Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 8/8 maq. 14-18
  • Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna oa ka o Bolela Kamoo a Ileng a Ameha Kateng
  • Kea Hlaphoheloa
  • Thuso e Lerato ea Lelapa le Metsoalle
  • Lefu Lena Lea Fola!
  • Ho Tepella Maikutlo—Kamoo ho ka Phekoloang Kateng
    Tsoha!—2009
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
  • Na re ba Bohlokoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 8/8 maq. 14-18

Ke Hlōtse ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa

Ke sa hopola ke shebeletse monna oa ka a bapala ka thabo le moralinyana oa rōna ea neng a sa tsoa hlaha ’me ke ipolella hore ba ne ba ka thaba haholoanyane ha ke ne ke le sieo. Ke ne ke ikutloa ke le moroalo ho bona. Ke ne ke batla ho kena koloing, ke ee hōle-hōle moo ke neng nke ke ka hlola ke khutla. Ke ne ke sa tsebe hore ke hlasetsoe ke ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa.

LILEMO tse leshome tse qalang ke le lenyalong e ne e le tsa thabo. ’Na le Jason re ne re thabela ho hōlisa Liana, morali oa rōna oa matsibolo. Ka hona, ha ke boela ke ima, kaofela ha rōna re ile ra thabela litaba tseo.

Empa boimana bona bo ne bo e-na le mathata. Ha e le hantle, ke ile ka batla ke e-shoa ka mor’a ho pepa. Empa pele ho moo, likhoeling tsa ho qetela tsa ho ima ha ka, e ile eaka kelello ea ka ea ferekana. Boemo bona bo ile ba mpefala ka mor’a hore re tlise moralinyana oa rōna Carly hae, ha a tsoa sepetlele. Ke ne ke lula ke khathetse ’me ke utloa ke sitoa ho etsa le liqeto tse nyenyane feela. Ke qeteletse ke founela Jason mosebetsing makhetlo a mangata ka letsatsi, ho mo botsa feela hore na ke etse mosebetsi ofe ha ke qeta o mong ka tlung, kapa ho batla hore a ntiisetse hore ntho eo ke qetang ho e bua kapa ho e etsa e nepahetse.

Ke ne ke tšaba ho ba har’a batho, esita le har’a metsoalle ea ka ea khale. Haeba motho a ne a kokota monyako ke sa mo lebella, ke ne ke ipata ka kamoreng. Ke ne ke tlohella ntlo e le bohlasoa, ’me mohopolo oa ka o ne o fapoha habonolo le hona ho ferekana kapele. Ke motho ea ratang ho bala, empa ke ne ke sitoa ho bala kaha ke ne ke sa khone ho tsepamisa mohopolo. Ho rapela ho ile ha nthatafalla, ’me bomoea ba ka ba ameha. Ke ne ke shoele maikutlo, ke sitoa ho rata mang kapa mang. Ke ne ke tšohile hore bana ba ka ba tla ameha hobane ke sa nahane hantle. Ke ne ke se ke sa itšepe. Ke ne ke utloa hantle hore ke kula kelellong.

Nakong eo, e ne e re ha Jason a khutla mosebetsing, a fihle a nthuse ho hloekisa ntlo kapa ho phehela lelapa—’me ke ne ke ee ke halefisoe ke hore na o nthusetsa’ng! Ke ne ke nka hore o mpontša hore ke ’mè ea se nang thuso. Ka lehlakoreng le leng, ha a sa nthuse, ke ne ke mo qosa ka hore ha a tsotelle. Haeba Jason a ne a sa ka a sebetsana le boemo ka tsela e bontšang hore o hōlile le e lerato joalokaha a entse, ho tepella ha ka maikutlong ka mor’a ho pepa ho ka be ho ile ha soahlamanya lenyalo la rōna. Mohlomong Jason a ka hlalosa hamolemo hore na boemo ba ka bo ile ba mo ama joang.

Monna oa ka o Bolela Kamoo a Ileng a Ameha Kateng

“Pele, ke ne ke sa utloisise hore na ho etsahala’ng ka Janelle. O ile a fetoha ka ho feletseng, a khaotsa ho lula a thabile, a rata batho ’me ho hang ea hla ea e-ba motho osele. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e bua o ile a qala ho e nka e le ho mo nyatsa, a ba a halefisoa ke ha ke leka ho mo thusa ka mosebetsi. Pele ho ne ho re ke mo bolelle hore a ke a laole maikutlo a hae, empa ke ile ka lemoha hore ho etsa joalo ho ne ho tla mpefatsa litaba.

“Ho ne ho rena tsitsipano lipakeng tsa ka le eena. Ho ne ho bonahala Janelle a nka hore lefatše lohle le mo fetohetse. Ke ne nkile ka utloela ka basali ba bang ba ileng ba e-ba le matšoao ana ka lebaka la ho tepella maikutlo ka mor’a ho pepa. Ka hona, ha ke qala ho belaela hore e se be o na le bothata bo tšoanang, ke ile ka qala ho bala boitsebiso bohle boo ke neng nka bo bala mabapi le taba ena. Seo ke se balileng se ile sa tiisa hore lipelaelo tsa ka li nepahetse. Ke ile ka boela ka ithuta hore hase molato oa Janelle hore ebe oa kula—o ne a sa kule ka lebaka la bohlasoa ba hae.

“Nke ke ka latola hore tlhokomelo e eketsehileng eo eena le bana ba neng ba e hloka e ne e nkhathatsa maikutlong le ’meleng. Lilemo tse peli kaofela ke ile ka tlameha ho etsa kemiso e ntumellang ho phetha mosebetsi oa ka oa boipheliso, boikarabelo boo ke nang le bona joaloka moholo oa phutheho, monna le ntate. Ka lehlohonolo, ke ile ka khona ho fetola kemiso ea mosebetsi oa ka oa boipheliso e le hore ke fihle hae nako e sa le teng, haholo-holo matsatsing ao re eang libokeng tsa Bokreste tsa mantsiboea ka ’ona. Janelle o ne a hloka hore ke fihle hae kapele ho tla mo thusa ho pheha lijo tsa mantsiboea le ho apesa bana. Ka hona, re ne re khona ho ba teng kaofela libokeng.”

Kea Hlaphoheloa

Ntle le tšehetso e lerato ea monna oa ka, ha ho pelaelo hore nka be ke liehile ho hlaphoheloa. Jason o ne a ’mamela a sa fele pelo ha ke jarollela matšoenyeho a ka ho eena. Ke ile ka fumana ho le bohlokoa haholo hore ke se bipetse maikutlo a ka. Ka linako tse ling ke ne ke bile ke utloahala ke halefile. Empa Jason o ne a mpolella kamehla hore oa nthata le hore re ’moho boemong bona. O ne a lula a nthusa hore ke be le maikutlo a nepahetseng. Hamorao ke ne ke ikōpela tšoarelo ka mantsoe ao ke a buileng ha ke halefile. O ne a ntiisetsa hore ke bokuli bo etsang hore ke bue joalo. Ha ke se ke hetla morao, kea bona hore na mantsoe a hae a nahanelang a ne a le bohlokoa hakaakang ho ’na!

Qetellong re ile ra fumana ngaka e mosa haholo e ileng ea ipha nako ea ho mamela kamoo ke ikutloang kateng. E ile ea re ke na le bothata ba ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ’me ea khothalletsa hore phekolo ea ka e akarelletse meriana e ka nthusang ho laola ho ferekana ho neng ho ntlhasela nako le nako. E ile ea boela ea nkhothalletsa hore ke batle thuso ea ngaka ea mafu a kelello. Hape ea nkhothalletsa hore ke lule ke ikoetlisa, e leng phekolo e thusitseng ba bangata ho loantša ho tepella maikutlong.

Ntho e ’ngoe eo e neng e le tšitiso ho hlaphoheloeng ha ka e ne e le ho amohela sekhobo se tsamaeang le ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa. Hangata batho ba thatafalloa ke ho nahanela motho eo ba sa utloisiseng bokuli ba hae. Ka mohlala, ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ho fapane le ho robeha leoto, hoo ba bang ba tla ho bona ’me ba utloisise. Leha ho le joalo, ba lelapa le metsoalle e haufi-ufi ba ile ba ntšehetsa ka hohle-hohle le ho utloisisa boemo ba ka.

Thuso e Lerato ea Lelapa le Metsoalle

’Na le Jason re ile ra ananela haholo thuso eo ’Mè a faneng ka eona nakong ena e thata. Ka linako tse ling o ne a hloka phomolo pherekanong ena e amang maikutlo e neng e le lapeng. ’Mè o ne a e-na le maikutlo a nepahetseng kamehla ’me o ne a sa leke ho nketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho e-na le hoo, o ne a ntšehetsa le ho nkhothalletsa hore ke etse seo ke se khonang.

Metsoalle ka phuthehong le eona e ile ea ntšehetsa ka tsela e babatsehang. Ba bangata ba ile ba nthomella melaetsa e mekhutšoanyane ba re bolella hore ba nahana ka ’na. Ke ne ke e rata e le kannete melaetsa eo e bontšang mosa! Ke ne ke e rata ka ho khetheha hobane ke ne ke thatafalloa ho bua le batho, ebang ke ka thelefono kapa re shebane mahlong. Ke ne ke bile ke thatafalloa ho thabela botsoalle le Bakreste-’moho le ’na pele ho liboka le ka mor’a tsona. Ka hona, ha metsoalle ea rōna e re ngolla, seo se ne se sa bontše feela hore e elelloa bothata boo ho tepella maikutlo hona ho mpakelang bona, empa hape e ne e ntiisetsa hore ea nthata ’me e amehile ka ’na le lelapa la ka.

Lefu Lena Lea Fola!

Hona joale ke hlaphohetsoe haholo—ka lebaka la likeletso tsa ngaka ea ka, tšehetso ea lelapa le ho ba le metsoalle e utloisisang. Ke ntse ke ikoetlisa kamehla, esita leha ke khathetse kaha sena se nthusitse hore ke hlaphoheloe. Ke boetse ke leka ho arabela hantle ha ba bang ba nkhothatsa. Nakong eo ke ikutloang ke nyahame haholo, ke mamela lik’hasete tsa Bibele le li-Kingdom Melodies—’mino o khathollang moeeng le maikutlong, o hlophisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Litokisetso tsena tse molemo li thusa ho ’matlafatsa moeeng le hore ke lule ke e-na le maikutlo a nepahetseng. Ke bile ke sa tsoa qala ho fana ka lipuo tsa Bibele tsa liithuti hape libokeng tsa phutheho.

Ho nkile nako e fetang lilemo tse peli le halofo hore ke fihle boemong boo ho bona ke ikutloang ka ho feletseng hore ke rata monna oa ka, bana ba ka le batho ba bang, ’me ke ba bontša lerato leo. Le hoja ena e bile nako e thata lelapeng la ka, re utloa kamano ea rōna e le matla hona joale ho feta leha e le neng pele. Ke tsota Jason haholo, ea bontšitseng ka hohle-hohle hore lerato la hae le tiile ka ho mamella linako tse bohloko tsa ha ke tepeletse maikutlo le ka hore ka linako tsohle a ntšehetse ha ke hloka thuso. Ka holim’a tsohle, bobeli ba rōna hona joale re na le kamano e haufi-ufi le Jehova, eo ka sebele a ileng a re matlafatsa nakong ea liteko tsa rōna.

Ho ntse ho e-ba le matsatsi ao ke tepellang maikutlo ka ’ona, empa ka thuso ea lelapa, ngaka ea ka, phutheho le moea o halalelang oa Jehova, boemo bo ntse bo e-ea bo ntlafala ka ho eketsehileng. E, ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ke lefu le folang. Ke sera seo re ka se hlōlang.—Joalokaha ho boletse Janelle Marshall.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lintho Tse ka ’Nang Tsa Baka ho Tepella Maikutlo ha ka Mor’a ho Pepa

Ka linako tse ling ho ba le lintho tse ’maloa tse ka ’nang tsa baka ho tepella maikutlo ka mor’a ho pepa, ntle le ho fetoha ha li-hormone. Lintho tsena li akarelletsa:

1. Maikutlo ao mosali a bang le ’ona ka ho ba ’mè, a ka ’nang a bakoa ke tsela e sa thabiseng eo a hōtseng ka eona le ho se be le kamano e ntle le batsoali ba hae.

2. Lintho tse sa utloahaleng tseo sechaba se li lebeletseng ho bo-’mè.

3. Histori ea lelapa ea ho ba le bothata ba ho tepella ha maikutlo.

4. Ho se khotsofale lenyalong le ho hloka tšehetso ea litho tsa lelapa kapa beng ka motho.

5. Ho ikhella fatše.

6. Boikutlo ba ho imeloa kapa ho hlōloa ke ho hlokomela bana ba banyenyane ka linako tsohle.

Ha ho pelaelo hore lethathamo lena ha lea akaretsa lintlha kaofela. Ho na le lintho tse ling tse ka ’nang tsa baka ho tepella maikutlo ka mor’a ho pepa. Ha e le hantle, lisosa tsa hona ha li e-s’o utloisisoe ka ho feletseng.

[Lebokose le leqepheng la 16]

Ho Tebile ho Feta ho se Tsitse ha Maikutlo ha Nakoana Feela ho Bang Teng ka Mor’a ho Pepa

Ho tepella maikutlo ho tlang ka mor’a ho pepa ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho se tsitse ha maikutlo ha nakoana hoo ka tloaelo ho bang teng ka mor’a ho pepa. Dr. Laura J. Miller o re: “Mofuta o tloaelehileng haholo oa ho feto-fetoha maikutlong ka mor’a ho pepa o se o tsebahala e le ho se tsitse maikutlong ha nakoana ho bang teng ka mor’a ho pepa. . . . Hoo e ka bang 50% ea basali ba pepang ba ba le bothata bona bo ba llisang, ba ho se tsitse maikutlong. Hangata bo fihla sehlohlolong matsatsing a mararo ho ea ho a mahlano ka mor’a ho pepa ’me hamorao bo ea bo nyamela butle-butle nakong ea libeke tse seng kae.” Bafuputsi ba nahana hore ho feto-fetoha hona ha maikutlo ho bakoa ke phetoho ea li-hormone tsa mosali ka mor’a hore a pepe.

Ho fapana le ho se tsitse maikutlong ha nakoana ho bang teng ka mor’a ho pepa, ho tepella maikutlong ho bang teng ka mor’a ho pepa ho amana le ho nyahama ka nako e telele, ho ka qalang ha motho a pepa kapa ka mor’a libeke kapa likhoeli a pepile. ’Mè ea sa tsoa ba le ngoana ’me a e-na le bothata bona a ka iphumana a thabile motsotsong ona, ka o latelang a iphumana a nyahame—mohlomong a bile a batla ho ipolaea. Ho phaella moo, a ka khopiseha habonolo, a hlonama le ho tlala khalefo. A ka ba le boikutlo bo sa feleng ba ho ba ’mè ea se nang thuso ea bileng a sa rateng ngoana oa hae. Dr. Miller o re: “Bo-’mè ba bang ba tepeletseng maikutlo baa tseba hore ba rata bana ba bona, empa ba na le bothata ba ho ikutloa ba se na thahasello, ba khopehile kapa ba khobohetsoe. Ba bang ba bile ba nahana ho lematsa bana ba bona kapa hona ho ba bolaea.”

Ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ke ntho ea khale. Ho tloha morao koana lekholong la bone la lilemo B.C.E., ngaka ea Mogerike, Hippocrates, e ile ea lemoha liphetoho tse khōlō maikutlong a basali ba bang ka mor’a hore ba pepe. Phuputso e tlalehiloeng ho Brazilian Journal of Medical and Biological Research e hlalositse: “Ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ke bothata bo boholo bo amang 10-15% ea bo-’mè linaheng tse ngata.” Leha ho le joalo, Journal eo e tsoela pele ho bontša hore ka masoabi, “ba bangata ba ba tepeletseng maikutlo ha ba fumane phekolo e nepahetseng kaha ho sa ka ha fumanoa hore ba boemong boo.”

Boloetse bona bo sa tloaelehang empa e le bo tebileng haholoanyane, bo tšoarang basali ka mor’a ho pepa, ke ho kula kelellong. Mokuli a ka bona lipono, a utloa mantsoe ka hloohong le hona ho se tsebe hore na hantle ho etsahala’ng ka eena, le hoja ka linako tse ling a ka ’na a hlaphoheloa ka lihora tse itseng kapa matsatsi. Sesosa sa bothata bona ba ho kula kelellong ha se tsejoe hantle, empa Dr. Miller o re “ho bonahala sesosa sa ho kula hona ha kelello e ka ’na ea e-ba ho fokola ho itseng liphatseng tsa lefutso, hoo e ka ’nang eaba ho bakoa ke phetoho ea li-hormone.” Ngaka e nang le phihlelo e ka fana ka phekolo e sebetsang bakeng sa ho kula hona ha kelello ho bang teng ka mor’a ho pepa.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 17]

Kamoo U ka Itsoelang Molemo Katenga

1. Haeba ho tepella ha maikutlo ho tsoela pele nako e telele, batla thuso ea ngaka. Ha u ka etsa seo ka potlako, u ka hlaphoheloa kapele. Batla ngaka e utloisisang e seng e tloaetse ho sebetsana le boemo bona. U leke hore ho tepella maikutlo ha hao ho se ke ha u hlabisa lihlong kapa ua soabisoa ke ho noa meriana haeba u tlameha ho e noa.

2. Ikoetlise kamehla. Liphuputso li bontšitse hore ho ikoetlisa kamehla e ka ba phekolo e sebetsang bakeng sa motho ea tepeletseng maikutlo.

3. Bolella batho ba haufi-ufi le uena hore na u ikutloa joang. U se ke ua itšehla thajana kapa ua bipetsa maikutlo a hao.

4. Hopola hore hase hore u tlameha ho boloka lehae la hao le le boemong bo phethahetseng. Leka ho boloka bophelo ba hao bo itekanetse ka ho lebisa tlhokomelo linthong tsa bohlokoa.

5. Rapella sebete le mamello. Haeba u thatafalloa ke ho rapela, kōpa motho e mong hore a rapele le uena. U ka ’na ua lieha ho hlaphoheloa haeba u lula u ipeha molato kapa u inka u se na thuso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ha e buelle phekolo ea mofuta leha e le ofe. Litlhahiso tse fuoang basali le banna sehloohong sena ha li sebetse maemong ’ohle, ebile lintlha tse ling li ka ’na tsa se sebetse maemong a itseng.

[Lebokose le leqepheng la 18]

Likeletso Tse Sebetsang Bakeng sa Banna

1. Hlokomela hore ho tepella maikutlo ha ka mor’a ho pepa hase molato oa mosali oa hao. Haeba boemo ba hae bo nka nako e telele, sebelisana le eena ka ho mo batlela thuso ea ngaka e utloisisang bothata bona le e nang le kutloelo-bohloko.

2. Mamela mosali oa hao u sa fele pelo. Mo bolelle hore u amohela boikutlo ba hae. U se ke ua tenehela maikutlo a hae a ho nahana lintho ka tsela e fosahetseng. Mo thuse ka mosa hore a bone lehlakore le molemo la litaba ’me u mo tiisetse hore o tla hlaphoheloa. U se ke ua nka hore u tlameha ho rarolla bothata bo bong le bo bong boo a u bolellang bona. E ka ’na eaba o mpa a batla matšeliso, eseng tharollo. (1 Bathesalonika 5:14) Hopola hore ho tepella maikutlo ho bang teng ka mor’a ho pepa ho etsa hore bakuli ba thatafalloe ke ho nahana ka tsela e utloahalang kapa e hlakileng.

3. Fokotsa lintho tseo u neng u li etsa tseo e seng tsa bohlokoa e le hore u ka ba le nako e eketsehileng ea ho tšehetsa mosali oa hao. Ho etsa joalo ho ka ’na ha mo thusa hore a hlaphoheloe kapele.

4. Etsa bonnete ba hore u ipha nako ea ho ba boinotšing. Ho phela hantle ’meleng, kelellong le moeeng ho tla u thusa hore u tsebe ho tšehetsa mosali oa hao hantle.

5. Batla motho eo u ka tšollelang maikutlo a hao ho eena ea tla u khothatsa, mohlomong monna e mong ea hōlileng moeeng eo mosali oa hae a kileng a tepella maikutlo ka mor’a ho pepa.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Lelapa la ha Marshall

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela