Ntoa ea Nako e Telele Khahlanong le Bokhoba
“Sena ke sona se boleloang ke ho ba lekhoba: ho hlekefetsoa le ho mamella, ho qobelloa ka likhoka ho mamella ho tšoaroa hampe.”—Euripides, sengoli sa litšoantšiso sa Mogerike sa lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.
HISTORI ea bokhoba e telele ’me hangata e mpe. Ho tloha nakong ea meloko ea pele Egepeta le Mesopotamia, lichaba tse matla li ’nile tsa fetola baahisani ba tsona ba fokolang makhoba. Ke kamoo ho ngoloa ha e ’ngoe ea lipale tsa ho hloka toka ha batho ho qalileng ka teng.
Seketeng sa bobeli sa lilemo B.C.E., Egepeta e ile ea etsa sechaba sohle sa batho ba ka bang limilione makhoba. (Exoda 1:13, 14; 12:37) Nakong eo Greece e neng e busa Mediterranean, malapa a mangata a Bagerike a ne a e-na le bonyane lekhoba le le leng—feela joalokaha kajeno lelapa le tloaelehileng linaheng tse ling le ka ba le koloi. Rafilosofi oa Mogerike Aristotle o ile a lokafatsa tloaelo ena ka ho bolela hore moloko oa batho o arotsoe ka lihlopha tse peli, benghali le makhoba le hore benghali ba na le tokelo ea ho laela, athe makhoba ’ona a tsoaletsoe ho mamela.
Baroma ba ne ba khothalletsa bokhoba ho feta Bagerike. Matsatsing a moapostola Pauluse, mohlomong halofo ea baahi ba motse oa Roma—ho bonahala batho ba makholo a likete—e ne e le makhoba. Kamoo ho bonahalang kateng, ’Muso oa Roma o ne o lokela ho batla makhoba a ka bang halofo ea milione selemo se seng le se seng hore a etse liemahale, a sebetse merafong, a leme masimo le ho sebetsa matlong a maholo a barui.a Hangata batšoaruoa ba ntoa ba ne ba etsoa makhoba, kahoo takatso e sa kholoeng ea Roma bakeng sa makhoba a eketsehileng e tlameha e ne e susumelletsa ’muso hore o ’ne o tsoele pele ho loana lintoa.
Le hoja bokhoba bo ile ba fokotseha ka mor’a hore ’Muso oa Roma o oe, tloaelo eo e ile ea tsoela pele. Ho ea ka Domesday Book (1086 C.E.), karolo ea 10 lekholong ea basebetsi ba Engelane lilemong tse bohareng e ne e le makhoba. ’Me makhoba a ne a sa ntse a fumanoa ka ho haptjoa.
Leha ho le joalo, ho tloha linakong tsa Kreste, ha ho na k’honthinente e ileng ea harasoanngoa ke khoebo ea makhoba joaloka Afrika. Le pele ho mehla ea Jesu, Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba reka le ho rekisa makhoba a Ethiopia. Ho pholletsa le lilemo tse ka bang 1 250, ho hakanngoa hore ke makhoba a ka bang limilione tse 18 a ileng a nkoa Afrika a isoa Europe le Bochabela bo Hare ho ea koala sekheo sa tlhokahalo ea makhoba libakeng tseo. Ha batho ba qala ho fallela Linaheng tsa Amerika lekholong la bo16 la lilemo, ho ile ha buloa ’maraka o mocha oa makhoba, ’me khoebo ea makhoba ho tšela Atlantic e ile ea e-ba e ’ngoe ea likhoebo tse ruisang ka ho fetisisa lefatšeng. Bo-rahistori ba lekanya hore lipakeng tsa 1650 le 1850, ho ile ha nkoa makhoba a fetang limilione tse 12 Afrika.b A mangata a ’ona a ile a rekisoa limmarakeng tsa makhoba.
Lintoa Khahlanong le Bokhoba
Ho pholletsa le makholo a lilemo, batho le lichaba ba ’nile ba loanela ho itokolla botlamuoeng. Lekholong la pele la lilemo pele ho Kreste, Spartacus o ile a etella pele lebotho la makhoba a Roma a 70 000 ntoeng e ileng ea nyopa ea ho loanela tokoloho. Phetohelo ea makhoba a Haiti, makholong a mabeli a lilemo a fetileng, e ileng ea atleha haholoanyane, e ile ea fella ka hore ho thehoe puso ea sechaba ka sechaba ka 1804.
Ke ’nete hore bokhoba bo ile ba e-ba teng ka nako e teletsana United States. Ho ne ho e-na le makhoba a neng a ikitlaetsa ka matla ho itokolla le ho lokolla baratuoa ba ’ona. ’Me ho ne ho e-na le batho ba lokolohileng ba neng ba loana ka tieo khahlanong le bokhoba ka ho buella ho felisoa ha bona kapa ka ho thusa makhoba a balehileng. Leha ho le joalo, bokhoba bo ile ba felisoa ka molao naheng eo qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka mehla ea kajeno?
Na e Bile Lintoa Tsa Lefeela?
Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho e re: “Ha ho na motho ea tla etsoa lekhoba kapa mohlanka; mefuta eohle ea bokhoba le khoebo ea makhoba li tla thibeloa.” Pakane eo, e ileng ea phatlalatsoa ka mafolo-folo ka 1948, ka sebele ea babatseha. Batho ba bangata ba tšepahalang ba nehetse nako, matla le chelete ea bona ho finyella pakane eo. Leha ho le joalo, katleho ha e finyelloe habonolo.
Joalokaha sehlooho se etellang sena pele se bontša, batho ba limilione ba sa ntse ba sehlela lefeela ka tlas’a maemo a nyarosang, ’me ba bangata ba bona ba ’nile ba rekoa kapa ba rekisoa ba sa rate. Ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba ho felisa bokhoba ka ho feletseng—le ho saena litumellano tsa machaba tsa ho bo felisa ka molao—tokoloho ea ’nete bakeng sa bohle e sa ntse e le pakane eo ho leng thata ho e finyella. Moruo o kopanetsoeng ke linaha tsa lefatše o entse hore khoebo e etsoang ka sephiring ea makhoba, e be khoebo e ruisang ka ho fetisisa. Ho e-na le hoo, bokhoba bo ntse bo mela ka metso har’a moloko oa batho. Na ho na le tšepo bakeng sa boemo boo? A re ke re boneng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohloli o mong oa boholo-holo o bolela hore Baroma ba bang ba neng ba ruile haholo e ka ’na eaba ba ne ba e-na le makhoba a ka bang 20 000.
b Baruti ba bang ba sa tšepahaleng ba ne ba bolela hore Molimo o ne a tšehetsa ho hoeba hona ho sehlōhō ka bophelo ba batho. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba sa ntse ba e-na le mohopolo o fosahetseng oa hore Bibele e lokafatsa bobatana bo joalo, e leng ntho eo ho hang e sa e etseng. Ka kōpo bona sehlooho se reng “Pono ea Bibele: Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?,” tokollong ea Tsoha! ea September 8, 2001.
[Litšoantšo tse leqepheng la 20, 21]
Batho ba nkiloeng Afrika ka har’a likepe tsa makhoba (ka holimo) ka tloaelo nakong e fetileng ba ne ba rekisoa limmarakeng tsa Maamerika tsa makhoba
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Godo-Foto
Archivo General de las Indias