Pono ea Bibele
Na Molimo o Tla Hlokomoloha Mefokolo ea Rōna?
‘Ha ke khopo! Ke lekile ka thata ho tlohela mekhoa ea ka e mebe, empa joale ke motho ea fokolang haholo!’
NA MAIKUTLO aa a tšoana le a hao kapa a motho e mong eo u mo tsebang? Ba bangata ba etsa qeto ea hore ho batla ho se bonolo ho hlōla ho fokolloa ke boitšoaro ho metseng ka metso. Batho ba bang ba lemaletse joala, koae kapa lithethefatsi. Ba bangata ba laoloa ke meharo. ’Me ho na le ba inehetseng boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate, ba ikemela ka hore ho hang ba ke ke ba phela ntle le bona.
Joalokaha ho bontšitsoe ho Matheu 26:41, ka mosa Jesu o ile a bontša hore o utloisisa mefokolo ea batho.a Ha e le hantle, tlaleho eohle ea Bibele e bontša ka ho hlakileng hore Jehova Molimo le Jesu ba mosa ho batho. (Pesaleme ea 103:8, 9) Empa na re ka lebella hore Molimo a hlokomolohe mefokolo eohle ea rōna?
Moshe le Davida
Nahana ka pale ea Moshe. O ne a tsejoa e le motho ea “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše,” ’me o ile a loanela ho boloka tšobotsi eo e ntle. (Numere 12:3) Ha Baiseraele ba haola lehoatateng, hangata ba ne ba itšoara ka tsela e sa lokelang ’me ba bontša ho hloka tlhompho ho Molimo le ho baemeli ba hae. Ho ntse ho le joalo, ka boikokobetso Moshe o ile a batla tataiso ho Molimo.—Numere 16:12-14, 28-30.
Leha ho le joalo, ha leeto leo le lelelele le le khathatsang le le haufi le ho fela, o ile a hlōleha ho itšoara ka pel’a sechaba sohle ’me a tlōla litaelo tsa Molimo. Molimo o ile a mo tšoarela, empa na O ile a hlokomoloha ketsahalo eo? Che. O ile a bolella Moshe: ‘Kahobane ha ua ka ua bontša tumelo ho ’na, u ke ke ua kenya phutheho ena naheng eo ka sebele ke tla e fa eona.’ Moshe o ne a ke ke a kena Naheng e Tšepisitsoeng. Ka mor’a ho loanela ho fumana tokelo eo ka lilemo tse 40, bofokoli bo tebileng bo ile ba etsa hore e mo lahlehele.—Numere 20:7-12.
Morena Davida e ne e le motho e mong ea tšabang Molimo ea neng a e-na le bofokoli. Ka lekhetlo le leng o ile a inehela takatsong e matla ’me a kopanela liphate le mosali oa monna e mong. Eaba o leka ho koahela taba eo ka ho bolaea monna oa hae. (2 Samuele 11:2-27) Ka mor’a moo, o ile a ikoahlaela melato eo ea hae ka ho teba ’me Molimo a mo tšoarela. Empa Davida o ne a sentse bophelo ba lelapa la hae, ’me Jehova ha aa ka a mo sireletsa litlokotsing tsa masetla-pelo tse ileng tsa latela. Ngoana oa moshanyana oa Davida o ile a kula hampe, ’me Jehova ha aa ka a kenella ho sa tsotellehe lithapelo tseo Davida a ileng a li etsa molemong oa ngoana eo oa hae. Moshanyana eo o ile a shoa, ’me ka mor’a moo ha latela letoto la litsietsi ntlong ea Davida. (2 Samuele 12:13-18; 18:33) Davida o ile a lefa habohloko ka lebaka la ho haelloa ke boitšoaro.
Mehlala ena e bontša hore Molimo o nka batho ba ikarabella ka boitšoaro ba bona. Ba batlang ho mo sebeletsa ba tlameha ho matlafatsa moo ba fokolang teng moeeng ’me e be Bakreste ba matla haholoanyane. Ba bangata ba ile ba etsa joalo lekholong la pele la lilemo.
Ntoa ea ho Itokolla Sebeng
Ka nepo moapostola Pauluse o nkoa e le mohlala o motle oa bophelo ba Bokreste. Empa na u ne u tseba hore kamehla o ne a loantša bofokoli ba hae? Baroma 7:18-25 e hlalosa ntoa ena ka ho hlaka, kapa ‘ho loana’ hona ho latela temana ea 23. Pauluse o ile a loana a sa khathale kaha o ne a tseba hore sebe se leqoophe.—1 Bakorinthe 9:26, 27.
Litho tse ling tsa phutheho ea Bokreste ea Korinthe ea boholo-holo li ne li kile tsa tloaela ho etsa bobe. Bibele e re e ne e kile ea e-ba ‘lihlola, bafebi, banna ba robalang le banna, masholu, batho ba meharo, matahoa.’ Empa e boetse e re ba ile ba ‘hlatsuoa hore ba hloeke.’ (1 Bakorinthe 6:9-11) Joang? Ba ile ba matlafatsoa ke tsebo e nepahetseng, botsoalle ba Bokreste le moea oa Molimo hore ba khaotse mekhoa ea bona e khopo. Qetellong, ba ile ba boleloa ba lokile ke Molimo ka lebitso la Kreste. E, Molimo o ile a ba tšoarela, ’me ka ho etsa joalo, a ba fa letsoalo le hloekileng.—Liketso 2:38; 3:19.
Pauluse le Bakreste ba Korinthe ha baa ka ba nyenyefatsa tšekamelo ea bona ea boetsalibe. Ho e-na le hoo, ba ile ba e loantša, ’me ka thuso ea Molimo ba ile ba hlōla. Barapeli bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba e-ba le boitšoaro bo babatsehang ho sa tsotellehe tikoloho eo ba leng ho eona le litšekamelo tsa ho se phethahale ha bona. Ho thoe’ng ka rōna?
Molimo o Lebeletse Hore re Loantše Bofokoli ba Rōna
Ho loantša bofokoli ho ka ’na ha se ke ha fella ka ho bo hlōla ka ho feletseng. Le hoja ho sa hlokahale hore re be re se re inehela ho se phethahaleng ha rōna, re ke ke ra ho felisa. Ho hlahisa bofokoli bo ka bang leqoophe. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho inehela bofokoling boo re nang le bona. (Pesaleme ea 119:11) Ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa hakaale?
Hobane Molimo ha a lumelle hore motho a lule a ikemela ka ho se phethahale bakeng sa boitšoaro bo bobe. (Juda 4) Jehova o batla hore batho ba hloeke, ba be le boitšoaro bo botle bophelong. Bibele e re: “Nyonyang se khopo.” (Baroma 12:9) Ke hobane’ng ha Molimo a tiile hakaale tabeng ee?
Lebaka le leng ke hore ho inehela bofokoling ho kotsi. Bibele e re ho Bagalata 6:7: “Leha e le sefe seo motho a se jalang, o tla boela a se kotule.” Hangata ba inehelang ho lemalleng lintho tse itseng, ba meharo le ba inehelang boitšoarong bo hlephileng ba ho kopanela liphate, ba kotula habohloko bophelong ba bona. Empa ho na le lebaka le leng la bohlokoahali.
Sebe se halefisa Molimo. Se baka “karohano” pakeng tsa rōna le Jehova. (Esaia 59:2) Kaha ha a amohele ba tloaetseng ho etsa sebe, oa ba khothatsa: “Itlhatsoeng; itlhoekiseng; . . . khaotsang ho etsa bobe.”—Esaia 1:16.
’Mōpi oa rōna o lerato hape o mosa. “Ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ha re inehela bofokoling kamehla, hoo ho re sitisa ho amoheloa ke Molimo. Kaha Molimo ha a hlokomolohe bofokoli ba rōna, le rōna ha rea lokela ho bo hlokomoloha.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu o itse: “Moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.”