Tumelo e Behoa Tekong Europe ea Bonazi
JOALOKAHA HO BOLETSE ANTON LETONJA
Ka la 12 March, 1938, mabotho a Hitler a ile a tšela leliboho la Austria. Liea-le-moea li ile tsa letsetsa holimo lipina tsa ho macha le mapetjo a bopolotiki. Ho ile ha foka moea o matla oa bochaba naheng ea heso ea Austria.
KA MOR’A hore Hitler a nke puso, moea o ile oa phahama Austria. Ba bangata ba ne ba tšepile hore “Puso ea [hae ea] Lilemo Tse Sekete” e tla qeta bofutsana le ho hloka mosebetsi. Esita le baprista ba K’hatholike ba neng ba kene moeeng oa bochaba o neng o aparetse sechaba, ba ile ba thoholetsa Hitler.
Le hoja ke ne ke le mohlankana ea lilemo li 19 feela, ha kea ka ka nkeha maikutlo ke litšepiso tsa Hitler. Ke ne ke sa lumele hore ’muso leha e le ofe oa motho o ka rarolla mathata a moloko oa batho.
Ho Ithuta Bibele
Ke hlahetse Donawitz, Austria, ka la 19 April, 1919, ke le oa boraro ke bile ke le khorula lapeng. Ntate e ne e le motho ea sebetsang ka thata morafong oa mashala. Ka 1923 o ile a fallisetsa lelapa leso Fora, moo a ileng a fumana mosebetsi morafong o motseng oa Liévin. Ka lebaka la tšekamelo ea hae ea lipolotiki, o ne a sa tšepe bolumeli, empa ’Mè e ne e le Mok’hatholike ea chesehang. O ile a re ruta ho lumela ho Molimo ha re ntse re hōla, ’me o ne a rapela le rōna bosiu bo bong le bo bong. Ha nako e ntse e feta, ho se tšepe bolumeli ha Ntate ho ile ha hōla hoo a ileng a hanela ’Mè ho ea kerekeng.
Lilemong tse qetellang tsa bo-1920, re ile ra kopana le Vinzenz Platajs, eo re neng re mo bitsa Vinko, mocha oa Moyugoslavia. O ne a tloaelane le Liithuti Tsa Bibele, kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo. Nakoana ka mor’a moo, e mong oa Liithuti Tsa Bibele o ile a qala ho re etela lapeng. Kaha Ntate o ne a hanetse ’Mè ho ea kerekeng, ’Mè o ile a botsa Vinko hore na Molimo a ka rapelloa hae. Vinko o ile a qotsa Liketso 17:24 e reng Molimo “ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho,” ’me a hlalosa hore lapeng ke sebaka se loketseng sa ho mo rapela. ’Mè o ile a thaba ’me a qala ho ea libokeng tse tšoareloang malapeng a Liithuti Tsa Bibele.
Ntate o ile a re a khaotse bohlanya boo, kamoo a neng a ho bitsa kateng. E le ho re thibela ho kopana le Liithuti Tsa Bibele, o ile a tsitlella hore kaofela ha rōna re ee ’Miseng Sontaha se seng le se seng! Kaha ’Mè o ile a hana hehehe, Ntate o ile a etsa bonnete ba hore ’na ke ba mosebeletsi oa aletare. Le hoja ke ile ka phetha thato ea Ntate tabeng ena, ’Mè o ile a tsoela pele ho kenya ka botebo melao-motheo ea Bibele pelong ea ka le kelellong ea ka ’me a ea le ’na libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele.
Ka 1928, Vinko le ausi oa ka Josephine—kapa Pepi, kamoo re neng re mo bitsa kateng—ba ile ba inehela ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Hamorao ba ile ba nyalana. Selemong se latelang, morali oa bona Fini o ile a hlahela Liévin. Lilemo tse tharo hamorao ba ile ba memeloa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng Yugoslavia, moo mosebetsi oa Lipaki o neng o behetsoe lithibelo tse itseng. Ho sa tsotellehe mathata a mangata, thabo ea bona le cheseho ea bona tšebeletsong ea Jehova ha e-ea ka ea tapa. Mohlala oa bona o motle o ile oa etsa hore ke be le moea oa ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng.
Khōlo ea Moea
Ka masoabi, ho se utloane ha batsoali ba rōna ka maikutlo ho ile ha etsa hore ba hlalane ka 1932. Ke ile ka khutlela Austria le ’Mè, ha moholoane oa ka Wilhelm (Willi) eena a ile a sala Fora. Ka morao ho moo, ha kea ka ka hlola ke teana le Ntate. O ile a re hanyetsa ho fihlela a e-shoa.
’Na le ’Mè re ile ra lula Gamlitz, motseng o mong Austria. Kamehla o ne a buisana le ’na ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, kaha ho ne ho se na liphutheho haufinyane. Ka lehlohonolo, Eduard Wohinz o ne a palama baesekele a tsoa Graz habeli ka khoeli a tla lapeng ho tla re khothatsa moeeng, e leng leeto la lik’hilomithara tse ka bang 100 ho ea feela!
Qalong ea puso e sehlōhō ea Hitler ka 1938, Mor’abo rōna Wohinz o ile a tšoaroa. Re ile ra sareloa haholo ha re utloa hore o ile a bolaoa ka khase setsing seo ho qeteloang batho ba kulang haholo Linz. Tumelo ea hae e tsotehang e ile ea re matlafatsa hore re tsoele pele re sebeletsa Jehova ka botšepehi.
1938—Selemo sa Mahlomola
Mosebetsi oa Lipaki o ne o ile oa thibeloa Austria ka 1935. Ha mabotho a Hitler a kena Austria ka 1938, mosebetsi oa rōna o ile oa beha bophelo ba rōna kotsing e khōlō. Baahelani ba ne ba tseba hore ’na le ’Mè re Lipaki Tsa Jehova, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho pata mohoasa. Ke bile ka qala ho robala molikong ho thatafalletsa Manazi hore a ntšoare.
Mathoasong a 1938, ke ne ke qetile sekolong ’me ka qala ho sebetsa lebakeng. Kaha ke ne ke hana ho re “Heil Hitler” kapa ho ba setho sa mokhatlo oa Bacha ba Hitler, ke ile ka lelekoa mosebetsing. Empa ke ile ka ikemisetsa haholoanyane ho feta leha e le neng pele ho tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing.
’Na le ’Mè re ile ra kolobetsoa ka la 8 April, 1938. Bosiung bo bong re e-na le ba bang ba supileng, re ile ra bokana ntlong e neng e le ka thōko morung. Ka mor’a puo ea kolobetso, metsotsong e meng le e meng e leshome, re ile ra tsamaea ka bomong tseleng e patisaneng ho ea sebakeng seo ho hlatsoetsoang ho sona. Ha re fihla moo, re ile ra kolobeletsoa letangoaneng leo liphoofolo li noellang ho lona le entsoeng ka konkreiti.
Ka la 10 April, 1938, ho ile ha ba le likhetho ’mōtoana tsa hore na Austria e kopanngoe le Jeremane kapa che. Liplakate tse nang le lepetjo le reng “Tšehetsa Hitler!” li ne li tletse hohle naheng. Ho ne ho sa hlokahale hore ’na le ’Mè re khethe kaha re ne re sa nkoe re le baahi ba naha leha e le efe ka mor’a ho lula Fora nako e telele—e leng boemo bo ileng ba pholosa bophelo ba ka hamorao. Franz Ganster ea neng a tsoa Klagenfurt, karolong e ka boroa ea Austria, o ne a lula a re tlisetsa likopi tsa Molula-Qhooa. Ka hona, re ile ra khona ho imatlafatsa moeeng ka Lentsoe la Molimo pele Ntoa ea II ea Lefatše e qala ho kupa.
Willi, Moholoane oa Ka
Willi ea neng a ntšiea ka lilemo tse ’nè, o ne a e-s’o ka a buisana le ’na le ’Mè ho tloha ha re ne re tloha Fora lilemong tse fetang tse robong tse fetileng. Le hoja ’Mè a ne a mo rutile Bibele bonyenyaneng ba hae, o ile a ea le khongoana-holimo ka lenaneo la Hitler la lipolotiki leo ho neng ho thoe ke senotlolo sa bokamoso bo khanyang. Ka May 1940, lekhotla la Fora le ile la ahlolela Willi lilemo tse peli chankaneng ka lebaka la ho sebelisana le Manazi ka ntle ho molao. Empa o ile a lokolloa kapele ha mabotho a Jeremane a kena Fora. Ka nako eo, o ile a re romella karete a le Paris. Re ne re thabetse ho tseba hore oa phela le hoja re ile ra tšosoa ke ho tseba seo a seng a le sona!
Nakong ea ntoa Willi o ne a khona ho re etela khafetsa kaha o ne a le libukeng tse ntle le Ma-SS (Schutzstaffel, balebeli ba ka sehloohong ba Hitler). O ne a khahliloe haholo ke katleho ea sesole sa Hitler. Nako le nako ha ke leka ho mo lebisa tšepong eo re nang le eona ea Bibele, o ne a re: “Ua pota! Bona kamoo masole a Hitler a atlehang kateng. Haufinyane Majeremane a tla be a busa lefatše!”
Ka lekhetlo le leng ha Willi a ne a tlile lefing ka February 1942, ke ile ka mo fa buka ea Lira, e neng e hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka makala ha a e bala a ba a e hlaha ka nģ’ane. E ile ea mo lemosa hore puso ea Hitler e ne e ke ke ea atleha. O ne a ntse a tšehetsa tsamaiso e sehlōhō ’me a ikemisetsa ho lokisa phoso ea hae hang-hang.
Willi o Emela ’Nete ea Bibele
Ha Willi a re etela khoeling e latelang, o ne a fetohile. O ile a re: “Anton, ke ne ke lahlehile!”
Eaba ke re: “Willi, o elelloa ho se ho se thuso.”
A arabela: “Che, nako e sa le teng! Bibele e re ‘u lokela ho etsa seo u lokelang ho se etsa hafeela u sa phela,’ me ka lehlohonolo ke sa ntse ke phela!”—Moeklesia 9:10.
Ke ile ka mo botsa: “Joale u rerile ho etsa’ng?”
O ile a re: “Ke ikemiselitse ho khaotsa ho ba lesole. Ke il’o khaola maqhama le Manazi, ke se ke tla bona hore na ho etsahala’ng.”
Kapele-pele o ile a ea Zagreb, Yugoslavia, ho etela khaitseli ea rōna, Pepi, hape. Ka mor’a hore ha a le moo a ee libokeng tse thibetsoeng tsa Lipaki ka makhetlonyana, o ile a kolobetsoa ka sekhukhu. Qetellong, mora ea lehlasoa o ne a khutlile!—Luka 15:11-24.
A leka ho baleha Manazi, Fora, Willi o ile a leka ho tšelela Switzerland. Leha ho le joalo, o ile a tšoaroa ke masole a sebetsang joaloka mapolesa a Majeremane. O ile a isoa lekhotleng la sesole le Berlin, ’me ka la 27 July, 1942, a ahloleloa lefu ka lebaka la ho koeneha. Ke ile ka lumelloa ho mo etela Chankaneng ea Sesole e Berlin-Tegel. Ke ile ka isoa kamoreng e nyenyane ’me e se khale Willi a kena, a tlanngoe ke molebeli. Ho mo bona a le boemong boo ho ile ha etsa hore ke fahloe ke likeleli. Re ne re sa lumelloa ho hakana ’me re ne re fuoe metsotso e 20 feela ho fonanisana.
Willi o ile a bona likeleli tsa ka ’me a re: “Anton, u llela’ng? U tlameha ho thaba! Ke leboha Jehova haholo hore ebe o nthusitse ho fumana ’nete hape! Haeba ke ne nka shoela Hitler, ke ne ke sa tl’o ba le tšepo. Empa ho shoela Jehova ho bolela hore ke kholisehile hore ke tla tsosoa bafung le hore re tla kopana hape!”
Lengolong leo a neng a re salisa hantle ho lona, Willi o ne a ngotse: “Molimo oa rōna ea lerato, eo ke mo sebeletsang, o mpha sohle seo ke se hlokang ’me ke kholisehile hore o tla ntšehetsa ho fihlela bofelong e le hore ke mamelle le ho hlōla. Ke boela ke pheta mantsoe a hore le kholisehe hore ha ke ikoahlaee le hore ke eme ke tiile Moreneng!”
Letsatsing le hlahlamang ka la 2 September, 1942, Willi o ile a bolaeloa Chankaneng ea Linokoane Tse Kotsi ea Brandenburg, e haufi le Berlin. O ne a le lilemo li 27. Bophelo ba hae bo ile ba bonahatsa ’nete e mantsoeng a ho Bafilipi 4:13: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”
Ho Tšepahala ha Vinko ho Isa Lefung
Mabotho a Jeremane a ne a ile a kena Yugoslavia ka 1941, e leng ho ileng ha etsa hore Pepi le monna oa hae Vinko, le morali oa bona ea neng a le lilemo li 12, Fini, ba tlamehe ho khutlela hae Austria. Ka nako eo, Lipaki tse ngata Austria li ne li kentsoe lichankaneng kapa likampong tsa mahloriso. Kaha e ne e se baahi ba naha leha e le efe—ka mantsoe a mang, e ne e se baahi ba Jeremane—ba ile ba isoa kampong ea mosebetsi o boima polasing e ka boroa Austria, haufi le hae.
Hamorao ka la 26 August, 1943, Magestapo (mapolesa a sekhukhu a Manazi) a ile a tšoara Vinko. Ha Fini a leka ho fonanisa ntate oa hae, mookameli oa mapolesa o ile a mo otla ka matla hoo a ileng a ea otlana koana. Vinko o ne a lula a hlongoa lipotso le ho otloa ka sehlōhō ke Magestapo ’me o ile a isoa Chankaneng ea Linokoane Tse Kotsi ea Stadelheim e Munich.
Ka la 6 October, 1943, mapolesa a ile a ntšoara mosebetsing, ’me le ’na ke ile ka isoa Chankaneng eo ea Linokoane Tse Kotsi ea Stadelheim, moo Vinko a neng a le hona teng. Kaha ke ne ke tseba ho bua Sefora hantle, ke ile ka sebelisoa ho tolokela batšoaruoa ba ntoa ba Mafora. Nakong ea ha re ne re tsamaea kampong ea chankana, ke ne ke e-ba le monyetla oa ho bua le Vinko.
Qetellong Vinko o ile a ahloleloa lefu. O ne a qosetsoa ho fa Lipaki lingoliloeng tsa Bibele le ho thusa basali ba Lipaki ka chelete bao banna ba bona ba leng likampong tsa mahloriso. O ile a isoa hona chankaneng eo ea linokoane tse kotsi e haufi le Berlin, moo Willi a ileng a bolaeloa teng. Ke hona moo a ileng a khaoloa hlooho ka la 9 October, 1944.
Lekhetlo la ho qetela leo Vinko a neng a e-na le ba lelapa la hae ka lona e bile la mahlomola-pelo. Ba ile ba mo fumana a tlanngoe ka mahlaahlela ’me a khakhathiloe, ’me o ne a sa khone ho ba haka ka lebaka la mahlaahlela. Fini o ne a le lilemo li 14 ha a bona ntate oa hae la ho qetela. O ntse a hopola mantsoe a ntate oa hae a ho qetela: “Fini, u hlokomele ’mè oa hao!”
Ka mor’a lefu la ntate oa hae, Fini o ile a tlosoa ho ’mè oa hae ’me a behoa tlhokomelong ea lelapa le leng la Manazi, le neng le tla mo “sokolla.” O ne a atisa ho khakhathoa ka sehlōhō. Ha mabotho a Russia a kena Austria, a ile a thunya lelapa leo la Majeremane le neng le mo sotla. A ne a nka lelapa leo e le la Manazi a khohlahetseng.
Ka mor’a ntoa khaitseli ea ka e ile ea tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng. O ile a sebetsa hammoho le monna oa hae oa bobeli, Hans Förster, lekaleng la Lipaki Tsa Jehova le Switzerland, ho fihlela a hlokahala ka 1998. Fini o latetse mohlala oa batsoali ba hae ’me hona joale o sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova, Switzerland.
Tokoloho Qetellong!
Mathoasong a 1945, chankana ea rōna e Munich e ne e le har’a mehaho e ileng ea thuthukoa ka libomo. Motse o ile oa sala e le lithako. Ke ne ke se ke qetile likhoeli tse 18 chankaneng ha qetellong letsatsi la ho hlaha ka pel’a moahloli le fihla. Letsatsi leo le ne le le libeke tse peli feela pele ntoa e fela ka molao ka la 8 May, 1945. Nakong ea nyeoe, ke ile ka botsoa: “Na u ikemiselitse ho ba lesole?”
Ke ile ka arabela: “Motšoaruoa ha aa lumelloa ho apara junifomo kapa ho re, ‘Heil Hitler.’” Ha ke botsoa hore na ke tla rata ho kena lebothong la Jeremane, ke ile ka re: “Ke kōpa le mphe lipampiri tse bontšang hore ke tlameha ho kena sesoleng, joale ke hona nka le bolellang qeto ea ka!”
Matsatsi a ’maloa hamorao, ntoa e ne e felile ’me ke ile ka bolelloa hore ke lokolohile, nka itsamaela. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka ea Graz, moo ho neng ho thehiloe phutheho e nyenyane ea Lipaki tse 35. Hona joale ho tlokoma liphutheho tse robeli sebakeng sena sa Graz.
Mothusi ea Lerato
Nakoana ka mor’a hore ntoa e lale, ke ile ka kopana le Helene Dunst, mosuoetsana e monyenyane eo e neng e kile ea e-ba setho sa mokha oa Manazi. Bonazi bo ne bo mo phoqile ka ho feletseng. Ha ke qala ho bua le eena, o ile a mpotsa: “Ho tla joang hore ebe ke lōna feela ba tsebang hore lebitso la Molimo ke Jehova, ha ba bang ba sa le tsebe?”
Ke ile ka arabela: “Hobane batho ba bangata ha ba hlahlobe Bibele.” Eaba ke mo bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng.
O ile a re: “Haeba Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova, joale re lokela ho tsebisa bohle ka taba ena!” Helene o ile a qala ho bolela linnete tsa Bibele ’me ka mor’a selemo a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing. Re ile ra nyalana ka la 5 June, 1948.
Ka la 1 April, 1953, re ile ra ba basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova. Qetellong re ile ra memeloa ho ea sehlopheng sa bo31 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, se haufi le South Lansing, New York. Ha re le moo, re ile ra thabela botsoalle ba sebele le bo thabisang le liithuti-’moho le rōna tse tsoang linaheng tse 64.
Ka mor’a hore re fumane mangolo re ile ra boela ra abeloa Austria. Ka lilemo tse seng kae, mosebetsi oa rōna e ne e le ho etela liphutheho ho ea li matlafatsa moeeng. Ka mor’a moo re ile ra memeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Luxembourg. Hamorao re ile ra kōptjoa ho fallela ofising ea lekala Austria, Vienna. Ka 1972, ha re ntse re sebetsa moo, re ile ra qala ho ithuta puo ea Seserbia le Secroatia e le hore re ka pakela basebetsi ba bangata ba Yugoslavia, Vienna. Hona joale ho na le liphutheho tse robeli tsa Seserbia le Secroatia mona Vienna, tse entsoeng ke batho ba tsoang hoo e ka bang likarolong tsohle tsa Europe!
Ka la 27 August, 2001, Helene o ile a hlokahala. O ipakile e le mothusi ea tšepahalang le oa bohlokoa le motsoalle nakong ea lilemo tse 53 tsa lenyalo la rōna le thabileng. Joale tšepo ea tsoho e rateha le ho feta pelong ea ka.
Ho Khotsofala Leratong la Molimo
Ho sa tsotellehe litlokotsi tseo ke bileng le tsona, ke sa ntse ke khotsofalletse mosebetsi oa ka ofising ea lekala ea Austria. Tokelo eo ke sa tsoa ba le eona e bile ho pheta liphihlelo tsa ka mabapi le pontšo ea “Bahlaseluoa ba Lebetsoeng ba Puso ea Manazi.” Ho tloha ka 1997 pontšo ena e tsamaile metse le litoropo tse 70 tsa Austria, e fana ka monyetla oa hore baphonyohi ba boneng ka mahlo lichankana tsa Manazi le likampo tsa bona tsa mahloriso ba bue ka tumelo ea bona le sebete seo Bakreste ba ’nete ba se bontšitseng ha ba tobane le mahloriso a Manazi.
Ke ho nka e le tokelo hore e be ke ile ka tseba batho ba joalo ba tšepahalang. Ba sebeletsa e le bopaki bo totobetseng ba bonnete ba Baroma 8:38, 39: “Leha e le lefu kapa bophelo kapa mangeloi kapa mebuso kapa lintho tse teng hona joale kapa lintho tse tlang ho tla kapa matla kapa bophahamo kapa botebo kapa pōpo leha e le efe e ’ngoe li ke ke tsa khona ho re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rona.”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Lelapa leso ka 1930 (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): ’na, Pepi, Ntate, Willi, ’Mè le Vinko
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Moholoane oa ka, Willi, nakoana pele a bolaoa
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le Vinko re ile ra qeta nako Chankaneng ea Linokoane Tse Kotsi ea Stadelheim, Munich
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Morali oa Vinko, Fini, o ile a isoa lelapeng le sehlōhō la Manazi; o ntse a tšepahala le kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Helene e bile molekane oa bohlokoa lilemong tsa rōna tse 53 re nyalane
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho bua pontšong ea “Bahlaseluoa ba Lebetsoeng ba Puso ea Manazi”