Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 5-8
  • Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likoluoa Tsa Tlhaho le Maloetse
  • Ho se Tsitse ha Moruo
  • Ho Lahleheloa ke Motse
  • Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona
    Tsoha!—2003
  • Maqakabetsi a Temo a Tla Fela
    Tsoha!—2003
  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng
    Tsoha!—2009
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 5-8

Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?

“Basebetsi ba arabelang Mehala ea Lihoai Tse Nang le Khatello ea Maikutlo, ba koetliselitsoe ho u thusa ho sebetsana le khatello ea maikutlo e tsamaisanang le ho ba sehoai. Re lihoai ’me ba bang re kile ra ba lihoai—joaloka uena—’me re utloisisa mathata a tobaneng le malapa a phelang libakeng tsa mahaeng. Re ka u teanya le batho ba ka u thusang. . . . Mehala eohle ke ea lekunutu.”—E mocheng oa Internet ea ’Muso oa Canada.

HO IMELOA kelellong hona joale ho hlokomeloa ke litsebi tse ngata tsa bophelo e le kotsi e amahanngoang le temo. E le ho thusa lihoai ho sebetsana ka katleho le boemo boo, hona joale ho na le litsebi tsa kelello lefapheng la bongaka tse sebetsanang ka ho khetheha le ho imeloa kelellong ha lihoai, ’me li thusa ka ho hlophisa mananeo ao ho ’ona lihoai li kopanang hammoho ho tšehetsana maikutlong le ka ho ba le nomoro ea mohala eo lihoai li ka e letsetsang ha li imetsoe kelellong.

Mosali e mong oa sehoai ea bitsoang Jane o ba teng sebokeng sa ho fuoa keletso sehlopheng sa Labone bosiu. Jane oa hlalosa: “Ke tlile hobane monna oa ka a ile a ipolaea. Takatso ea hae kamehla e ’nile ea e-ba ho ba sehoai polasing ea lapeng, ’me ke lumela hore o ne a sa batle ho etsa ho hong ho fapaneng haeba a hlōleha.”

Ba bangata ba bone lenane leo ho seng mohla le kileng la e-ba teng la lihoai tse batlang ho imoloha kelellong. Hantle-ntle maqakabetsi a lihoai tse ngata a bakoa ke eng?

Likoluoa Tsa Tlhaho le Maloetse

Mocha oa Internet oa ’muso o qotsitsoeng qalong o re: “Mosebetsi oa ho ba sehoai ka booona o bolela hore karolo e khōlō ea bophelo ba hao ba letsatsi le letsatsi—ebang ke boemo ba leholimo, litheko tsa ’marakeng, bophahamo ba tsoala ea chelete, ho robeha ha thepa—ha li taolong ea hao. Esita le ho khetha pakeng tsa lintho tse peli tse kang hore na u khetha ho lema lijalo life kapa ho rekisa setša kapa ho se fetisetsa ho motho eo u mo kolotang ho ka baka khatello ea kelello, kaha phello e ka ba ntle kapa ea e-ba mpe.” Ha mabaka ana a kopana le tšokelo ea komello e tebileng, boloetse, kapa ho lahleheloa ke polasi, khatello ea kelello e ka ba khōlō haholo.

Ka mohlala, komello e ka ba sabole e sehang ka nģa tse peli. Sehoai Howard Paulsen se hlalosa hore komello ea 2001, e ’ngoe ea tse mpe ka ho fetisisa historing ea Canada, e ile ea ama lijalo tsa hae le mehlape ea hae. Ha ho se na makhulo ao liphoofolo li ka fulang ho ’ona kapa ho se lijalo tse kotuloang, lijo tse feptjoang liphoofolo li lokela ho rekoa. O re: “Ke se ke senyehetsoe ke $10,000 [R57 000] lijong tsa liphoofolo ’me hona joale ke li fepa lijo tseo ke lokelang ho li fepa tsona mariha. Ha u qala u etsa joalo feela, ha ho na phaello eo u tla e fumana ka ho rua mohlape.” Libakeng tse ling, meroallo e sentse lipolasi tse ngata—ea senya kotulo eohle.

Brithani ho qhoma ha lefu la tlhako le molomo ka 2001 e bile bothata ba morao-rao letotong la mathata ao lihoai tsa Brithani li bileng le ’ona, ho akarelletsa le lefu la bohlanya ba likhomo le feberu ea likolobe. Mafu ana—le tšabo eo a e kenyang sechabeng—ha a thefule moruo hampe feela. Agence France-Presse e ile ea tlaleha: “Likoakoariri tsa banna ba motse, eseng lilallane, li ’nile tsa bonoa li sisa pelo ha li shebeletse lingaka tsa liphoofolo tsa ’muso li chesa mehlape eo li qetileng bophelo bohle ba tsona li e bokella.” Ka mor’a ho qhoma ha lefu la tlhako le molomo, mapolesa a bile a qala ho amoha lihoai tse ka ’nang tsa ipolaea lithunya tsa tsona. Litšebeletso tsa ho fana ka keletso li ile tsa letsetsoa mehala haholo ke lihoai tse tšoenyehileng.

Ho se Tsitse ha Moruo

Hape ho boetse ho bile le liphetoho tse khōlō moruong. Leqephe le qetellang la buka ea Broken Heartland le baleha tjena: “Pakeng tsa 1940 le bohareng ba bo-1980, litšenyehelo tsa tlhahiso ea lihoai Heartland ea Amerika li ile tsa imena hararo, ho rekoa ha thepa e kang mechine ho ile ha imena hane, ho lefshoa ha tsoala ho ile ha eketseha ka makhetlo a leshome, phaello e ile ea fokotseha ka karolo ea 10 lekholong, palo ea lihoai e ile ea fokotseha ka karolo ea tse peli ho tse tharo, ’me hoo e ka bang motse o mong le o mong oa lihoai o ile oa lahleheloa ke baahi, likhoebo le botsitso ba moruo.”

Ke hobane’ng ha phaello e ile ea hlōleha ho phahama joaloka litšenyehelo? Lefatšeng la kajeno le lenyenyane, lihoai li angoa ke matla a limmaraka tsa machaba. Kahoo lihoai li iphumana li le tlhōlisanong ea ho hlahisoa ha lijo le batho ba bohōle ba lik’hilomithara tse likete ba linaheng tse ling. Ke ’nete hore khoebo ea machaba e boetse e butse ’maraka e mecha bakeng sa thepa ea temo, empa ’maraka oa lefatše e ka ba o sa tsitsang ka tsela e kotsi. Ka mohlala, ka 1998 bahlahisi ba lijo-thollo le ba likolobe Canada ba ile ba oa licheleteng ha bareki ba bona ba Asia ba thefuleha moruong.

Ho Lahleheloa ke Motse

Moprofesa Mike Jacobsen, oa Univesithi ea Iowa, ea sebetsanang ka ho khetheha le mathata a mahaeng, o hlokomela hore maqakabetsi a temo hape ke maqakabetsi a motse oa mahaeng. O re: “Libaka tsena ke libaka tse loketseng bana, tse hloekileng, moo u ka ratang ho nyala le ho hōlisetsa bana ba hao teng. Likolo li batla li le maemong a matle. Li sireletsehile. Boo ke boemo boo batho ba nang le bona kelellong, na ha ho joalo? Ke ’nete hore boemo ba moruo ba litoropo tsena bo itšetlehile haholo ka mapolasi a ’maloa a malapa a manyenyane libakeng tse haufi.” Ka lebaka leo, maqakabetsi a temo a boetse a hlahella ho koaloeng ha lipetlele, likolo, lireschorente, mabenkele le likereke litoropong tsa mahaeng. E ’ngoe ea litšobotsi tse khahlang ka ho fetisisa tsa bophelo ba lihoai, e leng ho momahana ha sechaba sa tsona, hoa nyamela.

Joale, ha ho makatse hore e be ho latela makasine ea Newsweek, hoo e ka bang karolo ea 16 lekholong ea Maamerika a libakeng tsa mahaeng e phela bofumeng. Tlalehong ea hae e reng “Maqakabetsi a Mahaeng Australia,” Geoffrey Lawrence o ngola hore Australia, “ho hloka mosebetsi, ho haella ha mesebetsi le tekanyo ea bofutsana li phahame haholo mahaeng ho feta libakeng tsa litoropo.” Ho se tsitse ha moruo ho qobelletse malapa a mangata—haholo-holo a ba banyenyane—hore a fallele metseng e meholo. Sheila, eo e leng sehoai sa polasi le lelapa la hae, oa botsa: “See se tla tsoela pele ho fihlela neng pele re felloa ke batho ba ratang ho sebetsa e le lihoai?”

Ka lebaka la ho fallela ha moloko o mocha metseng e meholo, baahi ba litoropong tsa mahaeng tse ngata ho bonahala ba se ba batla ba hōlile lilemong. Metse ena ha ea lahleheloa feela ke matla a bocha empa hape le ke ho tšehetsa ba hōlileng—hangata e le ha tlhokomelo ena e hlile e hlokoa haholo. Ke ho utloahalang hore ebe baahi ba bangata ba hōlileng ba ferekane ebile ba tšohile ke liphetoho tsena tse etsahalang ka potlako.

Kahoo maqakabetsi a mapolasi ke a nyahamisang le a pharaletseng haholo. A re ama kaofela ha rōna. Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho sa rōna se latelang se tla bontša, ho na le lebaka la ho lumela hore maqakabetsi a mapolasi a tla fela.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Lefatšeng la kajeno le lenyenyane, lihoai li angoa ke matla a limmaraka tsa machaba

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“See se tla tsoela pele ho fihlela neng pele re felloa ke batho ba ratang ho sebetsa e le lihoai?”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

TEMO EA HO SEBELISA MANYOLO

Lijo tse lenngoeng ka manyolo li ntse li amoheloa haholoanyane. Ho rekisoa ha lijo tse lenngoeng ka manyolo Canada ho eketseha ka lebelo la hoo e ka bang ka karolo ea 15 lekholong ka selemo.

Lijo tse lenngoeng ka manyolo ke eng? Tlaleho ea Lefapha la Alberta la Temo, Lijo le Ntšetso-pele ea Mahaeng e li hlalosa e le “lijo tse lenngoeng tlas’a tsamaiso eo ntle le hore e qoba ho sebelisa lik’hemik’hale, e boetseng e khothalletsang mobu o nonneng, ho se tšoane ha lintho tse phelang, ho se khahlapetse liphoofolo le mekhoa e metle ea tlhokomelo ea tikoloho.”

Lihoai tse sebelisang manyolo li re, sena se fapana le tsela eo lijo li hlahisoang ka eona ka bongata ke likhoebo tse khōlō tsa temo. Katharine Vansittart ho Canadian Geographic oa ngola: “Mapolasi a maholo a na le tšekamelo ea ho batla ho lema sejalo se sengata se le seng, seo chai ea sona e itšetlehileng haholo ka ho sebelisoa ha mechine le meriana e iketselitsoeng ke batho e bolaeang likokoanyana, le menontša e entsoeng ke batho. Ho phaella mesalleng eo lik’hemik’hale tse joalo li e sieang lijong, boleng ba tsona ba ho matlafatsa boa theoha ha lijalo tseo li khuoa pele li butsoa, e leng ntho e hlokahalang ha li tlameha ho tsamaea nako e telele ho ea fihla ’marakeng oa tsona. E le ho etsa bonnete ba hore lijalo li fihla moo li eang li sa senyeha, li ka boela tsa tlameha ho futheloa ka khase, li tlotsoe ka boka kapa li behoe mahlaseling a bohale e le ho thibela ho bola.”

Ke bo-mang ba rekang lijo tse lenngoeng ka manyolo? Tlaleho e boletsoeng pejana ea Alberta e bolela hore bareki “ke ho tloha ho bacha ba amehileng ka bophelo bo botle, ho ea ho bo-’mè ba amehileng, le ho ea molokong o ntseng o tsofala oa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše. . . . Ha e sa le bana ba batle ba bo-1960 ba neng ba kentsoe liokhetlelapa.”

Leha ho le joalo, hase batho bohle ba kholisehileng hore lijo tse lenngoeng ka manyolo li molemo. Canadian Geographic ea hlokomela: “Ka kakaretso theko e phahameng ea lijo tsa manyolo e etsa hore ba nang le khoao ba belaelle bopaki ba saense ba hore li na le melemo. Ba bang ba khathatseha ka ho ba le litekanyetso tse peli tsa tsamaiso ea lijo e behellang mafutsana ka thōko.” Babuelli ba lijo tsa manyolo ba bolela hore liphetoho linthong tse jeoang, le ho etsa hore li rekoe le ho li isa bathong ho ka etsa hore lijo tse lenngoeng ka manyolo li fumanoe ke e mong le e mong ho sa tsotellehe boemo ba hae ba moruo. Ka lebaka la maikutlo a mangata a sa tšoaneng le boitsebiso bo teng ba saense, ha ho bonahale eka khang ka taba ena ea lijo tse lenngoeng ka manyolo e tla fela haufinyane.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

CHEFO E BOLAEANG LIKOKOANYANA KE QAKA EA LIHOAI

Mafu a seoa le mafu a mang a limela likarolong tse ling tsa lefatše a sentse hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea lijalo tse neng li tla atleha. Tharollo e bonolo feela ke hore ho lenngoe lijalo tse eketsehileng. Koranta ea Globe and Mail ea tlaleha: “Lihoai tsa Canada li lekile ho ba ka sehloohong ka ho amohela mekhoa ea tlhahiso e reretsoeng ho eketsa chai, e ba fang ho eketsehileng hoo ba ka ho rekisang.” Leha ho le joalo, Terence McRae oa lefapha la tikoloho la Canada oa lemosa: “Tse ngata tsa liphetoho tsena li ekelitse likotsi tseo temo e ka li bakang tikolohong.”

Ho thoe’ng ka ho sebelisoa ha chefo e bolaeang likokoanyana? Hona le hona ke qaka ho lihoai, kaha ho sa ntse ho e-na le khang e tsoelang pele mabapi le ho atleha ha chefo e bolaeang likokoanyana le likotsi tseo e ka li bakang bophelong. Tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e ile ea lumela hore ha ho e-s’o tsejoe ka botlalo hore na boholo ba lichefo tse bolaeang likokoanyana bo chefo le ho ba kotsi hakae. Likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng li ka ’na tsa mpefala ha chefo e bolaeang likokoanyana e kena potolohong ea lijo. Liphoofolo li ja limela tse nyanyalitsoeng ka chefo e bolaeang likokoanyana. Batho bona ba ja liphoofolo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

USDA Photo by Doug Wilson

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela