Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 26-27
  • Meru Ea Tropike—Ke Mang ea Tla e Sireletsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Meru Ea Tropike—Ke Mang ea Tla e Sireletsa?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa Tse ka Sehloohong Tsa ho Senngoa ha Meru
  • Ho na le Tšepo Efe ka Meru ea Tropike?
  • Meru ea Tropike—Na e ka Sireletsoa?
    Tsoha!—2003
  • Meru
    Tsoha!—2023
  • Na Meru e na le Bokamoso?
    Tsoha!—1990
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 26-27

Meru Ea Tropike—Ke Mang ea Tla e Sireletsa?

MANG kapa mang ea batlang ho phekola bothata bo tobaneng le meru ea tropike o lokela ho qala ka ho sebetsana le lisosa tsa bona. Lisosa tsena ke life? Bothata hase feela tšubuhlellano ea baahi. Libaka tse nonneng tsa lefatše li ka khona ho jara habonolo feela baahi ba lefatše—esita le ba fetang moo.

Ha e le hantle, mebuso ea linaha tse ling e khathatsehile ka mapolasi a nang le chai e khōlōhali, e leng ho theolang theko ea lijo. Mebuso e meng eona e khothalletsa lihoai ho fetola mapolasi a tsona hore e be libaka tsa boikhathollo, tse kang libaka tseo batho ba ka hlomang litente le ho iphomolela ho tsona, mabala a kolofo, kapa lirapa tsa liphoofolo tse hlaha.

Kahoo, ebe ke hobane’ng ha meru e fokotseha lefatšeng lohle? Re lokela ho hlahloba lisosa tse tebileng ho feta tseo re seng re buile ka tsona ho tla fihlela joale.

Lisosa Tse ka Sehloohong Tsa ho Senngoa ha Meru

Nako e telele pele ho e-ba le tšubuhlellano ea baahi lefatšeng, mebuso e mengata e ile ea senya meru moo e batlang matla le maruo. Ka mohlala, ’Muso oa Brithani o ile oa senya meru ea oona ea lifate tsa eike ka lebaka la ho batla ho haha likepe, hamorao oa senya meru ea lifate tsa teak, Burma le Thailand. Oona ’muso oo o ile oa qeta lifate merung ea India bakeng sa ho ea fana ka libeso lifemeng tsa tšepe. Meru e meng e ile ea senngoa molemong oa ho etsa masimo a rabara, a kofi le a coco.

Leha ho le joalo, ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, lisakha le likhofu li ile tsa nolofatsa mosebetsi e le hore lifate li rengoe ka bongata. Tšoaro e mpe ea meru e tetemang e ile ea eketseha le ho feta kaha e ne e le mohloli oa maruo.

Lik’hamphani tse khōlō li ile tsa reka masimo a maholo a nonneng ’me tsa sebelisa mechine ho kotula lijalo tse tla kenya chelete ka potlako. Batho ba likete ba mahaeng ba ile ba fallela metseng ea litoropo kaha ba ne ba feletsoe ke mesebetsi. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba khothalletsoa ho fallela merung ea tropike. Ka linako tse ling sebaka se joalo se ne se reneketsoa ka hore ke “sebaka se se nang baahi bakeng sa baahi ba se nang bolulo.” Hangata batho ba ne ba elelloa e se e le morao hore ho ba sehoai ha ho atlehe libakeng tse joalo—ba elelloa boholo ba moru bo se bo nyametse.

Bomenemene ba liofisiri le bona bo ile ba tlatsetsa ho senngoeng ha meru e mengata. Tumello ea ho rema lifate e bitsa chelete e ngata. Hoa tsebahala hore liofisiri tse ling tse sa tšepahaleng, ha li fuoa tjotjo li fana ka tumello ea nakoana ea hore lik’hamphani tse sa tsotelleng ho baballa lintho tsa tlhaho li reme lifate.

Leha ho le joalo, ho behang bophelo ba lintho tsa tlhaho tse phelang morung kotsing e khōlō, hase ho rengoa ha lifate empa ke ho fetola meru masimo. Maemong a mang, phetoho e joalo e ka ’na ea nkoa e utloahala haeba sebaka e le se nonneng. Empa hangata bomenemene le ho hloka phihlelo ha liofisiri tse ling ho entse hore li fane ka tumello ea hore ho rengoe lifate merung eo le ka mohla e ke keng ea tsosolosoa.

Linokoane le tsona li senya meru. Ba remang lifate ntle ho molao ba rema lifate tsa bohlokoa ka sekhukhu, esita le tse lirapeng tsa boikhathollo tsa sechaba. Ka linako tse ling ba etsetsa mapolanka hona morung ka ho sakha lifate—e leng mokhoa o sa lumelloeng ke molao le o bakang tšenyo. Batho ba moo baa lefshoa hore ba jare lehong lena kapa ba le tsamaise ka libaesekele. Joale, e le ho qoba ho emisoa ke mapolesa, literaka li fihla li nka lehong lena ka mafifi ’me li hlahlathele ka litsela tse ka thōko tse lithabeng.

Ka hona, ho senngoa ha meru le ho timela ha lintho tsa tlhaho tse phelang teng hase ka lebaka la ho eketseha ha baahi ho ke keng ha qojoa. Hangata ke ka lebaka la tsamaiso e mpe, khoebo e meharo, bonokoane le bomenemene ba mebuso. Ka hona, ho na le tšepo efe ka ho sireletsa mefuta-futa ea lintho tse phelang tse ngata tse fumanoang merung ea tropike?

Ho na le Tšepo Efe ka Meru ea Tropike?

Buka ea The Cutting Edge: Conserving Wildlife in Logged Tropical Forest e re: “Ke karolo e nyenyane feela ea meru ea tropike lefatšeng e tšoeroeng hantle.” Ea phaella: “Hona joale, ke meru e ’maloa (haeba e teng) e tšoeroeng hantle ka mokhoa o atlehang.” Ho tšoara meru hantle hoa khoneha, empa ’nete ke hore lefatšeng ho atile tšenyo ea meru.

Ho ’nile ha boleloa hore mokhelo o ikhethang oa sena ke Bolivia, moo karolo e etsang 25 lekholong ea meru ea tropike e tšoeroeng hantle. Leha ho le joalo, ha ho tluoa lefatšeng ka bophara, tekanyo e ka ba ka tlaase ho karolo e le ’ngoe lekholong—e leng palo e nyenyane ka tsela e nyahamisang. Meru e mengata ea tropike e senngoa ntle ho kutloelo-bohloko. Boithati le meharo ke tsona lisosa tsa sebele tsa tšenyo ena. Na hoa utloahala ho tšepa hore bahoebi le bo-ralipolotiki ba lefatše ba tla emisa tloaelo ee ’me ba qale ho sireletsa lefa la batho le ke keng la nkeloa sebaka ke ho hong?

Buka ea Forests of Hope ha e phetha ka khopolo ena e utloahalang bakeng sa batho, e re: “Tharollo ke ho fumana le ho phehella mokhoa oa bophelo o loketseng batho lefatšeng kaofela, ’me e le mokhoa o sa senyeng lefatše le lihlahisoa tsa lona.” Pakane eo ea ipiletsa—empa na ke ntho e ka etsahalang?

’Mōpi oa rōna o rerile’ng ka lefatše le ka moloko oa batho? O ile a laela batho ba babeli ba pele: “Le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Ka hona, Molimo o lumella batho hore ba sebelise pōpo. Empa hore ba e “laole” ha ho fane ka tumello ea hore ba e senye.

Joale potso ke hore, Na batho ba ka hla ba fetola mokhoa oa bona oa bophelo, lefatšeng ka bophara, hore e be o sa “senyeng lefatše le lihlahisoa tsa lona”? Mantsoe ao a bua ka lerato la moahelani le ho hlompha pōpo ea Molimo, e leng lintho tse sa tloaelehang kajeno lefatšeng. Ho tšepa hore baeta-pele ba lefatše ba tla sebelisa le ho buella mokhoa o joalo oa bophelo ke toro feela.

Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bolela esale pele ka nako eo ka eona lefatše le tla tlala ka batho ba ratang batho ba bang le ’Mōpi oa bona. Bibele e re: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang; hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9; Pesaleme ea 37:29; Matheu 5:5) Hlokomela hore batho ba Molimo ba tla qoba ho “ntša kotsi leha e le efe” kapa ho “baka tšenyo leha e le efe” hobane ba tla be ba tseba ba bile ba rata Jehova, ’Mōpi e Moholo. Ha ho pelaelo hore batho ba joalo ba tla qoba ho senya lefatše.

Ena hase toro feela. Le hona joale Jehova o bokella batho ba tšepahalang ’me oa ba ruta. Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba ithutile ho phela bophelo ba ho itella batho ba bang ka lerato. (Johanne 13:34; 1 Johanne 4:21) Koranta ena, hammoho le eabo eona ea Molula-Qhooa, li hatisoa hore li thuse batho ho ithuta ho eketsehileng ka bophelo ba mofuta oo le hore na bo ka pheloa joang. Re u khothalletsa hore u ’ne u ithute. Ha ho na taba e molemo ho feta ena.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Batho ba tla hlokomela lefatše le letle ho e-na le ho le senya

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela