Likoloi, Tsa Boholo-holo le Tsa Kajeno
HO TLOHA mehleng ea boholo-holo, haesale motho a thahasella lipalangoang. Qalong o ne a sebelisa liphoofolo ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Empa ho nka maeto ho ne ho hloka litsela tse ling tse sebetsang hamolemo. Lebili e ile ea e-ba ntho ea bohlokoa e ileng ea etsa hore ho qetelle ho e-na le likariki tsa lipere le likosekara. Leha ho le joalo, boqapi ba lekholong la bo19 la lilemo bo ile ba fetola lipalangoang ka litsela tseo pele li neng li sa lebelloa.
Lienjene Tse Ntlafetseng
Ho tloha bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, Lejeremane le bitsoang Nikolaus August Otto, le ile la qapa enjene e nang le tsamaiso ea mekhahlelo e mene, e tsamaeang ka peterole, eo qetellong e ileng ea nkela lienjene tse beseletsoang le tsa motlakase sebaka. Carl Benz le Gottlieb Daimler ba Jeremane e bile bona bo-pula-maliboho ba bohlokoa ho etsoeng ha likoloi Europe. Ka 1885, Benz o ile a qapa koloi e mabili a mararo e nang le enjene ea tsamaiso ea mekhahlelo e ’meli, e nang le cylindara e le ’ngoe ’me e potoloha ka lebelo la makhetlo a 250 ka motsotso. Ho tloha ka 1872 Daimler o ne a ntse a haha lienjene tsa peterole bakeng sa ho sebelisetsoa merero e meng. Lilemo tse fetang tse leshome hamorao, eena le Wilhelm Maybach ba ile ba qapa enjene e matla e ikhotetsang ka boeona e nang le k’haboreitara e khonang ho sebelisa peterole.
Ka mor’a nakoana Daimler le Maybach ba ile ba haha enjene e potolohang ka makhetlo a 900 ka motsotso. Hamorao ba haha enjene ea bobeli, eo ba ileng ba e hokella baesekeleng ’me ea tsamaea ka lekhetlo la pele ka la 10 November, 1885. Ka 1926, feme ea Daimler le ea Benz li ile tsa kopana ’me tsa rekisa lihlahisoa tsa tsona tlas’a lebitso la Mercedes-Benz.a Ho thahasellisang ke hore banna bao ba babeli ha ho mohla ba kileng ba kopana.
Ka 1890, banna ba babeli ba Mafora—Emile Levassor le René Panhard—ba ile ba qapa koloi e mabili a mane lebenkeleng la bona eo enjene ea eona e hokelletsoeng bohareng ba chesi ea koloi. Selemong se latelang ba ile ba hokella enjene ena nkong ea koloi, moo e neng e sireletsehile hamolemo lerōleng le liretseng tsa litsela tsa kerabole.
Ho Etsa Hore Likoloi li Fumanehe Habonolo
Likoloi tsa pele li ne li bitsa chelete e ngata, ka hona, batho ba bangata ba ne ba sa khone ho li reka. Empa sena se ile sa fetoha ka 1908 ha Henry Ford a theha fektheri ea ho etsa koloi ea Model T, e ileng ea tsebahala e le tin lizzie. Koloi ena e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō indastering ea likoloi. E ne e sa bitse chelete e ngata, e ka sebetsa lintho tse ngata ’me e hlokomeleha habonolo. Esita le batho ba fumanang chelete e itekanetseng ba ne ba ka khona ho e reka.b Ho latela buka ea Great Cars of the 20th Century, Model T “e ile ea nolofalletsa Maamerika ho ba le likoloi—hammoho le lefatše lohle.”
Hona joale, lilemo tse ka bang lekholo hamorao, ba bangata ba nka ho ba le koloi e le ntho e hlokahalang, eseng e le feela taba ea bophelo bo mabothobotho. Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe e hatisitsoeng koranteng ea letsatsi le letsatsi ea London, Independent, e bontša hore ka linako tse ling batho ba sebelisa koloi leha ba nka leeto le ka tlaase ho k’hilomithara.
Tsoelo-pele ea theknoloji ha ea eketsa lebelo la likoloi feela, empa e boetse e entse hore e be tse sireletsehileng haholoanyane. Ka sebele, lilemong tsa morao tjena lenane la ba shoang likotsing le ile la fokotseha linaheng tse ’maloa. Lebaka le leholo leo ba bang ba amehang ka lona ha ba reka likoloi ke la hore na li sireletsehile hakae eseng hore na li shebahala joang. Ka mohlala, litšepe tse ntlafalitsoeng tse kobehang li etsa hore chesi e be eona e fokotsang matla a ha likoloi li thulana, ha lekapa le thata le potolohileng mokhanni le bapalami le ba sireletsa. Mariki a tšoarang hang-hang empa a sa fase mabili a nolofalletsa mokhanni ho laola koloi litseleng tse thellang. Mabanta a litulo a likhutlo li tharo a sireletsa sefuba hammoho le letheka, ha mekotlana ea moea e ka thibela hlooho ho thula lebili la mokhanni kapa desheboto nakong eo koloi e thulang.c
Ke ’nete hore ha ho na ntho e ka nkelang mekhoa e metle ea ho khanna sebaka. El Economista ea Mexico City e re: “Ha ho thuse ho etsa likoloi tse sireletsehileng haholoanyane haeba tsela eo re khannang ka eona e fosahetse; ha ho ntho leha e le efe e tsoetseng pele ea theknoloji e ka re pholosang haeba re roba melao e itseng.”
Likoloi tse ling tsa kajeno ekare ke matlo a tsamaeang. Tse ngata tsa tsona li na le mochine o bapalang li-compact disc, thelevishene, thelefono le likonopo ka pele le ka morao tsa ho laola molumo le mocheso kapa mohatsela. Ho boetse ho na le likoloi tse nang le tsamaiso e laoloang ka sathalaete, e thusang bakhanni hore ba fumane litsela tse bonolo tsa ho fihla moo ba eang teng. Litsamaiso tse ling li fana ka boitsebiso ba mathata a teng tseleng. Ke ’nete hore ho ba le lisebelisoa tsa sejoale-joale le tsa moetso oa morao-rao e se e le pontšo ea maemo—e leng tšekamelo e seng e elelletsoe ke bahlahisi le ba tsa papatso.
Joalokaha re se re bone, likoloi li ntlafetse haholo ho tloha ha li ne li qala ho fihlela lilemong tse fetang lekholo tse fetileng. Ha li sebelisoa hantle le ka ho sireletsehileng, li ka thusa haholo khoebong kapa maetong a boithabiso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Emil Jellinek, ramatsete ea ka sehloohong femeng ea Daimler, o ile a etsa tlhahiso ea hore mofuta ona o mocha oa koloi o rehelloe ka morali oa hae Mercedes. O ne a tšaba hore lebitso la Daimler le utloahalang e le la Sejeremane haholo le ne le tla sitisa koloi eo ho rekoa haholo Fora.
b Qalong Model T e ne e rekisoa ka $850, empa ka 1924 koloi e ncha ea Ford e ne e ka rekoa ka chelete e ka bang $260 feela. Ho hlahisoa ha Model T ho ile ha tsoela pele ka lilemo tse 19, nakong eo ka eona ho ileng ha etsoa tse ka holimo ho limilione tse 15.
c Mekotlana ea moea e ka ba kotsi haeba e sebelisoa e le eona feela mokhoa oa tšireletso, haholo-holo ho bana le batho ba ’mele e menyenyane.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 22-25]
Lilemo tse bontšitsoeng ke tseo li entsoeng ka tsona
Koloi ea Benz ea 1885
Ea pele lefatšeng e neng e sebetsa hantle
Rolls-Royce
Silver Ghost ea 1907-25
E ne e le lebelo, e le matla, e se lerata, e le mabothobotho ebile e sa sokolise
Ford Model T ea 1908-27
E ile ea etsa hore ho hlahisoe tse ngata; ho rekisitsoe likoloi tse fetang 15 000 000
Ka morao: Mechine fekthering ea Ford
Cadillac
V16 7.4-L ea 1930-7
Koloi ea pele lefatšeng e ileng ea atleha haholo ea enjene e nang le licylindara tse 16
Volkswagen
Beetle ho tloha ka 1939 ho fihlela kajeno
Ho entsoe tse fetang 20 000 000. Beetle e ncha (e ka tlaase ka ho le letšehali) e entsoe ka 1998
Jipi ho tloha ka 1941 ho fihlela kajeno
E ka ’na eaba ke e ’ngoe ea likoloi tse hlomphuoang ka ho fetisisa lefatšeng
Porsche 356 ea 1948-65
E ntlafalitsoe ho tsoa ho Volkswagen Beetle; e ile ea etsa hore Porsche e atlehe
Mercedes-Benz
300SL ea 1952-7
E reneketsoa ka hore ke Gullwing, e bile koloi ea pele e nang le foreimi ea alominiamo e bobebe le enjene ea fuel-injection
Citroën DS 19 ea 1955-68
E ne e e-na le lebili la mokhanni le sothehang habonolo, mariki, likere tse ’nè le sasepenshene e itsitsisang ka boeona
Mini ho tloha ka 1959 ho fihlela kajeno
Koloi ena e tsoetseng pele le e tsebahalang e ne e boetse e atleha haholo mejahong le litlhōlisanong
Ferrari 250
GTO ea 1962-4
Koloi e matla a lik’hilowate tse 224 ea moetso oa V-12, e lebelo haholo mejahong
Datsun 240Z ea 1970-3
Koloi e lebelo e sa sokoliseng le e sa bitseng chelete e ngata
Range Rover ho tloha ka 1970 ho fihlela kajeno
Ke koloi e hulang ka mabili a mane e nkoang e sebetsa hantle ka ho fetisisa lefatšeng
Chrysler
Minivan ho tloha ka 1984 ho fihlela kajeno
E ile ea etsa hore mofuta ona oa koloi o kene fesheneng
Thrust SSC
Ka la 15 October, 1997, e ile ea haola lehoatata la Black Rock, Nevada, U.S.A., ea roba rekoto ka lebelo la lik’hilomithara tse 1228 ka hora
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Benz-Motorcar: DaimlerChrysler Classic; background: Brown Brothers; Model T: Courtesy of VIP Classics; Rolls-Royce: Photo courtesy of Rolls-Royce & Bentley Motor Cars
Jeep: Courtesy of DaimlerChrysler Corporation; black Beetle: Courtesy Vintage Motors of Sarasota; yellow Beetle: VW Volkswagen AG
Citroën: © CITROËN COMMUNICATION; Mercedes Benz: PRNewsFoto
Chrysler Minivan: Courtesy of DaimlerChrysler Corporation; Datsun: Nissan North America; Thrust SSC: AP Photo/Dusan Vranic