Ke Tlohela Mosebetsi oa ho Bolaea ’me ke Phehella Khotso
JOALOKAHA HO BOLETSE TOSHIAKI NIWA
Eo e kileng ea e-ba moqhobi oa lifofane tsa Japane ea neng a koetliselitsoe ho ea ipolaea hammoho le lira ka ho soahlamanya sefofane sa libomo sekepeng sa ntoa sa Maamerika nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše o pheta kamoo a neng a ikutloa kateng nakong eo a emetseng ho phetha mosebetsi oa hae oa ho bolaea.
KA LEBAKA la ho hlōloa ho hoholo Ntoeng ea Midway ka June 1942, Japane e ile ea khaotsa ho hapa libaka tse eketsehileng Pacific. Ho tloha ka nako eo, Japane e ile ea hlōloa ke United States le linaha tse entseng selekane le eona lintoeng tse ileng tsa latela, ’me tsa qala ho khutlisa libaka tse neng li hapiloe ke Japane.
Ka September 1943, ’muso oa Japane o ile oa phatlalatsa hore liithuti tsa univesithi tse neng li sa thaotheloe sesoleng joale li se li tla bitsetsoa sesoleng. Ka December ha ke le lilemo li 20, ke ile ka kena sesoleng hona jareteng ea univesithi. Khoeli hamorao ke ile ka ba seithuti sa tsamaiso ea lifofane tlas’a lebotho la sesole sa metsing. Ka December 1944, ke ile ka koetlisetsoa ho qhoba sefofane sa ntoa se neng se bitsoa Zero.
Masole a Tlhaselo e Khethehileng a Kamikaze
Japane e ne e imetsoe ke ntoa. Ka February 1945, tlhaselo ea lifofane tsa B-29 tse lihelang libomo Japane, e ne e haketse. Ho sa le joalo, lebotho la United States la sesole sa metsing le ne le atamela Japane, le e hlasela ka libomo tse tsoang likepeng tse nkang lifofane.
Likhoeli li se kae pejana, baeta-pele ba sesole sa Japane ba ne ba ile ba etsa qeto ea ho loana ea khumamela ka ho sebelisa mokhoa oa ho ipolaea hammoho le lira. Le hoja ka nako eo ho ne ho hlakile hore Japane e ke ke ea hlōla, qeto eo e ile ea lelefatsa ntoa ’me ntle ho pelaelo ea bolaea ba bang ba likete.
Ka hona, ho ile ha thehoa Lebotho la Tlhaselo e Khethehileng la Kamikaze. Le ne le reheletsoe ka sefefo se matlahali se bitsoang kamikaze, leholiotsoana leo ho lumeloang hore le ne le fefole likepe tsa bahlaseli ba Mongolia lekholong la bo13 la lilemo. Tlhaselong ea pele ea kamikaze, lifofane tse hlano tsa ntoa tsa Zero li ne li laetse bomo ea boima ba lik’hilograma tse 250 sefofane ka seng, morero e le ho ea ipolaea le lira ka ho se soahlamanya sekepeng se korotsoeng.
Taelo ea hore ho hlophisoe lebotho le khethehileng la ba ipolaeang le lira e ile ea fuoa Lebotho la Yatabe la Sesole sa Metsing le sa Moeeng, e leng lebotho leo ke neng ke le ho lona. Bohle re ile ra fuoa liforomo tseo re neng re lokela ho li tlatsa, re bontše hore na re ka ithaopela ho ba karolo ea masole a tla hlasela ba lireng ’me a ipolaee le bona kapa che.
Ke ile ka utloa ke tlameha ho tella naha ea heso bophelo ba ka. Empa leha ke ne nka ithaopela ho tela bophelo ba ka ka ho ba sehlopheng sa ba ipolaeang ka ho soahlamanya sefofane sa ntoa ho ba lireng, ke ne nka ’na ka thunngoa ke sa le moeeng, pele ke fihla phofung, ’me ke shoele lelea. Na ’Mè o ne a tla thaba haeba nka ipolaea ke sa phetha boikarabelo ba ka ba lelapa? Ke ile ka tlameha ho ikholisa ka matla hore ho ithaopela ho ba lebothong la ba ipolaeang le lira ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo nka sebelisang bophelo ba ka ka eona. Ho ntse ho le joalo, ke ile ka fela ka ithaopa.
Ka March 1945, sehlopha sa pele sa Masole a Tlhaselo e Khethehileng a Yatabe se ile sa thehoa. Le hoja ho ne ho khethiloe masole-’moho le ’na a 29, ke ne ke sa khethoa. Ka mor’a hore a koetlisoe ka ho khetheha, a ile a lokisetsoa hore a e’o hlasela ka April, a tloha setsing sa sesole sa moeeng sa Kanoya, seterekeng sa Kagoshima. Pele a isoa Kanoya, ke ile ka etela metsoalle ea ka ke batla ho ea utloa hore na e ikutloa joang joalokaha e tobane le mosebetsi ona oa ho ipolaea le ba bang.
E mong oa eona o ile a re: “Re tla shoa, empa uena u se ke ua tatela ho shoa. Haeba e mong oa rōna a ka pholoha, o tla bolella ba bang kamoo khotso e leng ntho ea bohlokoa kateng ’me a phehelle ho e fumana.”
Ka la 14 April, 1945, masole-’moho le ’na a ile a tloha. Lihora hamorao, kaofela ha rōna re ne re mametse seea-le-moeeng ho utloa hore na liphello ke life. Seboholi se ile sa re: “Sehlopha sa Pele sa Showa sa Lebotho la Tlhaselo e Khethehileng ea Kamikaze se itšoahlamantse ho ba lireng ba leoatleng, ka bochabela ho Kikai Shima. Bohle ba shoetse ntoeng.”
Ohka—Bomo ea Motho
Ka mor’a likhoeli tse peli, ke ile ka isoa lebothong la Konoike la Sesole sa Metsing le sa Moeeng, ke le setho sa lebotho la sona la Tlhaselo e Khethehileng ea Jinrai. Jinrai e bolela “sea-luma sa leholimo.” Lebotho leo le ne le e-na le lifofane (tse neng li bitsoa Lifofane Tse Hlaselang), lifofane tsa ntoa tse tsamaeang le tsona le tse nyenyane tse jereng libomo, tse hokelletsoeng ho se seholo.
Sefofaneng se seng le se seng se “seholo”—ke hore Sefofaneng se Hlaselang se nang le lienjene tse peli—ho ne ho leketla Ohka, e bolelang “thunthung.” E ne e tšoantšetsa baqhobi ba banyenyane ba lifofane ba neng ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona. Ohka e ne e le sefofane sa rokete se nang le setulo sa motho a le mong, seo bolelele ba mapheo a sona e neng e le limithara tse hlano ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ’me se le boima ba lik’hilograma tse 440. E ne e haheletsoe le seqhomane se boima ba thane nkong ea sona.
Ha sefofane se seholo se atamela phofu ea sona, moqhobi o ne a palama Ohka, e neng e lokolloa sefofaneng seo se seholo. Ka mor’a hore e lelemele nakoana ka thuso ea lirokete tse tharo tse neng li nka metsotsoana e leshome feela ka ’ngoe, e ne e soahlamana phofung ea eona. Hase feela e neng e bitsoa bomo ea motho. Hang ha e ne e tsoibitsoe, e ne e ba e ile e ile!
Nakong ea ha ho ikoetlisetsoa ho tsoibila Ohka, moqhobi o ne a palama sefofane sa ntoa sa Zero ’me a tsubelle ho ea phofung ho tloha bophahamong ba limithara tse 6 000. Ke ile ka bona baqhobi ba bangata ba e-shoa likoetlisong tsena.
Pele ke kenngoa lebothong leo, sehlopha sa pele se ne se se se ile. Se ne se e-na le Lifofane Tse Hlaselang tse 18 tse nang le li-Ohka, ’me li felehelitsoe ke lifofane tse 19 tsa ntoa. Lifofane Tse Hlaselang li ne li le boima ’me li se na lebelo. Ha ho le se seng sa tsona se ileng sa finyella moo se eang. Lifofane tsohle Tse Hlaselang hammoho le tse li felehelitseng li ile tsa thunngoa ke masole a United States.
Kaha ho ne ho se ho se na lifofane tsa ntoa tse felehetsang, Lebotho la Jinrai le ile la tlameha ho phetha merero ea lona hamorao ntle ho tsona. Ba ileng ba hlasela ka mor’a moo ha baa ka ba khutla. Ba ile ba shoa kaofela, ba fella lebaleng la ntoa la Okinawa.
Matsatsi a ho Qetela a Ntoa
Ka August 1945, ke ile ka isoa Lebothong la Sesole sa Metsing le sa Moeeng la Otsu. Setsi seo ke ileng ka isoa ho sona se ne se le mosikong oa thaba ea Hiei-zan, haufi le motse oa Kyoto. Kaha ho ne ho lebeletsoe hore mabotho a United States a fihle Japane, ho ile ha lokisetsoa hore ho tle ho hlaseloe likepe tsa ntoa tsa United States ka li-Ohka tse tla tsoibiloa ho tloha thabeng eo. Ho ile ha etsoa liporo tseo lifofane tsena li tlang ho tloha ho tsona holim’a thaba.
Re ile ra emela feela taelo ea hore ha bo je! Empa taelo eo ha ea ka ea fihla. Ka mor’a hore Hiroshima le Nagasaki li timetsoe ka libomo tsa athomo ka la 6 le la 9 August, Japane e ile ea inehela ka ho feletseng ho United States le linaha tse entseng selekane le eona ka la 15 August. Qetellong ntoa e ile ea lala. Ke ne ke pholohile ka lesoba la nale.
Qetellong ea August, ke ile ka khutlela motseng oa heso oa Yokohama, empa ntlo eso e ne e ruthuthiloe ke libomo tsa lifofane tsa ntoa tsa B-29. Lelapa leso le ne le feletsoe ke tšepo. Ausi oa ka le mochana ba ne ba bolailoe ke malakabe a libomo tseo. Leha ho le joalo, re ile ra tšeliseha ha moena oa ka a fihla hae a sireletsehile a tsoa ntoeng.
Har’a lithako tseo le khaello e khōlō ea lijo, ke ile ka khutlela univesithi ho ea qetela lithuto tsa ka. Ka mor’a ho qeta selemo ke ithuta, ke ile ka fumana lengolo ’me ka fumana mosebetsi. Ka 1953, ke ile ka nyala Michiko ’me ka mor’a nako ka ba le bara ba babeli.
Ho Phehella ha ka Khotso
Ka 1974, Michiko o ile a qala ho ithuta Bibele le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka potlako o ile a qala ho ea libokeng tsa tsona le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela. Ke ile ka mo hanela ho lula a tsamaea joalo. O ile a hlalosa hore mosebetsi oo oa Bokreste o tlatsetsa khotsong le thabong ea sebele. Ke ile ka ipolella hore haeba seo ke ’nete, ha kea lokela ho mo hanela. Ho e-na le hoo, ke lokela ho sebelisana le eena.
Ka nako eona eo, ke ile ka hira bacha ba ’maloa ba Lipaki hore ba sebetse e le balebeli bosiu. Ha bacha bao ba Lipaki ba fihla, ke ile ka ba botsa ka mokhatlo oa bona le ka mosebetsi oa bona. Ke ile ka makala ha ke fumana hore bona ha ba tšoane le lithaka tsa bona, empa ba na le lipakane le moea oa ho ithaopa. Ba ne ba ithutile litšobotsi tseo Bibeleng. Ba ile ba hlalosa hore lefatšeng ka bophara, Lipaki li ne li sa khetholle batho ka morabe le hore li ne li mamela ka tieo taelo ea Bibele ea hore li rate Molimo le baahelani ba tsona. (Matheu 22:36-40) Li ne li nka metsoalle ea tsona e le bara le barali babo tsona, ho sa tsotellehe hore na ke ba sechaba sefe.—Johanne 13:35; 1 Petrose 2:17.
Ke ile ka re ka pelong, ‘Tsena ke likhopolo feela.’ Kaha malumeli a mangata a Bokreste-’mōtoana a ne a loantšana, ke ne ke sa lumele hore Lipaki Tsa Jehova e ne e le mokhelo.
Ke ile ka ba bolella hore ke na le khoao. Ba sebelisa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova, bacha bao ba Lipaki ba ile ba mpontša hore Lipaki Jeremane li ile tsa koalloa chankaneng tsa ba tsa bolaeloa ho se nke lehlakore tlas’a puso ea Hitler. Ke ile ka kholiseha hore Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba ’nete.
Ho sa le joalo, mosali oa ka o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Molimo ka kolobetso ea metsing ka December 1975. Ke ketsahalong eo moo ke ileng ka fuoa monyetla oa hore na nka rata ho khanneloa thuto ea Bibele. Empa ha ke nahana ka boikarabelo ba ka tabeng ea lichelete, bo kang ba ho lefella bara ba ka sekolo le ho lefella ntlo ea rōna, ke ile ka ba leqe. Banna ba nyetseng ka phuthehong ba ne ba etsa liphetoho tabeng ea mosebetsi oa boipheliso e le hore ba be le nako e eketsehileng. Ke ile ka nahana hore le ’na ke tla lebelloa hore ke etse joalo. Empa ka mor’a hore ke bontšoe hore na bophelo ba Mokreste bo ka leka-lekanngoa joang le mosebetsi oa boipheliso, qetellong ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.
Qeto ea ho Sebeletsa Molimo oa Khotso
Ka mor’a ho ithuta lilemo tse peli, motho ea nkhannelang thuto ea Bibele o ile a mpotsa hore na ha ke e-s’o nahane ka ho nehela bophelo ba ka ho Molimo. Leha ho le joalo, ke ne nke ke ka nka khato eo ’me sena se ne se ntšoenya.
Ka letsatsi le leng ke ile ka theosa ke potlakile litepising tsa moo ke sebetsang. Ke ile ka khoptjoa, ka oa ’me ka otla ka seetse eaba kea ilibana. Ha ke hlaphoheloa, ke ne ke tšoeroe ke hlooho e bohloko-hloko ’me ka isoa sepetlele ka ambulense. Le hoja ke ne ke ruruhile haholo ka sekotlong, ho ne ho se lesapo le peperaneng kapa mali a tsoelang ka hare.
Ke ile ka leboha Jehova hakaakang hore ebe ke ntse ke phela! Ho tloha ka nako eo, ke ile ka ikemisetsa ho sebelisa bophelo ba ka ho etsa thato ea Jehova, ’me ke ile ka nehela bophelo ba ka ho eena. Ke ile ka kolobetsoa ke le lilemo li 53 ka July 1977. Mora oa ka e moholo, Yasuyuki le eena o ile a ithuta Bibele ’me a kolobetsoa lilemo tse ka bang peli hamorao.
Lilemo tse leshome ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke ile ka tlohela mosebetsi. Nakong eo, ke ne ke latela tsela ea ho phela ea Bokreste, ke e leka-lekanya le mosebetsi oa ka oa boipheliso. Hona joale, ke na le tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo Yokohama, ’me ke qeta nako e ngata tšebeletsong ea Bokreste. Mora oa ka oa letsibolo ke moholo ebile ke mosebeletsi oa nako e tletseng phuthehong ea boahelani.
Ke thabile haholo hore ebe ke pholohile lebothong la tlhaselo e khethehileng hammoho le morerong oa lona o bolaeang, ’me ke ho nka e le tokelo e khōlō ho kopanela ho boleleng “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Ke kholisehile ka hohle hore tsela e molemohali bophelong ke ea ho ba e mong oa batho ba Molimo. (Pesaleme ea 144:15) Lefatšeng le lecha le haufi, batho ha ba sa tla hlola ba angoa ke ntoa kaha “sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.
Haeba ke thato ea Molimo, nka rata ho kopana le bao ke neng ke ba tseba ba ileng ba shoela ntoeng, ba tla tsosoa. E tla ba ho thabisang ho bua le bona ka bophelo bo tletseng khotso boo ba ka bo thabelang paradeiseng lefatšeng tlas’a puso e lokileng ea ’Muso oa Molimo oa leholimo!—Matheu 6:9, 10; Liketso 24:15; 1 Timothea 6:19.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Ha ke ne ke le lebothong la sesole sa metsing le sa moeeng
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
“Ohka”—Bomo ea motho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© CORBIS
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ke na le masole-’moho le ’na pele a phetha mosebetsi oa ho bolaea. Ke ’na oa bobeli ho tloha ho le letšehali ’me ke ’na feela mophonyohi
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ke ’na le mosali oa ka Michiko le mora oa ka e moholo, Yasuyuki
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]
U.S. National Archives photo