le ho bōpa khotso liphoofolong tse hlaha. Kaha ho sa etsoa liphuputso tse eketsehileng ka puisano ea liphoofolo, ha re e-s’o utloisise ka botlalo “puo [ena] ea liphoofolo tse hlaha.” Le hoja re ka ’na ra se ke ra e utloisisa ka botlalo, e isa thoriso ho ea e entseng, Jehova Molimo.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26, 27]

“Molumo o Khutsitseng” oa Litlou

Mantsiboeeng a mang a futhumetseng Amboseli National Park, Kenya, mohlape o moholo oa litlou o bonahala o sa ferekanngoe ke ho kena-kenana le sebaka sa oona. Leha ho le joalo, sebaka seo se tletse “puo ea litlou,” ho tloha ho tse etsang molumo o tlaase ho isa ho tse etsang o lerata, tse llang, tse llelang holimo, tse kharumang le tse bohlang. Melumo e meng e tebile hoo motho a ke keng a e utloa, leha ho le joalo e matla hoo tlou e ’ngoe e ka e utloang e le lik’hilomithara tse ’maloa thōkoana.

Litsebi tsa boitšoaro ba liphoofolo li tsoela pele ho makatsoa ke litsela tse rarahaneng tseo litlou li fetisang melaetsa ea bohlokoa ka tsona. Joyce Poole o nkile lilemo tse ka holimo ho 20 a ntse a ithuta puisano ea litlou tsa Afrika. O ile a etsa qeto ea hore liphoofolo tsena tsa litonanahali, tse tsebahalang ka manaka a tsona a lakatsehang, li bontša maikutlo a fumanoang liphoofolong tse seng kae. Poole o re: “Ho thata ho shebella boitšoaro bo hlollang ba litlou nakong eo li lumelisang tse ling tsa lelapa kapa tsa sehlopha sa tsona [kapa ha] ho tsoaloa setho se secha sa lelapa . . . ebe motho ha a nahane hore li ba le maikutlo a tebileng a ka hlalosoang hamolemo ka mantsoe a kang nyakallo, thabo, lerato, maikutlo a botsoalle, monyaka, monate, khotsofalo, qenehelo, ho imoloha le tlhompho.”

Ha li kopana ka mor’a karohano ea nako e telele, tumelisano ea tsona e ba e tletseng moferefere, li matha li phahamisitse lihlooho li forile litsebe li bile li li isa holimo le tlaase. Ka linako tse ling, tlou e ka ba ea kenya mokali oa eona ka hanong la e ’ngoe. Tumelisano ena ho bonahala e tlisetsa litlou boikutlo bo matla ba nyakallo, joalokaha eka li re, “Khele! Ra tla ra thaba ha e le mona re boetse re kopane!” Maqhama ao a tsosolositsoeng a tšehetsa tsamaiso ea bohlokoa ea hore li pholohe.

Litlou li boetse li bonahala li e-na le bosoasoi. Poole o hlalosa hore o ile a bona litlou li sotha melomo e leng seo a se bitsang ho bososela, li sisinya lihlooho ka tsela e fanang ka maikutlo a nyakallo. Ka nako e ’ngoe o ile a qala papali eo liphoofolo li ileng tsa kopanela ho eona ’me ka metsotso e 15 tsa itšoara ka tsela e sa tloaelehang ka ho feletseng. Lilemo tse peli hamorao, ho ile ha bonahala tse neng li bapala papaling eo li “bososela” le eena hape, mohlomong li hopola hore le eena o ne a le teng papaling eo. Hase feela hore litlou li thabela ho bapala ’moho, li boetse li etsisa melumo. Phuputsong e ’ngoe, Poole o ile a utloa molumo o mong o fapaneng le melumo e tloaelehileng ea litlou. Ha ho ntse ho hlahlobisisoa, ho ile ha boleloa hore litlou li etsisa molumo oa literaka tse fetang haufi le moo. Kamoo ho bonahalang kateng li ne li ho etsetsa monate feela tjee! Ho bonahala eka litlou li ichebela monyetla leha e le ofe hore li thabe.

Ho ’nile ha buuoa ho hongata ka tsela eo litlou li bonahalang li sareloa ka eona ha tlokotsi e hlahela setho sa lelapa. Ka nako e ’ngoe Poole o ile a bona tlou e tšehali e eme pel’a sefolotsana sa eona e se shebile ka matsatsi a mararo ’me o hlalosa seo ka tsela ena: “Ponahalo [ea eona] sefahlehong e ne e tšoana le ea motho ea mesarelong, ea nyahameng: e ne e inamisitse hlooho ebile e lihile litsebe, e rephisitse molomo.”

Ba bolaeang litlou ba batla manaka a tsona ha ba nahane ka ‘ho sithabela kelellong’ ha likhutsana tse ka ’nang tsa bona ha bo-’m’a tsona ba bolaoa. Manamane ana a qeta matsatsi a seng makae a qalang a le lehaeng la likhutsana la liphoofolo a leka ho itebatsa “mesarelo” ea ’ona. Mohlokomeli o tlaleha hore o ile a utloa likhutsana li “lla” hoseng. Liphello tsa seo li ka bonahala le lilemong tse ’maloa ka mor’a lefu. Poole o hlalosa hore litlou lia hlokomela hore motho o kentse letsoho matšoenyehong a tsona. Re lebeletse ka thabo nako eo ka eona motho le phoofolo ba tlang ho phelisana ka khotso.—Esaia 11:6-9.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Li-“cape gannet” li lumelisana ka tsela ea tsona ea kamehla

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Pulumo e etsa matono-mapesa ho ferekanya sera sa eona

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

“Letšeho” le sa rateheng la lefiritšoane

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Joe McDonald

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Tantši ea notši

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela