Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 6/8 leq. 3
  • Lebaka Leo Melao ea Boitšoaro e Fetohang ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo Melao ea Boitšoaro e Fetohang ka Lona
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Melao ea Boitšoaro E-ea Hlepha?
    Tsoha!—2003
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
  • Ho ba le Mekhoa e Metle
    Tsoha!—2019
  • Lintho Tsa Bohlokoa Boitšoarong Tse Tlisang Thabo
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 6/8 leq. 3

Lebaka Leo Melao ea Boitšoaro e Fetohang ka Lona

“Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke eng bophelong?”

Potso ena e ile ea botsoa batho ba 50 000 linaheng tse 60. Bafuputsi ba Gallup ba tlaleha hore karabo eo ba e fumaneng hoo e ka bang likarolong tsohle tsa lefatše e bile, “ho ba le lelapa le thabileng” le “ho phela hantle ’meleng.”

HA U okola taba ka holimo feela, ho ka bonahala eka batho lefatšeng ka bophara ba na le melao e tšoanang ea boitšoaro e phahameng. Athe seo ke moritaoke feela. Mehleng ea khale, boitšoaro ba batho bo ne bo itšetlehile melaong e thehiloeng bolumeling ba setso le boitšoarong bo amohelehang sechabeng. Leha ho le joalo, lintho li fetoha ka potlako. Mofuputsi Marisa Ferrari Occhionero o bua tjena ka Italy: “Melao ea boitšoaro ea bacha ha e sa susumetsoa hakaalo ke batsoali, setso le bolumeli.” Ho joalo le ka batho bohle lefatšeng, ebang ke ba banyenyane kapa ba baholo.

Moprofesa Ronald Inglehart eo e leng mohokahanyi oa lenaneo lena la phuputso le bitsoang Phuputso ea Melao ea Boitšoaro ea Lefatše, o re: “Bopaki bo ntseng bo eketseha bo bontša hore ho etsahala liphetoho tse khōlō tseleng eo lefatše le talimang lintho ka eona.” Liphetoho tseo li bakoa ke eng? Inglehart o re: “Liphetoho tsena ke phello ea moruo le theknoloji.”

Ka mohlala, phuputso ea Gallup e sibolotse hore linaheng tse ruileng, mosebetsi “hase ntho e kaalo” bophelong. Empa linaheng tse hōlang moruong, mosebetsi ke ntho ea pele. E, ha batho ba futsanehile, ntho e ka sehloohong ke ho iphelisa. Ha linaha li ntse li hōla moruong, batho ba qala ho etelletsa pele lintho tse kang ho phela hantle ’meleng, ho ba le lelapa le thabileng le ho lokoloha ho ntša maikutlo a bona.

Ka lebaka la ho tsoela pele ha theknoloji, ho totobetse hore melao ena e kenang ea boitšoaro e tla ba le tšusumetso e itseng linaheng tse hōlang moruong. Makasine ea The Futurist e re: “Litumelo tsa rōna le melao ea rōna ea boitšoaro e susumetsoa ke seo re se bonang le seo re se utloang.” Kahoo, mecha ea litaba e bile le tšusumetso e khōlōhali melaong ea boitšoaro ea Bophirimela. The Futurist e re: “Mecha ea litaba e ba le tšusumetso lefatšeng ka bophara.”

Joale, re bona liphetoho life maikutlong le boitšoarong? Melao ee ea boitšoaro e fetohang e u ama joang uena le lelapa la hao?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela