AIDS e ja Setsi Afrika
“Re sebetsana le mofuta o mong oa koluoa ea mehleng ena.”
MANTSOE ao a Stephen Lewis, moemeli ea khethehileng oa Machaba a Kopaneng bakeng sa HIV/AIDS Afrika, a bontša ho ameha ha ba bangata ka boemo ba AIDS linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara.
Ho ameha lintho tse ngata ho jaleheng ha HIV. AIDS le eona e mpefalitse mathata a mang le ho feta. Hangata maemo a atileng linaheng tse ling tsa Afrika le likarolong tse ling tsa lefatše moo AIDS e iphileng matla a amana le lintho tse latelang.
Boitšoaro. Kaha ho kopanela liphate ke mokhoa o ka sehloohong oo HIV e tšoaetsanoang ka oona, ho hlakile hore ho haelloa ke boitšoaro ke hona ho ntšetsang pele ho jaleha ha lefu lena. Leha ho le joalo, ba bangata ba nka ho khothalletsa batho ba seng lenyalong hore ba se ke ba kopanela liphate e le ntho e sa sebetseng. Koranteng ea The Star ea Johannesburg, Afrika Boroa, Francois Dufour oa ngola: “Ho lemosa bacha hore ba se kopanele liphate ho ke ke ha sebetsa. Letsatsi le letsatsi ba pepesehetse litšoantšo tsa boitšoaro bo litšila tse bontšang hore na ba lokela ho shebahala joang le ho itšoara joang.”
Boitšoaro ba bacha bo pakile mantsoe ana e le ’nete. Ka mohlala, phuputso e ileng ea etsoa naheng e ’ngoe e bontšitse hore karolo ea boraro ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse 12 le 17 e se e kile ea kopanela liphate.
Afrika Boroa, peto e hlalositsoe e le bothata bo boholo sechabeng. Tlaleho ea litaba koranteng ea Citizen ea Johannesburg e boletse hore “e atile hoo e fetang kotsi leha e le efe e ’ngoe e ka hlahelang basali ba naha ena, ’me e ntse e eketseha le ho bana ba naha ena.” Eona tlaleho eo e itse: “Ho betoa ha bana ho imenne habeli morao tjena . . . Ho bonahala sena se bakoa haholo ke tumelo ea hore ha motho ea nang le tšoaetso ea HIV a beta moroetsana, o tla fola.”
Maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate (STD). Maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate a atile haholo sebakeng sena. South African Medical Journal e re: “Boteng ba STD bo eketsa menyetla ea ho tšoaetsoa HIV-1 ka makhetlo a 2 ho ea ho a 5.”
Bofuma. Linaha tse ngata Afrika li loantšana le bofuma, ’me sena se nolofalletsa AIDS ho ja setsi. Lintho tse nkoang e le tsa motheo linaheng tse tsoetseng pele ha li eo linaheng tse ngata tse hōlang moruong. Metse e meholo ha e na motlakase le metsi a hloekileng a nooang. Libakeng tsa mahae, litsela li mpe kapa ha li eo ho hang. Baahi ba bangata ba haelloa ke phepo e nepahetseng ’me litšebeletso tsa bongaka lia fokola.
AIDS e thefula likhoebo le liindasteri. Ha bahiruoa ba bangata ba tšoaetsoa, sena se sisinya moruo oa merafo haholo. E meng e nahana litsela tsa ho sebelisa mechine hore e thusetse tahlehelong ea bahiruoa. Ka 2000, ho ile ha hakanngoa hore morafong o mong oa plathinamo, palo ea ba tšoeroeng ke AIDS e batla e imenne habeli, ’me karolo ea 26 lekholong ea basebetsi e tšoaelitsoe.
Lenane le leholo la bana ba fetohileng likhutsana ha batsoali ba bolaoa ke AIDS ke phello e bohloko ea lefu lena. Ho phaella ho hlokeng batsoali le tšireletseho licheleteng, bana bana ba tlameha ho mamella sekhobo se tsamaeang le AIDS. Hangata beng ka bona kapa batho ba motse ba futsanehile hoo ba sitoang ho ba thusa kapa ha baa ikemisetsa ho etsa joalo. Likhutsana tse ngata li tlohela sekolo. Tse ling li fetoha matekatse ’me li jale lefu lena le ho feta. Linaha tse ngata li thehile mananeo a ’muso kapa a ikemetseng ho thusa likhutsana tsena.
Ho hloka tsebo. Batho ba bangata ba nang le tšoaetso ea HIV ha ba tsebe hore ba na le eona. Ba bangata ha ba batle ho ea etsa liteko ka lebaka la sekhobo se tsamaeang le lefu lena. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke Lenaneo le Kopanetsoeng la Machaba a Kopaneng le mabapi le HIV/AIDS (UNAIDS) e itse: “Batho ba nang le tšoaetso ea HIV, kapa bao ho belaelloang hore ba na le eona, ba ka ’na ba thibeloa ho fumana thuso ea bongaka, ba haneloa ka matlo le mosebetsi, ba nenoa ke metsoalle ea bona le basebetsi-’moho, ba haneloa ka inshorense kapa ba haneloa ho kena linaheng tse ling.” Ba bang ba bile baa bolaoa ha ho hlahella hore ba na le tšoaetso ea HIV.
Moetlo. Meetlong e mengata ea Maafrika, basali hangata ha ba na matla a ho botsa banna ba bona ka litaba tsa bonyatsi ba bona, a ho hana ho kopanela liphate le bona kapa a ho etsa tlhahiso ea hore ba sebelise mekhoa e sireletsehileng ea ho kopanela liphate. Moetlo hangata o bontša ho hloka tsebo le ho hana hore AIDS e fela e le teng. Ka mohlala, ho ka ’na ha thoe ho kula ho bakoa ke boloi, ’me thuso ea batloa lingakeng tsa Sesotho.
Ho haella ha litsi tsa phekolo. Litsi tsa phekolo tse seng li ntse li haella li imeloa le ho feta ka lebaka la AIDS. Lipetlele tse ling tse peli tse khōlō li tlaleha hore bakuli ba fetang halofo ba ho tsona ke ba nang le tšoaetso ea HIV. Ngaka e okametseng sepetlele se seng sa KwaZulu-Natal e boletse hore bakuli ba robalang liphapusing tsa kokelo tsa sepetlele seo ba feta lenane le amohelehang ka karolo ea 40 lekholong. Ka linako tse ling bakuli ba babeli ba tlameha ho robala betheng e le ’ngoe, ’me oa boraro a robale ka tlas’a eona!—South African Medical Journal.
Le hoja maemo a se a ntse a le mabe Afrika, ho bonahala a ka ’na a mpefala le ho feta. Peter Piot oa UNAIDS o itse: “Re sa le qalong feela ea seoa sena.”
Ho hlakile hore linaheng tse ling ho etsoa boiteko ba ho sebetsana le lefu lena. ’Me ka lekhetlo la pele, Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng se ile sa e-ba le kopano e khethehileng ho tšohla HIV/AIDS ka June 2001. Na boiteko ba batho bo tla atleha? Lebuba la AIDS le tla khaotsa neng?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]
MORIANA OA AIDS NEVIRAPINE LE BOTHATA BA AFRIKA BOROA
Nevirapine ke eng? Moqolotsi oa litaba Nicole Itano, o re Nevirapine ke “moriana o thethefatsang vaerase oo ho bonahetseng hore o ka fokotsa ka halofo monyetla oa hore [’mè] a fetisetse AIDS ngoaneng.” K’hamphani e ’ngoe ea meriana Jeremane e ne e ithaopetse ho e fa Afrika Boroa mahala ka lilemo tse hlano. Empa ho fihlela ka August 2001, ’muso o ne o e-s’o amohele mpho eo. Bothata bo bakoa ke eng?
Afrika Boroa e na le batho ba limilione tse 4,7 ba nang le tšoaetso ea HIV, e leng palo e fetang ea linaha tsohle lefatšeng. Ka February 2002 koranta ea The Economist ea London e ile ea tlaleha hore mopresidente oa Afrika Boroa, Thabo Mbeki, “ha a tšepe maikutlo a batho ka kakaretso a hore HIV e baka AIDS” ’me “ha a khotsofalle litšenyehelo tsa meriana e loantšang AIDS, o bile o belaella hore na ebe ha li kotsi le hore na li thusa hakae. Ha aa li thibela ka molao, empa lingaka tsa Afrika Boroa ha li khothalletsoe ho li sebelisa.” Ke hobane’ng ha see se tšoenya batho? Ke hobane Afrika Boroa masea a likete-kete a hlaha a e-na le tšoaetso ea HIV selemo se seng le se seng ’me karolo ea 25 lekholong ea basali ba baimana e na le vaerase ena.
Ka lebaka la ho se lumellane tabeng ena, ho ile ha hlahleloa nyeoe makhotleng ho qobella ’muso hore o fane ka nevirapine. Lekhotla la Molao oa Motheo la Afrika Boroa le ile la ntša qeto ka April 2002. Ravi Nessman o ile a ngola ho The Washington Post, ’me a bolela hore lekhotla le laetse hore “’muso o lokela ho fana ka moriana ona litsing tsa phekolo tse boemong ba ho o sebelisa.” Kaha ’muso oa Afrika Boroa o ne o ntse o fana ka moriana ona libakeng tse 18 tsa teko ka hare ho naha, ho boleloa hore qeto ena e ile ea fana ka tšepo ho basali bohle ba baimana ba nang le tšoaetso ea HIV naheng ena.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
VAERASE E MANO E QHEKELLA SELE
Kena ka motsotsoana lefatšeng la vaerase ea HIV, e leng kokoana-hloko e hlaselang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung. Setsebi se seng sa saense se itse: “Ka mor’a ho hlahloba vaerase ena ka lilemo tse ngata ka mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane haholo, ke sa ntse ke hlolloa le ho makatsoa ke tsela eo ntho e nyenyane joaloka ena e rarahaneng kateng le ho etsa lintho ka nepo.”
Vaerase e nyenyane ho feta baktheria, ha eona e le nyenyane ho feta sele e tloaelehileng ea motho. Ho latela mohloli o mong, HIV e nyenyane hoo “[likaroloana tsa HIV] tse limilione tse 230 li ka fellang khutlong e qetellong ea polelo ena.” Vaerase e ke ke ea ata ntle leha e ka kena seleng e ’ngoe ’me ea qala ho laola tšebetso ea sele eo.
Ha HIV e kena ’meleng, e tlameha ho loana le matla a tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.a Masole a ’mele a fumanoang liseleng tse tšoeu tsa mali a etsoa ’mokong. Lisele tse tšoeu tsa mali li na le mefuta e ’meli e ka sehloohong ea li-lymphocyte, e leng sele ea mofuta oa T le ea mofuta oa B. Mofuta o mong oa lisele tse tšoeu tsa mali o bitsoa li-phagocyte kapa “lisele tse jang tse ling.”
Lihlopha tse sa tšoaneng tsa lisele tsa mofuta oa T li na le mesebetsi e fapaneng. Lisele tse bitsoang bathusi mofuteng ona oa T li phetha karolo e khōlō ho loantšeng mafu. Li thusa ho khetholla lintho tse sa tloaelehang tse hlaselang ’mele ebe li ntša taelo ea hore ho hlahisoe masole a loantšang le ho timetsa sera. Ha HIV e hlasela, e korola bathusi bana ka ho khetheha. Lisele tse bitsoang babolai mofuteng ona oa T li qala ho bolaea lisele tsa ’mele tse seng li hlasetsoe. Mofuta oa lisele tsa B o ntša lithibela-mafu tse loantšang tšoaetso.
Leqheka le Mano
HIV e hlalosoa e le vaerase e fetolang tsela eo lisele li sebetsang ka eona. HIV e oela mofuteng oa liphatsa tsa lefutso tsa RNA (ribonucleic acid), eseng tsa DNA (deoxyribonucleic acid). HIV ke karolo ea vaerase ea sehlopha se itseng e fetolang tsela eo lisele li sebetsang ka eona e tsejoang e le lentivirus, kaha e ka ipata nako e telele pele matšoao a tšoaetso a hlahella.
Ha vaerase ea HIV e kene seleng eo e e hlaselang, e khona ho fetola tsela eo sele ena e sebetsang ka eona ho phetha morero oa eona. E “sokolla” liphatsa tsa lefutso tsa DNA ea sele hore e atise livaerase tse ngata tsa HIV. Empa pele e etsa sena, HIV e tlameha ho sebelisa molao o mocha o tsamaisang liphatsa tsa lefutso. E lokela ho fetola liphatsa tsa eona tsa RNA ho li etsa tsa DNA e le hore sele eo e keneng ho eona e tsebe ho e utloisisa. Ho phetha sena, HIV e sebelisa enzyme e tsebang ho fetola liphatsa tsena tsa lefutso tsa sele. Hamorao lisele tsena lia shoa ka mor’a hore li hlahise likaroloana tse likete tsa vaerase ena e ncha ea HIV. Joale likaroloana tsena tse ncha li tšoaetsa lisele tse ling.
Hang ha bathusi ba lisele tsa mofuta oa T ba fokotsehile haholo, lira tse ling li ka hlasela ’mele li sa tšabe hore li tla loantšoa. ’Mele o inehela mefuteng eohle ea maloetse le tšoaetso. Motho ea tšoaelitsoeng, ka nako ena joale o boemong boo a tšoeroeng ke AIDS. HIV e atlehile ho senya tsamaiso eohle ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.
Ena ke tlhaloso e nolofalitsoeng. Re lokela ho hopola hore ho na le ho hongata hoo bafuputsi ba sa ho tsebeng ka tsela eo ’mele o sebetsang ka eona ho itšireletsa mafung, le tsela eo HIV e sebetsang ka eona.
Hoo e batlang e le ka lilemo tse mashome a mabeli kaofela, lefatšeng ka bophara vaerase ena e nyenyane e tšoarisitse lingaka tse ka sehloohong tse etsang liphuputso phupe ka lefe, e leng se hlokileng chelete e ngata bo se nang palo. Ka lebaka leo, ho ithutiloe ho hongata ka HIV. Dr. Sherwin B. Nuland, eo e leng ngaka e buoang, o ile a re lilemong tsa ho feta: “Boitsebiso bo . . . bokeletsoeng ka vaerase ena e hlaselang matla a ’mele a ho itšireletsa mafung, le tsoelo-pele e entsoeng ho leka ho loantša tlhaselo e mabifi ea eona, ka sebele lia hlolla.”
Leha ho le joalo, lebuba la AIDS le sa tsoela pele ho etsa larita.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 8, 2001, leqepheng la 13-15.
[Setšoantšo]
HIV e hlasela li-“lymphocyte” tse sireletsang ’mele mafung ’me ea li sokolla hore li hlahise vaerase ea HIV
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
CDC, Atlanta, Ga.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bacha ba likete ba phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele