Pono ea Bibele
Bophelo ba Boikhethelo—Na Molimo oa bo Amohela?
“KE TLA tseba neng hore na ke oa bong bofe?” Ho ile ha ngola joalo ngoanana ea lilemo li 13 koranteng ea ho fa bacha keletso. Potso ea hae e bonahatsa boikutlo ba ba bangata ba nang le maikutlo a hore batho ba lokolohile ho iphelela ka mokhoa leha e le ofe oo ba o khethang tabeng ea ho kopanela liphate.
Batho ba bangata e ka ’na eaba ba ferekane e le kannete mabapi le tsela eo ba ikutloang ka eona ka botona kapa botšehali. Ba bang ba amohela phatlalatsa mekhoa ea bophelo ea ho ikhethela e kang ea bosodoma. Ho ntse ho le joalo, ba bang ka sebete ba itšoara le ho apara joalokaha eka ke banna kapa basali. Ba bang baa buuoa e le hore ba ka fetola bong ba bona. Ho na le batho ba bileng ba phehang khang ea hore batho ba baholo ba lokela ho lumelloa ho kopanela liphate le bana.
Ha e le hantle, na mekhoa ee ea ho kopanela liphate, le bong ba motho ke taba ea boikhethelo? Lentsoe la Molimo le reng litabeng tsee?
“A ba Bōpa e le e Motona le e Motšehali”
Ho latela buka ea Bibele ea Genese, Molimo ka boeena o ile a etsa phapang pakeng tsa e motona le e motšehali. Tlaleho e re: “Molimo a bōpa motho ka setšoantšo sa hae, . . . a ba bōpa e le e motona le e motšehali. Ho ekelletsa moo, Molimo a ba hlohonolofatsa ’me Molimo a re ho bona: ‘Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.’”—Genese 1:27, 28.
Molimo o bōpile batho ba e-na le boikhethelo ’me a fana le ka menyetla ea hore ba thabele bolokolohi ba bona. (Pesaleme ea 115:16) A filoe boikarabelo ba ho hlokomela lintho tse ling tsohle tse phelang lefatšeng, motho o ile a ba a lumelloa le ho li khethela mabitso a li loketseng. (Genese 2:19) Leha ho le joalo, ha ho tluoa litabeng tsa botona le botšehali, Molimo o fane ka litaelo tse tobileng.—Genese 2:24.
Ka lebaka la ho se mamele ha Adama, kaofela ha rōna re futsitse ho se phethahale. Kahoo re tlameha ho loantša mefokolo ea nama le litakatso tse matla tse sa lumellaneng le morero oa Molimo oa mathomo. Kahoo, melaong e fanoeng ka Moshe, Molimo o ile a bolela ka ho toba mekhoa ea botona kapa botšehali e neng e nyonyeha ho eena—e leng, bofebe, ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi, bosodoma le ho robala le phoofolo. (Levitike 18:6-23) Hape Molimo ka ho toba o ile a thibela hore motho a ka apara liaparo tsa batho ba bong bo fapaneng le ba hae ka morero oa boitšoaro bo litšila. (Deuteronoma 22:5) Bibele ha e feto-fetohe ha e ruta hore likamano tsa ho kopanela liphate li amoheloa feela ke Molimo ha li etsoa ke monna le mosali tokisetsong ea lenyalo. (Genese 20:1-5, 14; 39:7-9; Liproverbia 5:15-19; Baheberu 13:4) Na litekanyetso tseo ke tse utloahalang?
Ke Mang ea Khethang?
Bibele e tšoantša boemo ba motho ka pel’a ’Mōpi oa hae le letsopa matsohong a sebōpi. E re: “Joale, uena motho, ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo? Na ka sebele ntho e bōpiloeng e tla re ho ea e bōpileng, ‘Ke hobane’ng ha u ile ua nketsa ka tsela ee?’” (Baroma 9:20) Ho hlakile hore ka tsela eo Molimo a entseng banna le basali ka eona, ke ntho ea tlhaho hore ba hohelane. Kahoo, khoheli ea ho kopanela liphate le motho oa bong bo tšoanang le ba hao, le phoofolo kapa le ngoana, hase ea tlhaho.—Baroma 1:26, 27, 32.
Ka lebaka leo, batho ba hahamallang litšekamelo tse joalo tseo e seng tsa tlhaho tsa ho kopanela liphate ba iphumana ba loantša Molimo. Bibele e na le temoso ena: “Ho malimabe ea tsekisaneng le ’Mōpi oa hae, joaloka lengeta le mangeta a mang a lefatše! Na letsopa le ka re ho ’mōpi oa lona: ‘U etsa’ng?’” (Esaia 45:9) Ka sebele ke ntho e utloahalang hore Moetsi oa batho a fane ka tataiso litabeng tsa ho kopanela liphate. Na hape hase ntho e utloahalang hore batho le bona ba lokela ho latela tataiso e joalo?
Ho Ithuela Sejana
Mongoli oa Bibele, Pauluse, o ile a sebelisa papiso e tšoanang ha a ne a fana ka tataiso ho Bakreste ka boitšoaro ba ho kopanela liphate. O ile a re: “E mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono.” (1 Bathesalonika 4:4, 5) Pauluse o bapisa ’mele oa motho le sejana. Ho rua sejana seo ho bolela ho lumellanya menahano le litakatso tsa motho le melao ea Molimo ea boitšoaro.
’Nete ke hore sena se ka ’na sa e-ba thata. Motho ea ileng a hlekefetsoa esale ngoana ka ho kopanela liphate, ea bileng le batsoali kapa bahlokomeli ba bang ba mo behetseng mohlala o mobe ka bonna kapa bosali, kapa ea ileng a pepesehela litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro a sa le monyenyane, ke ho utloahalang hore a ka ’na a ba le mathata. Liphatsa tsa lefutso, mabaka a mang a amanang le li-hormone le a amanang le kelello le ’ona a ka ’na a etsa hore motho a be le maikutlo a sothehileng ka botona le botšehali. Leha ho le joalo, hoa tšelisa ho tseba hore ’Mōpi oa rōna a ka fana ka thuso le tšehetso ho ba e hlokang.—Pesaleme ea 33:20; Baheberu 4:16.
Lumella ’Mōpi e Moholo ho U Khoba
Khoabi ea letsopa e lokela ho behoa bohareng ba lebili la sebōpi pele sebōpi se ka qala ho e khoba le ho e bōpa. Joale, ha lebili le ntse le bilika, ka bohlale sebōpi se qala ho petelletsa letsopa ka menoana ea sona hore le etse seo se se batlang. Pele re ka khojoa hore re be batho ba lakatsehang mahlong a Molimo, ho hlokahala hore re behoe bohareng ba melao-motheo e sa fetoheng ea Molimo le melao ea hae. Hang ha re qala ho etsa boiteko bo itseng, ka lerato Molimo o re khoba ka tsela e bonolo ka Bibele, moea oa hae o halalelang le ka mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste. Joale motho o qala ho ikutloa le ho latsoa tlhokomelo ea Molimo bophelong ba hae.
Ke ’nete hore re lokela ho ba le tšepo bohlaleng ba Mōpi, re tšepa hore o tseba se molemong oa rōna. Tšepo ena e hlaoleloa ka thapelo le ka ho ithuta Bibele ka tieo. Motho ea sebetsanang le taba eo ea maikutlo a fosahetseng a botona le botšehali a e-na le tšepo eo, o lumela ho khobeha matsohong a ’Mōpi oa hae. Petrose oa pele 5:6, 7 e re: “Ka hona, le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo, e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.”
Ho bala Bibele kamehla ho re tloaelanya le letoto la bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba loanneng le litakatso tsa nama empa ho se mohla ba ileng ba tela. Baa ke mehlala e khothatsang hakaakang! Re khona ho lemoha pherekano eo Pauluse a neng a e-ba ho eona ka linako tse ling ha a tla re: “Ke monna ea sōtō hakaakang! Ke mang ea tla mpholosa ’meleng ona o fetang lefung lee?” Leha ho le joalo, o ile a boela a re lebisa mohloling o moholo oa thuso ha a ne a ikaraba: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!”—Baroma 7:24, 25.
Lebaka la Hore ho be le Phetoho
Kaofela ha rōna re ka sebelisa moea o halalelang oa Molimo. Lena ke lebaka le matla la hore ho be le phetoho. Moea o halalelang o re thusa hore re “lahle botho ba khale” ’me re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.” (Baefese 4:22-24) Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo ha ho mohla a hlōlehang ho arabela ha ho kōptjoa moea o halalelang hore o thuse ha ho etsoa phetoho ena. Jesu o re tiisetsa hore Ntate “o tla fana ka moea o halalelang . . . ho ba mo kōpang.” (Luka 11:13) Leha ho le joalo, ho phehella thapelong ke habohlokoa joalokaha ho bontšitsoe ke mantsoe a hae: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.” (Matheu 7:7) Sena e tla ba ’nete haholo-holo ha motho a leka ho laola litakatso tse matla tsa botona le botšehali.
Molimo o boetse o re thusa ka mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste ba ’nete, o entsoeng ka batho ba tsoang litsong tsohle. Bakreste ba bang phuthehong ea lekholong la pele la lilemo Korinthe ba ne ba kile ba e-ba sehlopheng sa “banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho” le sa “banna ba robalang le banna.” Empa ba ile ba fetoha. Mali a Kreste a ile a ba hloekisa, ’me eaba baa amoheleha mahlong a Molimo. (1 Bakorinthe 6:9-11) Kajeno ho hlokahala hore ba bang ba etse liphetoho tse tšoanang. ’Me batho ba joalo ba ka fumana tšehetso ha ba loantša litakatso tse fosahetseng phuthehong ea Bokreste.
Na hoo ho bolela hore ha motho e e-ba Mokreste o tla be a se a phekoleha habonolo feela tjee litakatsong tse khelohileng kapa pherekanong ea bong ba motho? E seng joalo. Ho phehella ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho nolofalelitse ba bang hore ba phele bophelo bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, hangata Bakreste bana ba ile ba tlameha ho loana letsatsi le leng le le leng le litakatso tse fosahetseng. Kahoo, batho bao ba sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe hore ka tšoantšetso ba na le “moutloa nameng.” (2 Bakorinthe 12:7) Hafeela ba tsoela pele ho loana le litšekamelo tse fosahetseng ’me ba boloka boitšoaro bo lokileng, Molimo o ba talima e le bahlanka ba tšepahalang hape e le ba hloekileng mahlong a hae. Ba ka lebella nakong e tlang ha mefuta eohle ea batho “e tla lokolloa bokhobeng ba ho bola ’me e be le tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:21.
Ho sa le joalo, bohle ba lakatsang ho thabisa Molimo ba tlameha ho khomarela litekanyetso tsa hae tse lokileng. Bakreste ba ’nete ba khetha ho sebeletsa Molimo—eseng ho latela litšekamelo tsa bona tsa boithati. Bao ka boikokobetso ba ikobelang ho etsa thato ea Molimo likarolong tsohle tsa bophelo ba tla putsoa ka nyakallo le thabo e sa feleng.—Pesaleme ea 128:1; Johanne 17:3.
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Lipaki Tsa Jehova, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Ha ho tluoa litabeng tsa botona le botšehali, Molimo o fane ka tataiso e tobileng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
Bakreste ba bang phuthehong ea lekholong la pele la lilemo Korinthe ba ne ba kile ba e-ba sehlopheng sa “banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho” le sa “banna ba robalang le banna.” Empa ba ile ba fetoha
[Setšoantšo se leqepheng la 32]
Ho ithuta Bibele ho thusa motho hore a hlaolele litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro