Papali ea Chelete—Ntho e Thahaselloang ke Lefatše Lohle
TORO ea John ea hōletseng Scotland, e ne e le ho hapa lothari. O re: “Ke ne ke reka tekete ea lothari beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ne ke e reka ka chelete e nyenyane feela, empa tekete eo e ne e mpha tšepo ea ho fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e batla.”
Kazushige, ea lulang Japane, o ne a rata mejaho ea lipere. Oa hopola: “Ho becha lipere lekoteng la mojaho hammoho le metsoalle ea ka ho ne ho le monate haholo, ’me ka linako tse ling ke ne ke hapa chelete e ngata.”
Linda ea lulang Australia, o re: “Papali eo ke neng ke e rata ka ho fetisisa ke bingo. Ke ne ke lahleheloa ke hoo e ka bang $30 [R350] beke e ’ngoe le e ’ngoe ka lebaka la ho tloaela ho bapala papali ena, empa ke ne ke thaba haholo ha ke hapa chelete.”
John, Kazushige le Linda, ba ne ba nka papali ea chelete e le mofuta oa boithabiso o se nang kotsi. Batho ba limilione tse makholo lefatšeng ka bophara le bona ba na le maikutlo a joalo. Ka 1999 liphuputso tsa Gallup li ile tsa bontša hore karolo ea bobeli ea Maamerika e chaela papali ea chelete monoana. Ka 1998, Maamerika a bapalang papali ea chelete a ile a sebelisa lidolara tse limilione tse likete tse 50 bakeng sa ho becha papaling ea chelete e lumeletsoeng ka molao, e leng chelete e ngata ho feta eo ba ileng ba e sebelisa bakeng sa ho reka litekete tsa baesekopo, ’mino o rekotiloeng, ho ea mabaleng a lipapali, lirapeng tsa boithabiso le bakeng sa ho reka livideo tsa lipapali ha e kopantsoe kaofela.
Ho ea ka phuputso ea moraonyana tjena, nakong ea selemo se le seng, karolo ea 80 lekholong ea baahi ba Australia e ile ea bapala papali ea chelete bonyane hang, ’me karolo ea 40 lekholong e ne e e bapala beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ka karolelano, batho ba baholo naheng eo ba senya chelete e fetang R4 600 ka selemo papaling ea chelete, e leng chelete e imenneng habeli ha ho bapisoa le chelete e senngoang ke baahi ba Europe le ba Amerika papaling ea chelete, ’me sena se etsa hore Australia e be naha e itlhommeng pele ha ho tluoa ho batho ba lemaletseng papali ea chelete lefatšeng.
Majapane a mangata a lemaletse pachinko, e leng papali e kang pinball, ’me a senya libilione ka selemo a becha papaling eo. Brazil, bonyane liranta tse limilione tse likete tse 46 ka selemo li senngoa papaling ea chelete, ’me boholo ba chelete ena bo sebelisoa ho reka litekete tsa lothari. Empa baahi ba Brazil hase bona feela ba ratang lilothari. Moraonyana tjena makasine ea Public Gaming International e ile ea lekanya hore ho na le “lilothari tse 306 linaheng tse 102.” Ka sebele papali ea chelete ke ntho e thahaselloang lefatšeng lohle—e thahaselloang hoo ba bang ba reng e na le meputso e meholo.
Sharon Sharp, moemeli oa Public Gaming Research Institute, o re United States, ho tloha ka 1964 ho fihlela ka 1999, “chelete e ileng ea fumanoa ke ’muso [ka lebaka la lothari] e bile lidolara tse limilione tse likete li 125, ’me boholo ba eona bo ile ba qala ho amoheloa ho tloha ka 1993.” Boholo ba chelete ena bo ne bo reretsoe mananeo a thuto, ho haha litsi tsa boikhathollo le ho ntlafatsa mabala a sechaba a lipapali. Indasteri ea papali ea chelete ke e ’ngoe ea tse hirileng basebetsi ba bangata haholo, ’me Australia e le ’ngoe, e hira batho ba 100 000 likhoebong tse fetang 7 000.
Kahoo, batho ba buellang papali ea chelete ba pheha khang ea hore ho e-na le hore papali ea chelete e ngolisitsoeng ka molao e be setsi sa boithabiso feela, e boetse e bula menyetla ea mesebetsi, e lefa lekhetho ebile e ntlafatsa le maemo a moruo a nyotobelang.
Ka lebaka leo, batho ba bangata ba botsa potso ena, Phoso ke efe ka papali ea chelete? Karabo ea potso ena, eo ho buisanoang ka eona sehloohong se latelang, e ka ’na ea fetola pono ea hao ka papali ea chelete.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
John
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Kazushige
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Linda