Pono ea Bibele
Na Bonngoe ba Bakreste bo Hloka Hore ba Tšoane?
KAJENO ho bonahala bolumeli bo arohane. Le ka kerekeng e le ’ngoe, batho ba ka ’na ba e-ba le litumelo tse sa tšoaneng tse loantšanang litabeng tse amanang le thuto ea bolumeli le boitšoaro. Mongoli e mong o ile a beha taba tjena: “Ho thata le ho fumana batho ba babeli ba lumelang hantle ho Molimo a le mong. Matsatsing ana, ho bonahala motho e mong le e mong a e-na le maikutlo a hae a le mong ka bolumeli.”
Ho fapana le hoo, moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba lekholong a pele la lilemo ba Korinthe hore ba “bue ka tumellano” le hore ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Kajeno ba bang ba tšoaea keletso ea Pauluse phoso. Ba pheha khang ea hore ‘batho ba fapane, ’me ha ho utloahale ho hatella hore Bakreste bohle ba nahane kapa ba etse lintho ka tsela e tšoanang.’ Empa na ha e le hantle Pauluse o ne a buella ho etsisa ba bang joaloka papakhaie? Na Bibele e fa motho ka mong bolokolohi?
Bonngoe, Eseng ho Tšoana
Ho le leng la mangolo a hae, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ho sebeletsa Molimo ‘ka matla a bona a ho nahana.’ (Baroma 12:1) Joale, ka sebele e ke ke eaba o ne a leka ho etsa litho tsa phutheho ea Korinthe lipapakhaie tse sa nahaneng. Empa ke hobane’ng ha a ile a ba bolella hore ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana”? Pauluse o ile a fana ka keletso ena hobane phutheho ea Korinthe e ne e e-na le bothata bo tebileng. Ho ne ho e-na le maquloana, hoo ba bang ba neng ba talima Apolose e le moeta-pele oa bona ha ba bang ba ne ba rata Pauluse kapa Petrose kapa ba amohela Kreste feela. Likarohano tse joalo e ne e le taba e tebileng, kaha li ne li sokela khotso ea phutheho.
Pauluse o ne a batla hore Bakorinthe ba ‘boloke bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso,’ feela joalokaha hamorao a ile a khothalletsa Bakreste ba Efese ho etsa joalo. (Baefese 4:3) O ne a khothalletsa barab’abo ho latela Jesu Kreste ba le bonngoeng, e se litsekana, kapa lihlotšoana. Ka tsela ena ba ne ba tla thabela ho lula ba e-na le khotso le morero o kopaneng. (Johanne 17:22) Kahoo, keletso ea Pauluse ho Bakorinthe e ile ea thusa ho lokisa monahano oa bona le ho ba khothalletsa hore ba be bonngoeng eseng hore ba tšoane.—2 Bakorinthe 13:9, 11.
Bonngoe bo boetse ke ba bohlokoa litabeng tse amanang le thuto ea motheo. Balateli ba Jesu ba hatang moo a hatileng teng baa hlokomela hore ha e le hantle ho na le ‘tumelo e le ’ngoe’ feela, joalokaha ho e-na le ‘Molimo a le mong le Ntate.’ (Baefese 4:1-6) Kahoo, Bakreste ba etsa bonnete ba hore seo ba se lumelang se tumellanong le ’nete eo Molimo a e senotseng Lentsoeng la hae ka eena le ka merero ea hae. Ba kopane ho seo ba se lumelang mabapi le hore na Molimo ke mang le hore na ke eng seo a se hlokang. Ba boetse ba phela ka litekanyetso tse hlakileng tsa boitšoaro tse boletsoeng ka Lentsoeng la Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ka tsela ena, Bakreste ba lula ba kopane, ho seo ba se rutang le boitšoarong ba bona.
Ho Sebetsana le Maikutlo a sa Tšoaneng
Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Mokreste e mong le e mong o bolelloa ka ho toba hore na a nahane joang le hore na a etse eng maemong ’ohle a bophelo. Linthong tse ngata ho ameha khetho ea motho ka mong. Nahana ka mohlala o mong. Bakreste ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba Korinthe ba ne ba e-na le lipelaelo mabapi le ho ja nama eo e ka ’nang eaba e ne e tsoa tempeleng ea litšoantšo. Ba bang ba ne ba lumela ka tieo hore ho ja nama eo e ne e tla be e le ketso ea borapeli ba bohata, ha ba bang bona ba ne ba utloisisa hore taba ea hore na nama eo e tsoa hokae e ne e se eona ea bohlokoa. Ha a ne a sebetsana le taba ena e neng e hloka hore a be hlokolosi, Pauluse ha aa ka a etsa molao o neng o tla bolella Bakreste hore na ba etse eng. Ho e-na le hoo, o ile a lumela hore batho ba ne ba ka etsa liqeto tse fapaneng tabeng ena.a—1 Bakorinthe 8:4-13.
Kajeno Bakreste ba ka ’na ba etsa liqeto tse fapaneng le tsa Bakreste ba bang ha ho tluoa litabeng tse amanang le mosebetsi, bophelo bo botle ba ’mele, boikhathollo kapa likarolong tse ling tse amang khetho ea motho ka mong. Ho se tšoane ho joalo ho ka ’na ha ferekanya ba bang. Ba ka ’na ba ipotsa hore na ho se tšoane ha maikutlo ho ka baka liqabang kapa likarohano ka phuthehong. Leha ho le joalo, liphello tse joalo li ka qojoa. Ka mohlala: Baqapi ba ’mino ba na le linoto tse ’maloa tseo ba lokelang ho li sebelisa, leha ho le joalo, menyetla ea hore ba hlahise ’mino o monate e mengata hoo e ke keng ea lekanngoa. Ka ho tšoanang, Bakreste ba khetha lintho tse lumellanang le melao-motheo ea Molimo. Leha ho le joalo, ba na le bolokolohi bo itseng ba ho iketsetsa liqeto tse ling tse ba amang e le batho ka bomong.
Re ka khona joang ho boloka bonngoe ba Bokreste ha re ntse re hlompha khetho ea motho ka mong? Ntho ea bohlokoa ke lerato. Ho rata Molimo ho re susumelletsa ho ikokobelletsa litaelo tsa hae ka ho rata. (1 Johanne 5:3) Ho rata batho ba bang ho re susumelletsa ho hlompha litokelo tsa bona tsa ho iketsetsa liqeto tseo matsoalo a bona a ba lumellang ho li etsa litabeng tsa batho ka bomong. (Baroma 14:3, 4; Bagalata 5:13) Pauluse o ile a beha mohlala o motle tabeng ena ha a ikokobelletsa bolaoli ba sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo tabeng e amanang le thuto ea motheo. (Matheu 24:45-47; Liketso 15:1, 2) Ka nako e tšoanang, o ile a khothalletsa e mong le e mong hore a hlomphe matsoalo a Bakreste ba bang litabeng tse tloheletsoeng hore re iketsetse qeto ho tsona.—1 Bakorinthe 10:25-33.
Ka ho hlakileng, ha ho na motho ea lokelang ho nyatsoa ka lebaka la ho etsa qeto e lumellanang le letsoalo la hae e seng khahlanong le melao-motheo ea Bibele. (Jakobo 4:12) Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba tšepahalang ba ke ke ba tsitlallela litokelo tsa bona haeba li lematsa matsoalo a ba bang kapa li baka likarohano ka phuthehong. Leha e le hona ho bolela hore ba na le tokoloho ea ho etsa ntho eo ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le e hanelang. (Baroma 15:1; 2 Petrose 2:1, 19) Ho rata Molimo ho lokela ho re susumelletsa ho lumellanya matsoalo a rōna le monahano oa Molimo. Ka lehlakoreng le leng, sena se tla re boloka re le bonngoeng le balumeli-’moho le rōna.—Baheberu 5:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, ho ka etsahala hore ebe ba bang ba neng ba rapela litšoantšo pele e e-ba Bakreste ba ne ba sa bone phapang pakeng tsa ho ja nama le ho kopanela ketsong ea borapeli. Ntho e ’ngoe e utloahalang eo ho neng ho amehiloe ka eona ke hore Bakreste ba fokolang ba ne ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a fosahetseng ’me ba khoptjoa.