Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 2/8 leq. 17
  • Tšusumetso e Matla ea Pososelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšusumetso e Matla ea Pososelo
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bososela—Ho U Tsoela Molemo!
    Tsoha!—2000
  • Ho Bososela—Mpho eo U ka e Arolelanang le ba Bang
    Tsoha!—2017
  • Thuto 5
    Seo ke Ithutang Sona ka Bibeleng
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 2/8 leq. 17

Tšusumetso e Matla ea Pososelo

LE HOJA e e-ba ntho ea motsotsoana feela, u ka e hopola bophelo bohle ba hao. Ke ea bohlokoa haholo, empa ha ho motho ea futsanehileng hoo a ke keng a khona ho ba le eona kapa ea ruileng hoo a sa e hlokeng. Re bua ka eng? Ka pososelo.

Pososelo e hlahisoa ke ha mesifa e honyela, mahlo a khanya khotso ’me molomo o pharalla hanyenyane ho bontša khotsofalo. Libekeng tse ’maloa tsa pele ka mor’a ho hlaha, lesea lea bososela ’me ha ho pelaelo hore sena se thabisa batsoali ba bacha. Ho bososela hona ha lesea le sa tsoa hlaha ho tsejoa e le ho iketsahallang feela ntle ho sesosa. Litsebi li hlalosa hore mofuta ona oa ho bososela hangata o etsahala ha le lora ’me ho bonahala sena se tsamaisana le maikutlo le tšebetso ea kelello. Esita leha re se re le batho ba baholo, pososelo ena e iketsahallang feela e ntse e ka ba teng ka mor’a ho ja kapa ha re mametse ’mino.

Leha ho le joalo, ho tloha ha lesea le e-na le libeke tse tšeletseng, le arabela ka ho bososela ha le bona sefahleho kapa le utloa lentsoe la motho. ‘Pososelo ea botsoalle’—e etsoang ka boithaopo le ka boithatelo—ea re hlasimolla, ebang re bana kapa re batho ba baholo. Ho boleloa hore pososelo ea mofuta oo ebile e molemo le bophelong ba rōna bo botle ba ’mele. Ho latela Mirtha Manno le Rubén Delauro bao e leng litsebi tsa puo ’me ba tsamaisa tleleniki e koetlisetsang batho ho iphekola e bitsoang Pososelo le Bophelo bo Botle, pososelo ka boeona e fana ka tšusumetso e matla e amang tšoelesa ea pituitary. Tšoelesa ena eona e qhatsa lero la endorphin, k’hemik’hale e teng bokong e etsang hore re ikutloe re thabile.

Lebaka le leng la bohlokoa ka pososelo ke hore e ba le tšusumetso e ntle ho ba bang. Pososelo e tlohang botebong ba pelo e bolella ba bang maikutlo a rōna le haeba re sa re letho, ebang ke pososelo e lumelisang, e bontšang kutloelo-bohloko kapa e khothatsang. Ka linako tse ling, ho sheba feela pososelo e khahlisang ea ngoana fotong ho ka etsa hore re bososele.

Ha motho e mong a bososela le rōna ka tsela e mofuthu, sena se ka re thusa hore re phutholohe le ho sebetsana hamolemo le boemo bo re ferekanyang kapa mathata a itseng. Bibele ea eletsa: “U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang, ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.” (Liproverbia 3:27) E, ka ketso ena e nyenyane, re ka itsoela molemo ra ba ra tsoela le ba bang molemo. Ke hobane’ng ha u sa etse boiteko ba ho fa ba bang mpho ee ea bohlokoa—e leng pososelo e mofuthu?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela